Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, Rorisang Jehova!

Bacha, Rorisang Jehova!

Bacha, Rorisang Jehova!

“Rorisang Jehova ho tsoa lefatšeng, . . . lōna bahlankana le lōna baroetsana.”—PESALEME EA 148:7, 12.

1, 2. (a) Bacha ba bangata baa tseba hore na ba behetsoe lithibelo tsa mofuta ofe? (b) Ke hobane’ng ha bacha ba sa lokela ho khopisoa ke lithibelo tseo batsoali ba bona ba ba behelang tsona?

HANGATA bacha ba tseba hantle lintho tseo ba e-s’o lumelloe ho li etsa. Ba bangata ba bona ba ka u bolella ntle ho tikatiko hore na ba tlameha ho ba lilemo li kae pele ba ka lumelloa ho tšela ’mila ba le bang kapa hore ba se ke ba beheloa nako ea ho robala kapa eo ba tla khanna koloi ka eona. Ka linako tse ling, mocha a ka ’na a nka hore o haneloa ka lintho tse ngata tseo a li kōpang ka ho bolelloa hore, “U sa le monyenyane.”

2 Bacha, lea tseba hore batsoali ba lōna ba bona ho le bohlale hore ba behe lithibelo tse joalo, mohlomong e le ho le sireletsa. Ha ho pelaelo hore le lōna lea tseba hore Jehova oa thaba ha le mamela batsoali ba lōna. (Bakolose 3:20) Leha ho le joalo, na le ee le ikutloe eka ha le e-s’o phele kamoo le batlang kateng? Na le tingoa lintho tsohle tsa bohlokoa hobane ho thoe le sa le banyenyane? Ha ho ntho e joalo! Ho na le mosebetsi o ntseng o etsoa kajeno oo e leng oa bohlokoa ho feta monyetla leha e le ofe oo e ka ’nang eaba le ntse le o letetse. Na lōna bacha le lumeletsoe ho kopanela mosebetsing oo? Ha lea lumelloa feela ho o etsa—ha e le hantle, le mengoa ke ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa ka boeena hore le o etse!

3. Jehova o mema bacha hore ba kopanele mosebetsing ofe o khethehileng, hona re tla tšohla lipotso life?

3 Ke mosebetsi ofe oo re buang ka oona? Hlokomela mantsoe a temana ea rōna ea sehlooho sena: “Rorisang Jehova ho tsoa lefatšeng, . . . lōna bahlankana le lōna baroetsana, lōna banna-baholo hammoho le bashanyana.” (Pesaleme ea 148:7, 12) Ke oo he monyetla o moholo oo u nang le oona: U ka rorisa Jehova. Joaloka mocha, na u thabela ho kopanela mosebetsing oo? Ba bangata ba kopanetse ho oona. Ho bona hore na ke hobane’ng ha ho loketse hore u ikutloe joalo, a re ke re tšohleng lipotso tse tharo. Ea pele e re, ke hobane’ng ha u lokela ho rorisa Jehova? Ea bobeli e re, ke joang u ka rorisang Jehova ka katleho? Ea boraro e re, u lokela ho qala neng ho rorisa Jehova?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Rorisa Jehova?

4, 5. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 148, re boemong bofe bo babatsehang? (b) Pōpo e sa bueng le e sa nahaneng e ka rorisa Jehova joang?

4 Lebaka le ka sehloohong la ho rorisa Jehova ke hobane e le ’Mōpi. Pesaleme ea 148 e re thusa ho nahanisisa ka ’nete ena. Ak’u nahane ka taba e latelang: Haeba u ne u ka atamela sehlopha se seholo sa batho se bina pina e monate e lumellanang le e amang maikutlo, u ne u tla ikutloa joang? Ho thoe’ng haeba u ne u tseba hore mantsoe a pina eo ke a ’nete, ’me a bua ka lintho tseo u tsebang hore ke tsa bohlokoa, tse thabisang le tse khothatsang? Na u ne u ka rata ho ithuta mantsoe a eona ’me u e bine le bona? Ba bangata ba rōna re ne re tla etsa joalo. Pesaleme ea 148 e bontša hore u boemong bo tšoanang le boo empa ba hao bo babatseha haholo ho feta boo. Pesaleme eo e bua ka letšoele le leholo, le rorisang Jehova ka tumellano. Leha ho le joalo, ha u ntse u bala pesaleme ena, u ka ’na ua hlokomela ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Ke eng?

