Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lōna

Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lōna

Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lōna

TLALEHO e ’ngoe ea makasine ea Time e neng e bua ka buka ea ho hōlisa bana e ile ea re: “Litsebi tsa kelello li ka tlohela ka lehare phuputso eo li nkileng lilemo tse lekholo li e etsa mabapi le tsela ea ho hōlisa ngoana ea lokileng—ha li e tlohele hobane li e fumane, empa li e tlohela hobane li sa e fumane.” Buka ena e bolela hore haholo-holo bana ba nka mekhoa ea lithaka tsa bona, eseng ea batsoali ba bona.

Re ke ke ra latola hore khatello ea lithaka e na le tšusumetso e matla haholo. (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) Sengoli sa koranta se bitsoang William Brown se ile sa bolela hore ‘haeba ho na le ntho eo bacha ba e rapelang, ke ho amoheloa ke lithaka tsa bona . . . le hore ho thata haholo hore bacha ba tlohele mekhoa ea lithaka tsa bona.’ Ha e le hantle, ha batsoali ba sitoa ho etsa hore bophelo ba lelapa bo be monate kapa ba sa iphe nako ea bana ba bona—e leng lintho tse atileng lefatšeng la kajeno la batho ba maphathaphathe—ba lumella hore tšusumetso ea lithaka e senye bana ba bona.

Ho feta moo, ‘matsatsing ana a ho qetela,’ tokisetso ea lelapa ea hlaseloa hobane, joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele, batho ba tšoarehile ke ho batla chelete le menyaka ebile ba ichebile bobona. Kahoo, na re ka makala ha re bona bana ‘ba sa mamele batsoali, ba se na teboho, ba sa tšepahale, ba se na lerato la tlhaho’?—2 Timothea 3:1-3.

Tsela eo poleloana e reng ‘ba se na lerato la tlhaho’ e sebelisitsoeng ka eona ka Bibeleng, e hlalosa lerato la lelapa. Lerato lena ke kamano ea tlhaho e susumetsang batsoali ho hlokomela bana ba bona le e susumetsang bana hore ba khomarele batsoali ba bona. Empa ha batsoali ba se na lerato la tlhaho, bana ba tla batla matšeliso ho batho ba bang—hangata ho lithaka tsa bona, tseo mohlomong ba tla nka mekhoa ea tsona le maikutlo a tsona. Leha ho le joalo, hangata batsoali ba ka qoba boemo bona haeba ba laola malapa a bona ka melao-motheo ea Bibele.—Liproverbia 3:5, 6.

Lelapa ke Tokisetso ea Molimo

Ka mor’a hore Molimo a kopanye Adama le Eva hore e be monna le mosali, o ile a ba laela a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše.” Ka mor’a moo, lelapa le ile la qaleha e le ntate, ’mè le bana. (Genese 1:28; 5:3, 4; Baefese 3:14, 15) E le hore Jehova a thuse batho ho hōlisa bana, o ile a ba bōpella le litšobotsi tse itseng tsa botsoali. Empa, ho fapana le liphoofolo, batho ba hloka thuso e eketsehileng, kahoo Jehova o ile a ba etsetsa tataiso e ngotsoeng. Tataiso ena e akarelletsa litaelo tsa boitšoaro, tsa borapeli le tsa ho ruta bana ka tsela e tšoanetseng.—Liproverbia 4:1-4.

Ha Molimo a bua le bo-ntate ka ho khetheha o ile a re: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7; Liproverbia 1:8, 9) Hlokomela hore batsoali ke bona ba pele ba neng ba lokela ho ba le molao oa Molimo lipelong tsa bona. Ke hobane’ng ha see e ne e le sa bohlokoa? E ne e le sa bohlokoa hobane thuto e susumetsang ba bang e le kannete hase eo motho a e bolelang ka molomo feela empa ke e tsoang pelong. Tsela feela eo batsoali ba ka finyellang lipelo tsa bana ba bona ka eona ke ha ba ba ruta ho tsoa pelong. Hape, batsoali ba joalo e tla ba mehlala e metle ho bana ba bona, ba bonang boikaketsi kapele.—Baroma 2:21.

