Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ea Masene o Nahana ka Mehato ea Hae”

“Ea Masene o Nahana ka Mehato ea Hae”

“Ea Masene o Nahana ka Mehato ea Hae”

MOTHO ea masene o tseba ho laola litaba ebile o hlalefile, o na le kahlolo e molemo ebile o lemoha lintho kapele, o na le kutloisiso le kelello e chatsi, o seli ebile o bohlale. Ha a bolotsana ebile ha a maqheka. Liproverbia 13:16 e re: “E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo.” Ka sebele, masene, kapa kutloisiso, ke tšobotsi e ntle.

Re ka bontša masene joang bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi? Tšobotsi ee e totobala joang linthong tseo re li khethang, tseleng eo re tšoarang ba bang ka eona le mokhoeng oo re nkang khato ka oona maemong a sa tšoaneng? Ba nang le kutloisiso ba fumana meputso efe? Ba qoba mahlomola afe? Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o fana ka likarabo tse thusang tsa lipotso tsena, joalokaha re bala ho Liproverbia 14:12-25. *

Khetha Tsela ea Hao ka Bohlale

Ha ho pelaelo hore motho o hloka bokhoni ba ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng e le hore a ka khetha lintho ka bohlale a ba a atleha bophelong. Leha ho le joalo, Bibele e lemosa tjena: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liproverbia 14:12) Kahoo, re lokela ho ithuta ho khetholla se nepahetseng e le kannete ho se bonahalang eka se nepahetse. Poleloana e reng “litsela tsa lefu” e bontša hore ho na le litsela tse ngata tse thetsang. Nahana ka lintho tse ling tseo re lokelang ho li ela hloko le ho li qoba.

Hangata batho ba ruileng le ba tummeng lefatšeng baa hlomphuoa ebile baa ratoa. Ho atleha ha bona sechabeng le licheleteng ho ka etsa eka tsela eo ba etsang lintho ka eona e nepahetse. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mekhoa eo boholo ba batho baa ba fumanang leruo kapa botumo ka eona? Na kamehla litsela tsa bona ke tse nepahetseng le tse bontšang boitšoaro? Joale, ho na le ba bang ba chesehelang litumelo tsa bona tsa bolumeli ka tsela e hlollang. Empa na ho tšepahala ha bona ho hlile ho bontša hore lintho tseo ba li lumelang li nepahetse?—Baroma 10:2, 3.

Tsela e ’ngoe e ka boela ea bonahala e nepahetse hobane motho a ithetsa. Ha re theha liqeto tsa rōna ho seo re nahanang hore se nepahetse, re tla be re tšepa pelo, ’me pelo ke motataisi ea bolotsana. (Jeremia 17:9) Letsoalo le sa rutoang le le sa koetlisoang le ka etsa hore re nahane hore tsela e fosahetseng ke tsela e nepahetseng. Ebe joale ke eng e ka re thusang ho khetha tsela e tšoanetseng?

Ke habohlokoa ho ithuta ka hloko linnete tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo e le hore re ka fumana “matla a . . . ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” Ho feta moo, re lokela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, e le hore re koetlise matla ana “ka tšebeliso.” (Baheberu 5:14) Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lumella tsela e bonahalang eka e nepahetse hore e re khelose ‘tseleng e patisaneng e isang bophelong.’—Matheu 7:13, 14.

Ha ‘Pelo e ka ’Na Eaba e Utloile Bohloko’

Na re ka thaba haeba re hloname? Na litšeho le nyakallo li ka fokotsa bohloko bo tebileng? Na ke masene ho leka ho itebatsa litsietsi ka joala, ka ho sebelisa lithethefatsi hampe, kapa ka ho phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng? Karabo ke che. Morena ea bohlale o re: “Esita le litšehong pelo e ka ’na ea utloa bohloko.”Liproverbia 14:13a.

