Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pharela ea Mosebetsi

Pharela ea Mosebetsi

Pharela ea Mosebetsi

“Ho sebetsa—ho sebetsa! Ruri hoa thabisa ho tseba hore re sa na le mosebetsi oo re lokelang ho o etsa.”—Ao ke mantsoe a mongoli Katherine Mansfield, (1888-1923).

NA U na le maikutlo a matle a kang a boletsoeng ka holimo ka mosebetsi? Uena u nka mosebetsi joang? Na mohlomong u nka hore mosebetsi ke ntho e tenang eo motho a lokelang ho e etsa, le e nkang nako e telele pele ho fihla mafelo-beke a boithabiso? Kapa na mosebetsi oa hao o fetohile mokhoka-khoale?

Batho ba bangata ba qeta boholo ba nako ba le mosebetsing. Mosebetsi o ka etsa hore re lule sebakeng se itseng kapa re phele bophelo ba mofuta o itseng. Ho tloha ha motho a qala ho ba motho e moholo ho fihlela a tlohela mosebetsi, ba bangata ba fumane hore ntho feela eo ba e phelelang ke mosebetsi. Ba bang ba rōna re khotsofalla mosebetsi oa rōna haholo. Ba bang ba nka mosebetsi e le oa bohlokoa ka lebaka la moputso oo ba o fumanang kapa maemo, ha ba bang ba nka mosebetsi e le ntho eo ba tsamaisang nako ka eona kapa e le ntho e senyang nako.

Ho na le ba sebeletsang ho phela le ba phelelang ho sebetsa; ba bang ba shoella mosebetsing kapa ba bolaoa ke mosebetsi. Ka mohlala, ho latela tlaleho ea morao tjena ea Machaba a Kopaneng, mosebetsi o bakela batho masisa-pelo a maholo le ho ba bolaea “ho feta lintoa kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala li kopane.” Ha koranta ea The Guardian ea London e bua ka taba ena e ile ea tlaleha sena: “Selemo le selemo batho ba fetang limilione tse peli ba bolaoa ke likotsi kapa mafu a amanang le mosebetsi . . . Ho hahlameloa ke lerōle, ke lik’hemik’hale, ho ba sebakeng se lerata le se nang le mahlaseli a kotsi ho baka kankere, lefu la pelo le stroke.” Ho sebelisoa ha bana ka thata le mosebetsi o qobelloang ke tse ling feela tsa litaba tse sa jeseng litheohelang tse teng mesebetsing ea kajeno.

Ho feta moo, ho na le seo setsebi sa kelello Steven Berglas a se bitsang “mokhathala o bolaeang.” O bua ka mosebetsi ea mahlahahlaha ea finyeletseng boemo bo phahameng mosebetsing empa a “lula a tšohile kamehla, a sithabetse, a nyahame kapa a tepelelitsoe ke ho lumela hore o tšoasehile mosebetsing kapa tseleng ea bophelo, eo a ke keng a e phema kapa a ikutloa a khatholohile kelellong.”

Phapang Pakeng Tsa ho Sebetsa ka Thata le ho ba Lekhoba la Mosebetsi

Lefatšeng lena leo ho lona batho ba sehlang lihora-hora, ke habohlokoa ho lemoha phapang pakeng tsa ba sebetsang ka thata le makhoba a mosebetsi. Makhoba a mangata a mosebetsi a nka sebaka seo a sebeletsang ho sona e le qhobosheane lefatšeng lena le kotsi, le sa tšepahaleng; ba mahlahahlaha ba nka mosebetsi e le oa bohlokoa ’me ka linako tse ling e le ntho e khotsofatsang eo ba tlamehang ho e etsa. Ho makhoba a mosebetsi likarolo tse ling tsa bophelo li ka mpa tsa emella ka thōko eaba a phetha mosebetsi; ka mohlala, ba sebetsang ka thata ba tseba nako ea ho tima k’homphieutha, ea ho nahana ka ntho e ’ngoe le nako ea hore ba ee moketeng oa ho ikhopotsa letsatsi la lenyalo la bona. Makhoba a mosebetsi a ikutloa a thabile ha a ile a sebetsa ho tlōla ’me a ba morolo ka seo; ba sebetsang ka thata ha ba joalo.

Lefatše la kajeno le etsa hore phapang e be lerootho pakeng tsa ba sebetsang ka thata le makhoba a mosebetsi kaha le etsa hore ho sebetsa ho tlōla ho bonahale e le ntho e ntle. Li-modem, li-cell phone le li-pager li ka ’na tsa etsa hore motho a se bone phapang pakeng tsa mosebetsing le lapeng. Ha sebaka se seng le se seng e se e le mosebetsing le nako e ’ngoe le e ’ngoe e se e le ea mosebetsi, batho ba bang ba tla be ba bolaoe ke mosebetsi.

Batho ba bang ba etsa’ng ka boikutlo bo joalo bo sa lokelang? Litsebi tsa likamano tsa batho li hlokometse hore ho na le mokhoa oo batho ba sebetsang ho tlōla le ba tepeletseng haholo ba o sebelisang oa ho etsa hore lintho tsa moea le mosebetsi li tsamaisane le oa ho kopanya bolumeli le mosebetsi. San Francisco Examiner e tlalehile hore “ho kopanya lintho tsa moea le mosebetsi ho fetohile ntho e bonoang hohle sechabeng.”

Ha tlaleho e ’ngoe ea morao tjena e bua ka Silicon Valley, e leng sebaka sa khoebo United States seo ho sona ho etsoang lintho tsa theknoloji e tsoetseng pele, e ile ea re: “Ha baokameli ba lik’hamphani ba bala libaka tse maphaka tseo ho pakoang ho tsona tse bakoang ke ha batho ba felloa ke mosebetsi, mantsiboea libaka tse ngata tseo makoloi a pakoang ho tsona e ba moo ho tšoareloang lithuto tsa Bibele teng.” Ho sa tsotellehe hore na seo e ka ba sa bohlokoa hakae, batho ba bangata lefatšeng ka bophara ba fumane hore Bibele e ba susumetsa hore ba talime mosebetsi ka tsela e ntle, e leng se fellang ka ho phela bophelo bo leka-lekaneng.

Bibele e ka re thusa joang hore re talime mosebetsi oa rōna ka tsela e leka-lekaneng? Na ho na le melao-motheo ea Mangolo e ka re thusang hore re tobane ka katleho le mathata a teng libakeng tsa mosebetsi tsa kajeno? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.