Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘U Lule U Ithibile Bobeng’

‘U Lule U Ithibile Bobeng’

‘U Lule U Ithibile Bobeng’

“Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, . . . le lule le ithibile bobeng.”—2 TIMOTHEA 2:24.

1. Ha re le tšebeletsong ea Bokreste, ke hobane’ng ha ka linako tse ling re teana le batho ba re buisang hampe?

U ETSA joang ha u kopana le batho ba sa u rateng kapa ba sa rateng seo u se emelang? Ha moapostola Pauluse a hlalosa matsatsi a ho qetela, o ile a bolela esale pele hore batho e ne e tla ba “banyefoli, . . . baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang.” (2 Timothea 3:1-5, 12) U ka ’na ua teana le batho ba joalo tšebeletsong ea hao kapa mesebetsing e meng.

2. Ke mangolo afe a ka re thusang ho sebetsana ka bohlale le batho ba re buisang hampe?

2 Hase e mong le e mong ea puo li mpe ea hloileng sohle se molemo. Ho ba bothateng bo boholo kapa ho ferekana ho ka ’na ha etsa hore batho ba halefele mang kapa mang ea pel’a bona. (Moeklesia 7:7) Ba bangata ba itšoara ka tsela ena hobane ba lula le ho sebetsa le batho ba tloaetseng lipuo tse mpe. Sena hase etse hore puo e joalo e amohelehe ho rōna joaloka Bakreste, empa se re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba e sebelisa. Re lokela ho itšoara joang ha re buisoa hampe? Liproverbia 19:11 e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.” ’Me Baroma 12:17, 18 ea re eletsa: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”

3. Ho ba ba ratang khotso ho ama molaetsa oo re o bolelang joang?

3 Haeba kannete re rata khotso, sena se tla bonahala boikutlong ba rōna. Se tla bonahala ho seo re se buang le ho se etsa, mohlomong le sefahlehong sa rōna le molumong oa rōna oa lentsoe. (Liproverbia 17:27) Ha Jesu a roma baapostola ba hae ho ea bolela, o ile a ba eletsa a re: “Ha le kena ka tlung, le lumelise ba ntlo eo [“le lakaletse ntlo eo khotso,” The New English Bible]; ’me haeba ntlo eo e tšoaneleha, khotso ea lōna eo le e lakaletsang eona e ke e be ho eona; empa haeba e sa tšoanelehe, khotso e tsoang ho lōna e ke e khutlele ho lōna.” (Matheu 10:12, 13) Molaetsa oo re o bolelang ke litaba tse molemo. Bibele e o bitsa “litaba tse molemo tsa khotso,” “litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo” le “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Baefese 6:15; Liketso 20:24; Matheu 24:14) Sepheo sa rōna hase ho nyatsa lintho tseo motho e mong a li lumelang kapa ho pheha khang le eena ka maikutlo a hae, empa ke ho mo bolella litaba tse molemo tse tsoang ka Lentsoeng la Molimo.

4. U ka ’na ua re’ng ha motho a re ho uena “ha ke batle ho bua le lōna” le pele u ka ba le monyetla oa ho mo bolella lebaka la hore u mo etele?

4 A sa mamela le ho mamela, mong’a ntlo a ka ’na a phasoloha a re, “Ha ke batle ho bua le lōna.” Maemong a mangata, u ka ’na ua re, “Ke ne ke lakalitse ho u balla temana e le ’ngoe feela e khutšoanyane ka Bibeleng.” A ka ’na a lumela ha u cho joalo. Maemong a mang, e ka ’na ea e-ba ho loketseng ho re: “Ke ne ke lakalitse ho u bolella ka nako eo ka eona ho hloka toka ho ke keng ha hlola ho e-ba teng ha batho bohle ba tla ithuta ho ratana.” Haeba mong’a ntlo a sa bolele kapele hore o lakatsa ho tseba ho eketsehileng, u ka ’na ua phaella ka ho re: “Kea hlokomela hore ke u tsomelitse.” Esita leha mong’a ntlo a sa arabele hantle, na re lokela ho phetha ka hore ‘ha a tšoanelehe’? Ho sa tsotellehe hore na o arabela joang, hopola keletso ea Bibele e reng le “be bonolo ho bohle, . . . le ithibile bobeng.”—2 Timothea 2:24.

