Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mari—Motse o Moholo oa Boholo-holo oa Lehoatateng

Mari—Motse o Moholo oa Boholo-holo oa Lehoatateng

Mari—Motse o Moholo oa Boholo-holo oa Lehoatateng

ANDRÉ PARROT, e leng moepolli oa lintho tsa khale oa Mofora ha a hopola se etsahetseng o re: “Ke ne ke tsekela ke thabo ha ke kena ka kamoreng ea ka bosiu ka mor’a ho keteka lehlohonolo la rōna ke e-na le bo-mphato ba ka.” Ka January 1934, Tell Hariri, haufi le torotsoana ea Abu Kemal e Eufrate Syria, Parrot le sehlopha sa hae ba ne ba epollotse seemahale se neng se e-na le mongolo o reng: “Lamgi-Mari, morena oa Mari, moprista ea phahameng oa Enlil.” Ba ne ba thabile haholo ka seo ba se sibolotseng.

Qetellong motse oa Mari o ne o fumanoe! Ke eng seo liithuti tsa Bibele li se thahasellang ka ho sibolloa ha motse oo?

Ke Hobane’ng ha o Thahasellisa?

Le hoja mengolo ea boholo-holo e ’nile ea bua ka ho ba teng ha Mari, hore na hantle-ntle e ne e le hokae e ile ea lula e le sephiri ka nako e telele. Ho ea ka bakopitsi ba Masumere, Mari e ne e le motse oa moreneng oo mohlomong ka nako e ’ngoe o kileng oa busa Mesopotamia kaofela. Kaha e ne e hahiloe mabōpong a Eufrate, Mari e ne e lutse hantle mateanong a litsela tsa khoebo tse hokahanyang Kou ea Persia le Assyria, Mesopotamia, Anatolia le Lebōpo la Leoatle la Mediterranean. Thepa e akarelletsang lehong, tšepe le lejoe—e leng lintho tseo kaofela li neng li haella haholo Mesopotamia—e ne e feta motseng ona. Lekhetho la thepa ena le ile la ruisa Mari haholo, la etsa hore e be eona nkokonono sebakeng seo. Leha ho le joalo, matla ana a ile a fela ha Syria e ne e hlōloa ke Sargone oa Akkad.

Lilemo tse ka bang 300 ka mor’a ho hlōla ha Sargone, Mari e ile ea busoa ke letoto la babusisi ba sesole. Tlas’a bona, motse ona o ile oa atleha ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, nakong eo Mari e neng e busoa ke ’musi oa eona oa ho qetela, e leng Zimri-Lim, e ne e se e felloa ke matla. Zimri-Lim o ile a leka ho tiisa ’muso oa hae ka letoto la litlhōlo, litumellano le lilekane tsa lenyalo. Empa hoo e ka bang ka 1760 B.C.E., Morena Hammurabi oa Babylona o ile a hlōla motse oo a ba a o timetsa, e leng se ileng sa felisa seo Parrot a se bitsitseng “e ’ngoe ea lintho tse bontšang tsoelo-pele e khōlō ka ho fetisisa ea mehleng ea boholo-holo.”

Ha masole a Hammurabi a felisa Mari, a sa hlokomele, a ile a thusa haholo baepolli ba lintho tsa khale ba kajeno le bo-rahistori. Ha a heletsa mabota a entsoeng ka litene tse sa besoang tsa mobu, libakeng tse ling a ile a koahela mehaho e itseng ho fihlela bophahamong ba limithara tse hlano, e leng se ileng sa etsa hore a se ke a senyeha ha nako e ntse e feta. Baepolli ba lintho tsa khale ba epolotse lithako tsa litempele le tsa matlo a borena, hammoho le lintho tse ngata tse entsoeng ka matsoho le mengolo e likete e ileng ea fana ka boitsebiso bo mabapi le tsoelo-pele ea boholo-holo.

Ke hobane’ng ha re thahasella ho tseba ka lithako tsa Mari? Nahana ka nako ea ha mopatriareka Abrahama a sa phela. Abrahama o ile a tsoaloa ka selemo sa 2018 B.C.E., lilemo tse 352 ka mor’a Moroallo o moholo. Moloko oa hae e ne e le oa boleshome ho tloha ho Noe. Ka taelo ea Molimo, Abrahama o ile a tloha motseng oa habo oa Ure, eaba o ea Harane. Ka selemo sa 1943 B.C.E., ha Abrahama a ne a le lilemo li 75, o ile a tloha Harane a ea naheng ea Kanana. Paolo Matthiae, e leng moepolli oa lintho tsa khale oa Motaliana o re: “Ho falla ha Abrahama ho tloha Ure a e-ea Jerusalema [Kanana] ho etsahetse mehleng ea Mari.” Ka hona, ho sibolloa ha Mari ke habohlokoa hobane ho ka re thusa ho bona ka mahlo a kelello lefatše leo Abrahama, e leng mohlanka ea tšepahalang oa Molimo a ileng a phela ho lona. *Genese 11:10–12:4.

