Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mosebetsi—Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Thohako?

Mosebetsi—Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Thohako?

Mosebetsi—Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Thohako?

“Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a . . . bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”—Moeklesia 2:24.

“KE CHAISA ke felile ke mokhathala.” Ke kamoo phuputsong e ’ngoe ea morao-rao tjena mosebetsi a le mong ho ba bararo a hlalositseng boikutlo boo a bang le bona khafetsa. Sena ha se makatse lefatšeng lena leo ho lona batho ba hlasetsoeng ke khatello ea kelello; ba sebetsa nako e telele haholo ebile ba nkela mosebetsi o mongata malapeng—ho ntse ho le joalo, ke ka seoelo bahiri ba bona ba ba lebohang.

Ho fihla ha mechine e hlahisang lintho ka bongata ho entse hore basebetsi ba bangata ba ikutloe e se ba bohlokoa hakaalo mekhatlong e meholo ea khoebo. Hangata sena ha se etse hore ba be morolo ebile se ba thibela ho ntša litalenta tsa bona tsa ho qapa. Ka tloaelo, sena se ama boikutlo ba batho ka mosebetsi. Tšusumetso ea hore batho ba rate mosebetsi oa bona e felisoa habonolo. Takatso ea ho etsa mosebetsi oa botsebi o tsoileng matsoho e ka ’na ea felisoa. Liphello tse joalo li ne li ka etsa hore motho a se rate mosebetsi ka booona, mohlomong tsa etsa hore a be a hloee mosebetsi oa hae.

Ho Hlahloba Boikutlo ba Rōna

Ke ’nete hore hase kamehla re ka fetolang maemo a rōna. Leha ho le joalo, na ha u lumele hore re ka lokisa boikutlo ba rōna? Haeba u elelloa hore ka tsela e itseng u susumelitsoe ke maikutlo a fosahetseng ka mosebetsi, ke hantle hore u hlahlobe pono ea Molimo le melao-motheo ea hae e buang ka taba ena. (Moeklesia 5:18) Ba bangata ba fumane hore ho nahana ka lintlha tsena ho entse hore ka tsela e itseng ba fumane thabo le khotsofalo mesebetsing ea bona.

Molimo ke Mosebetsi e Moholo. Molimo oa sebetsa. Mohlomong ha re e-s’o nahane ka eena ka tsela eo, empa ke kamoo ka lekhetlo la pele a ileng a itlhalosa kateng ka Bibeleng. Tlaleho ea Genese e qala ka ho re bolella hore Jehova o ile a bōpa maholimo le lefatše. (Genese 1:1) Nahana ka mesebetsi e fapa-fapaneng eo Molimo a neng a lokela ho e phetha ha a qala ho bōpa—ha re bala mesebetsi e seng mekae re ka bua ka hore e bile moqapi, mohlophisi, moenjiniere, motšoantši, setsebi sa thepa, moqapi oa mesebetsi, setsebi sa metsoako, sa baeloji, sa bophelo ba liphoofolo, ea behang lintho ka mananeo, setsebi sa lipuo tse ngata.—Liproverbia 8:12, 22-31.

Boleng ba mosebetsi oa Molimo bo ne bo le joang? Tlaleho ea Bibele e re o ne o le “molemo,” o le “molemo haholo.” (Genese 1:4, 31) Ka sebele pōpo e “bolela khanya ea Molimo,” ’me le rōna re lokela ho mo tlotlisa!—Pesaleme ea 19:1; 148:1.

Leha ho le joalo, mosebetsi oa Molimo ha oa ka oa fella feela ka ho bōpa maholimo le lefatše la sebele le batho ba pele ba babeli. Mora oa Jehova, Jesu Kreste o ile a re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale.” (Johanne 5:17) Ka sebele, Jehova o tsoela pele ho sebetsa ka hore ebe o fepa libōpuoa tsa hae, o boloka pōpo ea hae ebile o pholosa barapeli ba hae ba tšepahalang. (Nehemia 9:6; Pesaleme ea 36:6; 145:15, 16) O bile o sebelisa batho, e leng “basebetsi-’moho le Molimo,” ho thusa hore ho phethoe mesebetsi e itseng.—1 Bakorinthe 3:9.

Mosebetsi e ka ba tlhohonolofatso. Na Bibele ha e re mosebetsi ke thohako? Ho ka ’na ha bonahala eka Genese 3:17-19 e bolela hore Molimo o ile a otla Adama le Eva ka lebaka la borabele ba bona ka hore a ba imetse ka mosebetsi. Ha Molimo a ne a ahlola batho bao ba pele, o ile a re ho Adama: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung.” Na kahlolo eo e ne e akarelletsa mosebetsi oohle?

