Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Batla ho Loka ho Tla re Sireletsa

Ho Batla ho Loka ho Tla re Sireletsa

Ho Batla ho Loka ho Tla re Sireletsa

“Joale, le ’ne le batle . . . pele . . . ho loka ha [Molimo].”—MATHEU 6:33.

1, 2. Mokreste e mong e mocha o ile a etsa qeto efe, hona ke hobane’ng ha a ile a etsa qeto eo?

MOROETSANA e mong oa Mokreste oa Asia e ne e le mongoli ofising ea ’muso. E ne e le motho ea hlokolosi, a fihla ka nako mosebetsing a bile a se botsoa mosebetsing. Leha ho le joalo, kaha mosebetsi oa hae e ne e le oa nakoana ho ile ha hlahlojoa hore na a ka sebetsa ka nako eohle. Mookameli oa lefapha o ile a bolella moroetsana enoa hore o tla mo hira ka nako eohle a be a mo fe le boemo bo phahameng ho feta boo, hafeela a ka kopanela le eena boitšoarong bo bobe. Moroetsana enoa o ile a hana hehehe!, le hoja ho etsa joalo ho ne ho tla bolela ho felloa ke mosebetsi.

2 Na moroetsana eo oa Mokreste o ile a etsa ntho e sa utloahaleng ka ho hana? Che, o ne a latela ka hloko mantsoe a Jesu a reng: “Joale, le ’ne le batle . . . pele . . . ho loka ha [Molimo].” (Matheu 6:33) Ho latela melao-motheo e lokileng ho ne ho le bohlokoa haholo ho eena ho feta ho fumana molemo o itseng ka ho etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate.—1 Bakorinthe 6:18.

Bohlokoa ba ho Loka

3. Ho loka ke eng?

3 “Ho loka” ho bolela ho khomarela melao-motheo e tšepahalang ea boitšoaro. Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike le la Seheberu bakeng sa ho loka le bolela “ho ba le ’nete” kapa “ho ba khabane.” Hase ho itokafatsa, ho ikahlola ka litekanyetso tsa rōna. (Luka 16:15) Ke ho loka ho thehiloeng litekanyetsong tsa Jehova. Ke ho loka ha Molimo.—Baroma 1:17; 3:21.

4. Ke hobane’ng ha ho loka e le habohlokoa ho Mokreste?

4 Ke hobane’ng ha ho loka e le habohlokoa? Ke hobane Jehova, “Molimo . . . ea lokileng,” o hauhela batho ba hae ha ba etsa se lokileng. (Pesaleme ea 4:1; Liproverbia 2:20-22; Habakuke 1:13) Mang kapa mang ea etsang lintho tse sa lokang a ke ke a ba le kamano e haufi le eena. (Liproverbia 15:8) Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a ileng a phehella Timothea a re: “U balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha, empa u phehelle ho loka,” hammoho le litšobotsi tse ling tsa bohlokoa. (2 Timothea 2:22) Hape, ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a akarelletsa “tšireletso ea sefuba ea ho loka” ha a ne a thathamisa likarolo tse sa tšoaneng tsa lihlomo tsa moea.—Baefese 6:14.

5. Ke joang libōpuoa tse sa phethahalang li ka batlang ho loka?

5 Ho hlakile hore, ha ho motho ea lokileng kahohle-hohle. Kaofela re futsitse ho se phethahale ho Adama, ebile kaofela re baetsalibe, re batho ba sa lokang ho tloha tsoalong. Leha ho le joalo, Jesu o itse re lokela ho batla ho loka. See se ka khoneha joang? Se ka khoneha hobane Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo bakeng sa rōna, ’me haeba re bontša tumelo sehlabelong seo, Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela libe. (Matheu 20:28; Johanne 3:16; Baroma 5:8, 9, 12, 18) Ka lebaka leo, ha re ntse re ithuta melao e lokileng ea Jehova ’me re ikitlaelletsa ho e boloka, re rapella thuso ea hore re hlōle mefokolo ea rōna, Jehova o amohela borapeli ba rōna. (Pesaleme ea 1:6; Baroma 7:19-25; Tšenolo 7:9, 14) Seo se khothatsa hakaakang!