5 Barorisi ba bangata bao ho builoeng ka bona ho Pesaleme ea 148 ha ba bue ebile ha ba nahane. Ka mohlala, re bala hore letsatsi, khoeli, linaleli, lehloa, moea, lithaba le maralla li rorisa Jehova. Pōpo ee e sa pheleng e ka rorisa Jehova joang? (Temana ea 38, 9) Bonneteng e ka mo rorisa ka tsela e tšoanang le eo lifate, libōpuoa tsa leoatle le liphoofolo li etsang ka eona. (Temana ea 7, 9, 10) Na u kile ua hlolloa ke ho bona ha letsatsi le likela kapa ua sheba ha khoeli e tolokileng e feta har’a sepakapaka se tletseng linaleli kapa ua qaboloa ke liphoofolo ha li bapala kapa ua hlolloa ke ponahalo e ntle ea naha? Haeba ho joalo, u “utloile” pina ea thoriso e binoang ke pōpo. Sohle seo Jehova a se entseng se re hopotsa hore ke ’Mōpi ea matla ’ohle, le hore bokahohleng bohle ha ho ea matla, ea bohlale kapa ea lerato joaloka eena.—Baroma 1:20; Tšenolo 4:11.

6, 7. (a) Pesaleme ea 148 e bua ka libōpuoa life tse bohlale tse rorisang Jehova? (b) Ke eng e ka ’nang ea re susumelletsa ho rorisa Jehova? Etsa mohlala.

6 Pesaleme ea 148 e boetse e bua ka pōpo e bohlale e rorisang Jehova. Temaneng ea 2, ho buuoa ka “lebotho” la Jehova la leholimo, e leng mangeloi, le rorisang Molimo. Temaneng ea 11, ho mengoa batho ba bohlokoa le ba nang le tšusumetso, ba kang marena le baahloli hore ba kopanele thorisong ena. Haeba mangeloi a matla a thabela ho rorisa Jehova, ke ofe har’a rōna batho ba pala eo ka tšoanelo a ka iponang eka ke oa bohlokoa haholo hore a ka mo rorisa? Joale, temaneng ea 12 le 13, lōna bacha le mengoa hore le kopanele ho roriseng Jehova. Na le ikutloa le susumelletseha ho etsa joalo?

7 Nahana ka mohlala ona. Haeba u ne u e-na le motsoalle oa hlooho ea khomo ea ipabolang—mohlomong lipapaling, mesebetsing ea bonono, kapa ’minong—na u ne u tla bua ka eena ho ba lelapa leno kapa ho metsoalle e meng? Hantle haholo. Ho ithuta ka sohle seo Jehova a se entseng ho ka ba le phello e tšoanang ho rōna. Ka mohlala, Pesaleme ea 19:1, 2 e re leholimo le koahetsoeng ke linaleli le “etsa hore puo e khaphatsehe.” Ha re nahana ka lintho tse hlollang tseo Jehova a li entseng, ruri re ke ke ra khaotsa ho bolella ba bang ka Molimo oa rōna.

8, 9. Jehova o batla hore re mo rorise ka mabaka afe?

8 Lebaka le leng le ka sehloohong la ho rorisa Jehova ke hobane o batla hore re mo rorise. Hobane’ng? Na ke hobane a batla ho rorisoa ke batho? Che. Rōna batho re ka ’na ra batla ho rorisoa ka linako tse ling, empa Jehova o re phahametse hōle. (Esaia 55:8) Ha ho lintho kapa litšoaneleho tseo a ikutloang a sa itšepe ho tsona. (Esaia 45:5) Leha ho le joalo, o batla hore re mo rorise ’me oa thaba ha re etsa joalo. Hobane’ng? Nahana ka mabaka ana a mabeli. La pele, oa tseba hore re lokela ho mo rorisa. O re entse re e-na le tlhoko ea moea, tlhoko ea ho batla ho rapela. (Matheu 5:3) Jehova oa thaba ha a re bona re khotsofatsa tlhoko ena, feela joalokaha batsoali ba hao ba thaba ha ba u bona u ja lijo tseo ba tsebang hore li u loketse.—Johanne 4:34.