Batsoali ba Bakreste ba bolelloa hore ba rute bana ba bona “thuto le taeo le keletso le khalemelo tsa Morena” ho tloha boseeng. (Baefese 6:4, The Amplified Bible; 2 Timothea 3:15) Ho tloha boseeng? E! ’Mè e mong o ile a ngola a re: “Ka linako tse ling rōna batsoali ha re fe bana tlotla e ba loketseng. Rea ba halala. Bana ba na le bokhoni. Rōna batsoali re lokela ho bona hore baa bo sebelisa.” Ka sebele, bana ba rata ho ithuta, ’me ha ba rutoa ke batsoali ba rapelang Molimo ka tieo, ba tla ithuta le ho bontša lerato. Bana ba joalo ba tla ikutloa ba sireletsehile ka har’a meeli eo ba e behetsoeng. Kahoo, batsoali ba atlehang ke ba loanelang ho ba metsoalle e lerato, batho ba buang hamolemo ebile e le matichere a nang le mamello le a tiileng ho seo a se buang, a lokisetsang lelapa le mofuthu leo bana ba ka hōlelang ka katleho ho lona. *

Sireletsa Bana ba Hao

Lengolong le neng le e-ea ho batsoali, mosuoe-hlooho e mong ea amehileng oa Jeremane o ile a ngola se latelang: “Batsoali, re rata ho le khothalletsa hore le thahaselle khōliso ea bana ba lona haholo le hore le se ke la neha thelevishene le metsoalle e mebe seo, ha e le hantle, e leng boikarabelo ba lōna ba ho ba koetlisa.”

Ha e le hantle, ho neha thelevishene kapa metsoalle e mebe ngoana, ke ho mo tlohella hore khōlong ea hae a susumetsoe ke moea oa lefatše. (Baefese 2:1, 2) Moea ona oa lefatše o hanyetsa moea oa Molimo joalokaha moea o fokang ka matla, o jala peō ea monahano oa ‘lefatše, oa bophoofolo, oa bodemona,’ ’me o e jala butle likelellong le lipelong tsa ba se nang tsebo kapa tsa maoatla. (Jakobo 3:15) Monahano ona o senyang joaloka lehola, qetellong o silafatsa pelo. Jesu o ile a etsa papiso ea se etsahalang ha lipelo tsa rōna li silafalitsoe ke menahano e khopo a re: “Motho ea molemo o hlahisa se molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, empa motho ea khopo o hlahisa se khopo letlotlong la hae le khopo; etsoe molomo oa hae o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Kahoo, Bibele ea re eletsa: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.”—Liproverbia 4:23.

Bonneteng, bana ke bana, ’me ba bang ba manganga ebile ba rata ho itaela. (Genese 8:21) Ebe batsoali ba ka etsa’ng? Bibele e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana; thupa ea taeo e tla bo suthisetsa hōle le eena.” (Liproverbia 22:15) Batho ba bang ba nka hore ho shapa ngoana ke ho mo sotla ebile ha ho amohelehe. Ha e le hantle, Bibele ha e lumelle mabifi le tšoaro e mpe ea mofuta ofe kapa ofe. “Thupa,” le hoja ka linako tse ling e akarelletsa ho shapa, e emela bolaoli ba motsoali bo sebelisoang ka tieo empa e le ka lerato le ka tšoanelo hobane motsoali a amehile ka katleho ea ka ho sa feleng ea ngoana.—Baheberu 12:7-11.

Thabela ho Ithabisa le Bana ba Hao

Ke ’nete hore bana ba hōla hantle ha ba bapala ba bile ba ithabisa. Batsoali ba bohlale ba sebelisa menyetla ea ho hōlisa kamano ea bona le bana ba bona ka ho ithabisa le bona neng le neng ha ho khoneha. Ha batsoali ba etsa joalo, ba tataisa bana ba bona ho khetha boithabiso bo nepahetseng ebile ba ba thusa ho bona hore batsoali ba thabela botsoalle ba bona.

