Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Botle bo Pota-Potiloe ke Bobe

Botle bo Pota-Potiloe ke Bobe

Botle bo Pota-Potiloe ke Bobe

MEHLENG ena, ho ka bonahala eka ha ho na batho ba ikemiselitseng ho itella ba bang. Leha ho le joalo, batho ba bang ba sa ntse ba rata ho thusa ba bang ka litsela tse itseng. Selemo le selemo, batho ba bangata ba fana ka liranta tse likete tsa limilione mekhatlong eo ba nkang hore e etsa se setle ’me e lokela ho thusoa. Ka mohlala, ka 2002 mekhatlo ea Brithani ea thekolohelo e ile ea phalleloa ka chelete e ngata ka ho fetisisa ea liranta tse likete tse limilione tse 84. Ho tloha ka 1999, bo-raliphallelo ba leshome ba fane kapa ba tšepisitse hore ba tla fana ka liranta tse fetang likete tse limilione tse 246 bakeng sa ho thusa bahloki.

Mesebetsi e meng e metle e entsoeng ke basebetsi ba mekhatlo ea thekolohelo e akarelletsa ho lefella litšenyehelo tsa bongaka tsa malapa a batho ba fumanang meputso e tlaase, ho tataisa bana ba batsoali ba se nang balekane, ho lefella mananeo a ho entela thibelo ea mafu linaheng tse futsanehileng, ho fa bana ba mafutsana buka ea bona ea pele e ncha, ho fa lihoai tsa linaha tse futsanehileng liruuoa tse atang kapele le ho fana ka liphallelo bathong ba oetsoeng ke likoluoa tsa tlhaho.

Litaba tsena tse boletsoeng ka holimo li bontša hore batho ba na le matla a ho etsetsa ba bang lintho tse molemo. Empa ka masoabi, ho boetse ho na le batho ba etsang liketso tse mpe ka ho fetisisa.

Bobe Boa Eketseha

Esale Ntoa ea II ea Lefatše e lala, ho tlalehiloe liketsahalo tse ka bang 50 tseo ho tsona ho ileng ha nkoa bohato ba ho timetsa merabe e meng le tseo ho tsona batho ba bangata ba ileng ba bolaoa ka mabaka a lipolotiki. Koranta e bitsoang American Political Science Review e re: “Liketsahalong tsena, ho shoele batho ba ka bang limilione tse 12 haesita le batho ba limilione tse 22 ba neng ba sa loane, ’me palo ena e feta ea batho bohle ba shoeleng lintoeng tsa mahae le tsa machaba ho tloha ka 1945.”

Lilemong tsa ho qetela tse 50 tsa lekholo la bo20 la lilemo, Cambodia ho ile ha bolaoa batho ba ka bang limilione tse 2,2 ka mabaka a lipolotiki. Banna, basali le bana ba fetang 800 000 ba ile ba bolaoa Rwanda ka lebaka la lehloeo la merabe. Batho ba 200 000 ba ile ba bolaoa Bosnia ka mabaka a hlohlelletsoang ke bolumeli le lipolotiki.

Ka 2004 mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a bolela liketso tsa morao-rao tsa bokhopo ka mantsoe a latelang: “Re bone ha baahi ba Iraq ba rinngoa ka lonya, ha basebetsi ba liphallelo, baqolotsi ba litaba le batho ba bang ba sa loaneng ba koeteloa ba bile ba fenethoa ka sehlōhō se fetisisang. Ka lehlakoreng le leng, re bone ha batšoaruoa ba Iraq ba hobosoa. Re boetse re bone ha baahi ba bangata ba Darfur ba baleha mahaeng a bona, le ha matlo a bona a heletsoa ebile ho sebelisoa leqheka le leng la ntoa la ho beta basali ba lireng. Re bone ha bana ba pongoa litho ’me ba qobelloa ho etsa liketso tse sehlōhō ka ho fetisisa Uganda. Re bone ha bana ba koeteloa ba bile ba bolaoa ka sehlōhō Beslan.”

Esita le linaheng tseo ho thoeng ke tse tsoetseng pele, ho bonahala tlōlo ea molao e etsoang ka lebaka la lehloeo la merabe e eketseha. Ka mohlala, ka 2004 Independent News e ile ea tlaleha hore “ka lilemo tse fetileng tse leshome lenane la batho ba ileng ba hlaseloa kapa ba hlekefetsoa ka lebaka la bomorabe le ile la eketseha ka makhetlo a leshome le motso o le mong” Brithani.

Ebe ke hobane’ng ha batho ba nang le matla a ho etsa lintho tse molemo tjee ba etsa liketso tse mpe hakaale? Na bobe boo bo tla ke bo fele? Joalokaha sehlooho se latelang se bontša, Bibele e fana ka likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsena tse thata.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Mark Edwards/Still Pictures/Peter Arnold, Inc.