9 Lebaka la bobeli, Jehova oa tseba hore batho ba bang ba lokela ho re utloa ha re mo rorisa. Moapostola Pauluse o ile a ngolla mohlankana Timothea mantsoe a latelang: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16) Ka sebele, ha u ruta ba bang ka Jehova Molimo, u mo rorisa, le bona ba ka ’na ba tseba Jehova. Tsebo e joalo e ka etsa hore ba bolokehe ka ho sa feleng!—Johanne 17:3.

10. Ke hobane’ng ha re ikutloa re tlameha ho rorisa Molimo oa rōna?

10 Ho na le lebaka le leng hape la ho rorisa Jehova. Hopola mohlala oane oa motsoalle oa hao ea ipabolang. Haeba u ne u ka utloa ba bang ba bua mashano ka eena, ba mo senya lebitso, na u ne u ke ke ua batla ho mo rorisa le ho feta? Jehova o senngoa lebitso haholo lefatšeng lena. (Johanne 8:44; Tšenolo 12:9) Ka hona ba mo ratang ba ikutloa ba tlameha ho bolela ’nete ka eena, e le hore ba fane ka boitsebiso bo nepahetseng. Na le uena u ka rata ho bontša lerato la hao le kananelo ho Jehova le ho bontša hore u batla hore e be eena ’Musi oa hao ho e-na le sera sa hae se seholo, e leng Satane? U ka etsa seo sohle ka ho rorisa Jehova. Joale potso e latelang eo re tla e tšohla ke hore na re ka etsa seo joang.

Kamoo Bacha ba Bang ba Ileng ba Rorisa Jehova Kateng

11. Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore bacha ba ka atleha haholo ho roriseng Jehova?

11 Bibele e bontša hore hangata bacha ba atleha haholo tabeng ea ho rorisa Jehova. Ka mohlala, ho ne ho e-na le ngoanana e mong oa Moiseraele eo Basyria ba neng ba mo isitse kholehong. O ile a pakela mong’a hae oa mosali ka sebete ka moprofeta oa Jehova Elisha. Mantsoe a hae a ile a etsa hore ho be le mohlolo ’me seo se ile sa fana ka bopaki bo matla. (2 Marena 5:1-17) Jesu le eena o ile a paka ka sebete ha e sa le ngoana. Har’a lintho tsohle tseo a li entseng bocheng ba hae tse ka beng li tlalehiloe ka Mangolong, Jehova o ile a khetha e le ’ngoe, e leng ketsahalo ea ha Jesu ea lilemo li 12 ka sebete a botsa mesuoe ea bolumeli lipotso ka tempeleng Jerusalema ’me a e siea e hloletsoe ha e bona tsela eo a neng a utloisisa litsela tsa Jehova ka eona.—Luka 2:46-49.

12, 13. (a) Jesu o ile a etsa’ng tempeleng nakoana pele ho lefu la hae, ’me seo se bile le liphello life ho batho moo? (b) Jesu o ile a ikutloa joang ka mantsoe a thoriso a neng a tsoa ho bashanyana?

