Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšepo ea Hao ho Molimo e Tiile Hakae?

Tšepo ea Hao ho Molimo e Tiile Hakae?

Tšepo ea Hao ho Molimo e Tiile Hakae?

“Le ’ne le batle ’muso pele.”—MATHEU 6:33.

1, 2. Ke bohato bofe boo mohlankana e mong a ileng a bo nka mabapi le mosebetsi, hona hobane’ng?

MOHLANKANA e mong o ne a batla ho sebelisoa haholoanyane phuthehong ea habo. Bothata ba hae e ne e le hore mosebetsi oa hae oa boipheliso o ne o mo sitisa ho ba teng kamehla libokeng. O ile a lokisa bothata boo joang? O ile a nolofatsa bophelo ba hae, a tlohela mosebetsi oo, ’me ka mor’a nako e itseng o ile a fumana mosebetsi o neng o sa kena-kenane le mesebetsi ea hae ka phuthehong ea Bokreste. Kajeno o fumana chelete e nyenyane haholo ho feta pele, empa o ntse a khona ho hlokomela lelapa la hae ebile o boemong bo molemo haholo ba hore a ka sebelisoa ka phuthehong.

2 Na ua utloisisa hore na ke hobane’ng ha mohlankana eo a ile a nka bohato boo? Na u nahana hore le uena u ka be u nkile bohato bo tšoanang haeba u ne u le boemong bo tšoanang le ba hae? Hoa babatseha hore ebe Bakreste ba bangata ba nkile bohato bo joalo, ’me liketso tsa bona li bontša hore ba lumela seo Jesu a ileng a se tšepisa ha a ne a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Ba tšepile Jehova hore a ba sireletse ho e-na le ho tšepa lefatše.—Liproverbia 3:23, 26.

3. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ebe ho batla ’Muso oa Molimo pele ke ntho e utloahalang kajeno?

3 Kaha re phela linakong tse thata, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ebe mohlankana eo o ile a etsa qeto e bohlale kapa che. Kajeno, batho ba bang ke mafutsana a kollang ntsi hanong ha ba bang bona ba hafa ka nkatana. Batho ba bangata ba phelang linaheng tse futsanehileng ba ne ba ka labalabela ho sebelisa monyetla leha e le ofe feela o ka hlahang e le hore ba ntlafatse bophelo ba bona. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba phelang linaheng tse ruileng ba tlas’a khatello ea ho boloka mokhoa oa bona oa bophelo ho sa tsotellehe ho putlama ha moruo, maemo a feto-fetohang a mesebetsi, le beng ba mesebetsi ba batlang hore basebeletsi ba bona ba sebetse lihora tse telele le ho sebetsa ka thata. Ka lebaka la khatello ea ho fumana mokhoa oa ho iphelisa, ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Na ho batla ’Muso pele e ntse e le ntho e utloahalang?’ Ho u thusa ho arabela potso eo, nahana ka batho bao Jesu a neng a bua le bona.

“Khaotsang ho Tšoenyeha”

4, 5. Jesu o ile a bontša joang hore ho ne ho le bohlale hore batho ba Molimo ba se ke ba ameha haholo ka matšoenyeho a letsatsi le letsatsi?

4 Jesu o ne a le Galilea, a bua le bongata bo boholo bo neng bo tsoa libakeng tse ngata. (Matheu 4:25) Har’a batho bao ke ba ’maloa feela ba neng ba ruile, haeba ba ne ba le teng. E ka ’na eaba boholo ba bona ba ne ba futsanehile. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ba khothalletsa hore ba se ke ba etelletsa maruo pele, empa ba ipolokele ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng letlotlo la moea. (Matheu 6:19-21, 24) O ile a re: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng. Na moea ha o bohlokoa ho feta lijo le ’mele ho feta liaparo?”—Matheu 6:25.

