Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Neng Motho a Bang le Lebaka la ho Khopeha?

Ke Neng Motho a Bang le Lebaka la ho Khopeha?

Ke Neng Motho a Bang le Lebaka la ho Khopeha?

BIBELE e re ho Moeklesia 7:9: “Ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.” Temana ena e bontša hore ha rea lokela ho fela pelo ha motho e mong a re khopisa, ho e-na le hoo re lokela ho tšoarela ba bang.

Leha ho le joalo, na Moeklesia 7:9 e bolela hore ho hang ha rea lokela ho khopisoa ke ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe? Na e bolela hore re lokela ho tšoarela batho bohle ba re khopisitseng ho sa tsotellehe hore na ba entse lintho tse mpe hakae kapa hore na ba li pheta hangata hakae ebe ha re etse letho ka tsona? Na ha rea lokela ho tsotella hore na seo re se buang kapa re se etsang se khopisa batho ba bang kapa che hobane feela re tseba hore motho eo re mo khopisang o lokela ho re tšoarela? Le hanyenyane.

Jehova Molimo o beha mohlala o motle ka ho fetisisa oa lerato, mohau, ho tšoarela le ho mamella. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata Bibele e bolela hore o ne a halefisitsoe. Ha batho ba ne ba mo sitetsoe haholo, o ne a ba nkela khato. Nahana ka mehlala ena.

Ho Siteloa Jehova

Tlaleho e ho 1 Marena 15:30 e bua ka libe tsa Jeroboame “tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe le ka ho halefisa ha hae Jehova.” Ho 2 Likronike 28:25, Bibele e re mabapi le Morena Akaze oa Juda: “A etsa libaka tse phahameng bakeng sa ho etsetsa melimo e meng mosi oa sehlabelo, hoo a ileng a siteloa Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.” Mohlala o mong o fumanoa ho Baahloli 2:11-14 e reng: “Bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova ’me ba sebeletsa bo-Baale . . . , hoo ba ileng ba siteloa Jehova. . . . Eaba bohale ba Jehova bo tukela Baiseraele, hoo a ileng a nehelana ka bona matsohong a ba nkang thepa ka mahahapa.”

Ho na le lintho tse ling tse ileng tsa halefisa Jehova le tseo a neng a lokela ho li nkela bohato bo matla. Ka mohlala, ho Exoda 22:18-20, re bala mantsoe ana: “U se ke ua boloka moloi oa mosali a phela. Mang kapa mang ea robalang le phoofolo ruri o tla bolaoa. Ea etsetsang melimo e meng mahlabelo haese Jehova feela o tla neheloa timetso.”

Hase kamehla Jehova a ileng a tšoarela litšito tse khōlō tsa Baiseraele ba mehleng ea khale ha ba ne ba mo siteloa khafetsa ba bile ba sa bontše pako ea ’nete. Ha ba ne ba sa bontše hore ba fela ba bakile ba bile ba sa nke bohato ba ho fetola litsela tsa bona hore ba mamele Jehova, Molimo o ne a qetella a ba timelitse. Sena se ile sa etsahalla sechaba sohle ha Bababylona ba se timetsa ka 607 B.C.E., le ha Baroma ba se timetsa ka 70 C.E.

Ka sebele, Jehova o khopisoa ke lintho tse nyonyehang tseo batho ba li buang le ho li etsa ebile ba mo siteloang ka ho etsa libe tse tebileng ba sa bake, oa ba ahlola. Empa na see se bolela hore o balelloa har’a bao Moeklesia 7:9 e buang ka bona? Le hanyenyane. Ho loketse hore a khopehe ha ho entsoe libe tse tebileng ’me ka linako tsohle o ahlola ka ho hloka leeme. Bibele e bua tjena ka Jehova: “Mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.”—Deuteronoma 32:4.

Ho Siteloa Batho ba Bang Haholo

Ho latela Molao oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele ba boholo-holo, motho o ne a lokela ho latsoa liphello tse babang ka lebaka la ho siteloa batho ba bang haholo. Ka mohlala, haeba lesholu le ne le kene ka tlung ea motho bosiu ebe mong’a ntlo oa le bolaea, o ne a se na molato oa mali. O ne a sa ikemisetsa ho bolaea senokoane seo. Kahoo, re bala mantsoe a reng: “Haeba lesholu le fumanoa le thuha ’me le otloa le shoa, [mong’a ntlo] ha [a na] molato oa mali.”—Exoda 22:2.

