Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa

Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa

Pale ea Bophelo

Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa

JOALOKAHA HO BOLETSE JOYCELYN VALENTINE

Ka 1989 monna oa ka o ile a ea naheng e ’ngoe ka mosebetsi. O ile a tšepisa hore o tla romela chelete e le hore ke tsebe ho hlokomela bana ba ka ba robeli. Ho ile ha feta libeke, ho se nko ho tsoa lemina. Ha ba ha feta le likhoeli monna oa ka a sa re letho. Ke ile ka ’na ka ikhothatsa ka re, ‘Hang feela ha lintho li loka, o tla tla hae.’

KE ILE ka seleballoa ka lebaka la ho hloka chelete ea ho hlokomela lelapa la ka. Ha ke ntse ke hlobaela hangata, ke ile ka ipotsa ke sa lumele ka re, ‘O sotlela’ng lelapa la hae hakaale?’ Qetellong, ke ile ka amohela ’nete e bohloko ea hore monna oa ka o ne a re lahlile kherehloa. Kajeno, ka mor’a lilemo tse 16 a re siile, o ntse a e-s’o khutle. Ka lebaka leo, ke ile ka hōlisa bana ba ka ke se na molekane ea nthusang. Ho ne ho nyolosetsa, empa ho bona bana ba ka ba tsamaea litseleng tsa Jehova ho ile ha nthabisa haholo. Empa pele ke u phetela hore na ’na le lelapa la ka re ile ra khona joang hore re ’ne re phele, e-re ke u bolelle hore na ke hōtse joang.

Ho Batla Thuso ka Bibeleng

Ke hlahetse sehlekehlekeng sa Caribbean sa Jamaica ka 1938. Le hoja ho se mohla Ntate a kileng a kena kereke, o ne a inka e le motho ea tšabang Molimo. Hangata mantsiboea o ne a nkōpa hore ke mo balle buka ea Bibele ea Lipesaleme. Ka mor’a nakoana, ke ne ke se ke khona ho pheta lipesaleme tse ngata ka hlooho. ’Mè e ne e le setho sa kereke ea motseng oa heso, ’me ka linako tse ling o ne a e-ea le ’na libokeng tsa bolumeli.

Ha re le libokeng tseo, re ne re bolelloa hore Molimo o nkela batho ba lokileng leholimong le hore o chesa batho ba khopo ka ho sa feleng liheleng. Hape re ne re bolelloa hore Jesu ke Molimo le hore o rata bana. Ke ile ka tsieleha haholo eaba ke qala ho tšoha ha ke nahana ka Molimo. Ke ile ka ipotsa, ‘Haeba Molimo a re rata, ho tla joang hore a hlokofatse batho mollong?’

Ha ke nahana ka mollo oa lihele, ke ne ke sa je litheohelang. Ka mor’a nako, ke ile ka ithuta Bibele ka ngollano le Kereke ea Sabatha. Ba ne ba sa rute hore batho ba khopo ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng empa, ba ne ba ruta hore malakabe a mollo a tla ba chesa lore! Ke ile ka utloa ho re kokololo! eaba ke qala ho ea libokeng tsa bona tsa bolumeli. Empa lithuto tsa bona li ne li mpherekanya, ’me seo ke ileng ka ithuta sona se ne se sa lokise maikutlo a fosahetseng ao ke neng ke e-na le ’ona ka taba ea boitšoaro.

Ka nako eo, ka kakaretso batho ba ne ba nka bohlola e le ntho e fosahetseng. Empa ’na hammoho le batho ba bang ba bangata re ne re nahana hore batho ba neng ba kopanela liphate le balekane ba bangata ke bona bao e neng e le lihlola. Kahoo, re ne re nka hore hase sebe ha batho ba babeli ba sa nyalanang ba kopanela liphate. (1 Bakorinthe 6:9, 10; Baheberu 13:4) Ho nahana ka tsela ena ke hona ho ileng ha etsa hore ke be le bana ba tšeletseng ke sa nyaloa.