12 Ha Jesu a se a hōlile, le eena o ile a susumelletsa bana ho rorisa Jehova. Ka mohlala, matsatsi a seng makae feela pele a e-shoa, Jesu o ile a qeta nako e itseng a le tempeleng Jerusalema. Bibele e re o ile a etsa “lintho tse hlollang” moo. O ile a leleka ba neng ba etsa sebaka seo se halalelang lehaha la masholu. Hape o ile a phekola ba foufetseng le ba holofetseng. Bohle ba neng ba le teng moo, haholo-holo baeta-pele ba bolumeli, ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba susumeletseha ho rorisa Jehova le Mora oa hae, Mesia. Leha ho le joalo, ka masoabi ba bangata mehleng eo ha baa ka ba fana ka thoriso e joalo. Ba ne ba tseba hore Jesu o romiloe ke Molimo, empa ba ne ba tšaba baeta-pele bao ba bolumeli. Empa sehlopha se seng sa batho sona se ile sa bua ka sebete. Na ua se tseba? Bibele e re: “Ha baprista ba ka sehloohong le bangoli ba bona lintho tse hlollang tseo [Jesu] a li entseng le bashanyana ba neng ba hoeletsa ka tempeleng ’me ba re: ‘Rea rapela, pholosa Mora oa Davida!’ ba [ile ba] halefa ’me ba re ho [Jesu]: ‘Na u utloa seo baa ba se buang?’”—Matheu 21:15, 16; Johanne 12:42.

13 Baprista bao ba ne ba nahanne hore Jesu o tla thōlisa bashanyana ba neng ba mo rorisa. Na o ile a ba thōlisa? Le hanyenyane! Jesu o ile a araba baprista bao a re: “E. Na ha le e-s’o ka le bala see, ‘Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso’?” Ho hlakile hore Jesu le Ntat’ae ba ne ba thabela mantsoe a thoriso a tsoang ho bashanyana bao. Bana bao ba ne ba etsa se neng se lokela hore ebe se etsoa ke batho bohle ba baholo ba neng ba le teng moo. Le hoja e ne e le bana, likelellong tsa bona e tlameha ebe lintho tsohle li ne li hlakile hantle. Ba ile ba bona monna enoa a etsa lintho tse babatsehang, a bua ka sebete le ka tumelo ebile a bontša lerato le tebileng bakeng sa Molimo le batho ba hae. Ho ne ho bonahala hore ke “Mora oa Davida” ea tšepisitsoeng, e leng Mesia, joalokaha a ne a bolela. Bashanyana bao ba ile ba hlohonolofatsoa ka lebaka la tumelo ea bona ka hore ba be le tokelo ea ho phethahatsa boprofeta.—Pesaleme ea 8:2.

14. Limpho tseo bacha ba nang le tsona li ba hlomella joang ho rorisa Molimo?

14 Re ka ithuta eng mehlaleng eo? Re ithuta hore bacha e ka ba barorisi ba atlehang haholo ba Jehova. Hangata ba na le mpho ea ho bona ’nete ka mokhoa o hlakileng le o bonolo, le ho bolela tumelo ea bona ka tieo le ka cheseho. Ba boetse ba na le mpho e boletsoeng ho Liproverbia 20:29: “Botle ba bahlankana ke matla a bona.” Ka sebele lōna bacha le na le matla le sefutho—e leng lintho tsa bohlokoa bakeng sa ho rorisa Jehova. Ka ho toba, le ka sebelisa limpho tseo joang?

Le ka Rorisa Jehova Joang?

15. Ho hlokahala hore motho a be le sepheo sefe e le hore a ka rorisa Jehova ka katleho?

15 Ho atleha tabeng ena ho qala pelong. U ke ke ua rorisa Jehova ka katleho haeba u mo rorisa feela hobane ba bang ba batla hore u etse joalo. Hopola, taelo e khōlōhali e re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:37) Na u tsebile Jehova ka hore uena ka bouena u ithute Lentsoe la hae? Thuto e joalo e fella ka ho rata Jehova. Tsela ea sebele ea ho bontša lerato lena ke ka ho mo rorisa. Hang feela ha u e-na le sepheo se hlakileng le se matla, u tla be u loketse ho rorisa Jehova ka mafolofolo.

16, 17. Boitšoaro bo phetha karolo efe ea bohlokoa tabeng ea ho rorisa Jehova? Bontša.