O ne a Nyelisa Empa a Fositse

5, 6. Saule o ile a tšoara balateli ba Jesu joang, hona ke hobane’ng ha a ile a itšoara joalo?

5 Lekholong la pele la lilemo, monna ea bitsoang Saule o ne a tumme ka lipuo tse sa hlompheng, esita le ka boitšoaro ba hae bo mabifi. Bibele e re o ne a “tletse tšokelo le polao khahlanong le barutuoa ba Morena.” (Liketso 9:1, 2) Hamorao o ile a lumela hore e kile ea e-ba “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Timothea 1:13) Le hoja ho ka etsahala hore ebe ba bang ba beng ka eena e ne e se e ntse e le Bakreste, o ile a bua tjena ka boikutlo ba hae ka balateli ba Kreste: “Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, [ke ile] ka ea bohōleng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.” (Liketso 23:16; 26:11; Baroma 16:7, 11) Ha ho na bopaki bo bontšang hore barutuoa ba ile ba leka ho pheha khang le Saule phatlalatsa ha a ne a ntse a itšoere ka tsela eo.

6 Ke hobane’ng ha Saule a ile a itšoara joalo? Lilemo hamorao, o ile a ngola: “Ke ne ke hloka tsebo ’me ke etsa ka ho hloka tumelo.” (1 Timothea 1:13) E ne e le Mofarisi, ea rutiloeng “ho ea ka ho tiea ha Molao oa baholo-holo.” (Liketso 22:3) Le hoja kamoo ho bonahalang kateng mosuoe oa Saule, e leng Gamaliele, e ne e se motho ea leeme, Kaifase, moprista ea phahameng, eo Saule a neng a tloaelane le eena, e ne e le motho ea chesehelang lintho ka ho feteletseng. Kaifase e ne e le eena ea neng a li hula pele morerong o mobe o ileng oa lebisa ho bolaoeng ha Jesu Kreste. (Matheu 26:3, 4, 63-66; Liketso 5:34-39) Ka mor’a moo, Kaifase o ile a tiisa hore baapostola ba Jesu baa shapuoa ’me a laela ka tieo hore ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu. Kaifase o ne a okametse Sanhedrine sebokeng sa lekhotla seo ho sona maikutlo a neng a phahame le seo ho sona Setefane a ileng a nkoa hore a e’o tlepetsoa ka majoe. (Liketso 5:27, 28, 40; 7:1-60) Saule o ne a shebeletse ketso ena, ’me Kaifase o ile a mo fa tumello ea hore a etse boiteko bo bong hape ba ho thibela balateli ba Jesu ka ho ba tšoara Damaseka. (Liketso 8:1; 9:1, 2) Ka lebaka la tšusumetso ena, Saule o ne a nahana hore boitšoaro ba hae e ne e le bopaki ba hore o chesehela Molimo, empa bonneteng o ne a haelloa ke tumelo ea sebele. (Liketso 22:3-5) Ka lebaka leo, Saule o ile a hlōleha ho lemoha hore Jesu e ne e le Mesia oa ’nete. Empa Saule o ile a hlaphoheloa ha Jesu ea tsositsoeng a bua le eena ka mohlolo tseleng e eang Damaseka.—Liketso 9:3-6.

7. Ho ile ha etsahala’ng ka Saule ha a ne a kopana le Jesu tseleng e eang Damaseka?

7 Nakoana ka mor’a sena, morutuoa Ananiase o ile a romeloa hore a e’o pakela Saule. Na u ka be u ile ua rata ho nka leeto le joalo? Ananiase o ne a tšohile, empa o ile a bua le Saule ka mosa. Boikutlo ba Saule bo ne bo fetohile ka lebaka la ho kopana ha hae ka mohlolo le Jesu tseleng e eang Damaseka. (Liketso 9:10-22) O ile a tsebahala e le moapostola Pauluse, moromuoa ea chesehang oa Mokreste.