Ho Hatela Pele Linthong Tsa Moea

Ka 1965, Vaslyn Goodison le Ethel Chambers ba ile ba fallela sebakeng se haufi le Bath. E ne e le bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova, ’me ka tsatsi le leng ba ile ba buisana le Ntate. O ile a amohela tlhahiso ea bona ea hore a be le thuto ea lehae ea Bibele. Ha ba ne ba mphumana ke le teng lapeng, ba ne ba buisana le ’na. Le hoja ke ne ke sa tšepe Lipaki Tsa Jehova ho hang, ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta Bibele le tsona e le hore ke li bontše hore li fositse.

Ha re ntse re ithuta ke ne ke botsa lipotso tse ngata, ’me Lipaki li ne li li araba kaofela ka Bibele. Li ile tsa nthusa hore ke tsebe hore bafu ha ba tsebe letho le hore ha ba hlokofatsoe liheleng. (Moeklesia 9:5, 10) Ke ile ka ithuta le ka tšepo ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng. (Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 21:3, 4) Le hoja Ntate a ile a khaotsa ho ithuta Bibele, ke ile ka qala ho ea libokeng tsa phutheho e haufi ea Lipaki Tsa Jehova. Tsela e khutsitseng le e laolehileng eo liboka tseo li neng li tsamaisoa ka eona e ile ea mpha monyetla oa ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova. Hape ke ile ka ea likopanong tsa potoloho le tsa setereke, e leng lipokano tse khōlō tse neng li hlophisoa ke Lipaki. Ho ba le monyetla oa ho utloa Bibele e sebelisoa ka tsela ena ho ile ha etsa hore ke be le takatso e matla ea ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Leha ho le joalo, ke ne ke e-na le bothata.

Ka nako eo, kaha ke ne ke e-na le bana ba tšeletseng, ke ne ke lula le ntate oa bana ba ka ba bararo, empa re sa nyalana. Ke ile ka ithuta ka Bibeleng hore Molimo ha a lumelle ho kopanela liphate ntle ho lenyalo ’me letsoalo la ka le ile la qala ho nkhathatsa. (Liproverbia 5:15-20; Bagalata 5:19) Ha lerato la ka bakeng sa ’nete le ntse le hōla, ke ile ka lakatsa ho phela tumellanong le molao oa Molimo. Qetellong, ke ile ka etsa qeto. Ke ile ka bolella monna eo ke neng ke lula le eena hore re tlameha ho nyalana kapa ho seng joalo ho tla be ho felile ka kamano ea rōna. Le hoja monna enoa a ne a sa rate lintho tseo ke neng ke li lumela, re ile ra nyalana ka molao ka la 15 August, 1970, lilemo tse hlano ka mor’a hore Lipaki li bue le ’na ka lekhetlo la pele. Ka December 1970, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing.

Mabapi le tšebeletso, nke ke ka lebala mohla ke neng ke qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Ke ne ke tšohile ebile ke sa tsebe ho qalisa moqoqo oa Bibele. Bonneteng, ke ile ka thaba ha mong’a ntlo ea pele feela a felisa moqoqo oa rōna kapele. Leha ho le joalo, kapele ho tšoha ho ile ha fela. Qetellong ea letsatsi leo, ke ne ke thabile haholo, kaha ke ne ke khonne ho buisana hakhutšoanyane le batho ba ’maloa ka Bibele ebile ke sietse ba bang tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng.

Ho Boloka Lelapa le le Matla Moeeng

Ka 1977 lelapa la rōna le ne le se le e-na le bana ba robeli. Ke ne ke ikemiselitse ho etsa sohle se matleng a ka ho thusa lelapa la ka hore le sebeletse Jehova. (Joshua 24:15) Kahoo ke ne ke ikitlaetsa hore ke khanne thuto ea kamehla ea Bibele ea lelapa. Ka linako tse ling, ka lebaka la mokhathala, ke ne ke thibasela ha e mong oa bana ba ka a ntse a balla serapa holimo, ’me bana ba ne ba ntsosa. Empa ha ho mohla mokhathala o neng o etsa hore re se ke ra ithuta Bibele re le lelapa.

