Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e ka U Thusa Hore U Thabe

Bibele e ka U Thusa Hore U Thabe

Bibele e ka U Thusa Hore U Thabe

LE HOJA Bibele e se buka ea bongaka, e bua ka seo ho thaba kapa ho hlonama ho ka se etsang kelellong kapa ’meleng oa motho. Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” Re boetse rea bala: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 17:22; 24:10) Ho nyahama ho ka re qeta matla, ha re etsa hore re ikutloe re fokola re bile re sa sireletseha, re sa lakatse ho fetoha kapa ho batla thuso.

Ho nyahama ho ka boela ha ama motho moeeng. Batho ba nkang hore ha ba na thuso ba atisa ho nahana hore ba ke ke ba ba le kamano e ntle le Molimo le hore a ke ke a ba amohela. Simone, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ne a sa kholoe hore e ka ba “motho oa mofuta oo Molimo a ka o amohelang.” Leha ho le joalo, ha re sheba ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele, re bona hore Molimo o thabela ba lekang ho mo sebeletsa.

Molimo o Hlile oa Tsotella

Bibele e re bolella hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” Molimo ha a nyelise “pelo e robehileng le e sithabetseng,” empa o tšepisa ho ‘hlasimolla moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.’—Pesaleme ea 34:18; 51:17; Esaia 57:15.

Ka lekhetlo le leng Mora oa Molimo, Jesu, o ile a bona ho hlokahala hore a hlalosetse barutuoa ba hae ’nete ea hore Molimo o talima bahlanka ba Hae e le ba molemo. O ile a etsa mohlala ka ho bolela hore Molimo o bona ntho eo batho ba bangata ba ka e nkang e se ea bohlokoa—e leng ha serobele se oela fatše. O ile a totobatsa le hore Molimo o tseba le lintho tse nyenyane ka ho fetisisa ka batho, esita le palo ea moriri oa lihlooho tsa bona. Jesu o ile a qetella papiso ea hae ka ho re: “Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29-31) * Jesu o ile a bontša hore ho sa tsotellehe hore na batho ka bomong ba ikutloa joang ka bobona, batho ba nang le tumelo ke ba bohlokoa ho Molimo. Ha e le hantle, moapostola Petrose o re hopotsa hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

U se ke Ua Feteletsa Litaba

Lentsoe la Molimo le re khothaletsa hore re se ke ra feteletsa litaba ka tsela eo re inkang ka eona. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Ka mosa o sa tšoanelang oo ke o filoeng ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng, e mong le e mong kamoo Molimo a mo abetseng tekanyo ea tumelo.”—Baroma 12:3.

Ka sebele, ha re batle ho iphahamisa hoo re inahanang borōna feela, ebile ha re batle ho etsa se fapaneng le seo ebe re inka re se letho. Ho e-na le hoo, sepheo sa rōna e lokela ho ba ho italima ka tsela e nepahetseng, e leng tsela e bontšang hore rea tseba hore ho na le moo re leng matla teng le moo re fokolang teng. Mosali e mong oa Mokreste o ile a re: “Ha ke motho e mobe ho feta ba bang, ebile ha ke motho e motle ho feta ba bang. Ke na le makhabane le likoli, ’me batho bohle ba joalo.”

Leha ho le joalo, ho ba le boikutlo bo joalo bo sa feteletseng litaba ha ho bonolo. Haeba ka lilemo tse ngata re ’nile ra ikhalala, ho ka ’na ha hlokahala hore re loane ka thata hore re se hlole re e-ba le boikutlo boo. Leha ho le joalo, Molimo a ka re thusa hore re fetole botho ba rōna hammoho le boikutlo ba rōna bophelong. Ha e le hantle, ke sona seo Lentsoe la Molimo le re khothalletsang ho se etsa. Rea bala: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona tse thetsang; empa . . . le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”—Baefese 4:22-24.

Ha re leka ho fetola ‘matla a susumetsang likelello tsa rōna,’ ke hore, matla a laolang likelello tsa rōna, re ka fetola botho ba rōna hore re se ke ra felloa ke tšepo ho tlōla empa re be le tšepo. Lena, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ile a hlokomela hore haeba a sa lahle monahano oa hore ha ho motho ea mo ratang kapa ea ka mo thusang, ha ho letho le ka fetolang maikutlo a hae ka tsela eo a inkang ka eona. Ke keletso efe e molemo e ka Bibeleng e ileng ea thusa Lena, Simone le ba bang hore ba fetohe?