5 E ka ’na eaba mantsoe ao a Jesu a ile a utloahala a se bohlale ho batho ba bangata ba neng ba mo mametse. Ba ne ba tseba hore haeba ba ne ba sa sebetse ka thata, malapa a bona a ne a tla sotleha. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ba hopotsa ka linonyana. Letsatsi le leng le le leng li tlameha ho sela le ho batla moo li ka lulang teng, empa leha ho le joalo Jehova oa li hlokomela. Jesu o ile a ba hopotsa le ka tsela eo ka eona Jehova a hlokomelang lipalesa tsa naha, tseo botle ba tsona bo fetang hōle ba Solomone khanyeng eohle ea hae. Haeba Jehova a hlokomela linonyana le lipalesa, na rōna a ke ke a re hlokomela ho li feta? (Matheu 6:26-30) Joalokaha Jesu a boletse, bophelo ba rōna (meea ea rōna) le ’mele ea rōna e bohlokoa haholo ho feta lijo tseo re li rekang bakeng sa ho iphelisa le liaparo tseo re li rekang bakeng sa ho koahela ’mele ea rōna. Haeba re qeta nako eohle ea rōna hore feela re fumane lijo le liaparo, empa re siea nako e nyenyane feela bakeng sa ho sebeletsa Jehova, re lahleheloa ke morero oa sebele oa bophelo.—Moeklesia 12:13.

Ho ba le Pono e Leka-lekaneng

6. (a) Bakreste ba ikarabella ka eng? (b) Bakreste ba tšepile mang ka ho feletseng?

6 Ho hlakile hore, Jesu o ne a sa re batho ba tlohele ho sebetsa ebe ba letela hore ka tsela e itseng Molimo a hlokomele malapa a bona. Esita le linonyana li lokela ho ipatlela lijo le ho sella malinyane a tsona. Kahoo, Bakreste ba ne ba lokela ho sebetsa haeba ba ne ba batla ho ja. Ba ne ba lokela ho hlokomela boikarabelo ba bona ba lelapa. Bakreste bao e neng e le bahlanka le makhoba ba ne ba lokela ho sebeletsa benghali ba bona ka mafolofolo. (2 Bathesalonika 3:10-12; 1 Timothea 5:8; 1 Petrose 2:18) Moapostola Pauluse o ne a atisa ho etsa litente e le hore a iphelise. (Liketso 18:1-4; 1 Bathesalonika 2:9) Leha ho le joalo, Bakreste bao ba ne ba sa itšetleha ka mosebetsi oa boipheliso bakeng sa tšireletso. Ba ne ba tšepile Jehova. Ka lebaka leo, ba ne ba thabela khotso ea kelello eo batho ba bang ba neng ba se na eona. Mopesaleme o ile a re: “Ba tšepang Jehova ba joaloka Thaba ea Sione, e ke keng ea sisinngoa, empa e lulang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 125:1.

7. Motho ea sa tšepeng Jehova ka tieo a ka ’na a nahana joang?

7 Mang kapa mang ea sa tšepeng Jehova ka tieo a ka ’na a nahana ka tsela e fapaneng le eo. Batho ba bangata ba nka leruo e le eona ntho e ka sehloohong e ka etsang hore ba sireletsehe. Kahoo, batsoali ba ’nile ba khothalletsa bana ba bona hore ba sebelise nako ea bona e ngata ea bocha ba hahamalla thuto e phahameng, ba tšepile hore e tla ba thusa hore ba fumane mesebetsi e lefang haholo. Ka masoabi, batsoali ba bang ba Bakreste ba ile ba lahleheloa haholo ka ho etsa joalo, kahobane bana ba bona ba ile ba fifalloa ke pono ea lintho tsa moea eaba ba hahamalla lipakane tsa lintho tse bonahalang.

8. Bakreste ba lokela ho bontša teka-tekano joang?

8 Kahoo, Bakreste ba bohlale baa lemoha hore keletso ea Jesu e sebetsa haholo kajeno joaloka lekholong la pele la lilemo, ’me ba leka ho etsa lintho ka teka-tekano. Esita leha ba ka tlameha ho qeta nako e ngata mosebetsing oa boipheliso e le hore ba phethe boikarabelo ba bona ba Mangolo, le ka mohla ha ba lumelle hore ho batla chelete ho etse hore ba hlokomolohe lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa moea.—Moeklesia 7:12.