Litšeho li ka ’na tsa pata bohloko, empa li ke ke tsa bo felisa. Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ka sebele ho na le “nako ea ho lla le nako ea ho tšeha; nako ea ho bokolla le nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:1, 4) Haeba likelello tsa rōna li sa imolohe, re lokela ho nka mehato ea ho li imolla, haeba ho hlokahala re batle “tataiso e bohlale.” (Liproverbia 24:6) * Litšeho le ho ithabisa e batla e le tsa bohlokoa, empa hase tsa bohlokoa hakaalo. Ha Solomone a lemosa ka mefuta e sa lokelang ea ho ithabisa le ho ikhatholla ho feteletseng, o re: “Ho thaba ho qetella ka mesarelo.”Liproverbia 14:13b.

Ba se Nang Tumelo le ba Molemo—Ba Khotsofala Joang?

Morena oa Iseraele o tsoela pele ka ho re: “Ea se nang tumelo pelong o tla khotsofalla liphello tsa litsela tsa hae, empa motho ea molemo o tla khotsofalla liphello tsa mesebetsi ea hae.” (Liproverbia 14:14) Ba se nang tumelo le ba molemo ba khotsofatsoa joang ke liphello tsa mesebetsi ea bona?

Motho ea se nang tumelo ha a tsotelle boikarabelo ba hae ho Molimo. Kahoo, ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova hase ntho ea bohlokoa ho motho ea se nang tumelo. (1 Petrose 4:3-5) Motho oa mofuta ona o khotsofatsoa ke liphello tsa ho phelela lintho tse bonahalang. (Pesaleme ea 144:11-15a) Ka lehlakoreng le leng, motho ea molemo, o thahasella ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo. Mesebetsing eohle ea hae, o khomarela litekanyetso tse lokileng tsa Molimo. Motho oa mofuta ona o khotsofatsoa ke liphello hobane Jehova ke Molimo oa hae ’me o fumana thabo e sa lekanngoeng ka ho sebeletsa Ea Holimo-limo.—Pesaleme ea 144:15b.

U se ke Ua “Beha Tumelo Lentsoeng le Leng le le Leng”

Ha Solomone a bapisa litsela tsa ba se nang phihlelo le tsa ba nang le kutloisiso, o re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Motho ea masene ha a thetsoe habonolo. Ho e-na le ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e utloang kapa ho amohela maikutlo a batho ba bang a sa nahane, o nahana mehato ea hae ka bohlale. Kaha oa batlisisa, o etsa lintho ka tsebo.

Ka mohlala, nahana ka potso ena, “Na Molimo o teng?” Motho ea se nang phihlelo o khema le lintho tse ratoang kapa tse lumeloang ke batho ba tummeng. Ka lehlakoreng le leng, ea masene eena, o ipha nako ea ho hlahloba mabaka. O nahana ka litemana tse kang Baroma 1:20 le Baheberu 3:4. Litabeng tsa moea, motho ea nang le kutloisiso ha a amohele maikutlo a baeta-pele ba bolumeli a sa a hlahloba. O ‘leka lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.’—1 Johanne 4:1.

Ka sebele ho hotle hore motho a ele hloko keletso ea hore a se ke a “beha tumelo lentsoeng le leng le le leng”! Ba filoeng boikarabelo ba ho eletsa ba bang ka phuthehong ea Bokreste, ke bona ba hlileng ba lokelang ho nka sena ka botebo. Ea fanang ka keletso o lokela ho utloisisa hantle se etsahetseng. O lokela ho mamela ka hloko ’me a fumane lintlha ho bohle ba amehang e le hore keletso ea hae e be e utloahalang le e sa thehoang maikutlong a motho a le mong feela.—Liproverbia 18:13; 29:20.

“Motho ea Nang le Matla a ho Nahana o Hloiloe”

Morena oa Iseraele o bontša phapang e ’ngoe pakeng tsa motho ea bohlale le oa leoatla, ’me o re: “Ea bohlale oa tšaba ’me o furalla bobe, empa ea hlokang kelello oa halefa ’me oa itšepa. Ea potlakelang ho halefa o tla etsa booatla, empa motho ea nang le matla a ho nahana o hloiloe.”Liproverbia 14:16, 17.

