Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘E-eang ’me le Etse Barutuoa, le ba Kolobetse’

‘E-eang ’me le Etse Barutuoa, le ba Kolobetse’

‘E-eang ’me le Etse Barutuoa, le ba Kolobetse’

“Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—MATHEU 28:19, 20.

1. Ke qeto efe eo sechaba sa Iseraele se ileng sa e etsa mosikong oa Thaba ea Sinai?

LILEMONG tse ka bang 3 500 tse fetileng, sechaba kaofela se ile sa etsa kano ho Molimo. Baiseraele ba neng ba bokane mosikong oa Thaba ea Sinai, ba ile ba bolela phatlalatsa ba re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiselitse ho se etsa.” Ho tloha ka nako eo, Baiseraele e ile ea e-ba sechaba se inehetseng ho Molimo, ‘thepa ea hae e khethehileng.’ (Exoda 19:5, 8; 24:3) Ba ile ba lebella ka tjantjello hore a ba sireletse le hore melokong eohle ea bona ba phele naheng “e phallang lebese le mahe a linotši.”—Levitike 20:24.

2. Ke kamano efe eo batho ba ka bang le eona le Molimo kajeno?

2 Leha ho le joalo, joalokaha mopesaleme Asafe a ile a lumela, Baiseraele “ha baa ka ba boloka selekane sa Molimo, ba ile ba hana ho tsamaea molaong oa hae.” (Pesaleme ea 78:10) Ba ile ba hlōleha ho boloka kano eo baholo-holo ba bona ba neng ba e entse ho Jehova. Qetellong, sechaba se ile sa lahleheloa ke kamano e khethehileng eo se neng se e-na le eona le Molimo. (Moeklesia 5:4; Matheu 23:37, 38) Kahoo, Molimo o ile a “lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Liketso 15:14) ’Me matsatsing ana a ho qetela, o ntse a bokella ‘bongata bo boholo, boo ho seng motho ea ka khonang ho bo bala, bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle,’ boo ka thabo bo reng: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.”—Tšenolo 7:9, 10.

3. Ke mehato efe eo motho a lokelang ho e nka e le hore a be le kamano le Molimo?

3 Hore motho a be har’a batho ba nang le kamano eo ea bohlokoa le Molimo, o lokela ho inehela ho Jehova ’me a bonahatse seo phatlalatsa ka ho kolobetsoa metsing. Ho etsa sena ho bontša ho mamela taelo e tobileng eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Baiseraele ba ne ba mametse ha “buka ea selekane” e baloa. (Exoda 24:3, 7, 8) Kahoo, ba ne ba utloisisa boikarabelo ba bona ka pel’a Jehova. Le kajeno ho joalo, ho hlokahala hore motho a be le tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo e fumanoang Lentsoeng la hae, e leng Bibele, pele a ka nka bohato ba ho kolobetsoa.

4. Motho o lokela ho etsa’ng e le hore a tšoanelehele ho kolobetsoa? (Akarelletsa le lebokose le ka holimo.)

4 Ho hlakile hore Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba be le tumelo e nang le motheo o tiileng pele ba kolobetsoa. Ha aa ka a laela feela hore balateli ba hae ba ee ’me ba etse barutuoa empa o ile a laela le hore ba ba rute ‘ho boloka lintho tsohle tseo a neng a ba laetse tsona.’ (Matheu 7:24, 25; Baefese 3:17-19) Ka hona, ba tšoanelehelang kolobetso hangata baa be ba qetile likhoeli kapa esita le selemo kapa tse peli ba ntse ba ithuta Bibele, e le hore ba se ke ba etsa qeto ea bona ka lepotlapotla kapa ba e etsa ka ho hloka tsebo. Ka letsatsi la kolobetso, ba eang kolobetsong ba araba lipotso tse peli tsa bohlokoa ka ho re: “E!” Kaha Jesu o ile a hatisa hore ‘E ea rōna e lokela ho bolela E, le Che ea rōna, e be Che,’ ho tla ba molemo hore kaofela ha rōna re hlahlobe ka hloko bohlokoa ba lipotso tsena tse peli tsa kolobetso.—Matheu 5:37.

