Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefatše le se Nang Bofuma le Haufi

Lefatše le se Nang Bofuma le Haufi

Lefatše le se Nang Bofuma le Haufi

BATHO ba futsanehileng ba rata litšoantšo tsa Paradeise tse tšoanang le se leqepheng le ka ntle la makasine ena. Batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva, ba ne ba phela paradeiseng. Lehae la bona e ne e le serapa sa Edene. (Genese 2:7-23) Le hoja Paradeise eo e se e le sieo, ho lumela hore paradeise—e leng lefatše le lecha le se nang bofuma—e tla ba teng, hase toro feela tjee. Ho thehiloe ka tieo litšepisong tse ka Bibeleng.

Nahana ka tšepiso eo Jesu Kreste a ileng a e etsa letsatsing la ho qetela leo a phetseng lefatšeng ka lona. E mong oa baetsi ba bobe ba ileng ba shoa le Jesu o ile a bontša hore o lumela hore Molimo o na le matla a ho rarolla mathata a motho. O ile a re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Mantsoe ana a bontša hore moetsi enoa oa bobe o ne a lumela hore Jesu o tla busa e le Morena le hore bafu ba ne ba tla tsosoa. Jesu o ile a araba, a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:42, 43.

Bibele e bua tjena ka ba tla phela Paradeiseng: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.” (Esaia 65:21) Ha ho pelaelo hore “ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”—Mikea 4:4.

Leha ho le joalo, ebe ke hobane’ng ha ho lumeletsoe bofuma hore bo be teng hona joale? Ke thuso efe eo Molimo a e fang bafumanehi? Ebe bofuma bo tla fela neng?

Bofuma bo Lumeletsoe ka Lebaka Lefe?

Paradeise eo Adama le Eva ba neng ba behiloe ho eona ha e sa le eo ka lebaka la borabele bo ileng ba qaloa ke lengeloi le leng le khopo, e leng Satane Diabolose. Satane o ile a bua ka noha, ’me a thetsa Eva hore a tlōle molao oa Molimo o neng o hanela ho jeoa ha litholoana tsa sefate se itseng. O ile a mo eka hore a lumele hore o ne a tla phela hamolemo haeba a ne a ka itokolla ho Molimo. Adama le eena o ile a ja tholoana e hanetsoeng ha Eva a mo fa eona, eaba o furalla Molimo, ’me o khetha ho mamela mosali oa hae.—Genese 3:1-6; 1 Timothea 2:14.

Ho loketse hore ebe banyalani bana ba marabele ba ile ba lelekoa Paradeiseng le hore ebe ho tloha nakong eo ba ile ba tlameha ho sebetsa ka thata e le hore ba phele. Ho fihlela kajeno, Jehova o tloheletse Satane hore a buse moloko oa batho ba baetsalibe, e leng se totobatsang liphello tsa ho se mamele Molimo. Histori e bontšitse hore moloko oa batho o ke ke oa tlisa Paradeise lefatšeng. (Jeremia 10:23) Ho e-na le hoo, ho itokolla ho Molimo ho tlisitse mathata a tšabehang, a akarelletsang bofuma.—Moeklesia 8:9.

Leha ho le joalo, mafutsana ha aa sala lepalapaleng lefatšeng lena le tletseng likhathatso. Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, e leng Bibele, le na le tataiso e ka ba ruisang molemo.

“Le se ke la Tšoenyeha”

Ha Jesu a bua le bamameli ba bangata ba neng ba akarelletsa mafutsana a mangata, o ile a re: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta? . . . Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:26-33.

Ha ho hlokahale hore mofutsana a utsoe. (Liproverbia 6:30, 31) O tla fumana lintho tseo a li hlokang haeba a etelletsa Molimo pele bophelong ba hae. Nahana ka monna e mong oa Lesotho ea bitsoang Tokiso. Ka 1998, mabotho a linaha tse ling a ile a kena Lesotho ho ea qhala bofetoheli bo neng bo etsetsoa ’muso. Ka lebaka la ntoa eo, batho ba ile ba utsoetsa mabenkele, ba senyeheloa ke mesebetsi, eaba ho ba le khaello e khōlō ea lijo.