Ntate e mong oa Paki o re hangata ha a tsoa mosebetsing o ne a bapala bolo le mora oa hae. ’Mè e mong o hopola hore bana ba hae ba ne ba rata merabaraba haholo. Mosali e mong o hopola hore lelapa labo le ne le thabela ho palama libaesekele hammoho. Bana bana kaofela ke batho ba baholo hona joale, empa lerato leo ba ratang batsoali ba bona ka lona—le leo ba ratang Jehova ka lona, le ntse le le matla, ’me lea tota.

Ke ’nete hore batsoali ba bontšang ka mantsoe le ka liketso hore ba rata bana ba bona le hore ba batla ho ba le bona, ba hatisa ntho ea bohlokoa haholo likelellong tsa bana ba bona eo ba tla e hopola le ha ba se ba le baholo. Ka mohlala, ba bangata sehlopheng se fumaneng mangolo Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ba ile ba bolela hore mohlala oa batsoali ba bona le khothatso ea bona ke tsona tse ileng tsa ba kenya takatso ea ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka sebele, sena ke lefa la bohlokoa ho bana le lebaka la thabo ea ’nete ho batsoali! Ke ’nete hore hase bana bohle ba boemong ba ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng ha ba hōla, empa ha ho pelaelo hore bana bohle ba tla rua molemo ba be ba hlomphe batsoali ba tšabang Molimo ba iketsang metsoalle e haufi le mehlala e metle ea bona.—Liproverbia 22:6; Baefese 6:2, 3.

Batsoali ba se Nang Balekane ba ka Atleha

Kajeno, bana ba bangata ba hōlela malapeng a motsoali a le mong. Le hoja ho le thata haholoanyane, batsoali ba se nang balekane ba ka atleha ho hōlisa bana. Ba ka khothatsoa ke mohlala oa Bibele oa Mokreste e mong oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Eunice. Kaha o ne a nyetsoe ke motho ea sa lumelang, mohlomong monna oa hae o ne a sa mo thuse ka letho borapeling ba ’nete. Leha ho le joalo, Eunice o ne a beha mohlala ka ho ruta Timothea. Tšusumetso e ntle eo Eunice hammoho le Loise, e leng nkhon’oa Timothea, ba bileng le eona ho tloha ha Timothea e le lesea, e bile matla ho feta tšusumetso e kotsi eo Timothea a neng a ka ’na a e fumana ho lithaka tse ling tsa hae.—Liketso 16:1, 2; 2 Timothea 1:5; 3:15.

Kajeno bacha ba bangata ba hōtseng ba e-na le motsoali ea sa lumelang kapa ba hōletseng lelapeng la motsoali a le mong ba na le makhabane a tšoanang le ao Timothea e monyenyane a neng a e-na le ’ona. Ka mohlala, Ryan, eo hona joale a nang le lilemo tse 22 ebile e le mosebeletsi oa nako e tletseng, o hōletse lelapeng la motsoali a le mong le moholoane oa moshemane le oa ngoanana. Ntat’a bona e ne e le lekhoba la tahi ’me o ile a lahla lelapa ha Ryan a le lilemo li ’nè. Ryan o re: “’Mè o ne a ikemiselitse hore lelapa leso le tsoele pele le sebeletsa Jehova, ’me o ile a phethahatsa qeto eo ka pelo eohle ea hae.”

