“Leseli le Hlakileng” la Bibele le Tsoang Laebraring ea Khale ka ho Fetisisa ea Russia
“Leseli le Hlakileng” la Bibele le Tsoang Laebraring ea Khale ka ho Fetisisa ea Russia
BANNA ba babeli ba litsebi ba tsoile letšolo ba batla libuka tsa Bibele tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. E mong le e mong o hahlaula mahoatateng a ntse a batla mahaheng, matlong a baitlami le matlong a khale a hahiloeng mafikeng a maholo. Lilemo hamorao, ba oelana laebraring ea sechaba ea khale ka ho fetisisa ea Russia, moo ho behiloeng tse ling tsa libuka tsa bohlokoahali tse sibolotsoeng tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Banna baa e ne e le bo-mang? Matlotlo aa ao ba ileng ba a sibolla a ile a fihla joang Russia?
Libuka Tsa Boholo-holo Tse Ngotsoeng ka Letsoho li Tšehetsa Lentsoe la Molimo
E le hore re tsebe e mong oa litsebi tsena tse peli, re lokela ho khutlela qalong ea lekholo la bo19 la lilemo nakong ea ha ho ne ho foka moea oa liphetoho Europe. Nako ena ea tsoelo-pele ho tsa saense le ea ho intlafatsa ha lichaba, e ile ea etsa hore batho ba belaelle litumelo tse tloaelehileng. Bahlahlobisisi ba phahameng ba Bibele ba ne ba batla litsela tsa ho nyenyefatsa matla a Bibele. Ha e le hantle, litsebi li ne li bolela hore li belaella bonnete ba taba e ngotsoeng ka Bibeleng.
Batho ba bang ba tšepahalang ba neng ba sireletsa Bibele ba ile ba lemoha hore libuka tse ncha tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tse tšehetsang Bibele, tseo ka nako eo li neng li e-s’o sibolloe, ntle ho pelaelo li ne li tla totobatsa hore Lentsoe la Molimo lea tšepahala. Haeba ho ne ho ka fumanoa libuka tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho, li ne li tla paka li thotse hore taba e ngotsoeng ka Bibeleng ha e na liphoso, le hoja e ne e le khale ho etsoa boiteko ba ho senya kapa ba ho sotha molaetsa oa eona. Hape, libuka tse joalo tse ngotsoeng ka letsoho li ne li ka senola libaka tse seng kae tseo ho tsona ho kentsoeng phetolelo e fosahetseng.
Likhang tse ling tse matlahali tsa bonnete ba Bibele li ile tsa qhoma Jeremane. Ke hona moo moprofesa e mong e monyenyane a ileng a nyahlatsa lithuto tsa hae e le hore a nke leeto leo ho lona a ileng a sibolla libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tsa bohlokoahali. Lebitso la hae e ne e le Konstantin von Tischendorf, eo e neng e le setsebi sa Bibele le eo ka lebaka la ho hana tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele a ileng a atleha haholo ho sireletsa bonnete ba taba e ngotsoeng ka Bibeleng. O ile a atleha haholo leetong la hae la pele lefeelleng la Sinai ka 1844. O ile a nyarela
ka moqomong oa lithōle sebakeng se seng sa baitlami, ’me a bona kopi ea khale ka ho fetisisa e kileng ea sibolloa ea Septuagint, e leng phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu.Ka thabo, Tischendorf o ile a khona ho nka maqephe a 43. Le hoja a ne a kholisehile hore ho sa na le a mang, o ile a fumana a seng makae feela ha a khutlela ka 1853. Ho ne ho etsahetse’ng ka a mang? Ka lebaka la ho felloa ke chelete, Tischendorf o ile a kōpa morui e mong hore a mo thuse, eaba o etsa qeto ea ho tloha ha habo hape ho ea batla libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. Leha ho le joalo, pele a kena letšolong lena, o ile a kōpa thuso ho morena oa Russia.
Morena o Bontša Tjantjello
Ho ka etsahala hore ebe Tischendorf o ile a ipotsa hore na ha a fihla naheng e khōlō ea Russia eo bolumeli ba eona e neng e le Boorthodox ba Russia, o ne a tla amoheloa joang kaha eena e ne e le setsebi sa Moprostanta. Ka lehlohonolo, e ne e le mehla ea liphetoho le ea tokiso Russia. Kaha thuto e ne e behiloe maemong a phahameng, Mofumahali Catherine II (hape o bitsoa Catherine e Moholo) o ile a bula Laebrari ea Borena ea St. Petersburg ka 1795. Kahobane e ne e le eona laebrari ea pele ea sechaba ea Russia, e ne e e-na le libuka tse ngata haholo tse ka sebelisoang ke batho ba limilione.
