Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Li Thabisitse Lipelo Tsa Batsoali

Li Thabisitse Lipelo Tsa Batsoali

Li Thabisitse Lipelo Tsa Batsoali

“MORA OA KA, haeba pelo ea hao e hlalefile, esita le pelo ea ka e tla thaba.” (Liproverbia 23:15) Ruri batsoali ba Bakreste baa thaba ha bana ba bona ba fumana bohlale ba bomolimo. Ka Moqebelo oa la 10 September, 2005, batho ba 6 859 ba tsoang lichabeng tse sa tšoaneng ba ile ba e-ba teng kabong ea mangolo a sehlopha sa bo119 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Bohle ba ne ba thabile haholo, empa batsoali ba liithuti tse 56 tse neng li abeloa mangolo bona ba ne ba thabile le ho feta.

David Walker, eo e leng khale e le setho sa lelapa la Bethele ea United States, o ile a bula lenaneo ka thapelo e tlohang botebong ba pelo. Ka mor’a moo molula-setulo, David Splane, e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o ile a qalisa lenaneo la kabo ea mangolo ka ho re ho batsoali ba liithuti: “Re le babatsa e le kannete. Makhabane ao le a rutileng bara le barali ba lōna ke ’ona a entseng hore ba nke mosebetsi oa boromuoa.” E ka ’na eaba batsoali bana ba ne ba tšoenyehile, kaha bara le barali ba bona ba ne ba tla tloha ba ea likabelong tsa bona linaheng tse hōle. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Splane o ile a ba khoba matšoafo ha a re: “Le se ke la khathatseha ka bana ba lōna. Jehova a ka ba hlokomela hamolemo haholo ho feta kamoo le ka ba hlokomelang kateng.” Eaba o re: “Nahanang ka mosebetsi o motle oo bara le barali ba lōna ba tla o etsa. Batho ba leng mahlomoleng ba tlil’o fumana matšeliso a sebele ka lekhetlo la pele bophelong ba bona.”

Kamoo le ka Tsoelang Pele ho Tlisetsa Batho ba Bang Thabo

Molula-setulo o ile a rōla libui tse ’nè. Sebui sa pele, Ralph Walls, e leng setho sa Komiti ea Lekala la United States o ile a bua ka sehlooho se reng, “Lulang le Butse Mahlo.” O ile a hatisa hore ho foufala moeeng ho hobe haholo ho feta ho foufala ha sebele. Phutheho ea lekholong la pele la lilemo ea Laodisia e ile ea foufala moeeng. Bakreste ba phutheho eo ba neng ba foufetse moeeng ba ile ba thusoa, empa kamehla ho molemo haholo ho thibela bofofu bo joalo ka hore re lule re butse mahlo a rōna a moea. (Tšenolo 3:14-18) Eaba joale sebui se re: “Lulang le butse mahlo, ’me le talime banna ba ikarabellang kamoo Jehova a ba talimang kateng.” Liithuti ha lia lokela ho tšoenyeha haholo haeba ho e-na le mathata ka phuthehong. Morena Jesu Kreste o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang. Ka nako e loketseng o tla tiisa hore lintho lia lokisoa.

Joale, Samuel Herd, e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a araba potso e reng: “Na le se le Itokisitse?” Feela joalokaha moeti a nka liaparo tseo a tla li hloka, kamehla liithuti le tsona li lokela ho apara litšobotsi tsa botho bo bocha. Li lokela ho ba le qenehelo joaloka Jesu. Ha molepera a ne a re ho eena: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa,” Jesu o ile a re: “Kea batla. Hloeka.” (Mareka 1:40-42) Joale sebui se ile sa re: “Haeba le hlile le batla ho thusa batho, le tla batla mokhoa oa ho ba thusa.” Bafilipi 2:3 e bolella Bakreste hore ba ‘nke hore ba bang ba ba phahametse.’ Mor’abo rōna Herd o ile a re: “Ho ikokobetsa pelong ke habohlokoa haholo ho feta tsebo. Batho bao le ba fumanang tšebeletsong ea lōna hammoho le bara le baralib’abo lōna ka phuthehong ba tla rua molemo tsebong ea lōna hafeela le ikokobelitse.” O ile a phetha ka hore haeba liithuti li tsoela pele ho ikapesa lerato la Bokreste, li tla be li loketse ho ea likabelong tsa tsona, ’me joang kapa joang li tla atleha moo li eang teng.—Bakolose 3:14.

