Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Lentsoe le Buuoang ka Nako ea Lona e Nepahetseng le Molemo Hakaakang!”

“Lentsoe le Buuoang ka Nako ea Lona e Nepahetseng le Molemo Hakaakang!”

“Lentsoe le Buuoang ka Nako ea Lona e Nepahetseng le Molemo Hakaakang!”

KOPANONG e ’ngoe ea letsatsi ea Lipaki Tsa Jehova, Kim o ile a leka kahohle hore a mamele a be a ngole lintlha ha a ntse a hlokometse hore morali oa hae, ea neng a e-na le lilemo tse peli, o lutse a sa etse lerata. Qetellong ea lenaneo, morali e mong oabo rōna oa Mokreste ea neng a lutse moleng o le mong le Kim o ile a retelehela ka ho eena eaba o mo babatsa ka tieo ka tsela eo eena le monna oa hae ba neng ba hlokometse morali oa bona kateng nakong ea lenaneo. Pabatso eo e ne e le ea bohlokoa haholo ho Kim hoo le hona joale, lilemo hamorao, a reng: “Ha ke ikutloa ke khathetse haholo libokeng, ke hopola seo morali eo oabo rōna a ileng a se bua. Mantsoe a hae a mosa a ntse a nkhothalletsa hore ke tsoele pele ho koetlisa morali oa rōna.” Ka sebele, mantsoe a builoeng ka nako e nepahetseng a ka hlasimolla motho. Bibele e re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!”—Liproverbia 15:23.

Leha ho le joalo, ba bang ba rōna re ka ’na ra thatafalloa ho babatsa batho ba bang. Ka linako tse ling, re ka ’na ra thatafalloa ho babatsa batho ba bang ka lebaka la ho ikhalala. Mokreste e mong o re: “Ha ke leka ho babatsa batho ba bang, ho tšoana le ha eka ke eme tebetebeng. Ha ke leka ka matla ho ba khothatsa, ekare ke tetebela le ho feta.” Lintho tse kang ho ba lihlong, ho ikhalala, kapa ho tšaba hore batho ha ba na ho utloisisa seo u se buang, le tsona li ka thatafalletsa motho ho babatsa ba bang. Ho phaella moo, haeba re sa ka ra babatsoa kapa ra eloa hloko ha re ntse re hōla, re ka ’na ra thatafalloa ho babatsa ba bang.

Leha ho le joalo, ho tseba hore pabatso e ka khothatsa ea babatsang le ea babatsoang ho ka re susumelletsa hore re leke sohle se matleng a rōna hore ka nako e nepahetseng, re babatse ba bang. (Liproverbia 3:27) Ebe melemo ea ho etsa joalo ke efe? A re hlahlobeng e seng mekae.

Melemo ea ho Babatsa

Pabatso e loketseng e ka etsa hore ea babatsoang a itšepe. Mosali e mong oa Mokreste ea bitsoang Elaine o re: “Ha batho ba mpabatsa, ke nka hore baa ntšepa.” Ha ho pelaelo hore ho babatsa motho ea sa itšepeng ho ka mo fa sebete sa ho loantša litšitiso, e leng ho ka mo etsang hore a thabe. Ha ho loketse, bacha ke bona bao haholo-holo ba ruang molemo ha ba babatsoa. Mocha e mong ea lumelang hore o nyahamisoa ke ho inyatsa o re: “Ke leka kamehla ho khahlisa Jehova, empa ka linako tse ling ke nahana eka ha ke etse ho lekaneng. Ha motho e mong a mpabatsa, ke thaba ho tloha botebong ba pelo.” Ka sebele maele ana a Bibele ke ’nete: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.”—Liproverbia 25:11.

Ho babatsoa ho ka susumetsa motho ha ba ha mo khothatsa. Mosebeletsi e mong oa nako e tletseng o re, “Ho babatsoa ho nkenya moea oa ho ikitlaetsa le oa ho ntlafatsa tšebeletso ea ka.” ’Mè e mong ea nang le bana ba babeli o bolela hore ha litho tse ling tsa phutheho li babatsa bana ba hae ha ba arabile libokeng, ba batla ho araba hape. Ha ho pelaelo hore sena se ka susumetsa bana hore ba tsoele pele hantle bophelong ba Bokreste. Ha e le hantle, bohle re rata ho kholisoa hore rea ananeloa ebile re nkoa re le ba bohlokoa. Lefatše lena le sithabetsang le ka re qeta matla la ba la re nyahamisa. Moholo e mong oa Mokreste o re, “Ka linako tse ling ha ke nyahame, ho babatsoa ekare ke karabo ea lithapelo tsa ka.” Ka ho tšoanang, Elaine le eena o re, “Ka linako tse ling ke ikutloa hore Jehova o mpontša ka se buuoang ke batho ba bang hore oa nkamohela.”

