Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le ’ne le Leke Seo le Leng Sona”

“Le ’ne le Leke Seo le Leng Sona”

“Le ’ne le Leke Seo le Leng Sona”

“Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.”—2 BAKORINTHE 13:5.

1, 2. (a) Ho se tsebe hantle lintho tseo re li lumelang ho ka re ama joang? (b) Ke boemo bofe ba Korinthe ea lekholong la pele la lilemo boo e ka ’nang eaba bo ile ba etsa hore ba bang ba se ke ba tseba hantle tsela eo ba lokelang ho e nka?

MONNA e mong ea haolang naha o fihla moo litsela li arohanang teng. Ha a tsebe hantle hore na a nke tsela efe, o botsa batho ba fetang ka tsela hore na a lebe hokae, empa ba mo bolella lintho tse sa lumellaneng. A ferekane, o sitoa ho tsoela pele. Ho ka etsahala se tšoanang ka rōna haeba re belaela lintho tseo re li lumelang. Ho se tsebe hantle ho ka re sitisa ho etsa liqeto, ho ka etsa hore re se ke ra tseba hantle tsela eo re lokelang ho e nka.

2 Ho ile ha hlaha boemo bo ka beng bo ile ba baka phello e tšoanang phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo ea Korinthe, Greece. ‘Baapostola ba lokileng ho tlōla’ ba ne ba belaella bolaoli ba moapostola Pauluse, ba re: “Mangolo a hae a tōma ’me a matla, empa ho ba teng ha hae ka seqo hoa fokola le puo ea hae ea eiseha.” (2 Bakorinthe 10:7-12; 11:5, 6) Ho ka etsahala hore ebe pono eo e ile ea etsa hore ba bang phuthehong ea Korinthe ba se ke ba tseba hantle tsela eo ba lokelang ho e nka.

3, 4. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella keletso eo Pauluse a e fileng Bakorinthe?

3 Pauluse o ile a theha phutheho Korinthe ha a ne a etetse moo ka 50 C.E. O ile a hlola Korinthe “selemo le likhoeli tse tšeletseng, a ruta lentsoe la Molimo har’a bona.” Ka sebele, “Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa ba qala ho lumela le ho kolobetsoa.” (Liketso 18:5-11) Pauluse o ne a chesehela boiketlo ba moea ba balumeli-’moho le eena ba Korinthe. Ho feta moo, Bakorinthe ba ne ba ngoletse Pauluse ba kōpa thuso litabeng tse itseng. (1 Bakorinthe 7:1) Kahoo, o ile a ba fa keletso e ntle haholo.

4 Pauluse o ile a ngola a re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) Ho sebelisa keletso ena ho ka be ho ile ha sireletsa bara bao babo rōna ba Korinthe hore e se be ba sa tsebeng hantle tsela eo ba tšoanetseng ho e nka. Le rōna e ka re sireletsa kajeno. Ebe joale re ka latela keletso ea Pauluse joang? Re ka inonya joang hore na re tumelong? Hona ho ameha eng ha re leka seo re leng sona?

“Le ’Ne le Inonye Hore na le Tumelong”

5, 6. Re na le molao ofe oa ho inonya hore na re tumelong, ’me ke hobane’ng ha oo e le molao o motle haholo?

5 Hangata ha ho nonyoa, ho nonyoa ntho e itseng, ’me ho ba le motheo kapa molao oo ho nonyoang ka oona. Tabeng ena, ha ho nonyoe tumelo—e leng litumelo tsohle tseo re li lumelang. Ho nonyoa rōna ka bomong. Re na le molao o phethahetseng oo re ka inonyang ka oona. Pina e qapiloeng ke mopesaleme Davida e re: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo. Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye.” (Pesaleme ea 19:7, 8) Bibele e na le melao le litaelo tse phethahetseng, likhopotso tse tšepahalang le litaelo tse hloekileng tsa Jehova. Molaetsa o ka ho eona ke molao o motle haholo bakeng sa ho inonya.

