Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali, Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lōna

Batsoali, Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lōna

Batsoali, Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lōna

“Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, . . . o latotse tumelo.”—1 TIMOTHEA 5:8.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha e le ntho e khothatsang ho bona malapa a e-ba teng hammoho libokeng tsa Bokreste? (b) A mang a mathata ao malapa a tobanang le ’ona e le hore a fihle ka nako libokeng ke afe?

HA U qamaka ka phuthehong ea Bokreste pele liboka li qala, u ka ’na ua bona bana ba hloekileng le ba apereng hantle ba lula pel’a batsoali ba bona. Na ha ho thabise ho bona lerato le bonahalang malapeng ao—e leng lerato leo a ratang Jehova ka lona le leo a ratanang ka lona? Leha ho le joalo, ho bonolo ho lebala hore na ho etsoa boiteko bo boholo hakae hore lelapa le fihle ka nako libokeng.

2 Maemong a mangata, batsoali ba phathahana haholo letsatsi lohle, ’me ka matsatsi a liboka, bophelo ba lelapa bo ba maphathaphathe le ho feta. Ho na le mosebetsi oa ho pheha, oa ka tlung le oa ho qetella mosebetsi oa sekolo. Mosebetsi oa batsoali oona o ba mongata le ho feta, ba lokela ho tiisa hore bohle ba hloekile, ba jele le hore ha ba siuoe ke nako. Ho hlakile hore ha bana ba le teng ho ka lebelloa hore ho be le mathata a hlahang ho sa lebelloa. Ngoana e moholo a ka tabola borikhoe ba hae ha a ntse a bapala. E monyenyane a ka qhalla lijo tsa hae fatše. Bana ba ka qala ho ngangisana. (Liproverbia 22:15) Liphello e ba life? Esita leha batsoali ba rerile lintho hantle, lintho li ka ’na tsa senyeha. Empa kamehla malapa ana a fihla Holong ea ’Muso nako e sa le teng pele seboka se qala. Ka sebele hoa khothatsa ho a bona a le teng moo beke le beke, selemo le selemo, ha bana ba ntse ba hōla hore ba sebeletse Jehova!

3. Re tseba joang hore Jehova o nka malapa e le a bohlokoa?

3 Le hoja ka linako tse ling mosebetsi oa hao joaloka motsoali o le boima, o bile o khathatsa, kholiseha hore Jehova o ananela boiteko ba hao haholo. Jehova ke Moqapi oa tokisetso ea lelapa. Kahoo Lentsoe la hae le re ‘lelapa le leng le le leng’ le bile teng ka lebaka la Jehova. (Baefese 3:14, 15) Ka lebaka leo, batsoali, ha le etsa boiteko ba ho phetha mesebetsi ea lōna ea lelapa hantle, le tlotlisa ’Musi Morena oa bokahohleng. (1 Bakorinthe 10:31) Na eo hase tokelo e khōlō? Ka hona, ho loketse hore re hlahlobe kabelo eo Jehova a e fileng batsoali. Sehloohong sena, re tla tšohla kabelo ena re lebisitse haholo tabeng ea ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa lelapa. A re hlahlobeng litsela tse tharo tseo ka tsona Molimo a lebeletseng hore batsoali ba lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang.

Ho Lokisetsa Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Nameng

4. Ka lelapeng, Jehova o entse litokisetso life hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bana?

4 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Temaneng ee Pauluse o ne a nahanne ka mang ha a re “leha e le mang”? O ne a nahanne ka hlooho ea lelapa, eo ka tloaelo e leng ntate. Hape Molimo o neha mosali mosebetsi o hlomphehang oa ho ba mothusi oa monna oa hae. (Genese 2:18) Hangata mehleng ea Bibele basali ba ne ba thusa banna ba bona ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa lelapa. (Liproverbia 31:13, 14, 16) Kajeno, malapa a motsoali a le mong a ntse a ata haholo. * Bakreste ba bangata bao e leng motsoali a le mong ba etsa mosebetsi o motle oa ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa malapa a bona. Ke ’nete hore ho ba molemo haholo ha lelapa le e-na le batsoali ka bobeli, ntate a etelletse pele.

