Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tseba Litsela Tsa Jehova

Ho Tseba Litsela Tsa Jehova

Ho Tseba Litsela Tsa Jehova

“Ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe.”—EXODA 33:13.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a bolaea Moegepeta ha a ne a mo bona a tšoara Moheberu hampe? (b) E le hore Moshe a tšoanelehele tšebeletso ea Jehova, o ile a tlameha ho ithuta eng?

MOSHE o ne a hōliselitsoe lelapeng la Faro ’me a rutiloe ka bohlale boo borena ba Egepeta bo neng bo bo nka e le ba bohlokoa. Leha ho le joalo, Moshe o ile a hlokomela hore e ne e se Moegepeta. Batsoali ba hae e ne e le Baheberu. Ha a le lilemo li 40, o ile a ea hlola barab’abo, e leng bara ba Iseraele. Moshe ha aa ka a iphapanya ha a bona Moegepeta a tšoara Moiseraele hampe. O ile a bolaea Moegepeta eo. Moshe o ile a khetha ho ema le batho ba Jehova ’me o ne a lumela hore Molimo o ne a mo sebelisetsa ho lopolla barab’abo. (Liketso 7:21-25; Baheberu 11:24, 25) Ha ketsahalo ena e tsebahala, borena ba Egepeta bo ile ba qala ho nka Moshe e le lerabele, ’me o ile a tlameha ho baleha e le hore a pholose bophelo ba hae. (Exoda 2:11-15) E le hore Molimo a mo sebelise, Moshe o ne a lokela ho tseba litsela tsa Jehova hantle. Na Moshe e ne e tla ba motho ea rutehang?—Pesaleme ea 25:9.

2 Ka lilemo tse 40 tse latelang, Moshe e ile ea e-ba ’malehi le molisana. Ho e-na le hore Moshe a halefe haholo kahobane ho ne ho bonahala eka barab’abo ba Baheberu ha ba mo tsotelle, Moshe o ile a ikokobeletsa seo Molimo a neng a se lumeletse. Le hoja lilemo tse ngata li ile tsa feta ’me ho sa bonahale eka ho na le ea mo elang hloko, Moshe o ile a lumella Jehova hore a mo betle. Hamorao ha a ne a susumetsoa ke moea o halalelang oa Molimo, o ne a sa iphafe ha a ne a re: “Monna enoa Moshe o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Numere 12:3) Jehova o ile a sebelisa Moshe ka litsela tse ikhethang. Le rōna haeba re batla bonolo, Jehova o tla re hlohonolofatsa.—Sofonia 2:3.

O ne a Fuoe Mosebetsi

3, 4. (a) Jehova o ile a fa Moshe mosebetsi ofe? (b) Moshe o ile a thusoa joang?

3 Ka letsatsi le leng lengeloi le neng le emela Jehova le ile la bua le Moshe pel’a Thaba ea Horebe e Hloahloeng ea Sinai. Ho ile ha thoe ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang. Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta le ho se ntša naheng eo ho se isa naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši.” (Exoda 3:2, 7, 8) Tabeng ena, Molimo o ne a e-na le mosebetsi bakeng sa Moshe, empa o ne o lokela ho etsoa ka tsela ea Jehova.

4 Lengeloi la Jehova le ile la tsoela pele la re: “Joale tloo ke u rome ho Faro, ’me u ntše sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.” Moshe o ile a qeaqea. O ne a sa ikutloe a tšoaneleha, ’me o ne a ke ke a tšoaneleha haeba a ne a ka itšetleha ka bohlale ba hae. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tiisetsa Moshe a re: “Ke tla ba le uena.” (Exoda 3:10-12) Jehova o ile a fa Moshe matla a ho etsa lipontšo tsa mohlolo tseo e neng e tla ba bopaki ba hore ka sebele o ne a romiloe ke Molimo. Moholoane oa Moshe, e leng Arone, o ne a tla tsamaea le eena e le ’muelli oa hae. Jehova o ne a tla ba ruta seo ba lokelang ho se bua le ho se etsa. (Exoda 4:1-17) Na Moshe o ne a tla phetha kabelo eo ka botšepehi?

