Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Bobeli

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Bobeli

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Marena a Bobeli

BUKA ea Bibele ea Marena a Bobeli ke ntšetso pele ea buka ea Marena a Pele. Ke tlaleho ea marena a 29—e leng a 12 a ’muso o ka leboea oa Iseraele le a 17 a ’muso o ka boroa oa Juda. Buka ea Marena a Bobeli le eona e pheta liketso tsa baprofeta bana ba bararo, e leng Elia, Elisha le Esaia. Le hoja e sa thathamise liketsahalo ho ea ka nako ea tsona, tlaleho ena e akarelletsa se etsahetseng nakong ea ha ho ne ho timetsoa Samaria le Jerusalema. Ka kakaretso, buka ea Marena a Bobeli e akaretsa nako ea lilemo tse 340—ho tloha ka 920 B.C.E. ho ea ho 580 B.C.E. ha moprofeta Jeremia a e phethela.

Buka ea Marena a bobeli e ka re tsoela molemo joang? E re ruta eng ka Jehova le ka liketso tsa hae? Ke lintho life tseo re ka ithutang tsona ka liketso tsa marena, tsa baprofeta le tsa ba bang ba boletsoeng bukeng ee? A re boneng hore na re ka ithuta eng bukeng ea Marena a Bobeli.

ELISHA O HLAHLAMA ELIA

(2 Marena 1:1–8:29)

Morena Akazia oa Iseraele o oa a le lapeng la hae ’me oa kula. O fumana molaetsa o tsoang ho moprofeta Elia oa hore o tla shoa. Akazia oa shoa, ’me Jorame, e leng ngoan’abo oa mo hlahlama. Khabareng, Josafate ke morena oa Juda. Elia o nkoa ka sefefo, ’me mothusi oa hae, e leng Elisha, o mo hlahlama mosebetsing oa boprofeta. Lilemong tse latelang tse ka bang 60 tseo Elisha e bileng moprofeta ka tsona, o etsa mehlolo e mengata.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Mehlolo ea Elisha.”

Ha morena oa Moabe a fetohela Iseraele, Jorame, Josafate le morena oa Edomo baa mo futuhela. Ba fuoa matla a hore ba hlōle ka lebaka la botšepehi ba Josafate. Hamorao, morena oa Syria o lokisetsa ho hlasela Baiseraele ka ho ba tsometsa. Empa Elisha o senya morero oo. Morena oa Syria oa halefa ’me o romela “lipere le likoloi tsa ntoa le lebotho le matla la sesole” ho ea tšoara Elisha. (2 Marena 6:14) Elisha o etsa mehlolo e ’meli ’me o khutlisa Basyria ka khotso. Ka mor’a nako e itseng, Morena Ben-hadade oa Syria o thibella Samaria. Sena se fella ka tlala ea sekoboto, empa Elisha o bolela esale pele hore tlala eo e tla fela.

Ka mor’a nakoana, Elisha o ea Damaseka. Morena Ben-hadade, ea seng a kula joale, o romela Hazaele ho ea botsa hore na o tla fola. Elisha o bolela esale pele hore morena o tla shoa le hore Hazaele o tla busa bakeng sa hae. Ka letsatsi le hlahlamang feela, Hazaele o bipetsa morena ka “lesela le koahelang moalo” le metsi ’me o nka puso. (2 Marena 8:15) Mora oa Josafate, e leng Jorame, e ba morena oa Juda, ’me o hlahlangoa ke mora oa hae Akazia.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Marena a Juda le a Iseraele.”