“Le ka Mohla le se ke la Tšoenyeha”

9. Jesu o tiisetsa ba tšepileng Jehova ka ho feletseng eng?

9 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a phehella bamameli ba hae, a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” (Matheu 6:31, 32) Ka sebele mantsoe ana aa khothatsa! Haeba re tšepile Jehova ka ho feletseng, o tla ’ne a re tšehetse. Leha ho le joalo, mantsoe a Jesu le ’ona a etsa hore motho a nahane ka ho teba. A re hopotsa hore haeba re phehella lintho tse bonahalang ka “tabatabelo,” monahano oa rōna o tšoana le oa “lichaba,” e leng batho bao e seng Bakreste ba ’nete.

10. Ha mohlankana e mong a ne a tlile ho Jesu ho tla batla keletso, Jesu o ile a senola joang seo mohlankana enoa a neng a hlile a se rata haholo?

10 Ka lekhetlo le leng, mohlankana e mong ea neng a ruile haholo o ile a botsa Jesu hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a fumane bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a mo hopotsa lintho tse neng li hlokoa ke Molao, o neng o ntse o sebetsa ka nako eo. Mohlankana enoa o ile a tiisetsa Jesu a re: “Ke bolokile tsena tsohle; ke sa ntse ke haelloa ke eng?” E ka ’na eaba ba bangata ba ile ba nka karabo ea Jesu e se bohlale. O ile a re: “Haeba u batla ho phethahala, e-ea u rekise lintho tsa hao u fe mafutsana ’me u tla ba le letlotlo leholimong, u tle ’me u be molateli oa ka.” (Matheu 19:16-21) Mohlankana enoa o ile a tloha a saretsoe, hobane o ne a sa utloisise taba ea ho lahleheloa ke matlotlo a hae. Ho sa tsotellehe hore na o ne a rata Jehova hakae, o ne a rata matlotlo a hae ho feta Jehova.

11, 12. (a) Ke mantsoe afe ao Jesu a ileng a a bua ka leruo a etsang hore motho a nahane? (b) Ke joang matlotlo a ka sitisang motho ho sebeletsa Jehova?

11 Ketsahalo ena e ile ea etsa hore Jesu a bue ntho e ’ngoe e makatsang: “E tla ba ntho e thata hore morui a kene ’musong oa maholimo. . . . Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.” (Matheu 19:23, 24) Na Jesu o ne a bolela hore ha ho morui ea tla rua ’Muso? Che, hobane ha a tsoela pele o ile a re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Matheu 19:25, 26) Ha e le hantle, ka thuso ea Jehova batho ba bang ba neng ba ruile ka nako eo e ile ea e-ba Bakreste ba tlotsitsoeng. (1 Timothea 6:17) Leha ho le joalo, Jesu o ile a bua mantsoe ao a makatsang ka lebaka le utloahalang. O ne a fana ka temoso.

12 Haeba motho a sa batle ho khaohana le matlotlo a hae joaloka mohlankana eane ea neng a ruile, matlotlo a hae a ka mo sitisa ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Sena se ka etsahalla motho ea seng a ntse a ruile le ea “ikemiselitseng ho rua.” (1 Timothea 6:9, 10) Ho tšepa lintho tse bonahalang haholo ho ka etsa hore motho a se ke a ‘ela hloko tlhoko ea hae ea moea.’ (Matheu 5:3) Ka lebaka leo, a ka ’na a ikutloa a sa hloke thuso ea Jehova. (Deuteronoma 6:10-12) A ka ’na a lebella hore phutheho e mo tšoare ka mokhoa o khethehileng. (Jakobo 2:1-4) ’Me a ka ’na a qeta nako ea hae e ngata a thabela leruo la hae ho e-na le ho sebeletsa Jehova.

E-ba le Pono e Nepahetseng

13. Balaodisia ba ne ba e-na le pono efe e fosahetseng?

13 Sehlopha se seng sa batho ba neng ba e-na le pono e fosahetseng ka matlotlo e ne e le phutheho ea lekholong la pele la lilemo ea Laodisia. Jesu o ile a re ho bona: “U re: ‘Ke ruile ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho,’ empa ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse ebile u hlobotse.” Leruo la Balaodisia hase lona le ileng la etsa hore ba be boemong bo haulang joalo ba moea. Taba ke hore ba ile ba tšepa leruo ho feta Jehova. Ka lebaka leo, ba ne ba le foofo moeeng, ’me Jesu o ne a le haufi le ho ba “hlatsa” molomong oa hae.—Tšenolo 3:14-17.

14. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Pauluse a babatse Bakreste ba Baheberu?

14 Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o ile a babatsa Bakreste ba Baheberu ka boikutlo boo ba ileng ba bo bontša pejana ha ba ne ba hlorisoa. O ile a re: “Le ile la bontša kutloelo-bohloko ho ba chankaneng hammoho le ho amohela ka thabo ho tlatlapuoa lintho tsa lōna, le tseba hore le na le letlotlo le molemo le le lulang le le teng.” (Baheberu 10:34) Bakreste bao ha baa ka ba ikutloa ba sithabetse ka lebaka la ho lahleheloa ke matlotlo a bona. Ba ile ba lula ba ntse ba thabile hobane ba ne ba tšoere ka tieo letlotlo la bona la bohlokoahali, ‘letlotlo la bona le molemo le le lulang le le teng.’ Joaloka mohoebi ea boletsoeng papisong ea Jesu ea ileng a tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa perela e le ’ngoe ea bohlokoahali, le bona ba ne ba ikemiselitse hore ba se ke ba tela tšepo ea ’Muso, ho sa tsotellehe lintho leha e le life tseo ba neng ba lokela ho li tela. (Matheu 13:45, 46) Boo ke boikutlo bo botle hakaakang!

15. Moroetsana e mong oa Mokreste Liberia o ile a etelletsa pele lintho tse amanang le ’Muso joang?

15 Kajeno ba bangata ba bontšitse boikutlo bo joalo bo botle. Ka mohlala, Liberia, moroetsana e mong oa Mokreste o ile a fuoa monyetla oa ho ithuta univesithing. Naheng eo, monyetla o joalo o nkoa e le tsela e isang bokamosong bo sireletsehileng. Leha ho le joalo, e ne e le pula-maliboho, e leng moevangeli oa nako e tletseng, ’me o ne a amohetse memo ea ho ba pula-maliboho e khethehileng ea nakoana. O ile a khetha ho batla ’Muso pele le ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng. O ile a ea kabelong ea hae ’me ka likhoeli tse tharo o ile a qalisa lithuto tsa Bibele tse 21. Morali enoa oabo rōna e mocha le ba bang ba likete ba tšoanang le eena ba batla ’Muso pele, esita leha seo se bolela ho lahleheloa ke melemo e itseng ea lintho tse bonahalang. Ba etsa joang hore ba lule ba e-na le boikutlo boo lefatšeng lee le ratang lintho tse bonahalang? Ba hlaoletse litšobotsi tse ngata tse ntle. A re tšohleng tse ling tsa tsona.

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha boikokobetso e le ba bohlokoa haeba re batla ho tšepa Jehova? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela litšepiso tsa Molimo?

16 Boikokobetso: Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao. U se ke ua ipona bohlale.” (Liproverbia 3:5-7) Ka linako tse ling, tsela e itseng e ka ’na ea bonahala e le bohlale mahlong a lefatše. (Jeremia 17:9) Leha ho le joalo, Mokreste oa sebele o batla tataiso ho Jehova. (Pesaleme ea 48:14) ‘Litseleng tsohle tsa hae’—litabeng tsa phutheho, tsa thuto kapa tsa mosebetsi oa boipheliso, tsa boikhathollo kapa linthong leha e le life—ka boikokobetso o batla keletso ea Jehova.—Pesaleme ea 73:24.

17 Ho lumela litšepiso tsa Jehova: Pauluse o itse: “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Haeba re belaela hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae, ho ‘sebelisa lefatše lena ka botlalo’ ho ka bonahala e le ntho e bohlale. (1 Bakorinthe 7:31) Ka lehlakoreng le leng, haeba tumelo ea rōna e le matla, re tla ikemisetsa ho batla ’Muso pele. Re ka etsa joang hore re be le tumelo e matla? Ka ho atamela ho Jehova kamehla, ka thapelo e tlohang pelong le ka ho ithuta kamehla. (Pesaleme ea 1:1-3; Bafilipi 4:6, 7; Jakobo 4:8) Re ka rapela joaloka Morena Davida, ra re: “Ke tšepile uena, Jehova. Ke itse: ‘U Molimo oa ka.’ Molemo oa hao o mongata hakaakang!”—Pesaleme ea 31:14, 19.