Ho Baka le ho Inehela

5. Ke mehato efe e ’meli ea bohlokoa e hatisoang potsong ea pele e botsoang motho ea eang kolobetsong?

5 Potso ea pele e botsoang motho ea eang kolobetsong ke hore na o baketse mekhoa ea hae ea pele le hore na o nehetse bophelo ba hae ho Jehova hore a etse thato ea hae. Potso ena e hatisa mehato e ’meli ea bohlokoa eo motho a lokelang ho e nka pele a kolobetsoa, e leng ho baka le ho inehela.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho bohle ba eang kolobetsong ba bake? (b) Ke liphetoho life tseo motho a lokelang ho li etsa ha a se a bakile?

6 Ke hobane’ng ha motho a lokela ho baka pele a kolobetsoa? Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Ka nako e ’ngoe kaofela re ile ra itšoara tumellanong le litakatso tsa nama ea rōna.” (Baefese 2:3) Pele re e-ba le tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo, re ne re phela joaloka lefatše, re phela ka melao le litekanyetso tsa lona. Satane, e leng molimo oa tsamaiso ena e khopo ea lintho, o ne a laola tsela eo re phelang ka eona. (2 Bakorinthe 4:4) Empa kaha re se re tseba thato ea Molimo, re ikemiselitse hore re ke ke ra ‘hlola re phelela litakatso tsa batho, empa re tla phelela thato ea Molimo.’—1 Petrose 4:2.

7 Tsela ena e ncha eo re phelang ka eona e na le melemo e mengata. Habohlokoa le ho feta, e etsa hore motho a be le kamano ea bohlokoa le Jehova, eo Davida a ileng a e bapisa le ho memeloa ho kena ka “tenteng” ea Molimo le ‘thabeng e halalelang’—e leng tlotla e khōlō ka ho fetisisa. (Pesaleme ea 15:1) Ke ’nete hore Jehova o ne a ke ke a mema mang le mang feela empa o ne a tla mema ‘ba tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me ba etsa ho loka ebile ba bua ’nete ka lipelong tsa bona.’ (Pesaleme ea 15:2) Ka lebaka la maemo a sa tšoaneng ao re neng re le ho ’ona pele re ithuta ’nete, ho ka ’na ha hlokahala hore re etse liphetoho tse itseng—boitšoarong le bothong ba rōna pele re ka finyella litšoaneleho tsena. (1 Bakorinthe 6:9-11; Bakolose 3:5-10) Se re susumeletsang ho etsa liphetoho tse joalo ke ho baka—e leng ho ikoahlaela haholo tsela eo re neng re phela ka eona pele le boikemisetso bo matla ba ho khahlisa Jehova. Sena se lebisa phetohong e feletseng—e leng ho tlohela tsela ea boithati eo lefatše le phelang ka eona le ho etsa lintho tse khahlisang Molimo.—Liketso 3:19.

8. Re etsa boinehelo joang, hona bo amana joang le kolobetso?

8 Karolo ea bobeli ea potso ea pele e botsoang ba eang kolobetsong ke hore na ba inehetse ho Jehova ho etsa thato ea hae. Ho inehela ke bohato ba bohlokoa bo lokelang ho tla pele ho kolobetso. Ho etsoa ka thapelo, eo re e etsang ho bontša takatso ea ho nehela bophelo ba rōna ho Jehova ka Kreste. (Baroma 14:7, 8; 2 Bakorinthe 5:15) Ka mor’a moo Jehova e ba Mong’a rōna, ’me joaloka Jesu, re thabela ho etsa thato ea Molimo. (Pesaleme ea 40:8; Baefese 6:6) Tšepiso ena e tiileng eo re e etsang ho Jehova e etsoa hanngoe feela. Leha ho le joalo, kaha boinehelo ke ntho eo re e etsang re le bang, boipolelo ba phatlalatsa boo re bo etsang ka letsatsi la kolobetso ke ho tsebisa bohle hore re inehetse ka tieo ho Ntate oa rōna oa leholimo.—Baroma 10:10.