16 Joale, le pele u ka nahana ka seo u tla se bua, nahana ka seo u tla se etsa. Haeba ngoanana oa Moiseraele oa mehleng ea Elisha a ne a tloaetse ho khahlapetsa batho, a se na tlhompho, kapa a sa tšepahale, na u nahana hore Basyria ba mo hapileng ba ka be ba ile ba mamela seo a neng a se bua ka moprofeta oa Jehova? Ha ho bonahale joalo. Ka ho tšoanang, ho ka etsahala hore batho ba mamele haeba ba bona hore u motho ea nang le tlhompho, ea tšepahalang le ea itšoereng hantle. (Baroma 2:21) Nahana ka mohlala o latelang.

17 Ha ngoanana e mong ea lilemo li 11 oa Portugal a le sekolong, o ile a tobana le khatello ea ho keteka matsatsi a phomolo a neng a le khahlanong le letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Ka tlhompho o ile a hlalosetsa mosuoetsana oa hae lebaka la hore a hane ho etsa joalo, empa mosuoetsana eo o ile a mo soma. Ha nako e ntse e feta, mosuoetsana enoa o ile a leka ka makhetlo ho mo tlotlolla, a ntse a soma bolumeli ba hae. Leha ho le joalo, ngoanana enoa o ile a lula a ntse a mo hlompha. Lilemo hamorao, morali enoa oabo rōna e monyenyane e ne e le pula-maliboho oa kamehla, e leng mosebeletsi oa nako e tletseng. Ha a le kopanong, o ile a shebella ha batho ba ntse ba kolobetsoa eaba o tseba e mong oa bona. E ne e le mosuoetsana eane oa hae! Ka mor’a ho akana ba ntse ba lla, mosuoetsana o ile a bolella seithuti seo sa hae sa mehleng hore ha ho mohla a kileng a lebala boitšoaro ba sona bo botle. Paki e ’ngoe e ne e ile ea etela mosuoetsana eo, eaba o bua ka boitšoaro ba seithuti seo sa hae sa mehleng. Ka lebaka leo, ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me mosali enoa o ile a amohela ’nete ea Bibele. Ha ho pelaelo hore boitšoaro ba hao e ka ba tsela e matla haholo ea ho rorisa Jehova!

18. Mocha a ka etsa joang haeba a le lesisitheho ho qalisa meqoqo ka Bibele le ka Jehova Molimo?

18 Na ka linako tse ling u fumana ho le thata ho bua le ba bang sekolong ka tumelo ea hao? Bacha ba bang le bona ba ikutloa ka tsela eo. Leha ho le joalo, u ka nolofalletsa ba bang hore ba u botse ka tumelo ea hao. Ka mohlala, haeba molao o lumela ’me ho lumelleha hore u etse joalo, ke hobane’ng ha u sa tle le likhatiso tsa hao tse theiloeng Bibeleng ’me u li bale nakong ea lijo tsa motšehare kapa ka linako tse ling tseo ho lumeletsoeng hore u ka etsa joalo ka tsona? Liithuti-’moho le uena li ka ’na tsa u botsa ka seo u se balang. Haeba u li araba ebile u li bolella lintho tse thahasellisang sehloohong kapa bukeng eo u e balang, u ka fumana hore u qalisa moqoqo o monate kapele. U hopole ho botsa lipotso, e le hore u tsebe seo liithuti-’moho le uena li se lumelang. Mamela ka tlhompho, u bolele seo u ithutileng sona ka Bibeleng. Joalokaha liphihlelo tse leqepheng la 29 li bontša, bacha ba bangata ba rorisa Molimo sekolong. Sena se ba thabisa haholo ’me se thusa ba bangata ho tseba Jehova.