Hape ke ne ke rapela le bana ba ka khafetsa. Hang feela ha ba se ba hōla-hōlile, ke ile ka ba ruta hore ba ithapelle ho Jehova. Ke ne ke tiisa hore e mong le e mong oa bona oa rapela ha a il’o robala. Ke ne ke rapela le ngoana ka mong ea neng a sa le monyenyane haholo hore a ka ithapella.

Qalong monna oa ka o ne a sa batle ha ke e-ea le bana libokeng tsa phutheho. Leha ho le joalo, kaha o ne a tlameha ho sala le bana ha ke ile libokeng, seo se ile sa etsa hore a se ke a hanyetsa haholo. E ne e le motho ea ratang ho etela metsoalle ea hae bosiu, empa o ne a sa batle ho tsamaea le bana ba robeli ha a etela metsoalle ea hae! Hamorao, o ile a ba a qala le ho nthusa hore re lokisetse bana ho ea Holong ea ’Muso.

Kapele bana ba ile ba tloaela ho ea libokeng tsohle tsa phutheho le ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa. Matsatsing a phomolo ea sekolo a hlabula, ba ne ba atisa ho tsamaea le bo-pula-maliboho ba phutheho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng, ha ba ea mosebetsing oa boboleli. Sena se ile sa thusa bana ba ka ba banyenyane hore ba rate phutheho le mosebetsi oa boboleli haholo.—Matheu 24:14.

Linako Tsa Teko

E le hore re be le chelete e eketsehileng, monna oa ka o ile a qala ho sebetsa hōle le lehae. O ne a e-ba sieo lapeng ka nako e telele empa o ne a khutla ka mor’a nako e itseng. Empa ka 1989, o ile a tsamaela ruri. Joalokaha ke boletse pejana, ho lahleheloa ke monna ho ile ha ntšithabetsa haholo. Ke ne ke lulela ho lla bosiu ke bile ke rapela Jehova ka tieo hore a ntšelise le hore ke mamelle, ’me ke ne ke utloa hore o arabela lithapelo tsa ka. Mangolo a kang Esaia 54:4 le 1 Bakorinthe 7:15 a ile a mpha khotso ea kelello le matla a hore ke tsoele pele ka bophelo. Beng ka ’na le metsoalle ka phuthehong ea Bokreste le bona ba ile ba nthusa maikutlong le ka lintho tse bonahalang. Ke leboha Jehova le batho ba hae haholo ka thuso ea bona.

Re ile ra ba le liteko tse ling. Ka lekhetlo le leng e mong oa barali ba ka o ile a khaoloa ka phuthehong ka lebaka la boitšoaro bo sa lumellaneng le Mangolo. Ke rata bana ba ka kaofela haholo, leha ho le joalo, botšepehi ba ka ho Jehova bo tla pele. Kahoo nakong eo, ’na hammoho le bana ba bang ba ka re ile ra boloka ka tieo taelo ea Bibele e mabapi le kamoo re lokelang ho tšoara batho ba khaotsoeng kateng. (1 Bakorinthe 5:11, 13) Batho ba neng ba sa utloisise seo re se etsang ba ile ba re nyatsa haholo. Leha ho le joalo, ha morali oa ka a qeta ho khutlisetsoa ka phuthehong, monna oa hae o ile a mpolella hore o ile a khahloa ke tsela e tiileng eo re ileng ra emela melao-motheo ea Bibele ka eona. Hona joale, eena le lelapa la hae ba sebeletsa Jehova.