Ryan o re: “’Mè o ile a etsa bonnete ba hore re tloaelana le metsoalle e metle. O ne a sa re lumelle ho tloaelana le bao Bibele e reng ke metsoalle e mebe, ebang e ne e le ka ntle ho phutheho kapa ka phuthehong. Hape o ile a phehella ho re ruta hore re be le pono e nepahetseng ka thuto ea sekolo.” Le hoja ’mè oa Ryan a ne a e-ba maphathaphathe hangata a bile a khathala ka lebaka la mosebetsi, sena ha sea ka sa mo thibela ho thahasella bana ba hae ka lerato. Ryan o itse: “Kamehla o ne a rata ho ba le rōna le ho bua le rōna. E ne e le tichere e nang le mamello empa e tiile lentsoeng la eona, o ne a etsa sohle hore re be le thuto ea kamehla ea Bibele ea lelapa. Tabeng ea melao-motheo ea Bibele, o ne a sa sekisetse ho hang.”

Ryan o hopola ha e sa le ngoana hore motho ea ileng a susumetsa bophelo ba hae le ba baholoane ba hae haholo, ke ’mè oa hae, ea neng a se na molekane le ea neng a rata Molimo le bana ba hae e le kannete. Kahoo, lōna batsoali ba Bakreste, ba lenyalong kapa ba bahlolohali, ba nang le balekane ba lumelang le ba se nang bona—le se ke la inehela ka lebaka la ho nyahama kapa la likhoreletso tsa nakoana ha le ntse le loanela ho ruta bana ba lōna. Ka linako tse ling, bana ba bang, joaloka mora ea lehlasoa, ba ka ’na ba furalla ’nete. Empa ha ba bona kamoo lefatše le se nang thuso le kamoo le leng sehlōhō kateng, ba ka ’na ba khutla. Ka sebele, “ea lokileng o tsamaea botšepehing ba hae. Ho thaba bara ba hae ka mor’a hae.”—Liproverbia 20:7; 23:24, 25; Luka 15:11-24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Bakeng sa puisano e batsi ea lintlha tsena tsa bohlokoa, bona leqephe la 55-9 la buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]

BATSOALI BA JESU BA ILE BA KHETHOA KE MOLIMO

Ha Jehova a ne a romela Mora oa hae hore a tl’o tsoaloa e le motho oa nama, o ile a khetha batsoali ba Jesu ka hloko. Hoa thahasellisa hore ebe o ile a khetha batho ba babeli ba baikokobetsi le ba tšabang Molimo ba sa kang ba bokotsa Jesu, empa ba ileng ba mo ruta Lentsoe la Molimo le molemo oa ho sebetsa ka thata ba ba ba mo ruta boikarabelo. (Liproverbia 29:21; Lillo tsa Jeremia 3:27) Josefa o ile a ruta Jesu mosebetsi oa ho betla mapolanka, ’me ha ho pelaelo hore Josefa le Maria ba ne ba lebeletse hore Jesu, joaloka ngoana e moholo, a ba thuse ho hlokomela bana ba bang ba bona, bao ho ka etsahalang hore ebe ba ne ba tšeletse ka palo.—Mareka 6:3.

Nahana kamoo nakong ea Paseka lelapa la Josefa le neng le sebetsa hammoho kateng ho lokisetsa leeto la selemo le selemo la ho ea Jerusalema—bohōle ba lik’hilomithara tse 200 ho ea le ho khutla ba sa sebelise lipalangoang tsa kajeno. Ha ho pelaelo hore lelapa la batho ba robong kapa ho feta le ne le tla tlameha ho hlophisoa hantle bakeng sa leeto le letelele hakaalo. (Luka 2:39, 41) Ho sa tsotellehe mathata, ha ho pelaelo hore Josefa le Maria ba ne ba nka maeto ana e le a bohlokoa, mohlomong ba ne ba a sebelisetsa ho ruta bana ba bona ka liketsahalo tsa nakong e fetileng tsa Bibele.

Ha Jesu a ntse a hōla, o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae, ka nako eohle ‘a ntse a hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.’ (Luka 2:51, 52) Ka sebele, Josefa le Maria ba ile ba bontša hore ho ne ho tšoaneleha hore Jehova a ba tšepe. Ke mohlala o motle hakaakang ho batsoali kajeno!—Pesaleme ea 127:3.