O ne a E-na le Maikutlo a Bonolo Empa a le Sebete

8. Jesu o ile a bonahatsa boikutlo ba Ntat’ae joang ho batho ba neng ba entse lintho tse mpe?

8 Jesu e ne e le ’moleli ea chesehang oa ’Muso ea neng a e-na le maikutlo a bonolo empa a le sebete ha a sebelisana le batho. (Matheu 11:29) O ile a bonahatsa boikutlo ba Ntat’ae oa leholimo, ea phehellang ba khopo hore ba furalle litsela tsa bona tse mpe. (Esaia 55:6, 7) Ha Jesu a ne a sebetsana le baetsalibe, o ne a hlokomela moo ba ntlafalitseng teng, ebe oa ba khothatsa. (Luka 7:37-50; 19:2-10) Ho e-na le ho ahlola batho ba bang ka ponahalo ea bona, Jesu o ile a etsisa mosa, mamello le tiisetso ea Ntat’ae ka sepheo sa ho ba isa pakong. (Baroma 2:4) Thato ea Jehova ke hore batho ba mefuta eohle ba bake ’me ba pholohe.—1 Timothea 2:3, 4.

9. Re ka ithuta eng ka tsela eo ka eona Esaia 42:1-4 e ileng ea phethahala ho Jesu?

9 Ha mongoli oa Kosepele ea Matheu a bua ka maikutlo a Jehova ka Jesu Kreste, o qotsa mantsoe ana a boprofeta: “Bonang! Mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, moratuoa oa ka, eo moea oa ka o mo amohetseng! Ke tla beha moea oa ka holim’a hae, ’me o tla hlakisetsa lichaba toka. A ke ke a pheha khang ka lerata, kapa a hoeletsa haholo, leha e le hore mang kapa mang o tla utloa lentsoe la hae litseleng tse sephara. Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le silakanya, ’me ha ho khoele ea lebone ea folakse e kunkelang eo a tla e tima, ho fihlela a tlisa toka ka katleho. Ka sebele, lichaba li tla tšepela lebitsong la hae.” (Matheu 12:17-21; Esaia 42:1-4) Tumellanong le mantsoe ao a boprofeta, Jesu ha aa ka a kenela liphehisanong tse lerata. Esita leha a ne a le tlas’a khatello, o ile a bua ’nete ka mokhoa o neng o ipiletsa ho batho ba lipelo li tšepahalang.—Johanne 7:32, 40, 45, 46.

10, 11. (a) Le hoja Bafarisi e ne e le ba bang ba batho ba neng ba le sebete ho hanyetsa Jesu, ke hobane’ng ha a ile a pakela ba bang ba bona? (b) Ka linako tse ling Jesu o ne a araba bahanyetsi ba hae joang, empa ke eng seo a sa kang a se etsa?

10 Tšebeletsong ea hae, Jesu o ile a bua le Bafarisi ba bangata. Le hoja ba bang ba bona ba ne ba leka ho mo tšoasa ka lipuo, Jesu ha aa ka a phetha ka hore kaofela ha bona ba ne ba etsa seo ka sepheo se sebe. Kamoo ho bonahalang kateng, Mofarisi ea bitsoang Simone ea neng a rata ho tšoaea liphoso, o ne a batla ho bonela Jesu haufi kahoo a mo memela lijong. Jesu o ile a amohela memo eo ’me a pakela ba neng ba le teng moo. (Luka 7:36-50) Ketsahalong e ’ngoe, Mofarisi e mong ea hlaheletseng ea bitsoang Nikodemase o ile a ea ho Jesu ka lenyele bosiu. Jesu ha aa ka a mo nyatsetsa hore ebe o ile a leta hore ho be lefifi. Ho e-na le hoo, o ile a pakela Nikodemase ka lerato leo Molimo a le bontšitseng ka ho romela Mora oa hae e le hore a bule tsela ea poloko bakeng sa ba tla bontša tumelo. Ka mosa Jesu o ile a boela a bua ka bohlokoa ba ho ikokobelletsa tokisetso ea Molimo. (Johanne 3:1-21) Hamorao Nikodemase o ile a buella Jesu ha Bafarisi ba bang ba ne ba nyatsa tlaleho e ntle e neng e entsoe ka Jesu.—Johanne 7:46-51.