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

2:9—Ke hobane’ng ha Elisha a ile a kōpa ‘likarolo tse peli tsa moea oa Elia’? E le hore Elisha a phethahatse boikarabelo ba ho ba moprofeta oa Iseraele, o ne a tla hloka moea o tšoanang le o bontšitsoeng ke Elia, e leng moea oa ho ba sebete le ho hloka tšabo. Elisha o ile a hlokomela hore ho tla ba joalo, ’me o ile a kōpa likarolo tse peli tsa moea oa Elia. Elia o ile a khetha Elisha eo e neng e bile mohlokomeli oa hae ka lilemo tse tšeletseng hore e be mohlahlami oa hae. Kahoo, Elisha o ne a nka Elia e le ntat’ae oa moea; ’me ho Elia, Elisha o ne a tšoana le mora oa letsibolo oa moea. (1 Marena 19:19-21; 2 Marena 2:12) Kahoo, feela joalokaha ngoana oa letsibolo a ne a fumana likarolo tse peli tsa lefa la ntat’ae, Elisha o ile a kōpa Elia hore a mo fe likarolo tse peli tsa lefa la moea, ’me o ile a li fumana.

2:11—‘Maholimo’ ao Elia a ileng “a nyolohela . . . ka sefefo” ho ’ona ke afe? Maholimo ana e ne e se likarolo tse hōle-hōle tsa sepakapaka ebile e ne e se sebaka sa moea seo Molimo le bara ba hae ba mangeloi ba lulang ho sona. (Deuteronoma 4:19; Pesaleme ea 11:4; Matheu 6:9; 18:10) “Maholimo” ao Elia a ileng a nyolohela ho ’ona e ne e le sepakapaka seo re se bonang. (Pesaleme ea 78:26; Matheu 6:26) Ho bonahala hore ha koloi ea mollo e ntse e matha sepakapakeng e ile ea isa Elia karolong e ’ngoe ea lefatše, moo a ileng a phela teng ka nako e itseng. Ha e le hantle, lilemo hamorao, Elia o ile a ngolla Jorame, morena oa Juda.—2 Likronike 21:1, 12-15.

5:15, 16—Ke hobane’ng ha Elisha a sa ka a amohela mpho ea Naamane? Elisha o ile a hana mpho eo hobane a ne a hlokomela hore mohlolo oa ho phekola Naamane o ne o entsoe ka matla a Jehova, eseng a hae. Ho hang o ne a ke ke a nahana hore a rue ka boemo boo Molimo a mo fileng bona. Kajeno barapeli ba ’nete ha ba sebeletse Jehova e le hore ba rue. Ba nka ka botebo keletso ena ea Jesu: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8.

5:18, 19—Na Naamane o ne a kōpa tšoarelo hobane a ne a tla lokela ho kopanela ketsong e itseng ea bolumeli? Ho bonahala eka morena oa Syria o ne a tsofetse a bile a fokola ’me o ne a tlameha ho itšetleha ka Naamane. Ha morena a ne a inama ho rapela Rimone, Naamane le eena o ne a inama. Leha ho le joalo, Naamane eena o ne a inama feela ka morero oa ho tšehetsa morena eseng oa ho rapela. Naamane o ne a kōpa Jehova hore a mo tšoarele ha a phetha mosebetsi ona oa sechaba. Elisha o ile a kholoa mantsoe a Naamane eaba o re ho eena: “E-ea ka khotso.”

Seo re Ithutang Sona:

1:13, 14. Bophelo bo ka pholosoa ka ho ithuta ka seo motho a se boneng le ka ho nka khato ka boikokobetso.

2:2, 4, 6. Le hoja Elisha e ne e bile mohlokomeli oa Elia mohlomong ka lilemo tse tšeletseng, o ile a tsitlella hore a ke ke a tlohela Elia. Ka sebele ke mohlala o motle oa botšepehi le botsoalle!—Liproverbia 18:24.

2:23, 24. Ho bonahala lebaka le leholo la ho songoa ha Elisha e le hore monna ea lefatla o ne a apere seaparo se khethehileng sa Elia. Bana bana ba ile ba hlokomela hore Elisha ke moemeli oa Jehova ’me kahoo ba ne ba sa mo batle sebakeng seo. Ba ile ba re ho eena “nyoloha,” ke ho re, tsoela pele u fetele Bethele kapa u nyolohe joaloka Elia. Ho hlakile hore bana bana ba ne ba bontša lehloeo la batsoali ba bona. Ruri ke habohlokoa hore batsoali ba rute bana ba bona hore ba hlomphe baemeli ba Molimo!