Motho ea bohlale o tšaba liphello tsa ho nka tsela e fosahetseng. Kahoo, o hlokolosi ’me o leboha keletso e ’ngoe le e ’ngoe e mo thusang ho qoba bobe. Leoatla ha le na tšabo ea mofuta oo. Kaha lea itšepa, ka boikakaso le hlokomoloha keletso ea ba bang. Motho ea joalo o etsa lintho tsa booatla kahobane o halefa feela. Empa motho ea nang le matla a ho nahana o hlouoa ka lebaka lefe?

Poleloana ena e fetoletsoeng e le “matla a ho nahana,” e nkiloeng puong ea pele e bolela lintho tse peli. Ha e sebelisoa ka botleng, e ka bolela temoho kapa bohlale. (Liproverbia 1:4; 2:11; 3:21) Ho seng joalo, e ka bolela maikutlo a bokhopo kapa menahano e kotsi.—Pesaleme ea 37:7; Liproverbia 12:2; 24:8.

Haeba poleloana e reng, “motho ea nang le matla a ho nahana” e bolela motho ea rerang merero e kotsi, ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha motho ea joalo a hloiloe. Leha ho le joalo, na hase ’nete hore motho ea nang le temoho le eena a ka hlouoa ke ba se nang temoho? Ka mohlala, ba sebelisang matla a bona a ho nahana le ba khethang ‘ho se be karolo ea lefatše,’ lefatše le ba hloile. (Johanne 15:19) Bacha ba Bakreste ba sebelisang matla a bona a ho nahana le ba hanang khatello e mpe ea lithaka e le hore ba qobe boitšoaro bo sa lokelang, baa songoa. ’Nete ke hore barapeli ba ’nete ba hloiloe ke lefatše lena le rapaletseng matleng a Satane Diabolose.—1 Johanne 5:19.

“Batho ba Babe ba Tla Lokela ho Inama”

Ba nang le kutloisiso, kapa ba masene ba fapane le ba se nang phihlelo ka tsela e ’ngoe hape. “Ka sebele ba se nang phihlelo ba tla rua booatla, empa ba masene ba tla roala tsebo joaloka se roaloang hloohong.” (Liproverbia 14:18) Ka lebaka la ho hloka temoho, batho ba se nang phihlelo ba khetha booatla. Ena ke tsela eo ba phelang ka eona. Ka lehlakoreng le leng, tsebo e khabisa ba masene joalokaha moqhaka o tlotla morena.

Morena ea bohlale o re: “Batho ba babe ba tla lokela ho inama ka pel’a ba molemo, ’me batho ba khopo ba iname lihekeng tsa ea lokileng.” (Liproverbia 14:19) Ka mantsoe a mang, qetellong ba lokileng ba tla hlōla ba khopo. Nahana ka palo eo batho ba Molimo ba eketsehang ka eona le ka mokhoa o phahameng oo ba phelang ka oona kajeno. Ha bahanyetsi ba bang ba bona litlhohonolofatso tseo bahlanka ba Jehova ba nang le tsona, ba tla tlameha ho ‘inamela’ mosali oa Jehova oa tšoantšetso oa leholimo, ea emeloang ke masala a tlotsitsoeng a lefatšeng. Ka Armagedone teng, bahanyetsi bao ba tla tlameha ho lumela hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o lefatšeng o hlile o emela o leholimong.—Esaia 60:1, 14; Bagalata 6:16; Tšenolo 16:14, 16.

Ho ‘Bontša Mohau ho ba Hlorileng’

Mabapi le seo batho ba leng sona ka tlhaho, Solomone o re: “Ea nang le ho honyenyane o hloiloe le ke oa habo, empa metsoalle ea morui e mengata.” (Liproverbia 14:20) Ruri sena ke ’nete bathong ba sa phethahalang! Ka lebaka la boithati, ba rata barui ho feta mafutsana. Leha metsoalle ea morui e le mengata, ke ea nakoana joaloka leruo la hae. Na joale ha rea lokela ho qoba ho etsa metsoalle ka chelete kapa ka ho rorisa batho ka boikaketsi.