Ho Loka Lefatšeng le sa Lokang

6. Ke hobane’ng ha lefatše e ne e le sebaka se kotsi ho Bakreste ba pele?

6 Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba rongoa hore e be lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,” ba ile ba thulana le bothata. (Liketso 1:8) Tšimo eohle eo ba neng ba e abetsoe e ne e “rapaletse matleng a ea khopo,” e leng Satane. (1 Johanne 5:19) Lefatše le ne le silafalitsoe ke moea o khopo o hlohleletsoang ke Satane, ’me Bakreste ba ne ba tla hahlameloa ke tšusumetso ea lona e silafatsang. (Baefese 2:2) Lefatše e ne e le sebaka se kotsi ho bona. Ba ne ba ka khona ho mamella le ho boloka botšepehi ba bona ka hore feela ba batle ho loka ha Molimo. Ba bangata ba ile ba mamella, empa ba seng bakae ba ile ba kheloha ‘tsela ea ho loka.’—Liproverbia 12:28; 2 Timothea 4:10.

7. Ke boikarabelo bofe boo Mokreste a nang le bona bo mo hlokang hore a hanele litšusumetso tse silafatsang?

7 Na lefatše ke sebaka se sireletsehileng bakeng sa Bakreste kajeno? Che! Le silafetse haholo ho feta lekholong la pele la lilemo. Ho phaella moo, Satane o lahletsoe lefatšeng ’me o loana ntoa ea khumamela le Bakreste ba tlotsitsoeng, “ba setseng ba peō ea [mosali], ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 12:12, 17) Hape Satane o hlasela leha e le bafe ba tšehetsang “peō” eo. Leha ho le joalo, Bakreste ba ke ke ba ipatela se etsahalang lefatšeng. Le hoja e se karolo ea lona, ba tlameha ho phela ho lona. (Johanne 17:15, 16) Ebile ba lokela ho bolela ho lona e le hore ba batle batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng le ho ba ruta hore e be barutuoa ba Kreste. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ka hona, kaha ho ke ke ha khoneha hore Bakreste ba qobe ka ho feletseng litšusumetso tse silafatsang tsa lefatše lena, ba tlameha ho li hanela. A re tšohleng tse ’nè tsa litšusumetso tseo.

Leraba la Boitšoaro bo Bobe

8. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba rapela melimo ea Bamoabe?

8 Baiseraele ba bangata ba ile ba kheloha tsela ea ho loka, ho elella qetellong ea leeto la bona la lilemo tse 40 lefeelleng. Ba ne ba bone liketso tse ngata tsa Jehova tsa topollo, ’me ba ne ba tla tloha ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Leha ho le joalo, hona nakong eo ea bohlokoa, ba ile ba qala ho sebeletsa melimo ea Bamoabe. Hobane’ng? Ba ile ba inehella ‘takatsong ea nama.’ (1 Johanne 2:16) Tlaleho e re: “Sechaba sa qala ho kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe.”—Numere 25:1.

9, 10. Ke boemo bofe bo teng kajeno bo hlokang hore re se ke ra lebala hore ho na le litakatso tse sa lokang tsa nama tse ka re susumetsang?

9 Ketsahalo eo e bontša kamoo litakatso tse sa lokang tsa nama li ka silafatsang ba sa falimehang. Re lokela ho ithuta ho hong ka eona, haholo-holo kaha boitšoaro bo bobe bo se bo nkoa hohle e le mokhoa o amohelehang oa bophelo. (1 Bakorinthe 10:6, 8) Tlaleho e tsoang United States e re: “Pele ho 1970, tloaelo ea ho phela ha batho hammoho ba sa nyalana e ne e le ntho e sa lumelloang [United States]. Hona joale e se e fetohile mokhoa o tloaelehileng. Karolo e ka holimo ho halofo ea batho ba nyalanang ka lekhetlo la pele ba kile ba phela hammoho pele ho lenyalo.” Boitšoaro bona bo hlephileng hammoho le bo bong bo tšoanang le bona hase ntho e etsahalang naheng e le ’ngoe feela. Ke ntho e etsahalang lefatšeng lohle, ’me ka masoabi, Bakreste ba bang ba latetse mokhoa ona—ba ba ba senya botumo ba bona bo botle ba Bokreste ka phuthehong.—1 Bakorinthe 5:11.

