Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Motho a ka Felisa Bofuma?

Na Motho a ka Felisa Bofuma?

Na Motho a ka Felisa Bofuma?

BATHO ba limilione ba hōtse ba sa kolle ntsi hanong. Ha ba e-s’o ka ba robala ka lephako kapa hona ho khaleha ba ntse ba qhaqhasela. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba mofuta oo ba qenehela mafutsana ’me ba itella ’ona.

Leha ho le joalo, ’nete e utloisang bohloko ke hore batho ba hlasetsoeng ke lintoa tsa lehae, likhohola, komello le mathata a mang, ba aparetsoe ke bofuma. Lintho tsena li sithabetsa lihoai tsa Maafrika tse sa lemeleng khoebo. Tse ling li bile tsa tlameha ho tloha ha habo tsona ’me li fallele metseng e meholo kapa ho phela e le baphaphathehi linaheng tse ling. Batho ba bang ba lulang libakeng tsa mahaeng ba fallela litoropong hobane ba hoheloa ke litšepiso tsa bophelo bo molemo.

Metse ea litoropo e nang le sepenya sa baahi e atisa ho ba lilao tsa bofuma. Libaka tsa ho lema lijalo li ba nyenyane haholo, haeba li le teng. Mesebetsi e fumaneha ka thata. Ka lebaka la ho tsieleha, batho ba bangata ba fetoha linokoane. Batho ba lulang litoropong ba kōpa thuso, empa mebuso ea batho e hlōleha ho rarolla bothata bo ntseng bo hōla ba bofuma. Koranta ea London ea The Independent e ile ea bua tjena ka tlaleho ea Machaba a Kopaneng ea November 2003: “Batho ba lapang ba ntse ba eketseha lefatšeng.” Eaba e eketsa ka ho re: “Ho hakanngoa hore lefatšeng lohle kajeno batho ba limilione tse 842 ha ba fumane phepo e ntle—’me palo ena ea eketseha hobane ho na le batho ba bang ba limilione tse 5 ba lapang selemo le selemo.”

Ka linako tse ling ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Afrika Boroa e amohela mangolo a tsoang ho bafumanehi. Ka mohlala, monna e mong oa Bloemfontein o ile a ngola a re: “Ha ke sebetse, ’me ke utsoa toropong neng le neng ha monyetla o hlaha. Ha ke sa utsoe, re qeta matsatsi re lapile—ke se ke sa re letho ka ho bolaoa ke serame. Mosebetsi ha o eo ho hang. Batho ba bangata ba solla literateng ba batla mosebetsi le seo ba ka se jang. Ke tseba ba bang ba fatang meqomong ea lithōle ba batla lijo. Ba bang baa ipolaea. Ba bangata ba tšoanang le ’na ba imetsoe ’me ba feletsoe ke tšepo. Ho bonahala eka ha ho na tšepo ea bokamoso. Molimo ea re bōpileng hore re batle ho ja le ho apara, na ha a bone se etsahalang?”

Ho na le likarabo tse tšelisang bakeng sa lintho tsena tseo monna enoa a amehileng ka tsona. Joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, likarabo tsena li fumanoa Lentsoeng la Molimo, Bibele.