Ho thoe’ng haeba ha re itlhahloba ka botšepehi re fumana hore re ithatisa barui ’me re eisa mafutsana? Re lokela ho lemoha hore Bibele e nyatsa leeme le joalo. E re: “Ea nyelisang oa habo o etsa sebe, empa ho thaba ea bontšang mohau ho ba hlorileng.”Liproverbia 14:21.

Re lokela ho nahanela ba mathateng. (Jakobo 1:27) Re ka etsa see joang? Ka ho ba fa “mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo,” e leng se ka akarelletsang chelete, lijo, bolulo le liaparo. (1 Johanne 3:17) Ho thaba motho ea hauhelang batho ba joalo, kaha “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Ho Etsahala Eng ka Bona?

Molao-motheo o reng “leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule” o sebetsa ho motho ea masene hammoho le leoatla. (Bagalata 6:7) Ea masene o etsa se molemo, empa leoatla le rera bobe. Morena ea bohlale oa botsa: “Na ba rerang bobe ba ke ke ba tsamaea ba lelera?” Karabo ke e, ba hlile “baa lahleha.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) “Empa ho na le mosa o lerato le ’nete mabapi le ba rerang se molemo.” (Liproverbia 14:22) Ba etsang se molemo ba thabela botsoalle ba batho ba bang hammoho le mosa o lerato oa Molimo.

Solomone o amahanya katleho le ho sebetsa ka thata, ’me ho hlōleha o ho amahanya le ho bua haholo le botsoa, o re: “Ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo, empa lentsoe feela la molomo le isa ho hlokeng.” (Liproverbia 14:23) Ka sebele molao-motheo ona o sebetsa linthong tsa moea tseo re li etsang. Ha re ikitlaetsa tšebeletsong ea Bokreste, re fumana meputso ea ho tsebisa batho ba bang ba bangata ’nete ea Lentsoe la Molimo e pholosang bophelo. Ha re phetha ka botšepehi kabelo e ’ngoe le e ’ngoe ea puso ea Molimo eo re ka e fuoang, rea thaba ebile rea khotsofala.

Liproverbia 14:24 e re: “Moqhaka oa ba bohlale ke maruo a bona; booatla ba ba hlokang kelello ke booatla.” Sena se ka bolela hore bohlale boo ba bohlale ba loanelang ho bo fumana ke letlotlo la bohlokoa joaloka maruo a bonahalang, ’me boa ba tlotla, kapa boa ba khabisa. Ka lehlakoreng le leng, maoatla, a rua booatla feela. Ho latela buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso bo batsi, maele ana a ka boetse a fetisa maikutlo a hore “letlotlo ke mokhabiso ho ba le sebelisang ka bohlale . . . [athe] maoatla a rua bothoto ba ’ona feela.” Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ea bohlale o atleha ho feta leoatla.

Morena oa Iseraele o re: “Paki ea ’nete e lopolla meea, empa e thetsang e phatlalatsa mashano feela.” (Liproverbia 14:25) Le hoja ka sebele sena e le ’nete litabeng tsa boahloli, nahana hore na se sebetsa joang tšebeletsong ea rōna. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa o akarelletsa ho pakela ’nete ea Lentsoe la Molimo. Paki eo e lopolla batho ba lipelo li ntle bolumeling ba bohata ebile e pholosa bophelo. Ha re ikela hloko kamehla ’me re ela hloko le ho ruta ha rōna, re tla ipholosa re be re pholose le ba re mamelang. (1 Timothea 4:16) Ha re ntse re tsoela pele ho etsa sena, a re beng seli e le hore re ka etsa lintho tsohle ka masene bophelong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bona tokollo ea Molula-Qhooa oa November 15, 2004, leqepheng la 26-29 moo ho tšohloang Liproverbia 14:1-11.

^ ser. 11 Bona leqephe la 11-16 tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea October 22, 1987.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ke habohlokoa ho ithuta ka hloko linnete tse tebileng e le hore re ka khetholla se nepahetseng le se fosahetseng

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na ho phelela lintho tse bonahalang ho hlile hoa khotsofatsa?