Tokiso o ne a lula sebakeng se futsanehileng haholo sa motse-moholo oa moo. Baahelani ba bangata ba hae ba ne ba utsoitse haholo mabenkeleng e le hore ba tsebe ho phela. Ha Tokiso a fihla moo a lulang teng, o ile a fumana hore ’Maseeiso, e leng mosali eo a neng a lula le eena, o na le lijo tse ngata tseo a li utsoitseng. Tokiso o ile a re: “Ntšetsa lintho tsena ka ntle,” a ntse a hlalosa hore molao oa Molimo o hanela ho utsoa. ’Maseeiso o ile a li lahla. Baahelani ba ile ba ba soma eaba ba inkela lijo tseo tse utsoitsoeng.

Tokiso o ile a etsa sena ka lebaka la seo a ithutileng sona ha a ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Na o ile a lapa ka lebaka la ho mamela molao oa Molimo? Che. Hamorao, baholo ba phutheho ea Lipaki Tsa Jehova eo Tokiso a neng a kopanela le eona ba ile ba iteanya le eena eaba ba mo isetsa lijo. Ho ileng ha etsahala ke hore, Lipaki Tsa Jehova tsa naha ea boahelani ea Afrika Boroa li ile tsa romella bara le barali babo tsona ba Bakreste ba Lesotho litone tse fetang tse peli tsa liphallelo. ’Maseeiso o ile a hlolloa ke kamoo Tokiso a mamelang Molimo kateng a ba a hlolloa ke thuso e lerato ea phutheho. Le eena o ile a qala ho ithuta Bibele. Qetellong, ba ile ba tiisa lenyalo eaba ba tšoanelehela ho kolobetsoa hore e be Lipaki Tsa Jehova. Ba sa ntse ba sebeletsa Molimo ka botšepehi.

Jehova Molimo o hlokomela mafutsana. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng, “Molimo o Ikutloa Joang ka Mafutsana?”) Ka lerato o entse litokisetso tsa ho thusa ba bang ba kang Tokiso le ’Maseeiso hore ba ithute haholo ka eena. Ka Lentsoeng la hae, o fane ka keletso e thusang bophelong ba letsatsi ka leng.

Tokisetso e Molemo

Kamehla Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa leka ho etsisa kameho ea Molimo ka mafutsana. (Bagalata 2:10) Hangata ha naha e oeloa ke koluoa ’me Bakreste ba ’nete ba ameha, ho etsoa litokisetso tsa hore ho fanoe ka thuso e hlokahalang. Habohlokoa haholo, Lipaki li bontša kameho ka litlhoko tsa moea tsa bohle, ho akarelletsa le tsa mafutsana. (Matheu 9:36-38) Lilemong tse fetileng tse 60, basebeletsi ba likete ba koetlisitsoeng ba ’nile ba ithaopela ho sebeletsa e le baromuoa linaheng tse ling. Ka mohlala, banyalani ba bang ba baromuoa ba tsoang Finland ba ile ba ithuta Sesotho eaba ba khona ho ruta Tokiso le ’Maseeiso hore e be barutuoa ba Jesu. (Matheu 28:19, 20) Hangata mosebetsi ona oa boromuoa o akarelletsa ho tela bophelo ba boiketlo naheng e tsoetseng pele moruong le ho fallela naheng e futsanehileng.

Ho utsoa hase mokhoa o mong oo Bakreste ba ’nete ba ka phelang ka oona. Ho e-na le hoo, ba lumela hore Jehova Molimo o na le matla a ho ba fa lintho tse hlokahalang. (Baheberu 13:5, 6) Tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a lokisetsang batho ba hae lintho tse hlokahalang ke ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara oa barapeli ba hae ba hlokomelanang.

Tsela e ’ngoe eo Jehova a thusang mafutsana ka eona ke ka ho a fa keletso e tla a thusa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, Bibele ea laela: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) Batho ba bangata ba sa hiroang ba ’nile ba khona ho iketsetsa mesebetsi, ba sebetsa ka thata, ba etsa lintho tse kang ho lema le ho hlokomela lirapa tsa meroho. Bibele e boetse e thusa mafutsana ho boloka chelete ka ho a ruta ho qoba mekhoa e kotsi, e kang tšebeliso e mpe ea joala.—Baefese 5:18.

Bofuma bo Tla Fela Neng Lefatšeng?

Bibele e bontša hore re phela “matsatsing a ho qetela” a puso ea Satane. (2 Timothea 3:1) Haufinyane, Jehova Molimo o tla romela Jesu Kreste hore a tl’o ahlola moloko oa batho. Ho tla etsahala joang ka nako eo? Jesu o ile a fana ka karabo papisong e ’ngoe ea hae. O ile a re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. Lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli.”—Matheu 25:31-33.

