Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Botle bo Tla Hlōla Bobe Kateng

Kamoo Botle bo Tla Hlōla Bobe Kateng

Kamoo Botle bo Tla Hlōla Bobe Kateng

Morena Davida e ne e le motho ea lokileng. O ne a rata Molimo ka lerato le tebileng, a labalabela toka a bile a ameha ka botebo ka batho ba maemo a tlaase. Leha ho le joalo, eena morena enoa ea lokileng, o ile a feba le mosali oa monna e mong oa hae ea tšepahalang. Ha Davida a se a tsebile hore o imisitse mosali eo, e leng Bathe-sheba, qetellong o ile a loha mano a hore monna oa hae a bolaoe. Ka mor’a moo, o ile a nyala Bathe-sheba e le ha a leka ho koahela liphoso tsa hae.—2 Samuele 11:1-27.

HO HLAKILE hore batho ba na le matla a ho etsa botle bo bongata. Ebe joale ke hobane’ng ha ba etsa bobe bo bokaale? Bibele e fana ka mabaka a mangata a sehlooho. E boetse e senola kamoo ka Kreste Jesu, Molimo a tla tlosa bobe ka ho sa feleng.

Tšekamelo ea ho Etsa Bobe

Morena Davida ka boeena o ile a bontša lebaka le leng la hore batho ba etse liketso tse mpe. Ha liphoso tsa hae li se li pepesitsoe, o ile a lumela melato eohle ea hae. Ka mor’a moo, o ile a ngola ka masoabi a re: “Bona! Ke ile ka tsoalloa phosong ka bohloko ba pelehi, ’Mè a nkemolela sebeng.” (Pesaleme ea 51:5) E ne e se morero oa Molimo hore bo-’mè ba emole bana ba neng ba tla etsa libe. Leha ho le joalo, ha Eva le Adama ba fetohela Molimo ba ile ba felloa ke matla a ho ba le bana ba se nang sebe. (Baroma 5:12) Ha moloko o sa phethahalang oa batho o ntse o eketseha, ho ile ha totobala hore “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.”—Genese 8:21.

Ha tšekamelo ena ea ho etsa bobe e sa thijoe, e baka “bohlola . . . bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, mohono” le boitšoaro bo bong bo kotsi boo Bibele e hlalosang hore ke “mesebetsi ea nama.” (Bagalata 5:19-21) Morena Davida o ile a hlōloa ke bofokoli ba nama eaba o etsa bohlola, bo ileng ba baka liqabang. (2 Samuele 12:1-12) A ka be a ile a hanela tšekamelo ena ea boitšoaro bo bobe. Ho e-na le hoo, ka hore Davida a se ke a leleka takatso eo a neng a e-na le eona bakeng sa Bathe-sheba, o ile a latela mohlala o ileng oa hlalosoa hamorao ke morutuoa Jakobo ha a ne a re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.”—Jakobo 1:14, 15.

Ho bolaoa ha batho ba bangata, peto le ho haptjoa ha thepa ka mahahapa tse boletsoeng sehloohong se fetileng ke mehlala e feteletseng ea se etsahalang ha batho ba lumela ho laoloa ke litakatso tse fosahetseng.

Bobe bo Hlohleletsoa ke ho Hloka Tsebo

Phihlelo ea moapostola Pauluse e hlakisa lebaka la bobeli leo ka lona batho ba etsang lintho tse mpe. Pauluse o shoele e se e le motho ea tummeng ka hore o bonolo ebile o lerato. O ne a ikitlaelitse ka boitelo a sebeletsa bara le baralib’abo ba Bakreste. (1 Bathesalonika 2:7-9) Leha ho le joalo, pejana ha a ne a tsejoa ka lebitso la Saule, o ne a “tletse tšokelo le polao” khahlanong le Bakreste bona bao. (Liketso 9:1, 2) Ke eng e ileng ea etsa hore Pauluse a khothalletse liketso tse mpe tse neng li etsoa ho Bakreste ba pele a be a kopanele ho tsona? O re ke ‘hobane o ne a hloka tsebo.’ (1 Timothea 1:13) Ha ho pelaelo hore pele ho mona Pauluse o ne a “chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.”—Baroma 10:2.