Ke ka tšoanelo mosali ea betiloeng a ikutloang a hlabehile, kaha ena ke tlōlo ea molao e khōlō mahlong a Molimo. Molao oa Moshe o ne o re monna ea betileng mosali o lokeloa ke lefu “feela joalokaha monna [ea neng] a tsohela oa habo matla ’me a mo bolaea” a ne a lokela ho bolaoa. (Deuteronoma 22:25, 26) Le hoja re se re se tlas’a Molao oo, o re bontša hore na Jehova o ikutloa joang ka ketso e mpe ea ho beta.

Le kajeno, peto e ntse e le tlōlo ea molao e khōlō eo kahlolo ea eona e leng e matla. Ka sebele motho ea betiloeng o na le tokelo e feletseng ea ho tlaleha taba eo mapoleseng. Ka tsela ena molao o tla ahlola senokoane seo. ’Me haeba ho betiloe ngoana, batsoali ba na le tokelo ea ho se qosa.

Litšito Tse Nyenyane

Leha ho le joalo, hase kamehla ho hlokahalang hore ha motho a re sitetsoe re ee molaong. Kahoo, ha rea lokela ho ba lifela-peloana, ebe re khopisoa ke liphoso tse nyenyane tsa batho ba bang, empa re lokela ho ba batho ba tšoarelang. Re lokela ho tšoarela batho ba bang ka makhetlo a makae? Moapostola Petrose o ile a botsa Jesu: “Morena, ke ka makhetlo a makae mor’eso a lokelang ho ntšiteloa ’me ke mo tšoarele? Ho fihlela makhetlong a supileng?” Jesu o ile a mo araba ka ho re: “Ke re ho uena, eseng, ho fihlela makhetlong a supileng, empa, ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.”—Matheu 18:21, 22.

Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore re tsoele pele re ntlafatsa botho ba rōna ba Bokreste e le hore re leke ho fokotsa ho khopisa batho ba bang. Ka mohlala, ha u sebelisana le batho ba bang, na ka linako tse ling ha u be masene, u ba hlaba ka mantsoe le ho ba hlapaola? Mekhoa e joalo e tla khopisa ba bang. Motho ea khopisitseng e mong ha aa lokela ho nka feela hore ea khopisitsoeng o lokela ho mo tšoarela, empa o lokela ho elelloa hore ke eena ’maka-litaba. O lokela ho loanela hore a ntlafatse liketso le lipuo tsa hae e le hore ho tloha sethathong a se ke a khopisa ba bang. Boiteko boo bo tla re thusa hore re se khopise ba bang khafetsa. Bibele e re hopotsa sena: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Haeba re khopisitse ba bang, esita le ha re ne re sa etsa ka boomo, ho kōpa tšoarelo ke tsela e ntlehali ea ho lokisa litaba.

Lentsoe la Molimo le bontša hore re lokela ho ‘phehella lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.’ (Baroma 14:19) Haeba re le masene re bile re le mosa, re tla sebelisa maele ana: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” (Liproverbia 25:11) Ruri seo sea thabisa ebile sea nyakallisa! Puo e mosa le e buuoang ka masene e ka ba ea fetola maikutlo a sa fetoheng a ba bang: “Leleme le bonolo le ka roba lesapo.”—Liproverbia 25:15.

Kahoo, Lentsoe la Molimo lea re eletsa: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) Ha ho thoe “se nōkiloeng ka letsoai” ho boleloa hore re bue le batho ba bang hantle, e leng se ka etsang hore re se ke ra khopisa ba bang. Ka lipuo le ka liketso tsa bona, Bakreste ba loanela ho sebelisa keletso ena ea Bibele: ‘Batla khotso ’me u e phehelle.’—1 Petrose 3:11.

Ka hona, e lokela ebe Moeklesia 7:9 e bolela hore re lokela ho qoba ho felisoa pelo ke liphoso tse nyenyane tsa batho ba bang. Liphoso tsena li ka ’na tsa bakoa ke hore motho ha aa phethahala kapa mohlomong li ka ba tsa etsoa ka boomo, le hoja e se libe tse tebileng. Empa haeba ketso eo e le sebe se tebileng, hoa utloahala hore motho eo e entsoeng ho eena a ka ’na a khopiseha ’me a khetha ho nka mohato o loketseng.—Matheu 18:15-17.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Jehova o ile a tlohela Baiseraele ba sa bakeng hore ba timetsoe ke Baroma ka 70 C.E.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

“Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta”