Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Philo oa Alexandria o Tsoaka Mangolo le Khopolo-Taba

Philo oa Alexandria o Tsoaka Mangolo le Khopolo-Taba

Philo oa Alexandria o Tsoaka Mangolo le Khopolo-Taba

KA 332 B.C.E., Alexandere e Moholo o ile a kena Egepeta. O ile a theha motse oo a ileng a o bitsa Alexandria, pele a e-ea ka bochabela ha a ntse a hapa lefatše. E ile ea e-ba setsi sa setso sa Bagerike. Hoo e ka bang ka 20 B.C.E., mohapi e mong o ile a tsoalloa moo, eo lihlomo tsa hae e neng e se lisabole le marumo, empa e le menahano ea filosofi. O tsejoa e le Philo oa Alexandria, kapa Philo Judaeus ka lebaka la khōliso ea hae ea Sejuda.

Ho Phatlalla ha Bajuda ka mor’a timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E., ho ile ha etsa hore Bajuda ba bangata ba lule Egepeta. Ba likete ba ne ba lula Alexandria. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le mathata pakeng tsa Bajuda le baahelani ba bona ba Bagerike. Bajuda ba ile ba hana ho rapela melimo ea Bagerike, ha Bagerike bona ba ne ba soma Mangolo a Seheberu. Philo o ne a tloaelane le phehisano ena ka lebaka la thuto ea hae ea Segerike le khōliso ea hae ea Sejuda. O ne a lumela hore Bolumeli ba Sejuda ke bona bo nepahetseng. Empa ho fapana le batho ba bangata, Philo o ne a batla tsela ea khotso ea ho lebisa Balichaba ho Molimo. O ne a batla hore ba amohele Bolumeli ba Sejuda.

Ho Kenya Moelelo o Mocha Mangolong a Khale

Joalokaha ho ne ho le joalo ka Bajuda ba bangata ba Alexandria, puo ea Philo e ne e le Segerike. Kahoo o ne a thehile thuto ea hae phetolelong ea Septuagint ea Segerike ea Mangolo a Seheberu. Ha a ntse a hlahloba taba e ngotsoeng ea Septuagint, o ile a kholiseha hore e ne e fupere litšobotsi tse itseng tsa filosofi le hore Moshe o ne a e-na le “bohlale ba bo-rafilosofi.”

Makholo a lilemo pejana, bahlalefi ba Bagerike ba ile ba thatafalloa ho lumela litšōmo tsa bona tsa boholo-holo tsa Segerike tse buang ka melimo le melimotsana, liqhenqha le bademona. Ba ile ba qala ho hlalosa bocha lipale tseo tsa boholo-holo. Setsebi sa lingoliloeng tsa khale tsa mehleng eo, e leng James Drummond, se itse ka mokhoa oa bona: “Rafilosofi o ne a qala ka ho batla moelelo o patehileng oa litšōmo tsena, le ho etsa qeto ea hore e tlameha ebe linthong tse manyala tse boleloang litšōmong tsena, bangoli ba tsona ba ne ba rerile ho pepesa linnete tse tebileng le tse rutang ka ho sebelisa puo ea tšoantšetso e susumetsang maikutlo.” Mokhoa ona o bitsoa tlhaloso ea lintho tsa tšoantšetso, ’me Philo o ile a leka ho o sebelisa ha a hlalosa Mangolo.

Ka mohlala, nahana ka Genese 3:22 ho ea ka phetolelo ea Septuagint ea Bagster, e reng: “Morena Molimo o ile a etsetsa Adama le mosali oa hae liaparo tsa letlalo, eaba o ba apesa tsona.” Bagerike ba ne ba nahana hore ho etsa liphahlo e ne e le mosebetsi o theolang Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa seriti. Kahoo Philo o ile a fumana lipolelo tsa tšoantšetso temaneng eo eaba o re: “Liaparo tsa letlalo ke polelo ea tšoantšetso e emelang letlalo la tlhaho, ke hore, ’mele ea rōna; hobane qalong ha Molimo a ne a bōpa kelello, o ile a e bitsa Adama; ka mor’a moo a e phelisa, eaba o e bitsa Bophelo. Qetellong ho ile ha hlokahala hore a bōpe le ’mele, ’me ka puo ea tšoantšetso o ile a o bitsa seaparo sa matlalo.” Kahoo Philo o ile a leka ho etsa hore ketso ea Molimo ea ho etsetsa Adama le Eva liaparo e be ntlha ea filosofi e lokelang ho nahanoa ka hloko.

Hape nahana ka Genese 2:10-14, e hlalosang mohloli oa metsi oa serapa sa Edene le e buang ka linōka tse ’nè tse neng li phallela ka ntle ho serapa seo. Philo o ile a leka ho sibolla moelelo oa mantsoe a hlalosang serapa sena. Ka mor’a ho bua ka naha ka boeona, o ile a re: “Mohlomong polelo ena le eona e tšoantšetsa ho hong; hobane linōka tse ’nè li tšoantšetsa makhabane a mane.” O ile a hakanya hore nōka ea Pishone e tšoantšetsa bohlale, nōka ea Gihone e tšoantšetsa khutso, ea Tigris e tšoantšetsa matla, ’me ea Eufrate e emela toka. Kahoo tšoantšetso e nka sebaka sa lintho tsa sebele.

Philo o ile a sebelisa tlhaloso ea lintho tsa tšoantšetso ho sekaseka tlaleho ea pōpo, tlaleho ea ha Kaine a bolaea Abele, Moroallo oa mehleng ea Noe, ho ferekanngoa ha lipuo Babele le melao-motheo e mengata ea Molao oa Moshe. Joalokaha mohlala o serapeng se ka pele ho sena o bontša, hangata o ne a lumela ntlha e tobileng ea temana ea Bibele ebe o kenyelletsa kutloisiso ea hae ea tšoantšetso ka mantsoe a kang ana: “Mohlomong re lokela ho nka lintho tsena joalokaha eka li buuoe li e-na le moelelo oa lintho tsa tšoantšetso.” Lingoliloeng tsa Philo li totobatsa haholo lipolelo tsa tšoantšetso empa, ka masoabi, li pata moelelo o totobetseng oa Mangolo.

Molimo ke Mang?

Philo o ile a buella boteng ba Molimo ka ho etsa papiso e matla. Ka mor’a ho hlalosa naha, linōka, lipolanete le linaleli, o ile a phetha ka ho re: “Mesebetsing eohle ea pōpo, lefatše ke lona le entsoeng ka bokhabane le ka bohlale bo fetisisang, joalokaha eka le bōpiloe ke motho ea nang le bokhoni le ea nang le tsebo e phethahetseng. Ke ka tsela eo re ileng ra hlokomela hore Molimo o teng.” Monahano ona o ne o nepahetse.—Baroma 1:20.

Empa ha Philo a hlalosa botho ba Molimo ea Matla ’Ohle, o ile a kheloha ’nete ka ho feletseng. Philo o ile a bolela hore Molimo “ha a na litšobotsi tse ikhethang” le hore ke Molimo “ea ke keng a utloisisoa.” Philo o ne a sa khothalletse ho etsa boiteko ba ho tseba Molimo, a bolela hore “ke booatla bo feletseng hore motho a etse boiteko ba ho tsoela pele a batlisisa botho ba Molimo kapa litšobotsi tsa hae tse ikhethang.” Monahano ona ha o tsoe ka Bibeleng, empa o tsoa ho rafilosofi oa mohetene ea bitsoang Plato.

Philo o itse Molimo ke ea ke keng a utloisisoa hoo ho ke keng ha khoneha hore a bitsoe ka lebitso. Philo o itse: “Ka hona, ke ntho e utloahalang hore ebe ha ho lebitso leo ka nepo le ka fuoang eo ehlileng e leng eena Molimo ea phelang.” Ka sebele sena se khahlanong le ’nete!

Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo o na le lebitso. Pesaleme ea 83:18 e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Esaia 42:8 e qotsa Molimo a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” Ke hobane’ng ha Philo, Mojuda ea neng a tseba litemana tsena tsa Bibele, a ne a ruta hore Molimo ha a na lebitso? Ke hobane o ne a sa hlalose Molimo oa Bibele, empa o ne a hlalosa molimo ea se nang lebitso oa filosofi ea Bagerike, eo ho seng bonolo ho bua le eena.

Moea ke Eng?

Philo o ne a ruta hore moea o arohane le ’mele. A re motho “o na le ’mele le moea.” Na moea o ka shoa? Hlokomela tlhaloso ea Philo: “Ha re ntse re phela, ’mele ea rōna ea phela le hoja meea ea rōna e shoele ’me e patiloe ’meleng ea rōna, joalokaha eka e lebitleng. Empa haeba [’mele] o ne o ka shoa, joale meea ea rōna e ne e tla phela bophelo ba eona bo loketseng, e lokolohile ’meleng ea boetsalibe e shoeleng eo e koaletsoeng ho eona.” Ho ea ka Philo, ho shoa ha moea e ne e le ha tšoantšetso. O ne a re ho hang ha o shoe, ebile o ke ke oa shoa.

Empa Bibele e ruta eng ka moea? Genese 2:7 e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Ho ea ka Bibele, batho ha ba na meea; ho e-na le hoo, ke meea.

Bibele e boetse e ruta hore moea oa shoa. Ezekiele 18:4 e re: “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.” Re ka sebelisa mangolo ana ho etsa qeto ena e nepahetseng ea hore: Motho ke moea. Ka hona, ha motho a e-shoa, moea oa shoa.—Genese 19:19. *

Ka mor’a lefu la Philo, Bajuda ha baa ka ba mo natsa. Leha ho le joalo, Bokreste-’mōtoana bona bo ile ba mo tšehetsa. Eusebius le baeta-pele ba bang ba kereke ba ne ba lumela hore Philo o ne a sokolohetse Bokresteng. Jerome o ile a mo balella har’a Bo-ntate ba Kereke. Ke Bakreste ba bakoenehi ba ileng ba boloka lingoliloeng tsa Philo, eseng Bajuda.

Lingoliloeng tsa Philo li ile tsa tsosa phetohelo ea bolumeli. Tšusumetso ea hae e ile ea etsa hore Bakreste ka lebitso ba amohele thuto eo e seng ea Mangolo ea ho se shoe ha moea. ’Me thuto ea Philo e mabapi le Logos (kapa, Lentsoe) e tlatselitse khōlong ea thuto ea Boraro-bo-bong, e leng thuto eo e seng ea Bibele empa e le ea Bokreste ba bokoenehi.

Le se ke la Thetsoa

Thutong ea hae ea Mangolo a Seheberu, Philo o ile a tiisa hore ha a “hlokomolohe tlhaloso leha e le efe e nang le moelelo oa lintho tsa tšoantšetso eo ho ka etsahalang hore ebe e patehile puong feela e tloaelehileng.” Leha ho le joalo, joalokaha Deuteronoma 4:2 e bolela, Moshe o ile a re mabapi le Molao oa Molimo: “Le se ke la eketsa lentsoe leo ke le laelang lona, kapa la le fokotsa, e le hore le boloke litaelo tsa Jehova Molimo oa lōna tseo ke le laelang tsona.” Ka boikemisetso bohle ba hae bo neng bo bonahala bo le molemo, Philo o ile a phaella ka likhopolo-taba tse eketsehileng, tse neng li le joaloka moholi o teteaneng, o neng o koahetse thuto e hlakileng ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.

Moapostola Petrose o itse: “Ha rea ka ra le tsebisa matla le ho ba teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene.” (2 Petrose 1:16) Ho fapana le lingoliloeng tsa Philo, thuto eo Petrose a neng a e fetisetsa phuthehong ea pele ea Bokreste e ne e thehiloe ’neteng le tataisong ea moea oa Molimo, “moea oa ’nete,” o neng o ba tataisetsa ’neteng eohle.—Johanne 16:13.