Che. Ho fapana le hoo, ka lebaka la ho se tšepahale ha Adama le Eva, Paradeise ea Edene e ne e se na ho atolosoa ka eona nako eo. Lefatše le ile la rohakoa ke Molimo. Ho ne ho hlokahala hore motho a tsoe mofufutso ’me a ikitlaetse e le hore a fumane lintho tseo a li hlokang tse tsoang mobung.—Baroma 8:20, 21.

Ho e-na le ho re mosebetsi ke thohako, Bibele e bontša hore ke tlhohonolofatso e lokelang ho thabeloa. Joalokaha re hlokometse ka holimo, Molimo ka boeena o sebetsa ka thata. Kaha o bōpile batho ka setšoantšo sa hae, Jehova o ba file bokhoni le matla a ho hlokomela pōpo ea hae e lefatšeng. (Genese 1:26, 28; 2:15) Mosebetsi oo ba ile ba o abeloa pele Molimo a phatlalatsa mantsoe a tlalehiloeng ho Genese 3:19. Haeba mosebetsi e ne e le thohako le ntho e mpe, Jehova o ne a ke ke a khothalletsa batho ho o etsa. Noe le lelapa la hae ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata pele le ka mor’a Moroallo. Mehleng ea Bokreste, barutuoa ba Jesu le bona ba ile ba khothalletsoa ho sebetsa.—1 Bathesalonika 4:11.

Ho ntse ho le joalo, rea tseba hore mosebetsi e ka ba moroalo matsatsing ana. Khatello ea kelello, likotsi, ho teneha, ho nyahama, tlhōlisano, ho qhekella le ho hloka toka ke e meng feela ea “meutloa le lihlabahlabane” tseo hona joale li amahanngoang le mosebetsi. Empa mosebetsi ka booona hase thohako. Ho Moeklesia 3:13, Bibele e bitsa mosebetsi le litholoana tsa oona mpho e tsoang ho Molimo.—Bona lebokose le reng “Ho Sebetsana ka Katleho le Khatello ea Kelello e Bakoang ke Mosebetsi.”

U ka tlotlisa Molimo ka mosebetsi oa hao. Kamehla mosebetsing ho thoholetsoa tšebetso ea boleng bo phahameng le e tsoileng matsoho. Tšebetso ea boleng bo phahameng ke e ’ngoe ea likarolo tseo Bibele e li talimang e le tsa bohlokoa mosebetsing. Molimo ka boeena o etsa mosebetsi oa hae ka tsela e tsoileng matsoho. O re file litalenta le tsebo, ’me o batla hore re sebelise tsebo ea rōna ho finyella sepheo se setle. Ka mohlala, nakong ea kaho ea tabernakele Iseraeleng ea boholo-holo, Jehova o ile a tlatsa batho ba kang Bezaliele le Oholiabe bohlale, kutloisiso le tsebo, e le hore ba tsebe ho phetha mesebetsi e tobileng ea bonono le e tsoileng matsoho. (Exoda 31:1-11) Sena se bontša hore Molimo o ne a thahasella ka tsela e khethehileng bokhoni ba bona, boqapi ba bona le likarolo tse ling tsa mosebetsi oa bona.

Sena se ama pono ea rōna ka botebo mabapi le kamoo ka bomong re talimang tsebo ea rōna le mekhoa ea rōna ea ho sebetsa. Se re thusa hore ka tsela e itseng re talime tsebo ea rōna le mekhoa ea rōna ea ho sebetsa e le limpho tse tsoang ho Molimo, tse ke keng tsa nkoa habobebe. Kahoo, Bakreste ba eletsoa hore ba etse mosebetsi oa bona joalokaha eka Molimo ka boeena o ntse a lekola mesebetsi ea bona: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.” (Bakolose 3:23) Bahlanka ba Molimo ba khothalletsoa ho ba hloahloa mosebetsing, ’me ka ho etsa joalo ba etsa hore molaetsa oa Bokreste o hohele basebetsi-’moho le bona le batho ba bang.—Bona lebokose le reng “Sebelisa Melao-motheo ea Bibele Mosebetsing.”

Ka lebaka la hore mosebetsi oa rōna o ka tlotlisa Molimo, re lokela ho ipotsa hore na mosebetsi oa rōna ke oa boleng bofe le hore na re ikitlaetsa hakae mosebetsing. Na Molimo o ne a tla thabisoa ke mosebetsi oa rōna? Na re khotsofetse ka ho feletseng ka tsela eo re phethang mesebetsi ea rōna ka eona? Haeba ho se joalo, re lokela ho ntlafatsa.—Liproverbia 10:4; 22:29.