Joaloka Pauluse, batho ba bangata ba tšepahalang ba ’nile ba etsa liketso tse mpe ka lebaka la ho hloka tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo. Ka mohlala, Jesu o ile a lemosa balateli ba hae a re: “Hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang.” (Johanne 16:2) Lipaki Tsa Jehova tsa kajeno li tseba bonnete ba mantsoe ana a Jesu ka lebaka la lintho tse li hlahelang. Linaheng tse ngata, li ’nile tsa hlorisoa esita le ho bolaoa ke batho ba reng ba sebeletsa Molimo. Ho hlakile hore Molimo oa ’nete ha a khahloe ke cheseho eo e fosahetseng.—1 Bathesalonika 1:6.

Moqapi oa Bobe

Jesu o ile a bolela lebaka le leholo la hore ebe bobe bo teng. Ha a ne a bua le baeta-pele ba bolumeli ba neng ba ikemiselitse ho mo bolaea, o ile a re: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. E ne e le ’molai ha a qala.” (Johanne 8:44) Satane ke eena ea ileng a eka Adama le Eva ka mabaka a boithati hore ba fetohele Molimo. Bofetoheli boo bo ile ba tlisetsa batho bohle sebe, ’me sebe sa ba tlisetsa lefu.

Tšekamelo ea Satane ea ho bolaea e ile ea senoloa hape ka seo a ileng a se etsa Jobo. Ha Jehova a ne a mo lumella hore a leke botšepehi ba Jobo, Satane ha aa ka a khotsofalla feela ho amoha Jobo thepa ea hae. O ile a bolaea le bana ba hae ba leshome. (Jobo 1:9-19) Lekholong le fetileng la lilemo, batho ba bone ha bobe bo eketseha ka lebaka la ho se phethahale, ho hloka tsebo ha batho le hore Satane o itšunya-tšunya haholo litabeng tsa batho. Bibele e senola hore Diabolose o ile a “liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a [hae] a liheloa tlaase le [eena].” Boprofeta bona boo bo ile ba bolela ka nepo esale pele hore ho thibelloa ha Satane lefatšeng, ho ne ho tla bakela ‘lefatše malimabe’ a e-s’o bonoe. Ke ’nete hore Satane a ke ke a qobella batho hore ba etse lintho tse mpe, empa ke setsebi sa ho ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’—Tšenolo 12:9, 12.

Ho Tlosa Tšekamelo ea ho Etsa Bobe

Ho sekamela ha motho bobeng, ho hloka ha hae tsebo e nepahetseng le tšusumetso ea Satane, li lokela ho felisoa e le hore bobe bo tlosoe ka ho sa feleng. Taba ea pele, ebe ho sekamela sebeng hoo motho a tsoetsoeng a e-na le hona ho ka ntšoa joang pelong ea hae?

Ho ke ke ha ntšoa ke ngaka leha e le efe ea motho kapa moriana leha e le ofe o entsoeng ke motho. Leha ho le joalo, bakeng sa bohle ba ratang, Jehova Molimo o lokiselitse pheko ea sebe se futsitsoeng le ea ho se phethahale. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Mali a . . . Jesu a re hloekisa sebeng sohle.” (1 Johanne 1:7) Ha motho ea phethahetseng, e leng Jesu, a ne a tela bophelo ba hae, o ile a “jara libe tsa rōna ’meleng oa hae thupeng, e le hore re ka qeta ka libe ’me ra phelela ho loka.” (1 Petrose 2:24) Lefu la sehlabelo la Jesu le ne le tla tlosa liphello tsa ketso e mpe ea Adama. Pauluse o bolela hore Kreste Jesu e ile ea e-ba “thekollo e lekanang bakeng sa bohle.” (1 Timothea 2:6) Ha ho pelaelo hore lefu la Kreste le ile la bula tsela ea hore batho bohle ba boele ba phethahale joaloka Adama.

Leha ho le joalo, u ka ’na ua botsa, ‘Haeba lilemong tse fetileng tse ka bang 2 000 lefu la Jesu le ile la bula tsela ea hore batho ba phethahale hape, ke hobane’ng ha bobe le lefu li ntse li le teng?’ Ho fumana karabo ea potso eo ho ka re thusa ho tlosa sesosa sa bobeli sa bobe—e leng ho se tsebe ha batho merero ea Molimo.