11 Jesu o ne a bona boikaketsi ba ba neng ba leka ho mo cheha. Ha aa ka a lumella bahanyetsi hore ba mo kenye liphehisanong tsa lefeela. Leha ho le joalo, ha ho loketse, o ne a fana ka likarabo tse khutšoanyane le tse matla ka ho bolela molao-motheo, ka ho sebelisa papiso kapa ka ho qotsa lengolo. (Matheu 12:38-42; 15:1-9; 16:1-4) Ka linako tse ling, Jesu o ne a ithōlela ha ho ne ho bonahala eka ho bua ho ne ho ke ke ha thusa ka letho.—Mareka 15:2-5; Luka 22:67-70.

12. Esita leha a ne a tlatsetsoa lerata, Jesu o ile a khona ho thusa batho joang?

12 Ka linako tse ling, batho ba laoloang ke meea e sa hloekang ba ne ba tlatsetsa Jesu lerata. Ha seo se etsahala, o ne a bontša boithibo a bile a sebelisa matla ao a a filoeng ke Molimo hore a ba imolle. (Mareka 1:23-28; 5:2-8, 15) Haeba batho ba bang ba re halefela kapa ba re tlatsetsa lerata ha re le tšebeletsong, le rōna re lokela ho bontša boithibo ’me re lokela ho leka ho sebetsana le boemo bo joalo ka tsela e mosa le e masene.—Bakolose 4:6.

Ka Lelapeng

13. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling batho ba hanyetsa setho sa lelapa se qalang ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova?

13 Taba ea hore balateli ba Jesu ba lokela ho bontša boithibo hangata e bonahala haholo ka lelapeng. Motho eo pelo ea hae e anngoeng ka ho teba ke ’nete ea Bibele o lakatsa hore lelapa la hae le lona le amehe ka tsela e tšoanang. Empa joalokaha Jesu a boletse, litho tsa lelapa li ka ’na tsa bontša bora. (Matheu 10:32-37; Johanne 15:20, 21) Ho na le mabaka a sa tšoaneng a ka bakang sena. Ka mohlala, le hoja lithuto tsa Bibele li ka re thusa ho ba batho ba tšepahalang, ba nang le boikarabelo le ba hlomphang, Mangolo a boetse a ruta hore boemong leha e le bofe re na le boikarabelo bo boholoanyane ho ’Mōpi oa rōna. (Moeklesia 12:1, 13; Liketso 5:29) Setho sa lelapa se ka ’na sa khopeha hobane se nahana hore ho tšepahala ha rōna ho Jehova ho fokotsa matla a sona ka lelapeng. Ha re sebetsana le boemo bo joalo, ruri ke habohlokoa hore re latele mohlala oa Jesu oa ho bontša boithibo!—1 Petrose 2:21-23; 3:1, 2.

14-16. Ke eng e ileng ea etsa hore ba bang ba neng ba hanyetsa litho tsa malapa a bona ba fetohe?