Leka-lekanya mosebetsi le lintho tsa moea. Le hoja ho sebetsa ka thata ho babatseha, ho sa ntse ho e-na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa e ka re thusang hore re be le thabo mosebetsing le bophelong. Ke bomoea ba rōna. Morena Solomone, ea ileng a sebetsa ka thata a ba a thabela maruo le menate eohle ea bophelo, o ile a etsa qeto ena: “Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”—Moeklesia 12:13.

Ho hlakile hore re tlameha ho hlahloba thato ea Molimo ha re etsa eng kapa eng. Na re etsa lintho tumellanong le thato ea hae kapa na mohlomong re li etsa khahlanong le eona? Na re ikitlaelletsa ho khahlisa Molimo kapa na re mpa re leka ho ikhahlisa? Haeba re sa etse thato ea Molimo, qetellong re tla felloa ke tšepo, re jeoe ke bolutu re be re tenehe.

Steven Berglas o ile a etsa tlhahiso ea hore baokameli ba khathetseng ‘ba fumane ntho eo ba ka e etsang eo ba e ratang ebe ba e etsa karolo ea bophelo ba bona.’ Ha ho na ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta ho sebeletsa Ea re fileng tsebo le bokhoni ba ho etsa mosebetsi o molemo. Ho etsa mosebetsi o thabisang ’Mōpi oa rōna ho ke ke ha re siea re sa khotsofala. Jesu o ne a nka mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona e le o matlafatsang, o khotsofatsang le o khathollang joaloka lijo. (Johanne 4:34; 5:36) Ho phaella moo, hopola hore Molimo, e leng Mosebetsi e Moholo, o re memela ho ba “basebetsi-’moho le [eena].”—1 Bakorinthe 3:9.

Ho rapela Molimo le ho hōla moeeng ho re hlomella bakeng sa mosebetsi le boikarabelo bo putsang. Kaha hangata mosebetsing ho lula ho e-na le khatello, likhohlano le lintho tseo motho a kōptjoang ho li etsa, tumelo ea rōna e metseng ka metso le bomoea ba rōna li ka re fa matla a mangata ao re a hlokang haholo ha re ntse re ikitlaelletsa ho intlafatsa re le bahiruoa le bahiri ba molemo. Ka lehlakoreng le leng, linnete tsa bophelo lefatšeng lena le sa tšabeng Molimo li ka re hlokomelisa moo re lokelang ho hōla tumelong.—1 Bakorinthe 16:13, 14.

Nakong eo ka Eona Mosebetsi e Tlang ho ba Tlhohonolofatso

Bao hona joale ba ikitlaelletsang ho sebeletsa Molimo ba ka lebella hore ho fihle nako ea ha a tla tsosolosa Paradeise ’me lefatše lohle le tla tlala mosebetsi o molemo. Moprofeta oa Jehova, Esaia, o ile a bolela esale pele mabapi le bophelo ka nako eo: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. . . . Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.”—Esaia 65:21-23.

Ka nako eo, ruri mosebetsi e tla be e le tlhohonolofatso! Ka ho ithuta hore na thato ea Molimo ke eng bakeng sa hao le ka ho etsa lintho tumellanong le thato ea hae, e se eka u ka ba har’a ba hlohonolofalitsoeng ba Jehova ’me ka linako tsohle u ‘bone se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hao o thata.’—Moeklesia 3:13.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Molimo ke Mosebetsi e Moholo: Genese 1:1, 4, 31; Johanne 5:17

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Mosebetsi e ka ba tlhohonolofatso: Genese 1:28; 2:15; 1 Bathesalonika 4:11

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

U ka tlotlisa Molimo ka mosebetsi oa hao: Exoda 31: 1-11; Bakolose 3:23

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Leka-lekanya mosebetsi le lintho tsa moea: Moeklesia 12:13; 1 Bakorinthe 3:9

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho Sebetsana le Khatello Ea Kelello E Bakoang Ke Mosebetsi

Litsebi tsa bophelo bo botle li ’nile tsa bontša hore khatello ea kelello e bakoang ke mosebetsi e oela tlas’a likotsi tse bakoang ke ntho eo motho a e etsang hangata. E ka baka liso ’meleng le ho tetebela maikutlo ebile e ka fella ka ho ipolaea. Majapane a e bitsa karoshi, e bolelang “ho bolaoa ke ho sebetsa ho tlōla.”

Maemo a fapa-fapaneng a mosebetsi a ka baka khatello ea kelello. ’Ona a akarelletsa ho fetoloa ha lihora tsa mosebetsi kapa maemo a mosebetsi, ho se utloane le baokameli, ho fetoha ha boikarabelo kapa ho isoa mosebetsing o mong, ho itokolla kapa ho lelekoa mosebetsing. Ba bang ba leka ho qoba khatello eo ka hore ba sebetse mosebetsi o mong kapa ba ee sebakeng se seng. Ba bang ba leka ho e loantša, empa qetellong e fetela le likarolong tse ling tsa bophelo, ’me hangata e fetela ka malapeng. Batho ba bang ba bile ba ameha habohloko maikutlong, ba tetebela kelellong le ho nyahama.