19. Bacha ba ka atleha haholoanyane joang tšebeletsong ea ntlo le ntlo?

19 Tšebeletso ea ntlo le ntlo ke tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho rorisa Jehova. Haeba u e-s’o kopanele ho eona, ke hobane’ng ha u sa ipehele pakane ea ho etsa joalo? Haeba u se u qalile ho etsa joalo, na ho na le lipakane tse ling tse eketsehileng tseo u ka ipehelang tsona? Ka mohlala, ho e-na le ho bua ka ntho e tšoanang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, batla litsela tsa ho ntlafatsa, kōpa litlhahiso ho batsoali ba hao kapa ho batho ba bang ba nang le phihlelo. Ithute tsela ea ho sebelisa Bibele haholoanyane, ea ho etsa maeto a ho boela a atlehang le ea ho qalisa thuto ea Bibele. (1 Timothea 4:15) Ha u ntse u sebelisa litsela tsena ho rorisa Jehova, ka sebele u tla atleha haholoanyane, ebile u tla thabela tšebeletso ea hao haholoanyane.

U Lokela ho Qala Neng ho Rorisa Jehova?

20. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore bacha ba nahane hore ba sa le banyenyane haholo hore ba ka rorisa Jehova?

20 Har’a lipotso tse tharo tse tšohliloeng puisanong ena, karabo ea ena ea ho qetela e bonolo ho tsona kaofela. Hlokomela karabo e tobileng ea Bibele: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.” (Moeklesia 12:1) Ka sebele, nako ea ho qala ho rorisa Jehova ke hona joale. Ho bonolo haholo ho re: “Ke sa le monyenyane haholo hore nka rorisa Jehova. Ha ke na phihlelo. Ke lokela ho leta ho fihlela ha ke se ke hōlile.” U tla be u se motho oa pele oa ho nahana joalo. Ka mohlala, Jeremia e mocha o ile a re ho Jehova: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” Jehova o ile a mo tiisetsa hore ho ne ho se na lebaka la hore a be le tšabo. (Jeremia 1:6, 7) Ka ho tšoanang, ha re na lebaka la ho tšaba ha re rorisa Jehova. Ha ho letho le lebe le ka re hlahelang leo Jehova a ke keng a le etsolla ka ho feletseng.—Pesaleme ea 118:6.

21, 22. Ke hobane’ng ha bacha ba rorisang Jehova ba bapisoa le marotholi a phoka, hona ke hobane’ng ha papiso ee e khothatsa?

21 Kahoo, lōna bacha rea le khothatsa re re: Le se ke la tsilatsila ho rorisa Jehova! Hona joale ha le sa ntse le le bacha ke eona nako e molemohali ea ho kopanela mosebetsing oa bohlokoahali o etsoang lefatšeng kajeno. Ha le o etsa, le fetoha karolo ea ntho e ’ngoe e babatsehang—lelapa la bokahohleng la barorisi ba Jehova. Jehova o thabela hore ebe le lōna le karolo ea lelapa lena. Hlokomelang mantsoe ana a bululetsoeng ao mopesaleme a ileng a a lebisa ho Jehova: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. Bokhabaneng ba khalalelo, ho tsoa pōpelong ea mafube, u na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.”—Pesaleme ea 110:3.

22 Marotholi a phoka a phatsimang khanyeng ea meso a matle, na ha ho joalo? Aa khatholla, aa benya ’me motho a ke ke a khona ho a bala ka lebaka la bongata ba ’ona. Ke kamoo Jehova a le talimang kateng lōna bacha ba mo rorisang ka botšepehi linakong tsena tse mahlonoko. Ho hlakile hore khetho ea lōna ea ho rorisa Jehova e mo thabisa pelo. (Liproverbia 27:11) Kahoo, lōna bacha rorisang Jehova ka hohle-hohle!

U ka Araba Joang?

• Mabaka a mang a bohlokoa a ho rorisa Jehova ke afe?

• Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore bacha ba ka atleha haholo ho roriseng Jehova?

• Bacha ba ka rorisa Jehova joang kajeno?

• Bacha ba lokela ho qala neng ho rorisa Jehova, hona hobane’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Haeba motsoalle oa hao a ne a ipabola nthong e itseng, na u ne u ke ke ua bolella ba bang ka seo?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Liithuti-’moho le uena li ka ’na tsa thahasella lintho tseo u li lumelang

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Haeba u batla ho ntlafatsa tšebeletsong ea hao, kōpa litlhahiso ho Paki e nang le phihlelo