Le hoja e ne e thoholetsoa ka hore ke e ’ngoe ea lilaebrari tse khōlōhali tsa Europe, Laebrari ena ea Borena e ne e e-na le khoreletso e le ’ngoe. Ka mor’a lilemo tse 50 e butsoe, e ne e e-na le libuka tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho tse tšeletseng feela. Li ne li sa anele batho ba eketsehang ba Russia ba thahasellang ho ithuta lipuo tsa Bibele le liphetolelo tsa eona. Catherine II o ile a romela litsebi hore li e’o ithuta Seheberu liunivesithing tsa Europe. Ha litsebi tseo li se li khutlile, ho ile ha qalisoa lithupelo tsa Seheberu liseminaring tse khōlō tsa Orthodox ea Russia, ’me ka lekhetlo la pele, litsebi tsa Russia li ile tsa qala phetolelo e nepahetseng ea Bibele ea Serussia li nka Seheberung sa boholo-holo. Empa li ne li se na chelete e lekaneng li bile li hanyetsoa ke baeta-pele ba kereke ba khomaretseng mekhoa e tloaetsoeng. E ne e le hona tlhahiso leseling ea ’nete e neng e tla qala bakeng sa ba batlang tsebo ea Bibele.
Kapele feela Morena Alexander II o ile a utloisisa bohlokoa ba mosebetsi oa Tischendorf eaba o mo thusa ka lichelete. Ho sa tsotellehe hore ba bang ba ne ba “qetiloe ke khanyetso e bakoang ke mohono le cheseho e feteletseng,” Tischendorf o ile a khutla leetong la hae la Sinai a nkile libuka tsohle tse neng li saletse tsa Septuagint. * Hamorao li ile tsa bitsoa Codex Sinaiticus, ’me e sa ntse e le tse ling tsa libuka tse teng tsa Bibele tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho. Ha Tischendorf a fihla St. Petersburg, o ile a potlakela moreneng, Ntlong ea Borena ea Mariha. O ile a kōpa morena hore a tšehetse “o mong oa mesebetsi ea bohlokoahali tabeng ea ho ithuta Bibele ka kutloisiso”—e leng khatiso ea moqolo oa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li sa tsoa fumanoa, oo hamorao o ileng oa behoa Laebraring ea Borena. Morena o ile a lumela habonolo, ’me hamorao Tischendorf o ile a ngola ka thabo a re: “Molimo o file moloko oa rōna Bibele ea Sinai . . . hore ho rōna e be leseli le feletseng le le hlakileng la hore na taba ea sebele e ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo ke efe, le ho re thusa ho sireletsa ’nete [ea Bibele] ka ho tiisa hantle hore na sebōpeho sa lona sa ’nete ke sefe.”
Matlotlo a Bibele a Tsoang Crimea
Qalong ho boletsoe ka setsebi se seng hape se neng se ntse se batla matlotlo a Bibele. Setsebi see e ne e le mang? Lilengoana pele Tischendorf a khutlela Russia, Laebrari ea Borena e ile ea fuoa libuka tsa bohlokoa hoo li ileng tsa tsosa tjantjello ea morena tsa ba tsa etsa hore litsebi tse tsoang hohle Europe li khobokane Russia. Li ne li sa lumele seo li se bonang. Ka pel’a tsona ho ne ho e-na le libuka tse ngata haholo tse ngotsoeng ka letsoho le libuka tse ling. Li ne li le 2 412, ’me palo eo e khōlōhali e ne e akarelletsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 975 le meqolo. Har’a tsona ho ne ho e-na le libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tse 45 tsa pejana ho lekholo la leshome la lilemo. Hoa hlolla hore ebe monna oa setsebi sa Lekaraite ea bitsoang Abraham Firkovich o bokeletse libuka tsena tsohle tse ngotsoeng ka letsoho a le mong, ’me ka nako eo o ne a e-na le lilemo tse fetang tse 70! Makaraite e ne e le bo-mang? *
Potso ena e ile ea tsosa tjantjello ea morena haholo. Russia e ne e atolositse meeli ea eona hore e akaretse libaka tseo e neng e le tsa linaha tse ling. Ka ho etsa joalo e ile ea kenya merabe e mecha ’musong oa eona. Sebakeng se setle sa Crimea, se mabōpong a Leoatle le Letšo, ho ne ho ahile batho bao ho neng ho bonahala eka ke Bajuda empa mekhoa ea bona e le ea Maturkey, ’me ba bua puo e batlang e tšoana le Setatare. Makaraite ana a ne a bolela hore ke bana ba Bajuda ba ileng ba lelekeloa Babylona ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. Leha ho le joalo, ho fapana le bo-rabbi ba Bajuda, ba ne ba hana Talmud ’me ba hatella hore ho baloe Mangolo. Makaraite a Crimea a ne a labalabela ho fa morena bopaki ba hore a fapane le bo-rabbi ba Bajuda, ’me sena se ne se a khetholla ho bo-rabbi. Ha Makaraite a fana ka libuka tsa ’ona tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho, e ne e le ka sepheo sa ho paka hore a tsoa ho Bajuda ba ileng ba fallela Crimea ka mor’a kholeho ea Babylona.