Ho Talimana le Mathata a Lichelete

Ha monna oa ka a ne a re siea, ke ile ka hloka mokhoa oa ho fumana chelete, ’me o ne a se a sa fe lelapa chelete. Boemo bona bo ile ba re ruta hore re khotsofalle bophelo bo bonolo le ho talima maruo a moea e le ’ona a bohlokoa ho feta ho hahamalla lintho tse bonahalang. Ha bana ba ntse ba ithuta ho ratana le ho thusana, seo se ile sa etsa hore ba atamelane haholo. Ha bana ba baholoanyane ba se ba qala ho sebetsa, ba ile ba ithaopela ho thusa bana babo bona ba banyenyane. Morali oa ka e moholo, e leng Marseree, o ile a thusa ngoan’abo, e leng Nicole, hore a qetelle lithuto tsa hae tsa sekolo tsa sekondari. Ho phaella moo, le ’na ke ile ka bula lebenkele le lenyenyane la korosari. Cheletenyana eo ke neng ke e fumana e ile ea nthusa hore ke hlokomele tse ling tsa litlhoko tsa rōna tsa lintho tse bonahalang.

Jehova ha aa ka a re lahla. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka bolella morali e mong oabo rōna oa Mokreste hore re ke ke ra khona ho ea kopanong ea setereke kahobane re se na chelete. O ile a re: “Morali’abo rōna Val, hang feela ha le utloa ho buuoa ka kopano, le qale ho itokisa! Jehova o tla le hlokomela.” Ke ile ka sebelisa keletso ea hae. Jehova o ile a re hlokomela, ’me o ntse a re hlokometse. Ha ho mohla lelapa la rōna le kileng la fosoa ke kopano ea potoloho kapa ea setereke kahobane re se na chelete.

Ka 1988, Leholiotsoana le bitsoang Gilbert le ile la ripitla Jamaica, ’me re ile ra siea ntlo ea rōna eaba re ea sebakeng se seng se sireletsehileng. Eitse ha sefefo seo se kokobela, ’na le mora oa ka re ile ra tloha sebakeng seo re neng re balehetse ho sona ’me ra ea lekola maloanlahla a ntlo ea rōna. Ha re ntse re phenyekolla maloanlahleng ao, ke ile ka bona ntho eo ke neng ke batla ho e phutha. Ka tšohanyetso, ho ile ha utloahala molumo o mong o matla oa sefefo, empa ke ne ke ntse ke kakatletse ntho ena eo ke neng ke e nkile. “’Mè, beha thelevishene eo fatše. Na u mosali oa Lota?” (Luka 17:31, 32) Mantsoe ao a mor’a ka a ile a etsa hore kelello ea ka e khutle. Ke ile ka lahlela TV eo e neng e kolobile fatše, eaba re balehela sebakeng se sireletsehileng.

Le hona joale ke ntse ke thothomela ha ke nahana hore ke ile ka batla ke beha bophelo ba ka kotsing ka lebaka la TV. Empa kea thaba ha ke nahana ka mantsoe a bontšang ho falimeha moeeng ao mor’a ka a ileng a a bua ka nako eo. Ka lebaka la thupelo ea Bibele eo a e fumaneng phuthehong ea Bokreste, o ile a nthusa hore ke se ke ka tsoa kotsi ’meleng, mohlomong le moeeng.

Leholiotsoana leo le ile la ripitla ntlo ea rōna la ba la senya thepa ea rōna, hape le ile la re siea re tepeletse. Eaba ho fihla barab’abo rōna ba Bakreste. Ba ile ba re khothatsa hore re khone ho tobana le tahlehelo ea rōna ka ho tšepa Jehova le ka ho tsoela pele re le mafolofolo tšebeletsong, ’me ba ile ba re thusa ho haha ntlo ea rōna hape. Mosebetsi oo o bontšang lerato le boitelo, o entsoeng ke Lipaki tsa baithaopi tse tsoang Jamaica le libakeng tse ling, o ile oa re ama ka botebo.