3:14, 18, 24. Lentsoe la Jehova le tla lula e ntse e le ’nete.

3:22. Ha letsatsi la hoseng le chabela holim’a metsi, le ile la etsa hore ho bonahale eka metsi ke mali, mohlomong hobane mobu oa liforo tse neng li sa tsoa chekoa o ne o e-na le letsopa le lefubelu. Sena se bontša hore Jehova a ka khetha ho sebelisa lintho tsa tlhaho ha a phetha merero ea hae.

4:8-11. Mosali e mong oa Shuneme o ile a amohela Elisha e le moeti hobane a ne a hlokomela hore ke “monna ea halalelang oa Molimo.” Na hase sona seo le rōna re lokelang ho se etsetsa barapeli ba tšepahalang ba Jehova?

5:3. Ngoananyana enoa oa Moiseraele o ne a lumela hore Molimo o na le matla a ho etsa mehlolo. Hape o ne a bua ka tumelo ea hae ka sebete. Bacha, na le loanela ho ba le tumelo e matla litšepisong tsa Molimo le ho ba sebete e le hore le bolelle mesuoe ea lona le bao le kenang sekolo le bona ’nete?

5:9-19. Na mohlala oa Naamane ha o bontše hore motho ea ikhohomosang a ka ithuta boikokobetso?—1 Petrose 5:5.

5:20-27. Ho phela bophelo ba boikaketsi ho ile ha tlisa liphello tse bohloko hakaakang! Ho nahana ka masisa-pelo le tlokotsi e ka tlisoang ke ho phela bophelo ba boikaketsi ho ka re thusa hore re bo qobe.

BAISERAELE LE BAJUDA BA EA KHOLEHONG

(2 Marena 9:1–25:30)

Jehu o tlotsetsoa ho ba morena oa Iseraele. Ka potlako o kena letšolong la ho bolaea ba ntlo ea Akabe. Ka bohlale Jehu ‘o felisa borapeli ba Baale Iseraele.’ (2 Marena 10:28) Ha Athalia, ’mè oa Akazia, a utloa hore mora oa hae o bolailoe ke Jehu, oa ‘ema ’me o timetsa bana bohle ba ’muso oa Juda’ ebile o nka puso ka likhoka. (2 Marena 11:1) Mora oa lesea oa Akazia, e leng Joase, ke eena feela ea pholohang, ’me ka mor’a hore a patoe ka lilemo tse tšeletseng o behoa boreneng ba Juda. Joase o rupeloa ke moprista Jehojada, ’me o tsoela pele a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.

Marena ’ohle a busang Iseraele ka mor’a Jehu, a etsa se sebe mahlong a Jehova. Elisha o shoa lefu la tlhaho mehleng ea setloholo sa Jehu. Akaze ke morena oa bone oa Juda ea hlahlamang Joase, ’me ‘ha a etse se nepahetseng mahlong a Jehova.’ (2 Marena 16:1, 2) Leha ho le joalo, mora oa hae Ezekiase, e ba morena ea ‘khomarelang Jehova.’ (2 Marena 17:20; 18:6) Ka 740 B.C.E., ha Ezekiase e le morena oa Juda, Hoshea o busa Iseraele, Morena Shalmanesere oa Assyria o ‘hapa Samaria ’me o isa Baiseraele kholehong Assyria.’ (2 Marena 17:6) Ka mor’a moo, balichaba ba kenngoa naheng ea Iseraele, ’me ho qalisoa bolumeli ba Basamaria.

Har’a marena a supileng a Juda a hlahlamang Ezekiase, ke Josiase feela ea nkang bohato ba ho felisa borapeli ba bohata ka hare ho naha. Qetellong, ka 607 B.C.E., Bababylona ba hapa Jerusalema ’me “Bajuda ba ea kholehong ho tloha naheng ea bona.”—2 Marena 25:21.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

13:20, 21—Na mohlolo oo o tšehetsa borapeli ba masapo a bahalaleli? Che. Bibele ha e bontše hore ho na le mohla masapo a Elisha a kileng a hlomphuoa ka tsela ea borapeli. Mohlolo ona o ne o entsoe ka matla a Molimo, joalokaha ho ne ho le joalo ka mehlolo eohle eo Elisha a neng a e entse ha a sa ntse a phela.