Ha Firkovich a qala ho batla litlaleho tsa boholo-holo le libuka tse ngotsoeng ka letsoho, o ile a qala matlong a Chufut-Kale a hahiloeng mafikeng a maholo a Crimea. Meloko ea Makaraite e ne e lula ebile e rapela matlong ana a manyenyane a hahiloeng ka majoe a betliloeng mafikeng. Makaraite a ne a sa tabole libuka tse tsofetseng tsa Mangolo tse nang le lebitso la Molimo, Jehova, hobane a ne a nka hore ho etsa joalo ke ho hlompholla Molimo. Libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho li ne li behoa ka hloko ntlong ea polokelo e bitsoang genizah, eo ka Seheberu e bolelang “sebaka sa ho pata.” Kaha Makaraite a ne a hlompha lebitso la Molimo haholo, libuka tseo li ne li tšoaroa seoelo.
Firkovich o ile a batlisisa ka hloko libakeng tse nang le li-genizah a sa natse lerōle le pakellaneng ka makholo a lilemo. Ho e ’ngoe, o ile a fumana buka e ngotsoeng ka letsoho e tsebahalang haholo ea 916 C.E. E bitsoa Petersburg Codex ea Baprofeta ba Morao, ke e ’ngoe ea libuka tse teng tsa khale ka ho fetisisa tsa Mangolo a Seheberu.
Firkovich o ile a atleha ho bokella palo e khōlō ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho, ’me ka 1859 a etsa qeto ea ho fa Laebrari ea Borena libuka tse ngata tseo a neng a li bokeletse. Ka 1862, Alexander II o ile a thusa hore laebrari ena e reke libuka tseo ka chelete e neng e le ngata haholo ka nako eo e neng e etsa liruble tse 125 000. Nakong eo, chelete eohle e neng e abeloa laebrari ena e ne e
sa fete liruble tse 10 000 ka selemo! Libuka tse ileng tsa rekoa li ne li akarelletsa Leningrad Codex (B 19A) e tummeng. Ke ea ho tloha ka 1008 ’me ke Mangolo a Seheberu a feletseng a khale ka ho fetisisa lefatšeng. Setsebi se seng se ile sa bolela hore “mohlomong ke buka e le ’ngoe ea bohlokoahali e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele, kaha e ile ea tiisa taba e ngotsoeng ea liphetolelo tse ngata tsa kajeno tsa Bibele ea Seheberu tse fetoletsoeng ka hloko.” (Bona lebokose le leqepheng lena.) Selemong sona seo sa 1862, ho ile ha hatisoa Codex Sinaiticus ea Tischendorf, ’me lefatše lohle le ile la e thoholetsa.Leseli la Moea Mehleng ea Kajeno
Laebrari ena eo hona joale e tsejoang e le Laebrari ea Sechaba ea Russia ke sebaka se nang le pokello e khōlōhali lefatšeng ea libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. * E le mohlala oa se etsahalang historing ea Russia, lebitso la laebrari ena le fetotsoe ka makhetlo a supileng nakong ea lilemo tse makholo a mabeli. Lebitso le leng le tsebahalang ke la Laebrari ea Naha ea Saltykov-Shchedrin ea Batho Bohle. Le hoja merusu ea lekholo la bo20 la lilemo e ile ea ama laebrari ena, libuka tsa eona tse ngotsoeng ka letsoho ha lia ka tsa senyeha lintoeng tse peli tsa lefatše le nakong eo ka eona ho neng ho thibeletsoe Leningrad. Re rua molemo ofe libukeng tsee tse ngotsoeng ka letsoho?
Libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho ke motheo o tšepahalang oa liphetolelo tse ngata tsa kajeno tsa Bibele. Li thusa batho ba batlang ’nete ka tieo ho fumana phetolelo e nepahetseng ea Mangolo a Halalelang. Codex ea Sinaiticus le ea Leningrad li sebelisitsoe haholo Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova le e lokolotsoeng e feletse ka 1961. Ka mohlala, Biblia Hebraica Stuttgartensia le Biblia Hebraica ea Kittel, tse sebelisitsoeng ke Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha, li thehiloe ho Leningrad Codex ’me ka makhetlo a 6 828 li sebelisa litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo tse ngotsoeng mangolong a pele.
Ke babali ba seng ba kae ba Bibele ba tsebang hore ba lokela ho leboha laebrari e sa bueng ea St. Petersburg le libuka tsa eona tse ngotsoeng ka letsoho, tseo tse ling tsa tsona li nang le lebitso la pele la motse oo, e leng Leningrad. Empa, eo re lokelang ho mo leboha haholo ke Jehova, Mongoli oa Bibele, ea fanang ka leseli la moea. Kahoo, mopesaleme o ile a mo kōpa ka tieo: “Romela leseli la hao le ’nete ea hao. E se eka li ka ntsamaisa.”—Pesaleme ea 43:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 11 Har’a lintho tseo a ileng a tla le tsona ho ne ho e-na le Mangolo a Bakreste a Segerike a feletseng a khale hoo e ka bang a lekholong la bone le lilemo C.E.
^ ser. 13 E le hore u tsebe haholoanyane ka Makaraite, bona sehlooho se reng “Makaraite—Le ho Batla ’Nete ha ’Ona,” tokollong ea Molula-Qhooa oa July 15, 1995.
^ ser. 19 Karolo e khōlō ea Codex Sinaiticus e ile ea rekisetsoa Setsi sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa sa Brithani. Ho setse litsekana feela Laebraring ea Sechaba ea Russia.
[Lebokose le leqepheng la 13]
LEBITSO LA MOLIMO LEA TSEJOA EBILE LEA SEBELISOA
Jehova o sebelisitse bohlale ba hae ho tiisa hore Lentsoe la hae, e leng Bibele, le bolokoa ho fihlela mehleng ea kajeno. Mosebetsi oo bangoli ba ileng ba o khothalla ka lilemo-lemo, o thusitse hore e bolokoe. Bangoli ba hlokolosi haholo e ne e le Bamasorete, e leng bangoli ba hloahloa ba Baheberu ba ho tloha lekholong la botšelela ho ea lekholong la leshome la lilemo C.E. Seheberu sa boholo-holo se ne se sa ngoloe ka liluma-nosi. Ha nako e ntse e feta, Searame se ile sa nkela Seheberu sebaka, ’me sena se ile sa eketsa monyetla oa hore ho se ke ha tsejoa mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa mantsoe. Bamasorete ba ile ba qapa mokhoa oa ho kenya liluma-nosi mantsoeng a Bibele bakeng sa mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa mantsoe a Seheberu.
Habohlokoa ke hore ho latela liluma-nosi tsa Bamasorete tse sebelisitsoeng ho Leningrad Codex litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo li bitsoa ka litsela tse latelang, Yehwah’, Yehwih’, le Yeho·wah’. Hona joale lebitso lena le tsejoa haholo e le “Jehova.” Bangoli ba Bibele le batho ba bang ba boholo-holo ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo ba bile ba le tseba. Kajeno, batho ba limilione ba lumelang hore ‘Jehova, a le mong ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,’ ba tseba lebitso la Molimo ebile baa le sebelisa.—Pesaleme ea 83:18.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Phaposi ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho Laebraring ea Sechaba
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Mofumahali Catherine II
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Konstantin von Tischendorf (ea hare) le Alexander II, morena oa Russia
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Abraham Firkovich
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Both images: National Library of Russia, St. Petersburg
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]
Catherine II: National Library of Russia, St. Petersburg; Alexander II: From the book Spamers Illustrierte Weltgeschichte, Leipzig, 1898