Lithako Tseo li Senola Eng?

Bolumeli bo ile ba hōla haholo Mari joaloka libakeng tse ling tsa Mesopotamia. Ho ne ho nkoa hore motho o tlamehile ho sebeletsa melimo. Kamehla batho ba ne ba batla maikutlo a melimo pele ba etsa qeto leha e le efe ea bohlokoa. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mesaletsa ea litempele tse tšeletseng. Har’a tsona ho na le Tempele ea Litau (eo ba bang ba reng ke tempele ea Dagan, e leng Dagone eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng) le libaka tse halalelang tsa Ishtare, e leng molimotsana oa tsoalo, hammoho le Shamash, e leng molimo oa letsatsi. Qalong litempele tsena li ne li e-na le seemahale sa molimo ea neng a etsetsoa linyehelo le lithapelo. Libencheng tsa sehalalelo barapeli ba ne ba beha liemahale tsa bona tseo ho tsona ba rapelang ba bososela, ka tumelo ea hore litšoantšo tsa bona li ne li ntšetsa pele ketso eo ea borapeli. Parrot o itse: “Ha e le hantle, seemahale seo, joaloka kerese e sebelisoang ke Mak’hatholike kajeno, se ne se emela molumeli, empa e le ka tekanyo e khōlō ho feta eo.”

Ntho e hlollang ka ho fetisisa e ileng ea sibolloa lithakong tsa Tell Hariri e bile mesaletsa ea ntlo e khōlō ea borena, e bitsoang ka lebitso la motho oa ho qetela ea ileng a lula ho eona, e leng Morena Zimri-Lim. Louis-Hugues Vincent, e leng moepolli oa lintho tsa khale oa Mofora, o ile a e hlalosa e le “letlotlo la tsebo ea boholo-holo ea ho haha ea Linaha Tsa Bochabela.” E ne e le boholo ba lihekthere tse 2,5, e e-na le likamore tse 300 le mabala. Esita le mehleng ea khale, ntlo ena ea borena e ne e nkoa e le o mong oa mehlolo ea lefatše. Bukeng ea hae e bitsoang Ancient Iraq, Georges Roux o re: “E ne e tumme hoo Morena oa Ugarit, e lebōpong la Syria, a sa kang a tsilatsila ho roma mora oa hae hore a tsamaee lik’hilomithara tse 600 ho tloha lebōpong sepheo e le feela hore a etele ‘ntlo ea Zimri-Lim.’”

Pele baeti ba fihla ka lebaleng le leholo, ba ne ba sebelisa monyako o le mong o neng o e-na le tora lehlakoreng ka leng hore ba kene ka ntlong ea borena e sirelelitsoeng. Morena oa ho qetela oa Mari, e leng Zimri-Lim, o ne a lula teroneng e neng e behiloe holim’a sethala se phahameng ha a sebetsa litaba tsa sesole, tsa khoebo le tsa tšebelisano le linaha lisele; le ha a ahlola; le ho amohela baeti le manģosa a linaha lisele. Ho ne ho e-na le libaka tsa bolulo bakeng sa baeti bao morena a neng a ba thentha kamehla meketeng ea semetletsa. Lijo li ne li akarelletsa nama ea khomo e besitsoeng, e halikiloeng, kapa e phehiloeng ka metsi, nama ea nku, ea tšephe, tlhapi le nama ea bo-’malitšibana—lijo tsena kaofela li ne li tsamaea le mero ea konofole e nang le linōko hammoho le meroho le lichisi tsa mefuta-futa. Lijo tse theolelang li ne li akarelletsa litholoana tse sa tsoa khuoa, mangangajane, kapa tse nyanyalitsoeng tsoekere le likuku tse bakiloeng ka lipane tse nang le mekhabiso. Baeti ba ne ba fuoa biri kapa veine ho tlosa lenyora.