9, 10. (a) Ho etsa thato ea Molimo ho akarelletsa eng? (b) Liofisiri tse ling tsa Manazi li ile tsa hlokomela eng ka boinehelo ba rōna?

9 Ho latela mohlala oa Jesu oa ho etsa thato ea Molimo ho akarelletsa eng? Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” (Matheu 16:24) Mona o ile a thathamisa lintho tse tharo tseo re lokelang ho li etsa. Ea pele, rea ‘itatola.’ Ka mantsoe a mang, re lahla litšekamelo tsa rōna tsa boithati le tsa ho se phethahale, ebe re lumela hore re tla mamela keletso le tataiso ea Molimo. Ea bobeli, ‘re nka thupa ea rōna ea tlhokofatso.’ Mehleng ea Jesu thupa ea tlhokofatso e ne e tšoantšetsa lihlong le ho utloa bohloko. Joaloka Bakreste, rea lumela hore ka linako tse ling re ka ’na ra utloa bohloko ka lebaka la litaba tse molemo. (2 Timothea 1:8) Le hoja lefatše le ka ’na la re soma kapa la re nyelisa, re tšoana le Kreste, ha re ‘natse lihlong,’ re thabela ho tseba hore re khahlisa Molimo. (Baheberu 12:2) Qetellong, re latela Jesu ‘re sa khaotse.’—Pesaleme ea 73:26; 119:44; 145:2.

10 Hoa thahasellisa hore ebe bahanyetsi ba bang ba utloisisa kamoo boinehelo ba Lipaki Tsa Jehova ba ho sebeletsa Molimo feela e leng ba bohlokoa kateng. Ka mohlala, kampong ea mahloriso ea Buchenwald ea Jeremane ea Bonazi, Lipaki tse ileng tsa hana ho latola tumelo ea tsona li ile tsa kōptjoa hore li saene polelo e latelang e hatisitsoeng: “Ke ntse ke le Seithuti sa Bibele se itetseng ebile nke ke ka koenehela kano eo ke e entseng ho Jehova.” Ka sebele mantsoe ana a hlalosa hantle boikutlo ba bahlanka bohle ba Molimo ba inehetseng, le ba tšepahalang!—Liketso 5:32.

Ho Khetholloa U le e Mong oa Lipaki Tsa Jehova

11. Ke tlotla efe eo motho ea kolobetsoang a bang le eona?

11 Potso ea bobeli e botsoang ba eang kolobetsong e qala ka ho botsa motho ea eang kolobetsong hore na ebe oa utloisisa hore ho kolobetsoa ha hae ho mo khetholla e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a kolobetso, e ba mosebeletsi ea khethiloeng ea bitsoang ka lebitso la Jehova. Ena ke tlotla e khōlō le boikarabelo bo boholo. Motho ea kolobelitsoeng o boetse o ba le tšepo ea ho fumana poloko ea ka ho sa feleng, hafeela a ntse a tšepahala ho Jehova.—Matheu 24:13.

12. Ke boikarabelo bofe bo tsamaeang le tlotla ea ho bitsoa ka lebitso la Jehova?

12 Ka sebele, ho bitsoa ka lebitso la Molimo ea matla ’ohle, e leng Jehova, ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa. Moprofeta Mikea o ile a re: “Lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Mikea 4:5) Leha ho le joalo, tlotla ena e tsamaea le boikarabelo. Re lokela ho loanela ho phela ka tsela e bontšang hore re hlompha mong’a lebitso leo re bitsoang ka lona. Joalokaha Pauluse a ile a hopotsa Bakreste ba Roma, haeba motho a sa phelele seo a se buang, lebitso la Molimo lea “nyefoloa,” kapa le buuoa hampe.—Baroma 2:21-24.

13. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba inehetseng ba e-na le boikarabelo ba ho pakela Molimo oa bona?

