Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tšoenngoa ke Maikutlo a ho Ikhalala?

Na U Tšoenngoa ke Maikutlo a ho Ikhalala?

Na U Tšoenngoa ke Maikutlo a ho Ikhalala?

HAESALE Lena a tšoenngoa ke maikutlo a ho ikhalala ka lilemo tse ka bang 30. O ile a re: “Kaha ke ile ka hlekefetsoa ka ho kopanela liphate ke sa le ngoana, ke ’nile ka ikutloa ke se na seriti ka ho feletseng. Ke ne ke ikutloa ke se na thuso ho hang.” Simone le eena o hopola ha e sa le mocha, ’me o re: “Botebong ke ne ke ikutloa ke le ntho feela ke bile ke lumela hore ha ke letho.” Ho bonahala ho hloka thabo ho tebileng ho bakoang ke maikutlo a mofuta ona ho atile kajeno. Mokhatlo o mong o fang bacha likeletso ka thelefono o bolela hore hoo e ka bang halofo ea batho ba o letsetsang ba bolela hore ba na le “maikutlo a sa khaotseng a ho ikhalala.”

Litsebi tse ling li bolela hore ho ikhalala ho bakoa ke ho hobosoa. Monahano oa mofuta ona o ka ’na oa bakoa ke ho halefeloa khafetsa, ho nyefoloa, kapa ho tlatlapuoa hampe. Ho sa tsotellehe hore na lintho tsena li etsoa ka lebaka lefe, li ka qetella li fokolisitse motho ebile li mo ntšitse kotsi. Phuputso ea tsa bongaka e sa tsoa etsoa e bontša hore hangata batho ba ikhalalang ha ba itšepe ebile ha ba tšepe batho ba bang, kahoo, ba senya setsoalle le likamano tse haufi ba sa ikemisetsa. Tlaleho ea phuputso ena e bolela hore, “ka tsela e itseng, ba ‘ipakela’ likhathatso ka bobona.”

Hangata batho ba ikutloang ka tsela ena ba hlaseloa ke seo Bibele e se bitsang ‘menahano ea bona e hlokisang botsitso.’ (Pesaleme ea 94:19) Ba na le boikutlo ba hore ha ba na molemo oa letho. Ha ho hlaha phoso, ba itjarisa molato. Leha batho ba bang ba ka ba rorisa ka seo ba se finyelletseng, botebong ba ikutloa eka ke balotsana ba tla tloha ba senoleha. Kaha batho ba bangata ba lumela hore ha baa tšoanela ho thaba, ba itšoara ka tsela e ba ntšang kotsi eo ba ikutloang ba se na matla a ho e fetola. Ka lebaka la ho ikhalala, Lena, eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a ba le bothata bo boholo ba ho ja, ’me o re, “Ke ne ke nka hore ha ho letho leo nka le fetolang.”

Na ba tšoenngoang ke ‘menahano e hlokisang botsitso’ ba bōpetsoe ho ikutloa ka tsela ee bophelong bohle ba bona? Na ho na le se ka etsoang hore motho a hlōle maikutlo aa? Bibele e na le melao-motheo le keletso e molemo e thusitseng ba bangata hore ba atlehe ntoeng ena. E meng ea melao-motheo ee ke efe, hona e thusitse joang ba nang le bothata boo hore ba fumane thabo bophelong? Sehlooho se latelang se tla hlalosa.