5, 6. (a) Ke mathata afe a mang ao batho ba lekang ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa malapa a bona ba tobanang le ’ona? (b) Batsoali ba Bakreste ba lokela ho lula ba e-na le pono efe ka mosebetsi oa boipheliso e tla ba thusa ho tiisetsa?

5 Ho 1 Timothea 5:8, Pauluse o ne a nahanne ka ho lokisetsa lintho tsa mofuta ofe? Litemana tse potolohileng li bontša hore o ne a bua ka ho toba ka litlhoko tsa lelapa tsa nama. Lefatšeng la kajeno, hlooho ea lelapa e ka ’na ea tobana le litšitiso tse ngata ha e lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa lelapa la eona. Mathata a moruo a jele setsi lefatšeng ka bophara, feela joalokaha ho fokotsoa mosebetsing, manane a phahameng a batho ba hlokang mosebetsi le litheko tse phahameng tsa lintho li jele setsi. Ke eng e ka thusang motsoali hore a tiisetse ha a tobane le mathata a joalo?

6 Motsoali o lokela ho hopola hore o phetha kabelo e tsoang ho Jehova. Mantsoe a Pauluse a bululetsoeng a bontša hore monna ea ka khonang ho latela taelo ena empa a hana, o tšoana le motho ea ‘latotseng tumelo.’ Mokreste o lokela ho etsa sohle se matleng a hae hore a se ke a ba boemong bo joalo ka pel’a Molimo oa hae. Leha ho le joalo, ka masoabi, lefatšeng la kajeno batho ba bangata ha ba ‘na lerato la tlhaho.’ (2 Timothea 3:1, 3) Ha e le hantle, bo-ntate ba bangata ba balehela boikarabelo ba bona, ba siea malapa a bona lepala-paleng. Banna ba Bakreste ha ba na pono e joalo e sehlōhō tabeng ea ho lokisetsa lintho tse hlokahalang bakeng sa malapa a bona. Ho fapana le basebetsi-’moho le bona ba bangata, batsoali ba Bakreste ba nka esita le mesebetsi e khelloang fatše ka ho fetisisa e le e hlomphehang le ea bohlokoa, e le e ba thusang ho khahlisa Jehova Molimo, kaha e ba nolofalletsa ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa baratuoa ba bona.

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batsoali ba nahanisise ka mohlala oa Jesu?

7 Ho ka boela ha e-ba molemo ha lihlooho tsa malapa li ka nahanisisa ka mohlala o phethahetseng oa Jesu. Hopola, ka tsela ea boprofeta, Bibele e bitsa Jesu ‘Ntate oa rōna oa ka ho sa Feleng.’ (Esaia 9:6, 7) Joaloka “Adama oa ho qetela,” Jesu o loketse hantle ho nka sebaka sa “motho oa pele Adama” e le ntate oa batho ba bontšang tumelo. (1 Bakorinthe 15:45) Ho fapana le Adama, ea ileng a fetoha ntate ea ichebileng boeena, le oa moikhabi, Jesu ke ntate ea molemo haholo. Bibele e re ka eena: “Ka sena re tseba lerato, hobane eo o ile a nehelana ka moea oa hae bakeng sa rōna.” (1 Johanne 3:16) Ka sebele Jesu o ile a ithaopela ho nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa ba bang. Leha ho le joalo, letsatsi le letsatsi o boetse o etelletsa pele litlhoko tsa ba bang le linthong tseo eseng tsa bohlokoa hakaalo. Batsoali, le lokela ho etsisa moea o joalo oa boitelo.

8, 9. (a) Tabeng ea ho lokisetsa ntle ho boithati hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bana ba bona, batsoali ba ka ithuta eng linonyaneng? (b) Batsoali ba bangata ba Bakreste ba bontša moea oa boitelo joang?