Linku papisong ena ke batho ba ikokobeletsang borena ba Jesu. Jesu o ile a ba tšoantša le linku hobane ba mo latela joaloka Molisa oa bona. (Johanne 10:16) Batho bana ba kang linku ba tla fumana bophelo pusong e phethahetseng ea Jesu. E tla ba bophelo ba thabo lefatšeng le lecha le se nang bofuma. Batho ba kang lipōli, ba hanang puso ea Jesu, ba tla timetsoa ka ho sa feleng.—Matheu 25:46.

’Muso oa Molimo o tla felisa bokhopo. Ka nako eo, bofuma bo ke ke ba hlola bo e-ba teng. Ho e-na le hoo, lefatšeng ho tla lula batho ba ratanang le ba hlokomelanang. Se bontšang hore lefatše le lecha le tla ba teng se ka bonoa mokhatlong o lerato oa machaba oa bara ba motho oa Lipaki Tsa Jehova, etsoe Jesu o itse: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]

MOLIMO O IKUTLOA JOANG KA MAFUTSANA?

Bibele e hlalosa ’Mōpi oa moloko oa batho ka ho bolela hore ke “Ea fang ba lapileng bohobe.” (Pesaleme ea 146:7) E na le litemana tse fetang tse lekholo tse totobatsang hore Molimo o ameha ka mafutsana.

Ka mohlala, ha Jehova a ne a fa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele Molao oa hae, o ile a laela lihoai tsa Baiseraele hore li se ke tsa kotulisisa mathōkong a masimo a tsona. Li ne li sa lokela ho khoahlapisa lifateng tsa mohloaare kapa tsa morara. Melao ena e ne e le tokisetso e lerato bakeng sa bajaki, likhutsana, bahlolohali le batho ba bang ba mahlomoleng.—Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 24:19-21.

Ho feta moo, Molimo o ile a laela Baiseraele a re: “Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa moshanyana ea se nang ntate. Haeba u ka mo hlorisa, joale haeba a ka hoeletsa ho ’na, ruri ke tla utloa mohoo oa hae; ruri bohale ba ka bo tla tuka, ’me ka sebele ke tla le bolaea ka sabole, ’me basali ba lōna e tla ba bahlolohali le bara ba lōna e be bashanyana ba se nang bo-ntate.” (Exoda 22:22-24) Ka masoabi, Baiseraele ba bangata ba ruileng ba ile ba hlokomoloha mantsoe ana. Jehova Molimo o ile a sebelisa baprofeta ba hae ho lemosa Baiseraele ka litsela tse fapa-fapaneng ka phoso ena le tse ling. (Esaia 10:1, 2; Jeremia 5:28; Amose 4:1-3) Qetellong, Molimo o ile a etsa hore naha ea Baiseraele e haptjoe ke Baassyria pele ’me hamorao ke Bababylona. Ho ile ha bolaoa Baiseraele ba bangata, ’me ba pholohileng ba ile ba isoa botlamuoeng linaheng tse ling.

Mora ea ratoang oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a bontša hore joaloka Ntat’ae, o na le kameho e lerato ka mafutsana. Jesu o ile a hlalosa morero oa tšebeletso ea hae ka tsela e latelang: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo.” (Luka 4:18) Sena ha se bolele hore tšebeletso ea Jesu e ne e toba mafutsana feela. Le barui o ne a ba thusa ka lerato. Leha ho le joalo, hangata ha Jesu a ne a thusa barui, o ne a bua ka kameho ea hae ka mafutsana. Ka mohlala, o ile a fa ’musi e mong oa morui keletso ena: “Rekisa lintho tsohle tseo u nang le tsona ’me u abele mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo maholimong; u tle ’me u be molateli oa ka.”—Luka 14:1, 12-14; 18:18, 22; 19:1-10.

Jehova Molimo le Mora oa hae ba amehile haholo ka mafutsana. (Mareka 12:41-44; Jakobo 2:1-6) Ho bontša hore Jehova o amehile ka mafutsana, o hopola mafutsana a shoeleng a limilione. Mafutsana ao ’ohle, a tla tsosetsoa lefatšeng le lecha le se nang bofuma.—Liketso 24:15.

[Litšoantšo]

Se bontšang hore lefatše le lecha le tla ba teng se ka bonoa mokhatlong oa machaba oa bara ba motho oa Lipaki Tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Tokiso, ’Maseeiso le moromuoa ea neng a ithuta Bibele le Tokiso

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

’Maseeiso le moromuoa ea neng a ithuta Bibele le eena ba monyako oa moo a lulang