Ho babatsoa ho ka etsa hore motho a ikutloe hore oa amoheleha ho ba bang. Pabatso e tsoang pelong e bontša ho nahanela ’me e hōlisa moea oa botsoalle, tšireletseho le tlhompho. E paka hore re hlile re rata Bakreste-’moho le rōna le hore re ba nka e le ba bohlokoa. ’Mè e mong ea bitsoang Josie o re: “Nakong e fetileng, ke ile ka tlameha ho emela ’nete lelapeng le arohaneng bolumeling. Nakong eo, ho eloa hloko ke batho ba hōlileng tsebong ho ile ha tiisa qeto ea ka ea hore ke se ke ka monyola ka hlooho.” Ka sebele “re litho ba bang tsa ba bang.”—Baefese 4:25.

Ho batla ho babatsa ba bang ho re thusa ho bona lintho tse ntle ho batho ba bang. Re talima makhabane a batho ba bang, eseng bofokoli ba bona. Moholo e mong oa Mokreste ea bitsoang David o re, “Ho ananela seo batho ba bang ba se etsang ho tla re thusa hore re babatse batho ba bang khafetsa.” Ho hopola hore na Jehova le Mora oa hae ba mosa hakae ha ba bua hantle ka batho ba sa phethahalang, ho tla re susumelletsa hore le rōna re be mosa ntlheng ena.—Matheu 25:21-23; 1 Bakorinthe 4:5.

Ba Lokelang ho Babatsoa

Kaha Jehova Molimo ke ’Mōpi, ke eena ea ka sehloohong ho ba lokelang ho rorisoa. (Tšenolo 4:11) Le hoja re ke ke ra matlafatsa kholiseho ea Jehova kapa ra mo susumetsa, ha re mo rorisa ka lebaka la boholo ba hae le mosa oa hae o lerato, oa re atamela ’me re ba le kamano le eena. Ho rorisa Molimo ho boetse ho re thusa hore re se ke ra iphahamisa ’me hape ho re thusa hore ha re atleha, re rorise Jehova. (Jeremia 9:23, 24) Jehova o tšepisa batho bohle ba tšoanelehang bophelo bo sa feleng, ’me leo ke lebaka le leng le re susumelletsang ho mo rorisa. (Tšenolo 21:3, 4) Morena Davida oa boholo-holo o ne a chesehela ho “rorisa lebitso la Molimo” le ho “mo tlotlisa ka liteboho.” (Pesaleme ea 69:30) E se eka le rōna re ka thabela ho etsa joalo.

Barapeli-’moho le rōna ba lokela ho babatsoa ha ho loketse. Ha re ba babatsa, re etsa se lumellanang le taelo ea Molimo ea hore re ‘nahanelane e le hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheberu 10:24) Moapostola Pauluse ke mohlala o motle ntlheng ena. O ile a ngolla phutheho ea Roma a re: “Pele ho tsohle, ke leboha Molimo oa ka ka Jesu Kreste malebana le lōna bohle, hobane ho buuoa ka tumelo ea lōna ho pholletsa le lefatše lohle.” (Baroma 1:8) Ka ho tšoanang, moapostola Johanne o ile a leboha Mokreste-’moho le eena Gaiase ka mohlala oa hae o motle haholo oa “ho tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 1-4.

Kajeno, ha Mokreste-’moho le rōna a ipabola ho bonahatseng litšoaneleho tse kang tsa Kreste, a beha puo eo a e lokiselitseng hantle, kapa a fana ka tlhaloso e amang pelo sebokeng, re na le monyetla o motle oa ho mo leboha. Kapa ha ngoana ea itseng a leka ho iphetlela mangolo sebokeng sa phutheho, re ka mo babatsa. Elaine, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Re na le lineo tse sa tšoaneng. Ha re ela hloko seo motho e mong a se etsang, re bontša hore re ananela lineo tse sa tšoaneng tsa batho ba Molimo.”

Ho Babatsa Litho Tsa Lelapa

Ho thoe’ng ka ho bolella litho tsa malapa a rōna hore rea li ananela? Nako, boiteko le kelo-hloko ke tsona tse hlokahalang haholo e le hore monna le mosali ba lokisetse lintho tseo malapa a bona a li hlokang moeeng, maikutlong le nameng. Ha ho pelaelo hore ba lokela ho babatsana le hore bana ba bona ba ba babatse. (Baefese 5:33) Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le bua se latelang ka mosali ea nang le bokhoni: “Bara ba hae ba tsohile eaba ba phatlalatsa hore o thabile; mong’a hae oa tsoha, ’me oa mo rorisa.”—Liproverbia 31:10, 28.