8 Batsoali ba ka ithuta ho hongata ka lerato le se nang boikhabi mantsoeng ao Jesu a neng a a lebisitse ho batho ba Molimo ba sa laoleheng: “Ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona!” (Matheu 23:37) Mona Jesu o etsa setšoantšo se hlakileng ka ’malitsuonyana ea sireletsang litsuonyana tsa hae ka tlas’a mapheo a hae. Ka sebele, batsoali ba ka ithuta ho hongata ka tsela ea tlhaho eo ’malitsuonyana a sireletsang ka eona, e leng ea hore a ikemisetse ho beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sireletse litsuonyana tsa hae hore li se ke tsa lemala. Hoa hlolla ho bona seo linonyana li se etsang letsatsi le letsatsi. Ha li khaotse ho fofela sebakeng se seng ho ea ho se seng li ntse li batla lijo. Esita leha li se li batla li khathetse haholo, li kenya lijo melomong e bulehileng ea malinyane a tsona, ebe malinyane aa li koenya ’me ka tloaelo a etsa lerata e le ha a batla lijo tse ling hape. Libōpuoa tse ngata tsa Jehova li bontša ‘bohlale ba tlhaho’ ka tsela eo li hlokomelang malinyane a tsona ka eona.—Liproverbia 30:24.

9 Ka tsela e tšoanang, batsoali ba Bakreste lefatšeng lohle ba bontša moea o babatsehang oa boitelo. Kotsi e ka mpa ea hlahela lōna ho e-na le ho tlohella bana ba lōna hore ba hlaheloe ke kotsi leha e le efe. Hape, le itima lintho tse ngata le sa korotle e le hore le lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa malapa a lōna. Ba bangata ba lōna le tsoha hoseng e le hore le ee mesebetsing e le khathatsang le eo le sa e rateng. Le sebetsa ka thata hore le fepe malapa a lōna lijo tse hahang ’mele. Le ikitlaetsa ka matla ho tiisa hore bana ba lōna ba ba le liaparo tse hloekileng, sebaka se loketseng sa bolulo le thuto e lekaneng. ’Me le etsa sena letsatsi le letsatsi, selemo le selemo. Ka sebele Jehova o khahlisoa ke boitelo le mamello e joalo! (Baheberu 13:16) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang lea hopola hore ho na le litsela tse ling tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo ka tsona le lokelang ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa malapa a lōna.

Ho Lokisetsa Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Tsa Moea

10, 11. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo batho ba e hlokang ke eng, hona batsoali ba Bakreste ba lokela ho etsa’ng pele e le hore bana ba bona ba be le eona?

10 Ntho ea bohlokoa haholo ho feta ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang nameng ke ho lokisetsa litlhoko tsa moea. Jesu o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4; 5:3) Batsoali, le ka etsa joang hore le lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang tsa moea?

11 Mohlomong lengolo le qotsoang khafetsa ha ho tšohloa taba ena ke Deuteronoma 6:5-7. Re kōpa hore u phetle Bibele ea hao ’me u bale litemana tseo. Hlokomela hore batsoali ba bolelloa hore ba hlokomele bomoea ba bona pele, ba rate Jehova ’me ba tebise mantsoe a hae pelong. Ka sebele, le lokela ho ba liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo, le bale Bibele kamehla ’me le thuise ka eona e le hore le be le kutloisiso ea sebele hammoho le lerato bakeng sa litsela tsa Jehova, melao-motheo ea hae le melao ea hae. Ha le etsa joalo, lipelo tsa lōna li tla tlala linnete tse hlollang tsa Bibele tse tla le susumelletsa ho ikutloa le thabile, le hlompha Jehova le bile le mo rata. Le tla ba le letlotlo la lintho tse molemo tseo le ka li fang bana ba lōna.—Luka 6:45.