15:1-6—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla Azaria [Uzia] ka lepera? “Hang ha [Uzia] a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa . . . hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano holim’a aletare ea libano.” Eitse ha baprista “ba ema khahlanong le . . . Uzia” ’me ba mo bolella hore a ‘tsoe sehalalelong,’ o ile a halefela baprista eaba o otloa ka lepera.—2 Likronike 26:16-20.

18:19-21, 25—Na Ezekiase o ne a entse selekane le Egepeta? Che. Mantsoe ana a Rabshake a ne a fosahetse, feela joalokaha polelo ea hae ea hore o tlile ka “tumello ea Jehova” e ne e fosahetse. Morena Ezekiase ea tšepahalang o ne a tšepile Jehova ka ho feletseng.

Seo re Ithutang Sona:

9:7, 26. Kahlolo e matla khahlanong le ntlo ea Akabe e bontša hore borapeli ba bohata le ho tšolloa ha mali a se nang molato ke manyala ho Jehova.

9:20. Botumo ba hore Jehu ke mokhanni ea mafolofolo oa koloi ea ntoa e ne e le bopaki ba hore o phethahatsa thōmo ea hae ka cheseho. Na uena u tsejoa u le ’moleli ea chesehang oa ’Muso?—2 Timothea 4:2.

9:36, 37; 10:17; 13:18, 19, 25; 14:25; 19:20, 32-36; 20:16, 17; 24:13. Re ka kholiseha hore ‘lentsoe le tsoang molomong oa Jehova ka sebele le tla atleha.’—Esaia 55:10, 11.

10:15. Feela joalokaha Jonadabe a ile a amohela memo ea Jehu ka pelo eohle ha a re a hloelle le eena koloing ea hae ea ntoa, “bongata bo boholo” bo ikemiselitse ho tšehetsa Jesu Kreste, e leng Jehu oa mehleng ena, le balateli ba hae ba tlotsitsoeng.—Tšenolo 7:9.

10:30, 31. Le hoja Jehu a ne a etsa liphoso, Jehova o ile a bontša hore o ananela sohle seo a ileng a se etsa. Ka sebele, ‘Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa rōna.’—Baheberu 6:10.

13:14-19. Kaha Joase, e leng setloholo sa Jehu, ha aa ka a ikitlaetsa empa o ile a otla fatše ka metsu ka makhetlo a mararo feela, ha aa ka a atleha ho hlōla Basyria ka ho feletseng. Jehova o lebeletse hore ha re etsa mosebetsi oo a re abetseng oona re o etse ka pelo eohle le ka cheseho.

20:2-6. Jehova ke “Ea Utloang thapelo.”—Pesaleme ea 65:2.

24:3, 4. Jehova “ha aa ka a lumela ho tšoarela” Juda ka lebaka la molato oa mali oa Manase. Molimo o hlompha mali a ba se nang molato. Re ka kholiseha hore Jehova o tla phetetsa mali a se nang molato ka ho felisa ba molato oa ho a tšolla.—Pesaleme ea 37:9-11; 145:20.

Ke ea Bohlokoa ho Rōna

Buka ea Marena a Bobeli e bontša hore Jehova ke Mophethi oa litšepiso. Ho isoa kholehong ha baahi ba mebuso ena e ’meli, e leng ho ileng ha qala ka oa Iseraele ha nt’o latela oa Juda, ho re hlokomelisa ka matla kamoo kahlolo ea boprofeta e tlalehiloeng ho Deuteronoma 28:15–29:28 e ileng ea phethahala kateng. Buka ea Marena a Bobeli e hlalosa Elisha e le moprofeta ea chesehelang lebitso la Jehova le borapeli ba ’nete haholo. Ezekiase le Josiase ba hlalosoa e le marena a ikokobelitseng a hlomphang Molao oa Molimo.