5. Ke hobane’ng ha boikutlo ba Baiseraele bo ile ba bakela Moshe bothata?

5 Qalong banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba lumela Moshe le Arone. (Exoda 4:29-31) Leha ho le joalo, kapele feela “balaoli ba bara ba Iseraele” ba ile ba qosa Moshe le moholoan’ae ka hore ba entse hore ba “nkhe hampe” ka pel’a Faro le bahlanka ba hae. (Exoda 5:19-21; 6:9) Ha Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta, ba ile ba tšoha ha ba bona likoloi tsa ntoa tsa Baegepeta li ba lelekisa. Kaha Baiseraele ba ne ba bona Leoatle le Lefubelu ka pel’a bona ’me likoloi tsa ntoa li ba setse morao, ba ile ba iphumana ba qabeletsoe, eaba ba beha Moshe molato. Uena u ka be u ile ua etsa joang? Le hoja Baiseraele ba ne ba se na likepe, ka taelo ea Jehova Moshe o ile a kōpa sechaba hore se hlomolle liahelo. Eaba Molimo o arola metsi a Leoatle le Lefubelu, ’me leoatle la fetoha sebaka se omileng e le hore Baiseraele ba ka feta.—Exoda 14:1-22.

Taba ea Bohlokoahali ho Feta Topollo

6. Jehova o ile a hatisa eng ha a ne a laela Moshe?

6 Jehova o ile a hatisa bohlokoa ba lebitso la Hae ha a ne a roma Moshe. E ne e le habohlokoa ho hlompha lebitso leo le ho hlompha Eo le mo emelang. Ha a botsoa ka lebitso la hae, Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” Hape, Moshe o ne a lokela ho bolella bara ba Iseraele mantsoe a latelang: “Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna.” Eaba Jehova o eketsa ka ho re: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” (Exoda 3:13-15) Jehova e ntse e le lona lebitso leo Molimo a tsejoang ka lona ke bahlanka ba hae lefatšeng lohle.—Esaia 12:4, 5; 43:10-12.

7. Molimo o ile a phehella Moshe hore a etse’ng ho sa tsotellehe boikakaso ba Faro?

7 Ha Moshe le Arone ba hlaha ka pel’a Faro, ba ile ba fetisa molaetsa oa bona ka lebitso la Jehova. Leha ho le joalo, ka boikakaso Faro o ile a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee? Ho hang ha ke tsebe Jehova ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.” (Exoda 5:1, 2) Faro o ile a bontša hore o ne a le pelo e thata a bile a le mano, leha ho le joalo Jehova o ile a phehella Moshe hore a ’ne a ise melaetsa ho eena. (Exoda 7:14-16, 20-23; 8:1, 2, 20) Moshe o ne a bona hore Faro o halefile. Na ho tobana le eena hape ho ne ho tla thusa? Baiseraele bona ba ne ba labalabela ho lopolloa. Faro o ne a hana hehehe! Ha e ne e le uena u ka be u entse’ng?

8. Tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Faro ka eona e thusitse batho joang, hona liketsahalo tsee li lokela ho re ama joang?

8 Moshe o ile a tlisa molaetsa o mong hape, a re: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Baheberu a se boletseng: ‘Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se tle se ntšebeletse.’” Molimo o ile a boela a re: “Ka nako ena nka be ke otlile uena le batho ba hao ka lefu la seoa ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena, ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.” (Exoda 9:13-16) Ka lebaka la seo a neng a tla se etsa ho Faro ea pelo e thata, Jehova o ile a rera ho bonahatsa matla a hae ka tsela e neng e tla ba temoso ho bohle ba mo hanyetsang. Bana ba ne ba tla akarelletsa Satane Diabolose, eo hamorao Jesu Kreste a ileng a mo bitsa “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30; Baroma 9:17-24) Joalokaha ho boletsoe esale pele, lebitso la Jehova le ile la boleloa lefatšeng lohle. Ho tiisetsa ha hae ho ile ha pholosa Baiseraele hammoho le sehlopha se seholo se tsoakaneng se neng se ikopantse le bona borapeling. (Exoda 9:20, 21; 12:37, 38) Ho tloha ka nako eo, ho boleloa ha lebitso la Jehova ho thusitse batho ba eketsehileng ba limilione ba amohetseng borapeli ba ’nete.

Ho Sebetsana le Batho ba Thata

9. Sechaba sa habo Moshe se ile sa hlompholla Jehova joang?

9 Baheberu ba ne ba tseba lebitso la Molimo. Moshe o ile a sebelisa lebitso leo ha a bua le bona, empa hase kamehla ba neng ba bontša tlhompho e loketseng bakeng sa Mong’a lona. Nakoana ka mor’a hore Jehova a lopolle Baiseraele Egepeta ka mohlolo, ho ile ha etsahala’ng ha ba lieha ho fumana metsi a nooang? Ba ile ba korotlela Moshe. Ka mor’a moo ba ile ba korotla ka lijo. Moshe o ile a ba lemosa hore ba ne ba sa korotlele eena le Arone feela empa ba ne ba korotlela Jehova. (Exoda 15:22-24; 16:2-12) Thabeng ea Sinai, Jehova o ile a fa Baiseraele Molao o neng o tsamaisana le lipontšo tse phahametseng matla a tlhaho. Leha ho le joalo, ka ho se mamele sechaba se ile sa etsa namane ea khauta hore se e rapele sa ba sa re se entse “mokete oa Jehova.”—Exoda 32:1-9.

10. Ke hobane’ng ha balebeli ba Bakreste kajeno ba thahasella ka ho khethehileng kōpo ea Moshe e tlalehiloeng ho Exoda 33:13?

10 Moshe o ne a tla sebetsana joang le sechaba seo Jehova ka boeena a ileng a se hlalosa e le se melala e sataletseng? Moshe o ile a kōpa Jehova ka matla a re: “Ka kōpo, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kōpo, ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao.” (Exoda 33:13) Ha balebeli ba Bakreste ba hlokomela Lipaki Tsa Jehova tsa kajeno, ba lisa mohlape o ikokobelitseng haholo ho feta sechaba sa Iseraele. Leha ho le joalo, le bona ba rapela ka tsela e tšoanang le eo ba re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao.” (Pesaleme ea 25:4) Ho tseba litsela tsa Jehova ho thusa balebeli ho sebetsana le maemo ka tsela e lumellanang le Lentsoe la Molimo le e tsamaisanang le botho ba hae.

Seo Jehova a se Lebeletseng ho Batho ba Hae

11. Jehova o ile a fa Moshe melao efe, hona ke hobane’ng ha re e thahasella?

11 Seo Jehova a neng a se lebeletse ho batho ba hae se ile sa boleloa ka molomo Thabeng ea Sinai. Hamorao Moshe o ile a amohela matlapa a mabeli a neng a ngotsoe Melao e Leshome. Eitse ha a theoha thabeng, a bona Baiseraele ba rapela namane e entsoeng ka ho qhibilihisoa eaba ka bohale o lahlela matlapa ao fatše, oa a pshatla. Jehova o ile a boela a ngola Melao e Leshome e le matlapeng a neng a betliloe ke Moshe. (Exoda 32:19; 34:1) Melao ena e ne e ntse e tšoana le e ileng ea fanoa qalong. Moshe o ne a lokela ho iphaphatha le eona. Hape Molimo o ile a hlakisetsa Moshe hore na Eena ke motho oa mofuta ofe, kahoo a bontša Moshe hore o ne a lokela ho itšoara joang joaloka moemeli oa Jehova. Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe, empa seo Jehova a ileng a se bolella Moshe se akarelletsa melao-motheo e mengata e sa fetohang le e ntseng e sebetsa ho bohle ba rapelang Jehova. (Baroma 6:14; 13:8-10) A re ke re hlahlobeng e seng mekae ea eona.

12. Hore ebe Jehova o ne a batla boinehelo bo khethehileng ho ne ho lokela ho ama Baiseraele joang?

12 Neha Jehova boinehelo bo khethehileng. Sechaba sa Iseraele se ne se le teng ha Jehova a ne a phatlalatsa hore o batla boinehelo bo khethehileng. (Exoda 20:2-5) Baiseraele ba ne ba bone bopaki bo bongata ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete. (Deuteronoma 4:33-35) Jehova o ile a hlakisa hore ho sa tsotellehe seo lichaba tse ling li ne li se etsa, o ne a ke ke a lumella mofuta leha e le ofe oa borapeli ba litšoantšo kapa tšebelisano le meea har’a batho ba hae. Boinehelo ba bona ho eena e ne e sa lokela ho ba tloaelo feela tjee. Kaofela ha bona ba ne ba lokela ho rata Jehova ka lipelo tsohle tsa bona, ka meea eohle ea bona le ka mafolofolo ’ohle a bona. (Deuteronoma 6:5, 6) Sena se ne se tla akarelletsa lipuo tsa bona, boitšoaro ba bona—ha e le hantle, karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba bona. (Levitike 20:27; 24:15, 16; 26:1) Jesu Kreste le eena o ile a hlakisa hore Jehova o batla boinehelo bo khethehileng.—Mareka 12:28-30; Luka 4:8.

13. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba lokela ho mamela Molimo ka tieo, ’me ke eng e lokelang ho re susumeletsa ho mo mamela? (Moeklesia 12:13)

13 Mamela litaelo tsa Jehova ka tieo. Baiseraele ba ne ba lokela ho hopotsoa hore ha ba ne ba kena kamanong ea selekane le Jehova, ba ile ba itlama hore ba ne ba tla mo mamela ka tieo. Ba ne ba thabela bolokolohi bo boholo, empa ha ho tluoa litabeng tseo Jehova a neng a fane ka litaelo tsa tsona, ba ne ba lokela ho mamela ka tieo. Ho etsa joalo e ne e tla ba bopaki ba lerato la bona ho Molimo ebile ho ne ho tla tsoela bona le bana ba bona molemo hobane sohle seo Jehova a neng a batla hore ba se etse se ne se le molemong oa bona.—Exoda 19:5-8; Deuteronoma 5:27-33; 11:22, 23.

14. Molimo o ile a hatisa joang bohlokoa ba hore Baiseraele ba etelletse lintho tsa moea pele?

14 Etelletsa litaba tsa moea pele. Sechaba sa Iseraele se ne se sa lokela ho lumella hore litlhoko tsa nama li pupetse lintho tsa moea. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho phelela feela lintho tse tloaelehileng. Beke le beke Jehova o ne a beheletse ka thōko nako eo a neng a e khethile e le e halalelang, e leng nako e neng e sebelisetsoa feela mesebetsi e amanang le borapeli ba Molimo oa ’nete. (Exoda 35:1-3; Numere 15:32-36) Selemo le selemo, ba ne ba lokela ho behella ka thōko nako e eketsehileng bakeng sa likopano tse halalelang tse khethiloeng. (Levitike 23:4-44) Li ne li tla fana ka menyetla ea ho bua ka mesebetsi ea Jehova e matla, ea ho ba hopotsa litsela tsa hae le ea ho mo leboha ka molemo oohle oa hae. Ha batho ba ntse ba bontša boinehelo ba bona ho Jehova, ba ne ba tla tšaba Molimo le ho mo rata haholoanyane ’me ba ne ba tla thusoa ho tsamaea litseleng tsa hae. (Deuteronoma 10:12, 13) Melao-motheo e lokileng e neng e akarelelitsoe litaelong tseo e thusa bahlanka ba Jehova kajeno.—Baheberu 10:24, 25.

Ho Utloisisa Litšobotsi Tsa Jehova

15. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Moshe a utloisise litšobotsi tsa Jehova? (b) Ke lipotso life tse ka ’nang tsa re thusa ho nahana ka botebo ka tšobotsi ka ’ngoe ea Jehova?

15 Ho utloisisa litšobotsi tsa Jehova ho ne ho tla boela ho thuse Moshe ha a sebelisana le sechaba. Exoda 34:5-7 e re Molimo o ile a feta ka pel’a sefahleho sa Moshe eaba o re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.” Ak’u iphe nako ea ho nahanisisa ka mantsoe ao. Ipotse: ‘Tšobotsi ka ’ngoe e bolela’ng? Jehova o ile a e bonahatsa joang? Balebeli ba Bakreste ba ka bonahatsa tšobotsi ee joang? Tšobotsi ka ’ngoe e lokela ho ama joang seo e mong le e mong oa rōna a se etsang?’ Nahana feela ka mehlala e seng mekae.

16. Re ka eketsa kutloisiso ea rōna ka mohau oa Molimo joang, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa joalo?

16 Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa.” Haeba u e-na le buka e bitsoang Insight on the Scriptures, ke hobane’ng ha u sa bale seo e se buang tlas’a “Mercy [mohau]”? Kapa batlisisa taba eo u sebelisa Watch Tower Publications Index kapa lenaneo la k’homphieutha le bitsoang Watchtower Library (CD-ROM). * Sebelisa k’honk’hodense ho fumana mangolo a buang ka mohau. U tla hlokomela hore ho phaella ntlheng ea hore ka linako tse ling o bebofatsa kotlo, mohau oa Jehova o akarelletsa qenehelo e bonolo. O susumeletsa Molimo ho nka khato e le hore a lopolle batho ba hae. E le bopaki ba sena, Molimo o ile a hlokomela Baiseraele nameng le moeeng ha ba le leetong la ho ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Deuteronoma 1:30-33; 8:4) Ka mohau Jehova o ne a ba tšoarela ha ba ne ba entse liphoso. O ile a bontša batho ba hae ba boholo-holo mohau. Ka sebele bahlanka ba hae ba mehleng ea kajeno ba lokela ho bontšana qenehelo e joalo!—Matheu 9:13; 18:21-35.

17. Ho utloisisa mosa oa Jehova ho ka hōlisa borapeli ba ’nete joang?

17 Mohau oa Jehova o akarelletsa mosa. U ka hlalosa “mosa” joang? Bapisa sena le mangolo a reng Jehova o mosa. Bibele e bontša hore mosa oa Jehova o akarelletsa kameho e lerato ka batho ba hae ba bothateng. (Exoda 22:26, 27) Naheng leha e le efe, bajaki, hammoho le batho ba bang, ba ka ’na ba iphumana ba le bothateng. Ha Jehova a ne a ruta batho ba hae ho se ee ka leeme le ho bontša mosa ho batho ba joalo, o ile a ba hopotsa hore le bona e kile ea e-ba bajaki—Egepeta. (Deuteronoma 24:17-22) Ho thoe’ng ka rōna kajeno joaloka batho ba Molimo? Ho ba mosa ho thusa ho re kopanya le ho hohella ba bang borapeling ba Jehova.—Liketso 10:34, 35; Tšenolo 7:9, 10.

18. Re ithuta eng ka seo Jehova a ileng a ruta Baiseraele hore ba se qobe mabapi le litsela tsa batho ba lichaba tse ling?

18 Leha ho le joalo, ho qenehela batho ba lichaba tse ling ho ne ho sa lokela ho nka sebaka sa lerato leo Baiseraele ba neng ba e-na le lona bakeng sa Jehova le litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro. Kahoo, Baiseraele ba ile ba rutoa hore ba se ke ba latela litsela tsa lichaba tse ba pota-potileng, ba se ke ba nka mekhoa ea tsona ea bolumeli le ea boitšoaro bo bobe. (Exoda 34:11-16; Deuteronoma 7:1-4) Seo se boetse sea sebetsa le ho rōna kajeno. Re lokela ho ba batho ba halalelang, joalokaha Molimo oa rōna, Jehova, a halalela.—1 Petrose 1:15, 16.

19. Ho utloisisa pono ea Jehova ka bobe ho ka sireletsa batho ba hae joang?

19 E le hore Moshe a ka utloisisa litsela tsa Hae, Jehova o ile a hlakisa hore le hoja a sa rate bobe, o lieha ho halefa. O fa batho ba hae monyetla oa hore ba ithute melao ea hae le ho e boloka. Ha pako e le teng, Jehova o tšoarela sebe, empa ba etsang liphoso tse tebileng ha a ba lokolle kotlong e ba tšoanelang. O ile a lemosa Moshe hore seo Baiseraele ba neng ba se etsa, se ne se ka ama meloko e tlang hantle kapa hampe. Ho utloisisa litsela tsa Jehova ho ka sireletsa batho ba Molimo hore ba se ke ba beha Molimo molato ka maemo ao ba ipaketseng ’ona kapa ka ho phetha ka hore oa lieha.

20. Ke eng e ka re thusang ho sebetsana hantle le balumeli-’moho le rōna hammoho le batho bao re teanang le bona tšebeletsong ea rōna? (Pesaleme ea 86:11)

20 Haeba u lakatsa ho eketsa tsebo ea hao ka Jehova le ka litsela tsa hae, tsoela pele ho etsa lipatlisiso ’me u thuise ha u bala Bibele. Hlahloba ka hloko likarolo tse sa tšoaneng tsa botho ba Jehova. Nahana ka thapelo kamoo u ka etsisang Molimo kateng le ho lumellanya bophelo ba hao haholoanyane le morero oa hae. Sena se tla u thusa hore u qobe lifi, u sebetsane hantle le balumeli-’moho le uena, le ho thusa ba bang ho tseba le ho rata Molimo oa rōna ea hlollang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 16 Kaofela li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

U Ithutile Eng?

• Ke hobane’ng ha mosa e ne e le oa bohlokoa ho Moshe, hona ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa ho rōna?

• Ho tobana le Faro ka makhetlo-khetlo ka molaetsa oa Jehova ho ile ha hlahisa molemo ofe?

• Ke melao-motheo efe e meng e hlaheletseng eo Moshe a ileng a e rutoa hona e sebetsa joang le ho rōna?

• Re ka eketsa kutloisiso ea rōna ka litšobotsi tsa Jehova joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ka botšepehi Moshe o ile a isa molaetsa oa Jehova ho Faro

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jehova o ile a senolela Moshe melao ea hae

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Thuisa ka litšobotsi tsa Jehova