10 Ho feta moo, ho bonahala liphatlalatso tse khothalletsang boitšoaro bo bobe li le hohle. Libaesekopo le mananeo a thelevishene li fana ka maikutlo a hore ha ho letho le phoso ha bacha ba kopanela liphate pele ho lenyalo. Likamano tsa bosodoma li hlahisoa e le ntho e tloaelehileng. ’Me mananeo a mangata a bontša liketso tse eketsehileng tsa ho kopanela liphate ka mokhoa o pepenene. Litšoantšo tse bontšang liketso tsa ho kopanela liphate pepenene le tsona li fumaneha habonolo Inthaneteng. Ka mohlala, moqolotsi e mong oa koranta o ile a tlaleha hore mora oa hae ea lilemo li supileng o ile a fihla hae a tsoa sekolong eaba o mo bolella a thabile hore motsoalle eo a kenang sekolo le eena o fumane sebaka seo ho sona ho bontšoang litšoantšo tsa basali ba sa aparang ba etsang liketso tsa ho kopanela liphate Inthaneteng. Ntate enoa o ile a tšoha, empa ke bana ba bakae ba bonang lintho tse joalo empa ba sa bolelle batsoali ba bona ka tsona? Ho phaella moo, ke batsoali ba bakae ba tsebang mofuta oa lipapali tsa video tseo bana ba bona ba li bapalang? Lipapali tse ngata tse tloaelehileng li bontša boitšoaro bo nyonyehang, hammoho le bodemona le pefo.

11. Lelapa le ka sireletsoa joang boitšoarong bo bobe ba lefatše?

11 Lelapa le ka hanela joang “boithabiso” bo joalo bo nyonyehang? Ka hore le batle ho loka ha Molimo pele, le ka ho hana ho kopanela nthong leha e le efe e amanang le boitšoaro bo bobe. (2 Bakorinthe 6:14; Baefese 5:3) Batsoali ba laolang hantle lintho tseo bana ba bona ba li etsang le ba ba rutang ho rata Jehova le melao ea hae e lokileng, ba ba sireletsa litšoantšong tse manyala tse hlephisang boitšoaro, lipapaling tsa video tse nang le litšoantšo tse hlephisang boitšoaro, libaesekopong tse bontšang boitšoaro bo bobe le litekong tse ling tse sa lokang.—Deuteronoma 6:4-9. *

Likotsi Tsa Khatello e Tlisoang ke Batho ba Tikolohong eo Motho a Phelang ho Eona

12. Ke bothata bofe bo ileng ba hlaha lekholong la pele la lilemo?

12 Ha Pauluse a le Lystra e Asia Minor, o ile a phekola motho ka mohlolo. Tlaleho e re: “Ha bongata bo bona seo Pauluse a se entseng, ba phahamisa mantsoe, ba re ka leleme la Selykaonia: ‘Melimo e bile joaloka batho ’me e theohetse ho rōna!’ Ba qala ho bitsa Barnabase Zeuse, empa Pauluse ba mo bitsa Hermese, kaha e ne e le eena ea eteletseng pele ho bueng.” (Liketso 14:11, 12) Hamorao bongata bona boo bo ne bo batla ho bolaea Pauluse le Barnabase. (Liketso 14:19) Ho hlakile hore, batho bao ba ne ba susumelitsoe haholo ke khatello ea batho ba tikolohong eo ba phelang ho eona. Ho bonahala eka ha batho ba bang ba sebakeng seo e e-ba Bakreste, ha baa ka ba lahla litumela-khoela tsa bona. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Kolose, o ile a ba lemosa ka “borapeli ba mangeloi.”—Bakolose 2:18.