6 Mabapi le molaetsa oo o bululetsoeng ke Molimo, moapostola Pauluse o re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:12) Ha ho pelaelo hore lentsoe la Molimo le ka nonya lipelo tsa rōna—seo re hlileng re leng sona botebong. Ebe re ka sebelisa molaetsa oo o kenang ka botebo le o matla joang? Mopesaleme o bolela ka ho hlaka hore na re ka o sebelisa joang ho nonya lipelo tsa rōna. O ile a bina a re: ‘Ho thaba motho ea thabelang molao oa Jehova, molao oa hae a o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.’ (Pesaleme ea 1:1, 2) “Molao oa Jehova” o ka Lentsoeng le ngotsoeng la Molimo, e leng Bibele. Re lokela ho thabela ho bala Lentsoe la Jehova. Ka sebele, re lokela ho ipha nako ea ho le bala ka lentsoe le tlaase, kapa ho thuisa ka lona. Ha re ntse re etsa sena, ho hlokahala hore re le lumelle hore le re nonye.

7. Ke tsela efe e ka sehloohong ea ho inonya hore na re tumelong?

7 Kahoo, tsela e ka sehloohong ea ho inonya hore na re tumelong kapa che, ke hore re bale re be re thuise ka Lentsoe la Molimo, le hore re hlahlobe hore na boitšoaro ba rōna bo lumellana hakae le seo re ithutang sona. Re ka thabela hore ho na le lintho tse ngata tse re thusang ho utloisisa Lentsoe la Molimo.

8. Lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” li ka re thusa joang ho inonya hore na re tumelong?

8 Jehova o lokiselitse lithuto le taeo ka lingoliloeng tse hlalosang Mangolo tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Ka mohlala, nahana ka lebokose le nang le sehlooho se reng “Lipotso Tsa ho Thuisa” le qetellong ea likhaolo tse ngata tsa buka ea Atamela ho Jehova. * Karolo ee ea buka e fa motho menyetla e metle hakaakang ea ho inonya! Litaba tse ngata tse tšohloang limakasineng tsa rōna, e leng Molula-Qhooa le Tsoha!, le tsona li re thusa ho inonya hore na re tumelong. Mabapi le lihlooho tse buang ka buka ea Liproverbia litokollong tsa morao tjena tsa Molula-Qhooa, morali e mong oabo rōna o ile a re: “Lihlooho tsena li thusa haholo. Li nthusa ho hlahloba hore na puo ea ka, boitšoaro ba ka le boikutlo ba ka na li hlile li lumellana le melao e lokileng ea Jehova.”

9, 10. Ke litokisetso life tsa Jehova tse re thusang ho tsoela pele re inonya hore na re tumelong?

9 Hape re fuoa tataiso e ngata le khothatso libokeng tsa phutheho le likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Tsena ke tse ling tsa litokisetso tsa moea tseo ka tsona Molimo a thusang bao Esaia a ileng a profeta tjena ka bona: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; lichaba tsohle li tla phallela ho eona. Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova, . . . o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.’” (Esaia 2:2, 3) Ruri ke tlhohonolofatso ho rupeloa joalo ka litsela tsa Jehova.

10 Re ka boela ra inonya ka keletso e tsoang ho ba nang le litšoaneleho tsa moea, ho akarelletsa baholo ba Bakreste. Bibele e re ka bona: “Barab’eso, esita le hoja motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo, ha ka bomong le ntse le ipehile leihlo, esere le lōna le ka lekoa.” (Bagalata 6:1) Ruri re ka leboha tokisetso ena e re thusang ho khutlela tseleng!

11. Ho hlokahala eng e le hore re inonye hore na re tumelong?

11 Lingoliloeng tsa rōna, liboka tsa Bokreste, banna ba khethiloeng—ke limpho tse babatsehang tse tsoang ho Jehova. Leha ho le joalo, ho inonya hore na re tumelong, ho hloka boitlhahlobo. Kahoo, ha re bala lingoliloeng tsa rōna kapa ha re mametse keletso ea Mangolo, ho hlokahala hore re ipotse: ‘Na moo ho buuoa ka ’na? Na ke ntho eo ke e etsang?’ Na ke khomaretse litumelo tsohle tsa Bokreste? Maikutlo a rōna ka boitsebiso boo re bo fumanang ka litokisetso tsena le ’ona a susumetsa bomoea ba rōna. Bibele e re: “Motho oa nama ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena. . . . Leha ho le joalo, motho oa moea o hlahloba lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 2:14, 15) Na ha rea lokela ho loanela ho lula re e-na le pono e ntle le ea moea ka seo re se balang ka har’a libuka, limakasine le lingoliloeng tse ling tsa rōna le ka seo re se utloang libokeng tsa rōna le ho baholo?