Ho Etelletsa Jehova Pele

Ha Melaine, e leng ngoana oa ka oa bobeli, a qeta lithuto tsa hae o ile a sebeletsa e le pula-maliboho. Ka mor’a moo o ile a amohela memo ea ho ea sebeletsa e le pula-maliboho phuthehong e ’ngoe, ho bolelang hore o ne a lokela ho tlohela mosebetsi oa hae. Le hoja mosebetsi oo o ne o mo lumella ho thusa lelapa la rōna ka chelete e ngata, re ne re kholisehile hore Jehova o tla re hlokomela kaofela haeba re etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong. (Matheu 6:33) Hamorao, mor’a ka Ewan, le eena o ile a amohela memo ea ho sebeletsa e le pula-maliboho. O ne a thusa lelapa ka chelete, empa re ile ra mo khothalletsa hore a amohele memo eo le ho mo lakaletsa tlhohonolofatso ea Jehova. Ha ho mohla nkileng ka khothalletsa bana hore ba se ke ba atolosa tšebeletso ea bona ea ’Muso, ’me rōna ba neng ba setse lapeng ha ho mohla re kileng ra hloka lintho tsa ho iphelisa. Ho e-na le hoo, thabo ea rōna e ile ea eketseha, ’me ka linako tse ling, re ’nile ra khona ho thusa ba bang ba hlokang.

Ke thaba haholo kajeno ha ke bona bana ba ka ba “tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) E mong oa barali ba ka, e leng Melaine, hona joale o ntse a tsamaea le monna oa hae ea sebeletsang e le molebeli oa potoloho. Morali oa ka Andrea le monna oa hae ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me o tsamaea le monna oa hae ha a ntse a etela liphutheho joaloka molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo. Mor’a ka Ewan, le mosali oa hae ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me monna oa hae ke moholo ka phuthehong. Morali e mong, e leng Ava-Gay, eena le monna oa hae ba sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Jamaica. Jennifer, Genieve, le Nicole, hammoho le banna ba bona le bana ba bona ke litho tse mafolofolo liphuthehong tse sa tšoaneng tsa habo bona. Marseree o lula le ’na, ’me hona joale bobeli ba rōna re kopanela Phuthehong ea Port Morant. Litlhohonolofatso tsa ka li ngata, hobane bana ba ka ba robeli kaofela ba ntse ba tsoela pele ba rapela Jehova.

Ha ke ntse ke tsofala bokuli le bona bo ipha matla. Hona joale ke tlameha ho mamella lefu la manonyello, empa ke ntse ke thabela ho sebeletsa ke le pula-maliboho. Leha ho le joalo, nakoana e fetileng, ho ne ho se ho e-ba boima haholo hore ke tsamaee libakeng tse moepa tsa motseng oa haeso. Ke ne ke thatafalloa ke ho ea tšimong. Ke ile ka leka ho palama baesekele ’me ka bona e nthusa haholo ho e-na le ho tsamaea ka maoto. Kahoo ke ile ka reka baesekele ea khale eaba ke qala ho e sebelisa. Qalong, bana ba ka ba ne ba tšoenngoa ke taba ea ho bona ’mè oa bona ea tšoeroeng ke lefu la manonyello a palame baesekele. Empa ba ile ba thaba haholo ha ba mpona ke tsoela pele ho etsa mosebetsi oa boboleli ke khotsofetse.

Ke thaba haholo ha ke bona batho bao ke ithutang le bona ba amohela ’nete ea Bibele. Ha ke phetse ho rapela Jehova hore a thuse lelapa la ka kaofela hore le lule le tšepahala ho eena nakong ena ea bofelo le ho isa ka ho sa feleng. Ke rorisa Jehova le ho leboha ‘Moutloi e Moholo oa thapelo,’ ea nthusitseng hore ke hlōle bothata ba ho hōlisetsa bana ba ka ba robeli litseleng tsa hae.—Pesaleme ea 65:2.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke ’na le bana ba ka, balekane ba bona, le litloholo tsa ka

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Hona joale ke sebelisa baesekele tšebeletsong ea ka