Mark Noumair, e mong oa barupeli ba Gileade, o ile a etsa hore bamameli ba labalabele seo a neng a tla se bua puong ea hae eo sehlooho sa eona se neng se re, “Na U Tla ’Ne U Bontše Boikutlo Boo?” Bona ke “boikutlo” boo re bang le bona ka lebaka la molemo oa Jehova. Pesaleme ea 103:2 e re: “Boka Jehova, Uena moea oa ka, u se ke ua lebala liketso tsohle tsa hae.” Baiseraele ba ile ba bontša ho hloka teboho bakeng sa manna a neng a ba phelisa, ba a bitsa “bohobe . . . bo eisehang.” (Numere 21:5) Ha nako e ntse e feta, bohlokoa ba manna ha boa ka ba fetoha, empa bona ba ne ba se ba sa bontše teboho bakeng sa ’ona. Morupeli o ile a re: “Haeba le lebala mesebetsi ea Jehova ’me le lumella hore tšebeletso ea lōna linaheng lisele e fetohe tloaelo feela e sa reng letho, seo se tla ama boikutlo ba lōna ka mosebetsi oo Jehova a le fileng oona.” Pesaleme ea 103:4 e re Jehova ‘o le roesa moqhaka oa mosa o lerato.’ Liithuti li tla bona mosa o lerato oa Molimo liphuthehong tse ncha tseo li eang ho tsona.

Morupeli e mong oa Gileade, Lawrence Bowen, o ile a bua ka sehlooho se reng “Na Litlhohonolofatso li Tla U Fihlela?” O ile a bolela hore litho tsa sehlopha sa bo119 sa Gileade li ikoetlisitse ka matla hore e be baromuoa ba atlehang. Empa hona joale, li lokela ho khomarela Jehova le ho khomarela mosebetsi oo a li abetseng oona. Tšenolo 14:1-4 e hlalosa hore ba 144 000 “ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.” Bohle ba leng sehlopheng sena ba khomarela Jehova le Mora oa hae ka botšepehi ho sa tsotellehe liteko tsa bona, ebile ba finyella pakane ea bona. Sebui se ile sa re: “Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, le rōna re khomarela Jehova ka botšepehi le ho khomarela mosebetsi oo a re abetseng oona.” Haeba liithuti li ka etsa joalo, litlhohonolofatso tsa Jehova li tla li ‘fihlela.’—Deuteronoma 28:2.

Li Beha Litholoana Tšebeletsong ea Tsona

Liithuti li ne li kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo bekeng a mang le a mang ha li ntse li le thupelong. Ha mongolisi oa sekolo, Wallace Liverance, a ntse a bua le tsona lenaneong, ho ile ha totobala hore li ne li atlehile. Li ile tsa bolela litaba tse molemo bonyane ka lipuo tse leshome tsa ba tsa qalisa lithuto tsa Bibele tse ’maloa. Banyalani ba bang ba neng ba le sehlopheng sa Gileade ba ile ba qalisa thuto ea Bibele le monna e mong oa Mochaena. Ka mor’a hore ba mo etele ka makhetlo a mabeli, ba ile ba mo botsa hore na o ne a ikutloa joang ka ho tseba Jehova. O ile a phetla Bibele ea hae eaba o ba kōpa hore ba bale Johanne 17:3. O ne a ikutloa hore o tseleng e isang bophelong.

Joale Anthony Morris, e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a buisana le barab’abo rōna ba bararo ba sebeletsang Likomiting Tsa Makala tsa Côte d’Ivoire, Dominican Republic le Ecuador. Bara bana babo rōna ba ile ba tiisetsa liithuti hore Likomiti Tsa Makala li ba lebeletse ka tjantjello e khōlō ’me li tla ba thusa hore ba tloaele likabelong tsa bona.