13. E meng ea meetlo eo Mokreste a lokelang ho e qoba ke efe, hona a ka fumana joang matla a ho e qoba?

13 Kajeno, Bakreste ba ’nete le bona ba lokela ho qoba meetlo e ratoang haholo e thehiloeng likhopolong tsa bolumeli ba bohata tse sa hlompheng melao-motheo ea Bokreste. Ka mohlala, linaheng tse ling, mekete e mengata e tloaelehileng e etsoang ha ngoana a hlaha le e etsetsoang bafu e thehiloe leshanong la hore re na le moea o tsoelang pele o phela ha re e-shoa. (Moeklesia 9:5, 10) Linaheng tse ling ho na le moetlo oa hore bana ba banana ba pongoe litho tsa botšehali. * Ona ke mokhoa o sehlōhō, le o sa lumellaneng le tlhokomelo e lerato eo batsoali ba Bakreste ba lokelang ho e bontša bana ba bona. (Deuteronoma 6:6, 7; Baefese 6:4) Bakreste ba ka hanela joang khatello e teng tikolohong ea habo bona ’me ba lahla mekhoa e joalo? Ka hore ba tšepe Jehova ka ho feletseng. (Pesaleme ea 31:6) Molimo ea lokileng o tla matlafatsa le ho hlokomela bao ka pelo eohle ba reng ho eena: “U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.”—Pesaleme ea 91:2; Liproverbia 29:25.

U se ke ua Lebala Jehova

14. Jehova o ile a fa Baiseraele temoso efe nakoana pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng?

14 Nakoana pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a ba lemosa hore ba se ke ba mo lebala. O ile a re: “U itebele hore u se ke ua lebala Jehova Molimo oa hao hoo u sa bolokeng litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno; esere ua ja ua ikhotsofatsa, ua haha matlo a matle ’me ua lula ho ’ona, ’me mohlape oa hao oa liphoofolo tse khōlō le mohlape oa hao oa likhutšoane oa eketseha, ’me ua ateloa ke silevera le khauta, ’me sohle sa hao sa eketseha; pelo ea hao ea phahama eaba u lebala Jehova Molimo oa hao.”—Deuteronoma 8:11-14.

15. Re ka tiisa joang hore ha re lebale Jehova?

15 Na ntho e tšoanang e ka etsahala kajeno? E, e ka etsahala, haeba lintho tse tlang pele bophelong ba rōna li fosahetse. Leha ho le joalo, haeba re batla ho loka ha Molimo pele, borapeli bo hloekileng e tla ba ntho ea bohlokoahali bophelong ba rōna. Joalokaha Pauluse a re khothalelitse, re tla ‘ithekela nako e loketseng’ ’me re etse tšebeletso ea rōna re ntse re hopola hore metsotso e se e jele babeli. (Bakolose 4:5; 2 Timothea 4:2) Leha ho le joalo, haeba re nka ho ba teng libokeng le tšebeletsong ea tšimo e se lintho tsa bohlokoa ho feta boikhathollo kapa monyaka, re ka lebala Jehova ka kutloisiso ea ho mo nka e se motho ea tlang pele bophelong ba rōna. Pauluse o itse matsatsing a ho qetela, batho e ne e tla ba “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:4) Bakreste ba tšepahalang ba itlhahloba kamehla e le hore ba tiise hore ha ba susumetsoe ke monahano o joalo.—2 Bakorinthe 13:5.

Hlokomela Moea oa Boitaolo

16. Eva le batho ba bang ba mehleng ea Pauluse ba ile ba bontša moea ofe o sa lokang?

16 Serapeng sa Edene, Satane o ile a atleha ho susumetsa Eva hore a be le takatso ea boithati ea ho batla ho itaola. Eva o ne a batla ho iketsetsa liqeto mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. (Genese 3:1-6) Lekholong la pele la lilemo, ba bang ka phuthehong ea Korinthe ba ne ba e-na le moea o joalo oa boitaolo. Ba ne ba nahana hore ba bohlale ho feta Pauluse, ’me o ile a ba phoqa ka ho ba bitsa baapostola ba lokileng ho tlōla.—2 Bakorinthe 11:3-5; 1 Timothea 6:3-5.