12. Batsoali ba ka etsisa mohlala oa Jesu joang tabeng ea ho ruta bana ba bona linnete tsa Bibele ka ho pheta-pheta?

12 Batsoali ba matla moeeng ba itokiselitse ho sebelisa keletso e fumanoang ho Deuteronoma 6:7, ea ho ‘ruta bana ba bona ka ho pheta-pheta’ mantsoe a Jehova ha monyetla o mong le o mong o buleha. ‘Ho ruta ka ho pheta-pheta’ ho bolela ho hatisa ntlha ka makhetlo a mangata. Jehova o tseba hantle hore kaofela ha rōna—haholo-holo bana—re hloka ho bolelloa ntho ka ho pheta-pheta e le hore re ithute. Kahoo, Jesu o ile a sebelisa mokhoa oa ho pheta-pheta tšebeletsong ea hae. Ka mohlala, ha a ne a ruta barutuoa ba hae ho ikokobetsa ho e-na le ho ikhohomosa le ho hlōlisana, o ile a batla litsela tse sa tšoaneng tsa ho pheta-pheta molao-motheo oo. O ile a ruta ka ho beha mabaka, ka ho etsa mehlala, esita le ka ho bontša ka liketso. (Matheu 18:1-4; 20:25-27; Johanne 13:12-15) Leha ho le joalo, hoa hlolla hore ebe ha ho mohla Jesu a kileng a bontša ho fela pelo. Ka ho tšoanang, batsoali ba lokela ho batla litsela tsa ho ruta bana ba bona linnete tsa motheo, ba pheta-phete melao-motheo ea Jehova ba sa fele pelo ho fihlela bana ba e utloisisa le ho e sebelisa.

13, 14. Batsoali ba na le menyetla efe e meng ea ho ruta bana ba bona linnete tsa Bibele ka ho pheta-pheta, hona ba ka sebelisa boitsebiso bofe?

13 Linako tsa thuto ea lelapa li bula monyetla o motle bakeng sa thuto e joalo. Ka sebele, thuto ea Bibele ea lelapa e thabisang, e tšoaroang kamehla, le e matlafatsang ke tsela e ka sehloohong ea ho haha bomoea ba lelapa. Lefatšeng ka bophara, malapa a Bokreste a thabela lithuto tse joalo, a sebelisa libuka tse lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho etsa hore thuto e tšoanele litlhoko tsa bana. Buka e bitsoang Ithute ho Mosuoe e Moholo le e reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang li thusitse haholo ntlheng ena. * Leha ho le joalo, thuto ea lelapa hase eona feela nako ea ho ruta bana.

14 Joalokaha Deuteronoma 6:7 e bontša, ho na le menyetla e mengata eo lōna batsoali le ka buisanang le bana ba lōna ka lintho tsa moea ka eona. Ho sa tsotellehe hore na le tsamaea hammoho, le etsa mesebetsi e itseng hammoho, kapa le khatholohile hammoho, le ka fumana menyetla ea ho lokisetsa litlhoko tsa moea tsa bana ba lōna. Ho hlakile hore ha ho hlokahale hore le be sale le “emeletse” bana ba lōna ka linnete tsa Bibele. Ho e-na le hoo, lekang ho etsa hore moqoqo oa lelapa e be o hahang, e be oa moea. Ka mohlala, makasine ea Tsoha! e na le lihlooho tse ngata tse buang ka litaba tse fapa-fapaneng. Lihlooho tsena li ka le betlela tsela ea hore le tsebe ho qoqa ka liphoofolo tse bōpiloeng ke Jehova, libaka tse ntle tsa tlhaho lefatšeng ka bophara le ka litso tsa batho tse sa tšoaneng le mekhoa ea bona ea bophelo. Meqoqo e joalo e ka ’na ea susumelletsa bana hore ba bale haholoanyane likhatiso tse fanoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene.—Matheu 24:45-47.

15. Batsoali ba ka ’na ba thusa bana ba bona joang hore ba nke tšebeletso ea Bokreste e le e thabisang le e khotsofatsang?