14 Ba bangata ba sebeletsang Jehova hona joale ba ne ba e-na le molekane oa lenyalo kapa setho se seng sa lelapa se neng se le khahlanong le liphetoho tseo ba neng ba li etsa ha ba qala ho ithuta Bibele. E ka ’na eaba bahanyetsi bao ba ile ba utloa Lipaki Tsa Jehova li buuoa hampe ’me mohlomong ba ne ba tšaba hore ho tla ba le tšusumetso e mpe ka lelapeng. Ke eng e ileng ea etsa hore ba fetole maikutlo a bona? Maemong a mangata, lebaka le ka sehloohong e bile mohlala o motle. Kahobane molumeli o ile a sebelisa keletso ea Bibele ka tieo—ka hore le hoja a ne a e-ea libokeng tsa Bokreste kamehla a bile a kopanela tšebeletsong o ne a ntse a hlokomela boikarabelo ba lelapa a bile a bontša boithibo ho sa tsotellehe lipuo leha e le life tse mpe—ka linako tse ling khanyetso ea lelapa e ile ea fokotseha.—1 Petrose 2:12.

15 Hape e ka ’na eaba mohanyetsi o hanne ho mamela tlhaloso leha e le efe e tsoang ka Bibeleng ka lebaka la leeme kapa boikhohomoso. Sena se ile sa etsahala ka monna e mong oa United States ea boletseng hore o ne a rata naha ea habo haholo. Ka nako e ’ngoe, monna eo o ile a nka liaparo tsa hae kaofela eaba oa tsamaea ha mosali oa hae a ile kopanong. Ka lekhetlo le leng, o ile a tloha lapeng a nkile sethunya a re o il’o ipolaea. O ile a re boitšoaro leha e le bofe ba hae bo sa lokang bo ne bo bakoa ke bolumeli ba mosali oa hae. Empa mosali oa hae o ile a ikitlaelletsa ho tsoela pele a ntse a sebelisa keletso ea Bibele. Lilemo tse mashome a mabeli ka mor’a hore mosali oa hae e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova, monna le eena e ile ea e-ba Paki. Albania mosali e mong o ile a halefisoa ke hore morali oa hae o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova a ba a kolobetsoa. ’Mè enoa o ile a senya Bibele ea morali oa hae ka makhetlo a 12. Joale ka letsatsi le leng o ile a phetla Bibele e ncha eo morali oa hae a neng a e siile tafoleng. ’Mè enoa o ile a e phetla ho Matheu 10:36 a sa rera, ’me a hlokomela hore temana ena e ne e bua ka eena. Ho ntse ho le joalo, kaha ’mè enoa o ne a amehile ka boiketlo ba morali oa hae, o ile a mo felehetsa ho ea sekepeng ha a ne a tsamaea le Lipaki tse ling ho ea kopanong Italy. Ha ’mè enoa a bona lerato la sehlopha sena, ho hakana le ho bososela ha sona le ho se utloa se tšeha se thabile, maikutlo a hae a ile a qala ho fetoha. Kapele ka mor’a moo, o ile a lumela ho ithuta Bibele. Kajeno o leka ho thusa ba bang ba qalang ba hanyetsa.

16 Ketsahalong e ’ngoe, monna o ile a hlasela mosali oa hae a nkile thipa, a mo hlapaola ha a ntse a atamela Holo ea ’Muso. Mosali oa hae o ile a mo araba ka mosa a re: “Kena ka Holong ea ’Muso ’me u inoese ka nkho.” O ile a kena, ’me ka mor’a nako e itseng e ile ea e-ba moholo oa Mokreste.