Ho ne ho e-na le tsamaiso ea litokisetso tsa bohloeki ka tlung ea borena. Ho ile ha sibolloa liphaposi tsa ho hlapela tse neng li e-na le lipompo tse pentiloeng ka bosootho bo nang le bosehla hammoho le matloana a se nang moo motho a lulang teng. Ho ne ho sebelisitsoe sekontiri se thata ho sireletsa likarolo tse tlaase tsa mabota a liphaposi tsena le fatše. Metsi a litšila a ne a ntšoa ka liforo tse entsoeng ka setene ’me liphaephe tsa letsopa tse sirelelitsoeng ka sekontiri se thata li ntse li sebetsa le ka mor’a lilemo tse ka bang 3 500. Ha basali ba bararo ba moreneng ba ne ba tšoeroe ke lefu le bolaeang, ba ne ba lauoa ka thata. Mosali ea neng a kula joalo o ne a tlosoa har’a batho ’me a koalloa a le mong. “Ha ho ea lokelang ho noa ka senoelo sa hae, ho jella tafoleng ea hae le ho lula setulong sa hae.”

Litlaleho Tse Fumanoeng li re Ruta Eng?

Parrot le sehlopha sa hae ba ile ba sibolla matlapa a 20 000 a sebelisitseng mokhoa oa ho ngola o bitsoang cuneiform a ngotsoeng ka Seakade. Matlapeng ana ho ne ho ngotsoe mangolo, litaba tsa puso le tsa moruo. Ho hatisitsoe feela karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea litlaleho tsena. Leha ho le joalo, li entsoe ka meqolo e 28. Molemo oa tsona ke ofe? Jean-Claude Margueron, motsamaisi oa Morero oa ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale Mari o re: “Pele ho sibolloa litlaleho tsa Mari, re ne re sa tsebe letho ka histori, mekhatlo le bophelo ba letsatsi le letsatsi ba Mesopotamia le Syria nakoana ka mor’a 2000 B.C.E. Ka lebaka la matlapa ana, ho ’nile ha khoneha hore ho ngoloe boitsebiso bo feletseng ka mehla eo.” Joalokaha Parrot a boletse, litlaleho tsena “li bontša ho tšoana ho makatsang pakeng tsa batho ba boletsoeng ho tsona le seo Testamente ea Khale e re bolellang sona ka mehla ea Bapatriareka.”

Matlapa a fumanoeng Mari a boetse a re thusa ho utloisisa litemana tse itseng tsa Bibele. Ka mohlala, matlapa ao a bontša hore ka nako eo, ho nka basali le lirethe tsa sera e ne e le “tsela eo marena a neng a tloaetse ho itšoara ka eona ka nako eo.” Keletso eo Akitofele oa moeki a ileng a e fa Absalome mora oa Morena Davida hore a kopanele liphate le lirethe tsa ntat’ae e ne e se ntho e ncha ho hang.—2 Samuele 16:21, 22.

Ho tloha ka 1933, ho epolotsoe lintho tsa khale ka makhetlo a latellanang a 41, Tell Hariri. Empa ho tla fihlela hona joale, ho hlahlobiloe feela lihekthere tsa Mari tse 8 ho tse 110. Mohlomong ho sa ntsane ho tla sibolloa lintho tse ngata tse thahasellisang Mari, motse o moholo oa boholo-holo oa lehoatateng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Hape ho ka ’na ha etsahala hore ebe batlamuoa ba Bajuda ba ileng ba isoa Babylona ka mor’a timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E. ba ile ba tsamaea ba iphaphathile le lithako tsa Mari.

[’Mapa o leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Kou ea Persia

Ure

MESOPOTAMIA

Eufrate

MARI

ASSYRIA

Harane

ANATOLIA

KANANA

Jerusalema

Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Tokomaneng ena Morena Iahdun-Lim oa Mari o ile a ikhantša ka mosebetsi oa hae oa ho haha

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ho sibolloa ha seemahale sena sa Lamgi-Mari ho ile ha etsa hore Mari e tsejoe hantle

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ebih-Il mookameli oa Mari, oa rapela

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Sethala se ka har’a ntlo ea borena, moo mohlomong seemahale sa molimotsana se neng se eme teng

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Lithako tsa Mari, tse bontšang mohaho o entsoeng ka litene tsa seretse tse sa besoang

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Phaposi ea ho hlapela ea ntlo ea borena

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Letlapa la boholo-holo la tlhōlo la Naram-Sin, mohlōli oa Mari

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Matlapa a ka bang 20 000 a sebelisitseng mokhoa oa ho ngola o bitsoang cuneiform a ile a fumanoa lithakong tsa ntlo ea borena

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

© Mission archéologique française de Tell Hariri - Mari (Syrie)

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]

Document: Musée du Louvre, Paris; statue: © Mission archéologique française de Tell Hariri - Mari (Syrie)

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 12]

Statue: Musée du Louvre, Paris; podium and bathroom: © Mission archéologique française de Tell Hariri - Mari (Syrie)

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 13]

Victory stele: Musée du Louvre, Paris; palace ruins: © Mission archéologique française de Tell Hariri - Mari (Syrie)