Bana le bona ba lokela ho babatsoa. Ka masoabi, batsoali ba bang ba potlakela ho bolella bana ba bona hore na ba lebeletse hore ba etse’ng, empa ba ba babatsa seoelo ha ba iteka ho bontša tlhompho ba bile ba mamela. (Luka 3:22) Ngoana ea hōlang a babatsoa, hangata o ikutloa a ratoa ebile a sireletsehile haholoanyane.

Ke ’nete hore ho babatsa batho ba bang ho hloka boiteko, empa ho re ruisa melemo e mengata. Ha e le hantle, ha re khothalla ho babatsa batho ba lokelang ho babatsoa, re tla thaba haholo.—Liketso 20:35.

Lumela ho Babatsoa ’Me U Babatse ka Moea o Motle

Leha ho le joalo, ho babatsoa e ka ba teko ho batho ba bang. (Liproverbia 27:21) Ka mohlala, ho ka khothalletsa batho ba nang le moea oa boikhohomoso hore ba ikakase. (Liproverbia 16:18) Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso ena e thusang: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng, e mong le e mong kamoo Molimo a mo abetseng tekanyo ea tumelo.” (Baroma 12:3) E le hore re thuse ba bang hore ba se ke ba oela lerabeng la ho inahana ho tlōla, mohlomong e ka ba bohlale hore re se ke ra bua haholo ka lintho tse kang hore ba bohlale kapa ba batle. Ho e-na le hoo, re lokela ho bua ka liketso tsa bona tse ntle.

Ha mantsoe a babatsang a amoheloa ka moea o motle ebile a buuoa ka moea o motle, a ka re tsoela molemo. Mohlomong re ka susumelletseha hore re lumele hore Jehova ke eena ea re thusitseng nthong leha e le efe e ntle eo re e entseng. Ho babatsoa ho ka boetse ha re khothalletsa hore re tsoele pele re itšoere hantle.

Ntho e ntle eo bohle re ka e etsetsang ba bang ke ho ba babatsa ka tieo le ka tsela e tšoanelang seo ba se entseng. Ha re babatsa motho e mong ka mantsoe ao re a nahanneng hantle, ho ka ’na ha mo tsoela molemo ho feta kamoo re ka nahanang kateng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lengolo le Ileng la mo Ama Pelo

Molebeli e mong oa potoloho o hopola hantle se ileng sa etsahala ha eena le mosali oa hae ba ne ba khutla tšebeletsong ka letsatsi le leng la mariha leo ho neng ho bata haholo. O re: “Mosali oa ka o ne a hatsetse a bile a nyahame, ’me o ile a mpolella hore ha a sa ikutloa ho tsoela pele [ka mosebetsi oa ho potoloha]. O ile a re: ‘Ho ka ba molemo haeba re ka ba tšebeletsong ea nako e tletseng phuthehong e itseng, re lule sebakeng se le seng, ’me re khanne lithuto tsa rōna tsa Bibele.’ Ha kea ka ka etsa qeto nakong eo, ke ile ka mo bolella hore re mpe re tsoele pele beke eo kaofela e le hore re bone hore na ha e fela o tla be a ikutloa joang. Haeba a ntse a batla ho tlohela, ke ne ke tla nahanela maikutlo a hae. Letsatsing lona leo, re ile ra fapohela posong eaba re fumana lengolo le neng le ngoletsoe eena ka ho toba le neng le tsoa ofising ea lekala. Lengolo leo le ne le mo babatsa ka boiteko ba hae tšebeletsong ea tšimo le ka mamello ea hae, le bile le bolela kamoo ho ka bang thata kateng ho robala libetheng tse sa tšoaneng beke le beke. Ho babatsoa hoo ho ile ha mo ama hoo a sa kang a hlola a bua ka ho tlohela mosebetsi oa ho potoloha. Ha e le hantle, ka makhetlo a mangata, ha ke ne ke batla ho tlohela, o ile a nkhothatsa hore ke tsoele pele.” Banyalani bana ba ile ba tsoela pele mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse ka bang 40.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ke mang ea lokelang ho babatsoa phuthehong ea heno?

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Bana ba hōla hantle ha ba hlokomeloa le ho babatsoa ka lerato