Bakreste ba fuoa thuso e loketseng e le hore ba sebetsane le khatello ea kelello e bakoang ke mosebetsi. Bibele e fana ka melao-motheo e mengata ea bohlokoa e ka re sireletsang hore re fete linakong tse thata re ntse re phetse hantle moeeng le maikutlong. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.” Mona re khothalletsoa ho nahana ka mathata a kajeno, eseng a hosasane. Kahoo, re qoba ho fetelletsa mathata a rōna, e leng se ka eketsang khatello ea kelello.—Matheu 6:25-34.

Ke habohlokoa hore Bakreste ba itšetlehe ka matla a Molimo, eseng a bona. Ha re ikutloa re selebaletsoe, Molimo a ka re fa khotso le thabo ka lipelong le ho re fa bohlale ba ho sebetsana le bothata leha e le bofe. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Le tsoele pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.”—Baefese 6:10; Bafilipi 4:7.

Ha re lihela likhala re re, esita le maemo a bakang khatello ea kelello a ka hlahisa liphello tse molemo. Liteko li ka etsa hore re retelehele ho Jehova, re mo batla le ho mo tšepa. Li ka boela tsa re susumelletsa ho tsoela pele ho hlaolela botho ba Bokreste le matla a ho mamella khatello. Pauluse oa re eletsa: “A re thabeng ha re ntse re le matšoenyehong, kaha rea tseba hore matšoenyeho a hlahisa mamello; mamello, eona, e hlahisa boemo bo amohelehang; boemo bo amohelehang, bona, bo hlahisa tšepo.”—Baroma 5:3, 4.

Kahoo, khatello ea kelello le eona e ka potlakisa khōlo ea motho ea moea ho e-na le ho ba sesosa sa ho nyahama le ho siama.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho Sebelisa Melao-motheo Ea Bibele Mosebetsing

Boikutlo le boitšoaro ba Mokreste ha a le mosebetsing bo ka etsa hore molaetsa oa Bibele o hohele basebetsi-’moho le eena le batho ba bang. Lengolong la hae le eang ho Tite, moapostola Pauluse o eletsa ba tšoanang le bahiruoa hore ba ‘ipehe tlas’a [baokameli] ba bona linthong tsohle, ’me ba ba khahlise, ba sa arabise, ba sa utsoe, empa ba bontša botšepehi bo molemo ka botlalo, e le hore ba ka khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.’—Tite 2:9, 10.

Ka mohlala, nahana ka seo rakhoebo e mong a ileng a se ngolla ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova: “Ke le ngolla ho kōpa tumello ea ho hira Lipaki Tsa Jehova. Ke batla ho li hira hobane kea tseba hore ke batho ba tšepahalang, ba nang le ’nete le ba ka tšeptjoang, ebile ha ba qhekelle motho. Batho feela bao ke ba tšepang ke Lipaki Tsa Jehova. Ke kōpa le nthuse.”

Kyle ke Mokreste ea sebetsang sekolong sa praefete ’me mosebetsi oa hae ke ho amohela baeti le mehala. Ka lebaka la ho se utloane tabeng e itseng, mosebetsi-’moho le eena e mong o ile a mo hlapaola ka pel’a barutoana ba itseng. Kyle o re: “Ke ne ke tlameha ho ba hlokolosi hore ke se ke ka tlotlolla lebitso la Jehova.” Matsatsing a mahlano a latelang, Kyle o ne a ntse a nahana kamoo a ka sebelisang melao-motheo ea Bibele tabeng ena. O mong o fumanoa ho Baroma 12:18: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” O ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena molaetsa ka k’homphieutha ’me a kōpa tšoarelo ka lebaka la khohlano e bileng teng pakeng tsa bona. Kyle o ile a kōpa mosebetsi-’moho le eena ho sala ka mor’a mosebetsi e le hore ba bue le ho rarolla qabang eo. Ha ba ntse ba lokisa qabang ena, mosebetsi-’moho le Kyle o ile a boba eaba oa lumela hore Kyle o tlile ho eena ka bohlale. O ile a re ho Kyle, “E tlameha ebe u entse sena ka lebaka la bolumeli ba hao,” eaba o mo kopa ka liatla ka mofuthu ha ba fonanisana. Kyle o ile a phetha ka ho re’ng? “Ho hang re ke ke ra fosa ha re sebelisa melao-motheo ea Bibele.”

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Basebetsi ba bangata ba ikutloa e se ba bohlokoa hakaalo mekhatlong e meholo ea khoebo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Japan Information Center, Consulate General of Japan in NY

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Globe: NASA photo