Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lithuto Tsa ’Nete—U ka li Fumana Hokae?

Lithuto Tsa ’Nete—U ka li Fumana Hokae?

Lithuto Tsa ’Nete—U ka li Fumana Hokae?

MONNA e mong oa Tibet o bilikisa lebili le ngotsoeng lithapelo, e leng moropa o monyenyane o tšetseng lithapelo tse ngotsoeng. O lumela hore nako le nako ha a bilikisa lebili lena lithapelo tsa hae lia phetoa. Ntlong e ’ngoe e khōlō India, ho na le kamore e nyenyane e sebelisetsoang ho etsa puja—e leng tšebeletso e ka ’nang ea akarelletsa ho nyehela libano, lipalesa le lintho tse ling ho melimo le melimotsana e fapa-fapaneng. Italy, e bohōle ba lik’hilomithara tse likete ho tloha moo, mosali e mong o khumama ka kerekeng e majabajaba, ka pel’a setšoantšo sa Maria, ’mè oa Jesu, ’me o rapela a nkile lifaha tsa rosari.

Mohlomong u iponetse ka mahlo kamoo bolumeli bo susumetsang bophelo ba batho kateng. Buka e bitsoang The World’s Religions—Understanding the Living Faiths e re: “Bolumeli . . . bo ’nile ba phetha karolo ea bohlokoa lichabeng tsohle ’me bo ntse bo tsoela pele ho etsa joalo lefatšeng ka bophara.” Mongoli John Bowker bukeng ea hae e bitsoang God—A Brief History, o re: “Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le sechaba leha e le sefe seo ho sona Molimo a sa kang a ba le karolo e itseng, hangata e le ea laolang bokahohle kapa e le ’Mōpi. Sena ke ’nete esita le lichabeng tse ikhethetseng ho se lumele ho Molimo.”

Ka sebele, bolumeli bo susumelitse bophelo ba batho ba limilione. Na boo hase bopaki bo matla ba hore motho o hloka lintho tsa moea ebile oa li labalabela? Bukeng ea hae e bitsoang The Undiscovered Self, Dr. Carl G. Jung, e leng setsebi sa kelello se tummeng, o bua ka tlhoko ea motho ea ho rapela matla a phahameng haholoanyane ’me o re “[tlhoko ena] e bonahetse historing eohle ea batho.”

Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba lumele ho Molimo ebile ha ba rate bolumeli ho hang. Ba bang ba belaelang kapa ba latolang boteng ba Molimo ba etsa sena haholo-holo hobane malumeli ao ba a tloaetseng a hlōlehile ho khotsofatsa tlhoko ea bona ea moea. Bolumeli bo ’nile ba hlalosoa e le “boinehelo molao-motheong o itseng; botšepehi bo tiileng kanong kapa ho tiea kanong; ho chesehela lintho tsa bolumeli; lerato kapa kameho e mofuthu ho seo motho a se lumelang.” Ho ea ka tlhaloso ena, e batla e le motho e mong le e mong eo bophelong ba hae a inehetseng molao-motheong o itseng joalokaha eka ke bolumeli ba hae. Mona ho bile ho akarelletsoa le batho ba latolang boteng ba Molimo.

Lilemong tse likete tsa histori ea motho, boiteko ba motho ba ho khotsofatsa tlhoko ea hae ea moea bo entse hore a leke mefuta e mengata ea borapeli. Sena se entse hore lefatšeng ka bophara ho be le maikutlo a fapa-fapaneng haholo ka bolumeli. Ka mohlala, le hoja e batla e le malumeli ’ohle a tšehetsang ho lumela matleng a phahameng haholoanyane, a na le maikutlo a sa tšoaneng ka hore na matla ao ke mang kapa ke eng. Litumelo tse ngata li boetse li hatisa bohlokoa ba poloko kapa tokoloho. Empa lithuto tsa tsona lia fapana tabeng ea hore na poloko ke eng le hore na e fumanoa joang. Har’a litumelo tse ngata hakaale, re ka tseba joang lithuto tsa ’nete tse khahlisang Molimo?