17. Haeba ka linako tse ling ho e-ba bosula ka lelapeng la Bokreste, ke keletso efe ea Mangolo e ka thusang?

17 Esita leha litho tsohle tsa lelapa e le Bakreste, ka linako tse ling ka lebaka la ho se phethahale, ho ka ba bosula ka lelapeng ’me ha ba ha sebelisoa mantsoe a hlabang. Ke habohlokoa ho hlokomela hore Bakreste ba Efese ea boholo-holo ba ile ba eletsoa tjena: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baefese 4:31) Kamoo ho bonahalang kateng, tikoloho eo Bakreste ba Efese ba neng ba phela har’a eona, ho se phethahale ha bona ’me, maemong a mang, le tsela eo ba neng ba phela ka eona li ile tsa ba susumetsa. Ba ne ba tla thusoa ke eng hore ba fetohe? Ba ne ba lokela ho ‘nchafatsoa matleng a susumetsang likelello tsa [bona].’ (Baefese 4:23) Ha ba ntse ba ithuta Lentsoe la Molimo, ba thuisa kamoo le lokelang ho susumetsa bophelo ba bona kateng, ba kopanela le Bakreste-’moho le bona le ho rapela ka tieo, litholoana tsa moea oa Molimo li ne li tla bonahala haholoanyane bophelong ba bona. Ba ne ba tla ithuta ho ‘bontšana mosa, ho ba le qenehelo e bonolo, le ho tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a ba tšoarela ka bolokolohi.’ (Baefese 4:32) Ho sa tsotellehe seo ba bang ba ka ’nang ba se etsa, re lokela ho bontša boithibo, re be mosa, re bontše kutloelo-bohloko le ho tšoarela. Ka sebele, ha ho ‘eo re lokelang ho busetsa bobe ka bobe ho eena.’ (Baroma 12:17, 18) Kamehla ke ntho e loketseng ho bontša lerato la sebele ka ho etsisa Molimo.—1 Johanne 4:8.

Keletso e Eang ho Bakreste Bohle

18. Ke hobane’ng ha keletso e fumanoang ho 2 Timothea 2:24 e ne e loketse bakeng sa moholo oa Efese ea boholo-holo, hona e ka thusa Bakreste bohle joang?

18 Keletso ea hore re lule re “ithibile bobeng” e sebetsa ho Bakreste bohle. (2 Timothea 2:24) Empa pele e ne e lebisitsoe ho Timothea, ea neng a e hloka ha e ne e le moholo Efese. Ba bang ka phuthehong eo ba ne ba sa tšabe ho bua maikutlo a bona ’me ba ne ba ruta thuto e fosahetseng. Kaha ba ne ba sa utloisise hantle morero oa Molao oa Moshe, ha baa ka ba utloisisa hore na tumelo, lerato le letsoalo le letle ke lintho tsa bohlokoa hakae. Boikhohomoso bo ile ba baka liqabang hobane ba ne ba pheha khang ka mantsoe, ’me ha baa ka ba utloisisa lithuto tsa Kreste le bohlokoa ba boinehelo ba bomolimo. E le hore a lokise boemo bona, Timothea o ile a tlameha hore a emele ’nete ea Mangolo ka tieo empa ka nako e tšoanang a be mosa ha a sebelisana le barab’abo. Ho tšoana le baholo ba kajeno, o ne a tseba hore mohlape hase oa hae le hore o ne a lokela ho sebelisana le ba bang ka tsela e neng e tla hōlisa lerato le bonngoe ba Bokreste.—Baefese 4:1-3; 1 Timothea 1:3-11; 5:1, 2; 6:3-5.

19. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore kaofela ha rōna re “batle bonolo”?

19 Molimo o phehella batho ba hae hore ba “batle bonolo.” (Sofonia 2:3) Lentsoe la Seheberu bakeng sa “bonolo” le bolela boikutlo bo nolofalletsang motho ho mamella ho etsoa hampe, ntle ho khalefo le boiphetetso. E se eka re ka kōpa Jehova ka tieo hore a re thuse ho bontša boithibo le ho mo emela hantle, esita le maemong a thata.

U Ithutile Eng?

• Ha u tobane le lipuo tse nyelisang, ke mangolo afe a ka u thusang?

• Ke hobane’ng ha Saule a ile a itšoara ka mokhoa o nyelisang?

• Mohlala oa Jesu o re thusa joang hore re sebetsane hantle le batho ba mefuta eohle?

• Ke melemo efe e ka hlahisoang ke ho bontša boithibo ha re bua le litho tsa lelapa?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho sa tsotellehe botumo ba Saule, Ananiase o ile a mo tšoara ka mosa

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Haeba Mokreste a hlokomela boikarabelo ka botšepehi seo se ka fokotsa khanyetso ea ka lapeng

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Bakreste ba hōlisa lerato le bonngoe