Tsebo e Nepahetseng e Khothalletsa ho Etsa se Molemo

Ho ba le tsebo e nepahetseng ea hore na Jehova le Jesu ba etsa’ng hona joale hore ba felise bobe ho ka thibela motho ea tšepahalang hore a lumelle liketso tse mpe a sa hlokomele, kapa a etse ntho e mpe ka ho fetisisa, e leng ho “loantša Molimo.” (Liketso 5:38, 39) Jehova Molimo o ikemiselitse ho hlokomoloha liphoso tsa nakong e fetileng tseo motho a li entseng a sa tsebe. Moapostola Pauluse o ne a le Athene ha a ne a re: “Molimo o hlokomolohile linako tsa ho hloka tsebo ho joalo, empa joale o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela. Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse bafung.”—Liketso 17:30, 31.

Pauluse o ne a tseba ka lintho tse ileng tsa mo hlahela hore Jesu o ne a tsositsoe bafung, etsoe Jesu ka boeena o ne a ile a bua le Pauluse eaba o mo thibela ho hlorisa Bakreste ba pele. (Liketso 9:3-7) Hang hoba Pauluse a be le tsebo e nepahetseng ea merero ea Molimo, o ile a fetoha eaba e ba motho ea molemo e le kannete ea etsisang Kreste. (1 Bakorinthe 11:1; Bakolose 3:9, 10) Ho phaella moo, ka cheseho Pauluse o ile a bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14) Lilemong tse ka bang 2 000 ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, Kreste o khethile har’a moloko oa batho, batho ba tšoanang le Pauluse ba tla busa le eena ’Musong oa hae.—Tšenolo 5:9, 10.

Ho tloha lekholong le fetileng la lilemo ho tla fihlela joale, ka cheseho Lipaki Tsa Jehova li phethahalitse taelo ena ea Jesu: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Ba nkang khato ka molaetsa ona ba lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng pusong ea leholimo ea Kreste. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho thusa motho e mong hore a be le tsebo ena ke molemo o fetang eohle eo motho a ka e etsetsang motho e mong.

Ba amohelang litaba tsena tse molemo tsa ’Muso ba bontša litšobotsi tse kang “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro” ho sa tsotellehe bobe bohle bo ba potolohileng. (Bagalata 5:22, 23) Ba etsisa Jesu ka hore ho se be ‘eo ba busetsang bobe ka bobe ho eena.’ (Baroma 12:17) Ka bomong, ba leka ho ‘’na ba hlōla bobe ka botle.’—Baroma 12:21; Matheu 5:44.

Qetellong—Bobe Boa Hlōloa

Batho ka bobona ba ke ke ba hlōla mohlohlelletsi e moholo oa bobe, e leng Satane Diabolose. Leha ho le joalo, haufinyane Jehova o tla sebelisa Jesu hore a pshatle hlooho ea Satane. (Genese 3:15; Baroma 16:20) Hape Jehova o tla laela Kreste Jesu hore a ‘silakanye le ho felisa’ litsamaiso tsohle tsa lipolotiki, tseo boholo ba tsona li bakileng bobe bo bongata haholo historing. (Daniele 2:44; Moeklesia 8:9) Letsatsing lena le tlang la kahlolo, bohle “ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu . . . ba tla feta kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng.”—2 Bathesalonika 1:8, 9; Sofonia 1:14-18.

Hang ha Satane le batšehetsi ba hae ba se ba tlositsoe, Jesu o tla thusa baphonyohi a le leholimong hore ba tsosolosetse lefatše boemong ba lona ba pele. Kreste o tla be a tsose bohle ba lokelang ho fumana monyetla oa ho phela lefatšeng le tsosolositsoeng. (Luka 23:32, 39-43; Johanne 5:26-29) Ha a etsa joalo, o tla etsolla tse ling tsa liphello tsa bobe bo ’nileng ba hlokofatsa batho.

Jehova a ke ke a qobella batho hore ba mamele litaba tse molemo tse buang ka Jesu. Leha ho le joalo, o fa batho monyetla oa ho rua tsebo e isang bophelong. Ke habohlokoa hore u sebelise monyetla ona hona joale! (Sofonia 2:2, 3) Ha u etsa joalo, u tla ithuta kamoo u ka atlehang ho loantša bobe leha e le bofe bo u sulafaletsang bophelo hona joale. U tla bona le kamoo qetellong Kreste a tla etella pele kateng ho felisa bobe.—Tšenolo 19:11-16; 20:1-3, 10; 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Saule o ile a khothalletsa liketso tse mpe hobane a ne a hloka tsebo e nepahetseng

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho thusa motho e mong ho rua tsebo e nepahetseng ka Molimo ke molemo o fetang eohle eo motho a ka e etsetsang motho e mong