15 Ho ba le meqoqo e hahang le bana ba hao ho tla u thusa ho ba fa se seng seo ba se hlokang moeeng. Bana ba Bakreste ba lokela ho ithuta ho bolella batho ba bang tumelo ea bona ka katleho. Ha le ntse le buisana ka ntlha e itseng e thahasellisang Molula-Qhooeng kapa Tsoheng! le ka ’na la batla menyetla ea ho amahanya boitsebiso boo le tšebeletso. Ka mohlala, le ka ’na la botsa: “Na ho ne ho ke ke ha e-ba hotle haeba batho ba bangata ba ne ba tseba see ka Jehova? U nahana hore re ka etsa joang hore motho a rate taba ee?” Meqoqo e joalo e ka thusa bana hore ba rate haholoanyane ho bolella ba bang seo ba ithutang sona. Kahoo ha bana ba hao ba e-ea le uena tšebeletsong, ba bona mohlala o phelang oa ho sebelisa meqoqo e joalo. Le bona ba ka ithuta hore tšebeletso e monate ebile ea thabisa, e khotsofatsa haholo ebile e tlisa nyakallo.—Liketso 20:35.

16. Bana ba ka ithuta eng ka ho mamela lithapelo tsa batsoali ba bona?

16 Batsoali ba boetse ba lokisetsa litlhoko tsa moea tsa bana ba bona ha ba rapela. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae tsela ea ho rapela, ’me o ile a rapela a e-na le bona ka makhetlo a mangata. (Luka 11:1-13) Nahana feela hore na ba ile ba ithuta lintho tse ngata hakae ha ba rapela ba e-na le Mora oa Jehova ka seqo! Ka tsela e tšoanang, bana ba hao ba ka ithuta ho hongata lithapelong tsa hao. Ka mohlala, ba ka ’na ba ithuta hore Jehova o batla hore re bue le eena ka bolokolohi ho tsoa pelong, re mo atamele ka mathata leha e le afe ao re ka ’nang ra ba le ’ona. Ka sebele, lithapelo tsa hao li ka thusa bana ba hao ho ithuta ’nete ena ea bohlokoa ea moea: Ba ka ba le kamano e haufi le Ntate oa bona oa leholimo.—1 Petrose 5:7.

Ho Lokisetsa Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Maikutlong

17, 18. (a) Bibele e bontša joang hore ke habohlokoa ho bontša bana lerato? (b) Bo-ntate ba lokela ho etsisa Jehova joang ha ba bontša hore ba rata bana ba bona?

17 Ho hlakile hore bana le bona ba na le litlhoko tsa bohlokoa tsa maikutlo. Lentsoe la Molimo le bolella batsoali kamoo e leng habohlokoa kateng ho fana ka se hlokahalang ntlheng ena. Ka mohlala, basali ba bacha ba eletsoa hore “ba rate bana ba bona.” Ho etsa sena ho amana le taba ea ho khutlisetsa bo-’mè ba bacha kelellong. (Tite 2:4) Ka sebele, ho bontša ngoana lerato ho na le kelello. Ho ruta ngoana ho ba le lerato ’me ho tlisa melemo ea nako e telele. Ka lehlakoreng le leng, ho hlōlela ho bontša ngoana lerato ke ntho e se nang kelello. Ho utloisa bohloko haholo ebile ho bontša ho hlōleha ho etsisa Jehova, ea re bontšang lerato le leholohali ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna.—Pesaleme ea 103:8-14.