“Le ’Ne le Leke Seo le Leng Sona”

12. Ho leka seo re leng sona ho akarelletsa eng?

12 Ho leka seo re leng sona ho akarelletsa ho itlhahlobisisa. Ke ’nete hore re ka ba ’neteng, empa re phela tumellanong le eona hakae? Ho leka seo re leng sona ho akarelletsa ho fana ka bopaki ba hore re hōlile ka ho feletseng le hore re na le kananelo ea sebele ea litokisetso tsa moea.

13. Ho latela Baheberu 5:14, ke eng e bontšang hore re hōlile ka ho feletseng?

13 Re ka bona joang hore re Bakreste ba hōlileng ka ho feletseng moeeng? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Re bontša hore re hōlile ka ho feletseng moeeng ka ho koetlisa matla a rōna a ho lemoha. Feela joalokaha mesifa e meng ea ’mele oa moatlelete e hloka ho koetlisoa ka ho sebelisoa khafetsa pele a ka ipabola papaling ea hae, matla a rōna a ho lemoha a tlameha ho koetlisoa ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong.

14, 15. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaetsa ka matla ho ithuta lintho tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo?

14 Leha ho le joalo, pele re ka koetlisa matla a ho lemoha, re lokela ho ba le tsebo. E le hore sena se etsahale, ho hlokahala thuto ea botho e etsoang ka hloko. Ha re ithuta kamehla—haholo lintho tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo—matla a rōna a ho lemoha aa ntlafala. Lilemong tse fetileng, Molula-Qhooa o ’nile oa tšohla litaba tse ngata tse tebileng. Re etsa’ng ha re fumana lihlooho tse buang ka linnete tse tebileng haholo? Na re tloaetse ho li qoba hobane feela li bua ka “lintho tse ling tse thata ho utloisiseha”? (2 Petrose 3:16) Le hanyenyane, empa re ikitlaelletsa ho utloisisa hore na ho thoe’ng.—Baefese 3:18.

15 Ho thoe’ng haeba re thatafalloa ho ithuta? Ke habohlokoa hore re leke ho ithuta ho ho thabela. * (1 Petrose 2:2) E le hore re hōle ka ho feletseng, ho hlokahala hore re tloaele ho iphepa lijo tse tiileng, e leng linnete tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. Ho seng joalo, matla a rōna a ho lemoha a tla lula a fokola. Leha ho le joalo, ho bontša khōlo e feletseng, ha ho akarelletse feela ho ba le matla a ho lemoha. Bophelong, re lokela ho sebelisa tsebo eo re e fumaneng ka ho ithuta ka hloko.

16, 17. Morutuoa Jakobo o fana ka keletso efe mabapi le ho ba “baphethi ba lentsoe”?

16 Bopaki ba seo re leng sona bo boetse bo bontšoa ke tsela eo re ananelang ’nete ka eona—e leng mesebetsi ea rōna ea tumelo. Morutuoa Jakobo o sebelisa papiso e matla ha a hlalosa tsela ena ea ho itlhahlobisisa, o re: “Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela, le ithetsa ka monahano oa bohata. Etsoe haeba leha e le mang e le moutloi oa lentsoe, ’me e se mophethi, o joaloka motho ea talimang sefahleho sa hae sa tlhaho ka seiponeng. Kaha oa icheba, ebe oa tloha ’me kapele-pele o lebala hore na ke motho oa mofuta ofe. Empa ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona, motho enoa, kahobane e se moutloi ea lebalang, empa e le moetsi oa mosebetsi, o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:22-25.