Ha re ntse re nahana ka botebo ka maikutlo le ka liketso tsa marena, tsa baprofeta le tsa ba bang bao buka ea Marena a Bobeli e buang ka bona, na ha re ithute lintho tsa bohlokoa mabapi le seo re lokelang ho se phehella le seo re lokelang ho se qoba? (Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:11) Ha ho pelaelo hore “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Baheberu 4:12.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

MEHLOLO EA ELISHA

1. Metsi a Jordane aa aroloa.—2 Marena 2:14

2. Mohloli o mobe oa metsi a Jeriko o etsoa hore e be o phelisang.—2 Marena 2:19-22

3. Bana ba litlokotsebe ba hlaseloa ke libere.—2 Marena 2:23, 24

4. Mabotho a fuoa metsi.—2 Marena 3:16-26

5. Mohlolohali o fuoa oli ea ho pheha.—2 Marena 4:1-7

6. Mosali oa nyopa oa Shuneme oa emola.—2 Marena 4:8-17

7. Ngoana o tsosoa bafung.—2 Marena 4:18-37

8. Sechu se nang le chefo sea jeha.—2 Marena 4:38-41

9. Banna ba lekholo ba feptjoa ka mahobe a 20.—2 Marena 4:42-44

10. Naamane o phekoloa lepera.—2 Marena 5:1-14

11. Lepera la Naamane le fetela ho Gehazi.—2 Marena 5:24-27

12. Hloohoana ea selepe ea phaphamatsoa.—2 Marena 6:5-7

13. Mohlanka o bona likoloi tsa ntoa tsa mangeloi.—2 Marena 6:15-17

14. Lebotho la ntoa la Syria le otloa ka bofofu.—2 Marena 6:18

15. Lebotho la ntoa la Syria le tutubolloa mahlo.—2 Marena 6:19-23

16. Monna ea shoeleng oa phela.—2 Marena 13:20, 21

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 12]

MARENA A JUDA LE A ISERAELE

Saule/Davida/Solomone: 1117/1077/1037 B.C.E. *

’MUSO OA JUDA SELEMO (B.C.E.) ’MUSO OA ISERAELE

Reboame ․․․․․ 997 ․․․․․ Jeroboame

Abija/Asa ․․․ 980/978 ․․․

․ 976/975/952 ․ Nadabe/Baasha/Ela

․ 951/951/951 ․ Zimri/Omri/Tibni

․․․․․ 940 ․․․․․ Akabe

Josafate ․․․․․ 937 ․․․․․

․․․ 920/917 ․․․ Akazia/Jorame

Jorame ․․․․․ 913 ․․․․․

Akazia ․․․․․ 906 ․․․․․

(Athalia) ․․․․․ 905 ․․․․․ Jehu

Joase ․․․․․ 898 ․․․․․

․․․ 876/859 ․․․ Joakaze/Joase

Amazia ․․․․․ 858 ․․․․․

․․․․․ 844 ․․․․․ Jeroboame II

Azaria (Uzia) ․․․․․ 829 ․․․․․

․ 803/791/791 ․ Zakaria/Shalume/Menaheme

․․․ 780/778 ․․․ Pekakia/Peka

Jothame/Akaze ․․․ 777/762 ․․․

․․․․․ 758 ․․․․․ Hoshea

Ezekiase ․․․․․ 746 ․․․․․

․․․․․ 740 ․․․․․ Samaria ea haptjoa

Manase/Amone/

Josiase ․ 717/661/659 ․

Joakaze/Jojakime ․․․ 628/628 ․․․

Jojakine/Tsedekia ․․․ 618/617 ․․․

Jerusalema ea

timetsoa ․․․․․ 607 ․․․․․

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 66 Lilemo tse ling ke tseo puso e qalileng ka tsona.

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Naamane o ile a ikokobetsa eaba o phekoloa ka matla a Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Ho ile ha etsahala’ng ka Elia ha ‘a nyoloha ka sefefo’?