Haeba u thahasella ho rapela Molimo oa Bibele, u hloka tataiso ea ’nete, eseng litlhaloso tse thehiloeng monahanong oa batho. U hloka tsebo e nepahetseng ka Jehova le thato ea hae, ’me u hloka boikokobetso hore u be seithuti sa sebele. Haeba u ithuta Bibele u e-na le boikutlo bo joalo bo botle, u tla tseba “lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” U tla bona hore Lentsoe la Molimo le ka etsa hore u ‘tšoanelehe ka botlalo, u hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—2 Timothea 3:15-17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Mabapi le moea, The Jewish Encyclopedia ea 1910 e re: “Tumelo ea hore moea o tsoela pele o phela ka mor’a ho bola ha ’mele ke filosofi kapa khopolo-taba ea bolumeli ho e-na le ho ba tumelo ea motheo, ’me ka lebaka leo ha e rutoe kae kapa kae ka Mangolong a Halalelang.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

MOTSE OA PHILO

Philo o ile a lula Alexandria ea Egepeta a ba a sebetsa teng. Ka makholo a lilemo, motse ona e ne e le motse-moholo oa libuka le lipuisano tsa lirutehi.

Liithuti li ile tsa ithuta ho litsebi tse tummeng tse neng li ruta likolong tsa motse ona. Laebrari ea Alexandria e ile ea tsebahala haholo lefatšeng lohle. E ile ea bokella litokomane tse makholo a likete ha bo-ralilaebrari ba ntse ba leka ho bokella likopi tsa tokomane e ’ngoe le e ’ngoe.

Hamorao, tlhompho eo lefatše lohle le neng le e-na le eona bakeng sa Alexandria le pokello ea eona e ngata ea tsebo, e ile ea qepha butle-butle. Baemphera ba Roma ba ile ba phahamisa motse oa bona, ’me ba fetola Europe setsi sa setso. Alexandria e ile ea fokolla ruri lekholong la bosupa la lilemo C.E. ha bafutuhi ba ne ba hapa motse oo. Le kajeno lena, bo-rahistori ba ntse ba llela ho lahleheloa ke laebrari eo e tummeng, ba bang ba bolela hore tsoelo-pele e ile ea liehisoa ka lilemo tse 1 000.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

L. Chapons/Illustrirte Familien-Bibel nach der deutschen Uebersetzung Dr. Martin Luthers

[Lebokose le leqepheng la 12]

TLHALOSO EA LINTHO TSA TŠOANTŠETSO KAJENO

Ha ho buuoa ka tlhaloso ea lintho tsa tšoantšetso ho buuoa ka “baphetoa ba tšoantšetso le liketso tseo ho nahanoang hore ke ’nete kapa lipolelo tse se nang motheo tsa hore na motho o bile teng joang.” Ho thoe litlaleho tse sebelisang tlhaloso ea lintho tsa tšoantšetso li tšoantšetsa lintho tsa bohlokoa haholoanyane tse patiloeng. Joaloka Philo oa Alexandria, mesuoe e meng ea kajeno ea bolumeli e hlalosa Bibele ka ho sebelisa tlhaloso ea lintho tsa tšoantšetso.

Nahana ka Genese khaolo ea 1-11, eo ho eona ho tlalehiloeng histori ea batho ho tloha nakong ea pōpo ho fihlela nakong ea ha batho ba qhalakanngoa toreng ea Babele. The New American Bible, e leng phetolelo ea K’hatholike, e re mabapi le karolo eo ea Bibele: “E le hore linnete tse likhaolong tsena li utloahale ho Baiseraele ba neng ba tlameha ho li boloka, ho ne ho hlokahala hore li ngoloe ho latela likhopolo tseo batho bao ba neng ba e-na le tsona ka nako eo. Ka lebaka lena, ho lokela ho ba le phapang e hlakileng pakeng tsa linnete le tsela ea bongoli ea ho pata lintho.” Sena se bolela hore Genese khaolo ea 1-11 ha ea lokela ho nkoa ka ho toba. Ho e-na le hoo, feela joalokaha seaparo se koahela ’mele, le mantsoe ao a pata moelelo o tebileng.

Leha ho le joalo, Jesu o ile a ruta hore likhaolo tseo tsa pele tsa Genese li ne li le joalokaha li ngotsoe. (Matheu 19:4-6; 24:37-39) Moapostola Pauluse le moapostola Petrose le bona ba ile ba bua joalo. (Liketso 17:24-26; 2 Petrose 2:5; 3:6, 7) Liithuti tsa Bibele tse tšepahalang li hana litlhaloso tse sa lumellaneng le Lentsoe lohle la Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Tora e telele ea Alexandria e khantšetsang basesisi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Archives Charmet/Bridgeman Art Library