18 Jehova o bile o nka bohato ba pele ba ho rata bana ba hae ba lefatšeng. Joalokaha 1 Johanne 4:19 e bolela, “o ile a re rata pele.” Bo-ntate, ke lōna bao haholo-holo le lokelang ho etsisa mohlala oa Jehova, le nke bohato ba pele e le hore le be le kamano e lerato le bana ba lōna. Bibele e khothalletsa bo-ntate hore ba se ke ba khentša bana ba bona, “e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Ha ho na ntho e khentšang bana ho feta ho ba le boikutlo ba hore batsoali ha ba ba rate kapa ha ba ba nke e le ba bohlokoa. Bo-ntate ba tsilatsilang ho bolela maikutlo a bona ba lokela ho hopola mohlala oa Jehova. Jehova o ile a ba a bua a le leholimong a bolela hore o amohela Mora oa hae ebile oa mo rata. (Matheu 3:17; 17:5) E tlameha ebe seo se ile sa khothatsa Jesu hakaakang! Ka ho tšoanang, bana ba ba le matla ebile ba ba sebete ha ba utloa batsoali ba bona ba bua ba sa iketsise hore baa ba rata ebile baa ba amohela.

19. Ke hobane’ng ha taeo e le ea bohlokoa, hona batsoali ba Bakreste ba loanela ho bontša teka-tekano joang?

19 Ho hlakile hore lerato leo batsoali ba le bontšang bana ba bona hase la mantsoe feela. Lerato le bonahala haholo ka liketso. Ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang nameng le moeeng e ka ba pontšo ea lerato la botsoali, haholo-holo ha batsoali ba etsa sena ka tsela e bontšang hore ntho e ka sehloohong e ba susumelletsang ho etsa sena ke lerato. Ho feta moo, taeo ke tsela ea bohlokoa ea ho bontša lerato la botsoali. Ha e le hantle, “Jehova o laea eo a mo ratang.” (Baheberu 12:6) Ka lehlakoreng le leng, ho hlōleha ho laea bana ho bontša hore batsoali ba hloile bana ba bona! (Liproverbia 13:24) Kamehla Jehova o bontša teka-tekano, o laea “ka tekanyo e loketseng.” (Jeremia 46:28) Hase kamehla ho leng bonolo hore batsoali ba sa phethahalang ba bontše teka-tekano e joalo. Leha ho le joalo, ho loanela ho bontša teka-tekano eo ho tla le tsoela molemo haholo. Taeo e tiileng le e lerato e thusa ngoana ho hōla e le hore a phele bophelo bo thabileng le bo molemo. (Liproverbia 22:6) Na see hase sona seo motsoali e mong le e mong oa Mokreste a se batlelang ngoana oa hae?

20. Ke joang batsoali ba ka nehang bana ba bona monyetla o molemohali oa ho ‘khetha bophelo’?

20 Batsoali, ha le etsa mosebetsi oa bohlokoa oo Jehova a le abetseng oona—le lokisetsa litlhoko tsa bana ba lōna tsa nama, tsa moea le tsa maikutlo—le tla fumana meputso e meholo. Haeba le etsa joalo le neha bana ba lōna monyetla o molemohali oa ho ‘khetha bophelo’ e le hore hamorao ba ‘tsoele pele ba phela.’ (Deuteronoma 30:19) Bana ba khethang ho sebeletsa Jehova le ho lula tseleng e isang bophelong, ha ba ntse ba hōla ba thabisa batsoali ba bona haholo. (Pesaleme ea 127:3-5) Thabo e joalo e tla lula ka ho sa feleng! Leha ho le joalo, bacha ba ka tlotlisa Jehova joang hona joale? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Puisanong ena, re tla bua haholo ka monna e le eena ea lokisetsang hore ho be le lintho tse hlokahalang. Empa melao-motheo ena e sebetsa le ho basali ba Bakreste bao e leng bona ba ka sehloohong ba lokisetsang hore ho be le lintho tse hlokahalang.

^ ser. 13 Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

U ka Araba Joang?

Ke eng seo batsoali ba ka se etsang e le hore ba lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bana ba bona—

• nameng?

• moeeng?

• maikutlong?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Linonyana tse ngata li sebetsa ka thata e le hore li fepe malinyane a tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Batsoali ba lokela ho hlokomela bomoea ba bona pele

[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

Batsoali ba ka fumana menyetla e mengata ea ho ruta bana ba bona ka ’Mōpi

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Bana ba ba le matla ebile ba ba sebete ha batsoali ba ba rata