Joale, Leonard Pearson, e leng setho sa lelapa la Bethele ea United States o ile a buisana le litho tse tharo tsa Komiti ea Lekala tse tsoang Democratic Republic of the Congo, Papua New Guinea le Uganda. Bara bana babo rōna ba ile ba khothaletsa liithuti hore li ikakhele ka setotsoana tšebeletsong ea tšimo. Banyalani ba bang ba baromuoa ba qetileng lilemo tse ka holimo ho 21 ba le Congo ba thusitse batho ba 60 hore ba inehele le ho kolobetsoa. Hona joale banyalani bana ba khanna lithuto tsa Bibele tse 30, ’me batho ba 22 bao ba ithutang le bona ba tla libokeng tsa phutheho. Ka lebaka la kotulo e khōlō joalo ea moea, ena ke nako e molemohali ea ho ba moromuoa.

Ho Paka re E-na le Boikutlo ba ho Potlaka

Gerrit Lösch, e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea ho qetela. Sehlooho sa hae se ne se re: “Ho Bua ka Molimo le ho Paka ka Jesu Letsatsing la Morena.” Mantsoe “paki,” “lipaki,” le “ho paka” a hlaha ka makhetlo a 19 bukeng ea Tšenolo. Kahoo, ho hlakile hore na ke mosebetsi ofe oo Jehova a batlang hore batho ba hae ba o etse. Re lokela ho fana ka bopaki bo joalo neng? Nakong ea ‘letsatsi la Morena.’ (Tšenolo 1:9, 10) Letsatsi leo le qalile ka 1914, ’me le ntse le tsoela pele le mehleng ea rōna, ’me le tla tsoela pele le ho fihlela nakong e tlang. Ho ea ka Tšenolo 14:6, 7, mangeloi a tšehelitse mosebetsi oa ho bua ka Molimo. Tšenolo 22:17 e bontša hore masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a filoe boikarabelo ba ho tsamaisa mosebetsi oa ho paka ka Jesu. Empa kaofela re lokela ho sebelisa tokelo eo hamolemo hona joale. Temaneng ea 20, ho tlalehiloe mantsoe a Jesu ha a re: “Ke tla kapele.” Mor’abo rōna Lösch o ile a khothatsa bohle ba neng ba le teng ka ho re: “Tsebisang batho le re, ‘Tloong, le inkele metsi a bophelo ntle ho tefo.’ Jesu o tla kapele. Na re itokisitse?”

Fred Rusk, eo e bileng morupeli oa Sekolo sa Gileade ka lilemo tse 11, o ile a phetha lenaneo ka thapelo ea teboho e eang ho Jehova e ileng ea ama lipelo tsa bohle ba neng ba le teng. Le ile la fela joalo letsatsi leo le neng le thabisa haholo.

[Lebokose le leqepheng la 13]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tse emetsoeng: 10

Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 25

Palo ea liithuti: 56

Karolelano ea lilemo: 32,5

Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 16,4

Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 12,1

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Sehlopha sa Bo119 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.

(1) Helgesen, S.; Daugaard, H.; Pierluissi, A.; Joseph, I.; Racanelli, C. (2) Byrge, T.; Butler, D.; Freedlun, J.; Nuñez, K.; Pavageau, C.; Doumen, T. (3) Camacho, O.; Lindqvist, L.; Broomer, A.; Wessels, E.; Burton, J.; Woodhouse, O.; Doumen, A. (4) Tirion, A.; Connally, L.; Fournier, C.; Gil, A.; Johnsson, K.; Hamilton, L. (5) Byrd, D.; Scribner, I.; Camacho, B.; Laschinski, H.; Hallahan, M.; Libuda, O. (6) Joseph, A.; Lindqvist, M.; Helgesen, C.; Nuñez, D.; Scribner, S.; Fournier, J. (7) Pierluissi, F.; Pavageau, T.; Broomer, C.; Racanelli, P.; Butler, T.; Woodhouse, M.; Libuda, J. (8) Laschinski, M.; Freedlun, S.; Burton, I.; Tirion, M.; Byrd, M.; Byrge, J. (9) Wessels, T.; Hallahan, D.; Connally, S.; Gil, D.; Daugaard, P.; Hamilton, S.; Johnsson, T.