Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Hlōla Teko Leha e le Efe!

Re ka Hlōla Teko Leha e le Efe!

Re ka Hlōla Teko Leha e le Efe!

NA HONA joale u tobane le teko bophelong ba hao? Na u ikutloa u nyahame, hoo u sa khoneng ho e hlōla? Na ka linako tse ling u ikutloa eka bothata ba hao ha boa tloaeleha le hore ha ho na tharollo bakeng sa bona? Haeba ho joalo, tiea pelo! Bibele e re kholisa hore Molimo a ka re thusa hore re hlōle liteko leha e le life tseo re ka ’nang ra tobana le tsona.

Bibele ea lumela hore bahlanka ba Molimo ba tla “thulana le liteko tse sa tšoaneng.” (Jakobo 1:2) Ela hloko poleloana “tse sa tšoaneng” (ka Segerike ke poi·kiʹlos). Ho latela tšebeliso ea lona ea pele, lentsoe lena le ne le bolela “tse ngata-ngata” kapa “tse mebala-bala” ’me le totobatsa “ho fapana ha liteko.” Ha e le hantle, puong ea letsatsi le letsatsi, ka ho toba seo se bolela “tse mebala-bala.” Kahoo, “liteko tse sa tšoaneng” ke liteko tseo ha re khabisa puo re ka reng, li tla li le mebala-bala. Ho ntse ho le joalo, Jehova oa re tšehetsa e le hore re ka li hlōla kaofela ha tsona. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ho joalo?

“Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo o Bontšitsoeng ka Litsela Tse sa Tšoaneng”

Moapostola Petrose o re Bakreste ba bakeloa “mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng.” (1 Petrose 1:6) Hamorao lengolong la hae le bululetsoeng, o bontša hore ‘mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšoa ka litsela tse sa tšoaneng.’ (1 Petrose 4:10) Poleloana e reng “ka litsela tse sa tšoaneng” e na le sebōpeho sa lentsoe lōna leo la Segerike sa pele. Ha setsebi se seng sa Bibele se bua ka poleloana ena, se re: “Bona ke boikutlo bo matla. . . . Ho bua ka mohau [kapa, mosa o sa tšoanelang] oa Molimo e le poikilos ho bolela hore ha ho na boemo boo motho a ka bang ho bona boo mohau oa Molimo o ke keng oa bo hlōla.” O tsoela pele ho re: “Ha ho khonehe hore ho be le maemo, maqakabetsi, maemo a tšohanyetso kapa lintho tse hlokahalang ka potlako tseo mohau oa Molimo o ke keng oa sebetsana le tsona ka katleho le ho li hlōla. Ha ho letho bophelong le ka sitang mohau oa Molimo. Lentsoe lena le hlakileng poikilos le re hopotsa mohau oa Molimo o [bontšoang ka litsela tse fapa-fapaneng] oo ka sebele o lekaneng bakeng sa lintho tsohle.”

Liteko ha li Fete Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo

Ho latela Petrose, tsela e ’ngoe eo mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bonahatsoang ka eona ke ka batho ba sa tšoaneng ba ka phuthehong ea Bokreste. (1 Petrose 4:11) Mohlanka e mong le e mong oa Molimo o na le limpho tsa moea, kapa bokhoni boo e ka bang mohloli oa khothatso ho ba tobaneng le liteko. (Baroma 12:6-8) Ka mohlala, batho ba bang ka phuthehong ke mesuoe e metle ea Bibele. Mantsoe a bona a nang le temohisiso a khothalletsa le ho susumelletsa ba bang hore ba mamelle. (Nehemia 8:1-4, 8, 12) Ba bang ba etsa maeto a bolisa khafetsa mahaeng a batho bao ka sebele ba hlokang thuso. Maeto a joalo ke linako tsa khothatso, linako tsa ‘hore lipelo li ka tšeliseha.’ (Bakolose 2:2) Ha balebeli ba etsa maeto a joalo a matlafatsang tumelo, ba fana ka limpho tsa moea. (Johanne 21:16) Ho ntse ho le joalo, ba bang ka phuthehong ba tsebahala ka ho ba mofuthu, ka ho ba le qenehelo le ka ho ba bonolo ha ba sebetsana le balumeli-’moho le bona ba saretsoeng ka lebaka la liteko. (Liketso 4:36; Baroma 12:10; Bakolose 3:10) Tsela eo bara le barali bao babo rōna ba bontšang kutloelo-bohloko ba bileng ba ikitlaelletsang ho thusa ba bang ka eona ke pontšo e khōlō, kapa “’mala” oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.—Liproverbia 12:25; 17:17.

“Molimo oa Matšeliso ’Ohle”

Ka holim’a tsohle, Jehova o fana ka matšeliso. Ke “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Bohlale bo fumanoang Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng le matla ao moea oa hae o halalelang o fanang ka oona ke mekhoa e ka sehloohong eo ka eona Jehova a arabang lithapelo tsa rōna tsa ha re kōpa thuso. (Esaia 30:18, 21; Luka 11:13; Johanne 14:16) Tšepiso e bululetsoeng e builoeng ke moapostola Pauluse e ka re tiisa moko. O ile a re: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13.

Ka sebele, ho sa tsotellehe hore na teko ea rōna e tla ka sebōpeho sefe, kapa e “’mala” o joang, ka linako tsohle ho tla lula ho e-na le tsela eo mosa o sa tšoanelang oa Molimo o tla bonahatsoa ka eona ho re thusa hore re mamelle. (Jakobo 1:17) Tšehetso e nakong le e loketseng eo Jehova a e fang bahlanka ba hae—ho sa tsotellehe hore na liteko kapa liphephetso tsa bona li ngata hakae—ke bo bong feela ba bopaki ba “bohlale ba Molimo bo fapa-fapaneng haholo.” (Baefese 3:10) Na ha ho joalo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Jehova o re thusa ho hlōla liteko tsa rōna