Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Davida le Bathe-sheba ba sa ka ba bolaeloa ho feba, empa mora oa bona ea neng a qeta ho belehoa a ile a shoa?

Molao oa Moshe o ne o qaqisa taba tjena: “Haeba monna a fumanoa a robetse le mosali ea ruiloeng ke monghali, ka bobeli ba tla shoa hammoho, monna ea robetseng le mosali hammoho le eena mosali eo. Kahoo u tlose se sebe Iseraele.” (Deuteronoma 22:22) Haeba Jehova Molimo a ne a ile a lumella hore nyeoe ea sebe sa Davida le Bathe-sheba e sebetsoe ke baahloli ba batho pusong ea Molao, bafebi bana ba babeli ba ka be ba ile ba bolaoa. Kaha baahloli ba batho ba ne ba ke ke ba bona se ka lipelong, bafosi bana ba ne ba tla ahloloa ka boitšoaro ba bona ho itšetlehiloe ka bopaki ba se etsahetseng. Kahlolo ea bofebe e ne e le lefu. Baahloli ba Baiseraele ba ne ba sa lumelloa ho tšoarela sebe seo.

Ka lehlakoreng le leng, Molimo oa ’nete a ka bona se ka lipelong eaba o tšoarela libe ha a bona hore ho na le lebaka la ho etsa joalo. Kaha taba ena e ne e ama Davida, eo Jehova a neng a entse selekane sa ’Muso le eena, O ile a khetha ho sebetsa taba ena ka boeena. (2 Samuele 7:12-16) “Moahloli oa lefatše lohle” o na le tokelo ea ho etsa khetho eo.—Genese 18:25.

Jehova o ile a bona eng ha a hlahloba pelo ea Davida? Sehloohoana sa Pesaleme ea 51 se bolela hore pesaleme ena e senola maikutlo a Davida “ha moprofeta Nathane a tla ho eena ka mor’a hore a kopanele liphate le Bathe-sheba.” Pesaleme ea 51:1-4 e re: “Mpontše mohau, Molimo, ho ea ka mosa oa hao o lerato. Hlakola litlōlo tsa ka ho ea ka bongata ba mehauhelo ea hao. Ntlhatsoe ka ho phethahetseng phosong ea ka, u ntlhoekise esita le sebeng sa ka. Etsoe ke tseba litlōlo tsa ka, sebe sa ka se ka pel’a ka kamehla. Ke sitetsoe uena, uena u le mong, ke entse se sebe mahlong a hao.” E tlameha ebe Jehova o ile a nka ho ikoahlaea ho hoholo ho neng ho le pelong ea Davida e le bopaki ba pako ea ’nete eaba o etsa qeto ea hore o na le lebaka la ho hauhela bafosi bana. Ho feta moo, Davida ka boeena e ne e le motho ea mohau, ’me Jehova o bontša mohau ho ba mohau. (1 Samuele 24:4-7; Matheu 5:7; Jakobo 2:13) Kahoo, ha Davida a lumela sebe sa hae, Nathane o ile a re ho eena: “Jehova, le eena, o tlohela sebe sa hao hore se fete. U ke ke ua shoa.”—2 Samuele 12:13.

Davida le Bathe-sheba ba ne ba sa tl’o phonyoha liphello tsohle tsa sebe sa bona. Nathane o ile a re ho Davida: “Kahobane ntle ho pelaelo u hlompholotse Jehova ka ntho ena, le eena mora enoa, eo u sa tsoa mo tsoalloa, ka sebele o tla shoa.” Ngoana oa bona o ile a kula eaba oa shoa ho sa tsotellehe hore Davida o ile a itima lijo a ba a siama ka matsatsi a supileng.—2 Samuele 12:14-18.

Ba bang ba thatafalloa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mora enoa a ile a tlameha ho shoa, kaha Deuteronoma 24:16 e re: “Bana ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bo-ntate.” Empa re lokela ho hopola hore hoja taba ena e ne e ile ea sebetsoa ke baahloli ba batho, batsoali bana hammoho le ngoan’a ea e-s’o tsoaloe ea ka pōpelong ba ka be ba ile ba shoa. Ho ka etsahala hore ebe ho shoa ha mora enoa le hona ho ile ha thusa Davida ho hlokomela hore na sebe sa hae le Bathe-sheba se halefisitse Jehova hakae. Re ka kholiseha hore Jehova o ile a sebetsa taba ena ka toka, etsoe “tsela ea hae e phethahetse.”—2 Samuele 22:31.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Davida o ile a bontša pako ea ’nete