17. Re ka qoba ho ba le moea oa boitaolo joang?

17 Kajeno lefatšeng, batho ba bangata ba ‘hlooho li thata, ba ikhohomosa ka boikakaso,’ ’me Bakreste ba bang ba susumelitsoe ke monahano o joalo. Ba bang ba bile ba hanyetsa ’nete. (2 Timothea 3:4; Bafilipi 3:18) Litabeng tsa borapeli bo hloekileng, ke habohlokoa hore re batle tataiso ho Jehova ’me re sebelisane le “lekhoba le tšepahalang le le masene” le baholo ba phutheho. Eo ke eona tsela ea ho batla ho loka, ebile e re sireletsa hore re se ke ra ba le moea oa boitaolo. (Matheu 24:45-47; Pesaleme ea 25:9, 10; Esaia 30:21) Phutheho ea batlotsuoa ke “tšiea le setšehetso sa ’nete.” Jehova o e thehile ka morero oa ho re sireletsa le ho re tataisa. (1 Timothea 3:15) Ho ela hloko karolo ea bohlokoa eo e e phethang ho tla re thusa hore re se “etse letho ka lebaka la ho rata likhang” ha re ntse re ikokobeletsa thato ea Jehova e lokileng.—Bafilipi 2:2-4; Liproverbia 3:4-6.

Etsisang Jesu

18. Re khothalletsoa ho etsisa Jesu ka litsela life?

18 Bibele e ile ea profeta tjena ka Jesu: “U ratile ho loka ’me u hloile bokhopo.” (Pesaleme ea 45:7; Baheberu 1:9) Boo ke boikutlo bo botle hakaakang boo re lokelang ho bo etsisa! (1 Bakorinthe 11:1) Jesu o ne a sa tsebe litekanyetso tsa Jehova feela; empa o ne a li rata. Kahoo ha Satane a ne a mo leka lefeelleng, ha aa ka a tsila-tsila ho hana ’me o ne a ikemiselitse hore a ke ke a kheloha “tseleng ea ho loka.”—Liproverbia 8:20; Matheu 4:3-11.

19, 20. Liphello tse molemo tsa ho batla ho loka ke life?

19 Ke ’nete hore, litakatso tse sa lokang tsa nama li ka ba matla. (Baroma 7:19, 20) Leha ho le joalo, haeba ho loka e le ntho ea bohlokoa ho rōna, ho tla re matlafaletsa ho loantša bokhopo. (Pesaleme ea 119:165) Haeba re rata ho loka ka ho tebileng, ho tla re sireletsa ha re thulana le bobe. (Liproverbia 4:4-6) Hopola hore, neng le neng ha re inehella tekong, Satane oa hlōla. Ho molemo hakaakang ha re mo hanela e le hore Jehova e be eena ea hlōlang!—Liproverbia 27:11; Jakobo 4:7, 8.

20 Kaha Bakreste ba ’nete ba batla ho loka, ba “tlala litholoana tse lokileng, tse teng ka Jesu Kreste, khanyeng le thorisong ea Molimo.” (Bafilipi 1:10, 11) Ba apara “botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baefese 4:24) Ke batho ba Jehova ’me ba phelela ho mo sebeletsa, eseng ho ikhahlisa. (Baroma 14:8; 1 Petrose 4:2) Sena ke sona se laolang menahano le liketso tsa bona. Ka sebele ba thabisa pelo ea Ntat’a bona ea leholimong haholo!—Liproverbia 23:24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Buka e bitsoang Lekunutu la Thabo ea Lelapa e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova e na le litlhahiso tsa bohlokoa tse ka thusang batsoali ho sireletsa lelapa litšusumetsong tsa boitšoaro bo bobe.

^ ser. 13 Moetlo ona o bitsoa lebollo la basali.

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho batla ho loka?

• Mokreste ea sa phethahalang a ka batla ho loka joang?

• Tse ling tsa lintho tsa lefatše tseo Mokreste a lokelang ho li qoba ke life?

• Ho batla ho loka ho ka re sireletsa joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lefatše e ne e le sebaka se kotsi ho balateli ba Jesu

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Bana ba rutoang ho rata Jehova ba tla sireletseha boitšoarong bo bobe

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Baiseraele ba bang ba ile ba lebala Jehova ka mor’a hore ba be le maruo Naheng e Tšepisitsoeng

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Joaloka Jesu, Bakreste ba hloile ho se loke