17 Jakobo o re: ‘Nyarela ka seiponeng sa lentsoe la Molimo, ’me u itlhahlobisise. Phehella ho etsa sena ’me u itekole ka seo u se fumanang ka lentsoeng la Molimo. Joale, u se ke ua lebala ka potlako seo u se boneng. Lokisa moo ho hlokahalang.’ Ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba thata ho latela keletso ena.

18. Ke hobane’ng ha ho latela keletso ea Jakobo ho le thata?

18 Ka mohlala, nahana ka taelo ea hore re kopanele mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Pauluse o ile a ngola a re: “Ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.” (Baroma 10:10) Ho bolela ka molomo phatlalatsa hore re tle re bolokehe, ho hloka liphetoho tse ngata. Ho kopanela mosebetsing oa boboleli ha ho bonolo ho ba bangata ba rōna. Ho o chesehela le ho o etelletsa pele bophelong ho hloka liphetoho tse ngata le boitelo bo boholo. (Matheu 6:33) Empa ha re e-ba baetsi ba mosebetsi ona oa Molimo, rea thaba kahobane Jehova oa rorisoa ka lebaka la oona. Kahoo, na re baboleli ba chesehang ba ’Muso?

19. Mesebetsi ea rōna ea tumelo e lokela ho akarelletsa eng?

19 Mesebetsi ea rōna ea tumelo e lokela ho akarelletsa eng? Pauluse o re: “Lintho tseo le ileng la ithuta tsona hammoho le ho li amohela le ho li utloa le ho li bona mabapi le ’na, le tloaele ho li etsa; ’me Molimo oa khotso o tla ba le lōna.” (Bafilipi 4:9) Re bontša seo re leng sona ka ho etsa seo re ithutileng sona, seo re se amohetseng, seo re se utloileng le seo re se boneng—e leng sohle se akarelletsoang ke boinehelo ba Bokreste le ho ba morutuoa. Taelo eo Jehova a fanang ka eona ka moprofeta Esaia e re: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—Esaia 30:21.

20. Ke batho ba mofuta ofe bao e leng thuso e khōlō ka phuthehong?

20 Banna le basali ba ithutang Lentsoe la Molimo ka hloko, ba bolelang litaba tse molemo ka cheseho, ba tšepahalang ka ho feletseng le ba tšehetsang ’Muso ka botšepehi, ke thuso e khōlō ka phuthehong. Boteng ba bona bo etsa hore phutheho eo ba kopanelang ho eona e tiee. Ba thusa linthong tse ngata hobane ho na le ba bangata ba bacha ’neteng ba lokelang ho hlokomeloa. Ha re ela hloko keletso ea Pauluse e reng “le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona,” le rōna re ba le tšusumetso e ntle ho ba bang.

Thabela ho Etsa Thato ea Molimo

21, 22. Ke joang re ka thabelang ho etsa thato ea Molimo?

21 Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a bina tjena: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” (Pesaleme ea 40:8) Davida o ne a thabela ho etsa thato ea Molimo. Hobane’ng? Hobane molao oa Jehova o ne o le ka pelong ea Davida. Davida o ne a tseba hantle tsela eo a lokelang ho e nka.

22 Ha molao oa Molimo o le ka har’a litho tsa rōna tse ka hare, re tseba hantle tsela eo re lokelang ho e nka. Re thabela ho etsa thato ea Molimo. Joale, a re “ikitlaetseng ka matla” ha re ntse re sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle.—Luka 13:24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 15 Bakeng sa litlhahiso tse thusang tsa ho ithuta, bona leqephe la 27-32 bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Na U sa Hopola?

• Re ka inonya joang hore na re tumelong?

• Ho leka seo re leng sona ho akarelletsa eng?

• Re ka bontša khōlo e feletseng ea Bokreste joang?

• Mesebetsi ea rōna ea tumelo e re thusa joang ho hlahlobisisa seo re leng sona?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Na u tseba tsela e ka sehloohong ea ho inonya hore na u tumelong?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ha re sebelisa matla a rōna a ho lemoha, re bontša khōlo ea rōna e feletseng ea Bokreste

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Re bontša seo re leng sona ka ho se be ‘bautloi ba lebalang, empa ka ho ba baphethi ba lentsoe’