Melao-motheo ea Bibele e Eketsang Thabo

“Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Ntho e ka sehloohong e ka re thusang hore re thabe e le kannete ke thapelo. Simone o re: “Neng le neng ha ke ikutloa ke nyahame, ke ea ho Jehova ebe ke kōpa thuso ea hae. Maemong ’ohle ke ’nile ka utloa hore oa ’matlafatsa ebile oa ntataisa.” Ha mopesaleme a re khothalletsa ho lahlela moroalo oa rōna ho Jehova, o hlile o re hopotsa hore Jehova ha a re tsotelle feela empa hape o re nka re le batho bao a tšoanelang ho ba thusa le ho ba tšehetsa. Bosiung ba Paseka ea 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba sareloa ha a ba bolella hore o tla tloha a tsamaea. Jesu o ile a ba khothalletsa hore ba rapele Ntate, eaba o eketsa ka ho re: “Kōpang ’me le tla amohela, e le hore thabo ea lōna e ka ba e feletseng.”—Johanne 16:23, 24.

“Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Joalokaha Jesu a ile a ruta, ho fana ke senotlolo sa ho thaba e le kannete bophelong. Ho sebelisa ’nete ena ea Bibele ho re thusa hore re nahane ka litlhoko tsa batho ba bang, eseng ka mefokolo ea rōna. Ha re thusa batho ba bang ’me re hlokomela hore ba ananela seo re ba etselitseng sona, re ikutloa re khotsofetse. Lena o kholisehile hore ho bua kamehla le baahelani ba hae ka litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng, ho mo thusa ka litsela tse peli. O re: “Ea pele, joalokaha Jesu a boletse, hoa nthabisa ebile hoa nkhotsofatsa. Ea bobeli, ke utloa litaba tse ngata tse monate, ’me sena sea nyakallisa.” Ha re itela ka mosa, re tla tseba hore Liproverbia 11:25 e bua ’nete ha e re: “Ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.”

“Ho motho ea hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tšoeu ke mokete oa ka mehla.” (Liproverbia 15:15, Bibele ea Sesotho) Kaofela rea khetha hore na re inka joang le hore na re nka maemo a rōna joang. Re ka ’na ra tšoana le motho ea bonang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le mpe ebe o ikutloa a hlorile, kapa ra khetha ho nahana ka lintho tse ntle, ’me ra utloa ‘lipelo tsa rōna li le tšoeu,’ ebe re thaba joalokaha eka re ne re le moketeng. Simone o re: “Ke leka kahohle kamoo nka khonang ho ba le pono e ntle ea litaba. Ke tšoareha thutong ea botho le tšebeletsong, ’me ke phehella thapelong. Ke boetse ke leka ho ba har’a batho ba nkhothatsang, ’me ke leka ho thusa ba bang.” Boikutlo ba mofuta ona bo thabisa e le kannete, joalokaha Bibele e re khothalletsa e re: “Ithabeleng ho Jehova ’me le nyakalle, lōna ba lokileng; hoeletsang ka thabo, lōna bohle ba lipelo li lokileng.”—Pesaleme ea 32:11.

“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Se ka re thusang ho loantša maikutlo a mabe le ho a leleka pele a re imela ke hore re bolele bothata ba rōna ho motho eo re mo ratang kapa ho moeletsi eo re mo tšepang. Ho bua le ba bang ho ka re thusa ho bona lintho ka tsela e tsitsitseng le e ntle. Simone o re: “Ho ntša maikutlo ho thusa haholo. U lokela ho bolella motho e mong kamoo u ikutloang kateng. Hangata, ho hlokahala feela hore u tsoe ka taba.” Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u tsebe hore maele ana ke ’nete: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.”—Liproverbia 12:25.

Seo U ka se Etsang

Re buile ka melao-motheo e seng mekae feela e babatsehang le e molemo ea Bibele e ka re thusang hore re hlōle maikutlo a mabe ’me re thabe e le kannete. Haeba u e mong oa ba tšoenngoang ke maikutlo a ho ikhalala, re u khothaletsa ho hlahlobisisa Lentsoe la Molimo, e leng Bibele. Ithute ho inka ka tsela e bontšang hore u hlaphohetsoe kelellong le e leka-lekaneng ’me u nke kamano ea hao le Molimo ka tsela e tšoanang. Re na le tšepo e tiileng ea hore Lentsoe la Molimo le tla u tataisa e le hore lintho tsohle tseo u li etsang li u thabise e le kannete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Lengolo lena le tšohloa ka ho qaqileng leqepheng la 22 le la 23.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho phela ka melao-motheo ea Bibele hoa thabisa