18, 19. (a) Ke joang ho ba mafolofolo ho ka matlafatsang boikemisetso ba rōna ba ho tšepa Jehova? (b) Ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho ikemisetsa ho itela?

18 Ho ba mafolofolo tšebeletsong ea Jehova: Pauluse o ile a amahanya ho lumela litšepiso tsa Jehova le ho ba mafolofolo ha a ne a ngola: “Re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolofolo a tšoanang e le hore a be le kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong.” (Baheberu 6:11) Haeba re tšoarehile tšebeletsong ea hae, Jehova o tla re tšehetsa. Nako le nako ha re bona hore o re tšehelitse, re mo tšepa haholoanyane, re ba “ba tiileng, ba sa sutheng.” (1 Bakorinthe 15:58) Tumelo ea rōna ea nchafala, ’me tšepo ea rōna ea tiea.—Baefese 3:16-19.

19 Ho ikemisetsa ho itela: Pauluse o ile a tela mosebetsi o motle e le hore a latele Jesu. O ile a etsa khetho e nepahetseng, le hoja ka linako tse ling a ne a hula ka thata ka lebaka la ho hloka lintho tse itseng tse bonahalang. (1 Bakorinthe 4:11-13) Jehova ha aa re tšepisa bophelo bo mabothobotho, ’me ka linako tse ling bahlanka ba hae ba lokela ho mamella mathata. Ho ikemisetsa ho nolofatsa mokhoa oa rōna oa bophelo le ho itela ho bontša hore re hlile re ikemiselitse ho sebeletsa Jehova.—1 Timothea 6:6-8.

20. Ke hobane’ng ha ho se fele pelo e le habohlokoa haeba motho a batla ho etelletsa pele lintho tse amanang le ’Muso?

20 Ho se fele pelo: Morutuoa Jakobo o ile a phehella Bakreste-’moho le eena a re: “Ka hona, le se ke la fela pelo, barab’eso, ho fihlela ho beng teng ha Morena.” (Jakobo 5:7) Lefatšeng lena leo batho ba lulang ba potlakile, ha ho bonolo hore motho a se ke a fela pelo. Re batla hore lintho li etsahale ka potlako. Empa Pauluse o re khothalletsa ho etsisa bao “ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” (Baheberu 6:12) Ikemisetse ho letela Jehova. Ka sebele ho bohlokoa hore re letele bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise!

21. (a) Re bontša eng ha re etelletsa pele lintho tse amanang le ’Muso? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

21 Ka sebele, keletso ea Jesu ea hore re batle ’Muso pele e bohlale. Haeba re batla ’Muso pele, re bontša hore re hlile re tšepile Jehova, ’me re khetha tsela feela e sireletsehileng eo Mokreste a ka phelang ka eona. Leha ho le joalo, Jesu o ile a boela a re eletsa hore re ’ne re ‘batle pele ho loka ha Molimo.’ Sehloohong se latelang, re tla bona hore na ke hobane’ng ha khothatso eo e hlokahala haholo-holo mehleng ea kajeno.

Na U ka Hlalosa?

• Jesu o ile a re khothalletsa hore re bontše teka-tekano joang mabapi le lintho tse bonahalang?

• Re ithuta eng papisong ea Jesu ea kamele le lesoba la nale?

• Ke litšobotsi life tsa Bokreste tse tla re thusa ho batla ’Muso oa Molimo pele?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Batho ba bangata ba neng ba mametse mantsoe a Jesu ba ne ba futsanehile

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mohlankana ea ruileng o ne a rata matlotlo a hae ho feta Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mohoebi ea boletsoeng papisong ea Jesu o ile a tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa perela e le ’ngoe ea bohlokoahali

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Haeba re tšoarehile tšebeletsong ea hae, Jehova o tla re tšehetsa