13 Ha motho e e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o boetse o amohela boikarabelo ba ho pakela Molimo oa hae. Jehova o ile a mema sechaba se inehetseng sa Iseraele hore e be lipaki tsa hae e le hore se pake Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng. (Esaia 43:10-12, 21) Empa sechaba sena se ile sa hlōleha ho phetha boikarabelo bona, ’me qetellong Jehova o ile a se lahla. Kajeno, Bakreste ba ’nete ba motlotlo hore ebe ba na le tokelo ea ho pakela Jehova. Re etsa sena hobane re mo rata ebile re lakatsa hore lebitso la hae le halaletsoe. Na ebe re ka tlohela ho bolella ba bang ’nete ka Ntate oa rōna oa leholimo le ka morero oa hae? Re ikutloa joaloka moapostola Pauluse ea ileng a re: “Ke tlamehile ho ho etsa. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!”—1 Bakorinthe 9:16.

14, 15. (a) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o re thusa joang hore re hōle moeeng? (b) Ke litokisetso life tse leng teng tse re thusang moeeng?

14 Potso ea bobeli e boetse e hopotsa motho ea eang kolobetsong ka boikarabelo ba hae ba ho sebelisana le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o tsamaisoang ke moea. Ha re sebeletse Molimo re le bang, ebile re hloka thuso, tšehetso le khothatso ea “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” (1 Petrose 2:17; 1 Bakorinthe 12:12, 13) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o phetha karolo ea bohlokoa khōlong ea rōna ea moea. O fana ka likhatiso tse ngata tsa Bibele tse re thusang ho hōla tsebong e nepahetseng, ho etsa lintho ka bohlale ha re talimane le mathata, le ho ba le kamano e haufi le Molimo. Joaloka ’mè ea tiisang hore ngoana oa hae o fepehile ebile o hlokomelehile hantle, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fana ka nala ea lijo tsa moea tse fumanehang ka nako tse re thusang ho ntlafatsa kamano ea rōna le Jehova.—Matheu 24:45-47; 1 Bathesalonika 2:7, 8.

15 Libokeng tsa beke le beke, batho ba Jehova ba rupeloa le ho khothatsoa kamoo ho hlokahalang kateng e le hore e be Lipaki Tsa Jehova tse tšepahalang. (Baheberu 10:24, 25) Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re ruta ho bua le batho phatlalatsa, ’me Seboka sa Tšebeletso se re koetlisetsa ho fana ka molaetsa oa rōna ka katleho. Libokeng tsa rōna le ha re ithuta likhatiso tsa Bibele re le bang, re ka bona kamoo moea oa Jehova o sebetsang kateng, le kamoo o tsamaisang mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng kateng. Ka ho sebelisa litokisetso tsena tse tloaelehileng, Molimo o re lemosa ka likotsi tse ka ’nang tsa re hlahela, o re koetlisetsa ho ba basebeletsi ba atlehang, ebile o re thusa ho lula re falimehile moeeng.—Pesaleme ea 19:7, 8, 11; 1 Bathesalonika 5:6, 11; 1 Timothea 4:13.

Sepheo sa ho Kolobetsoa

16. Ke eng e re susumelletsang ho inehela ho Jehova?

16 Kahoo lipotso tse peli tse botsoang ba eang kolobetsong li ba hopotsa kamoo ho kolobetsoa metsing ho leng bohlokoa kateng, hape li ba hopotsa boikarabelo bo tsamaeang le hona. Joale, ke eng e lokelang ho ba susumelletsa ho etsa qeto ea ho kolobetsoa? Re fetoha barutuoa ba kolobelitsoeng, eseng hobane re qobelloa ke motho ea itseng, empa kahobane re “huloa” ke Jehova. (Johanne 6:44) Kaha “Molimo ke lerato,” o busa bokahohleng ka lerato, eseng ka likhoka. (1 Johanne 4:8) Litšobotsi tse bontšang mosa tsa Jehova le tsela eo a sebetsanang le rōna ka eona ke tsona tse re hulelang ho eena. Jehova o re file Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ebile o re tšepisa bokamoso bo molemohali. (Johanne 3:16) Le rōna re susumelletseha ho mo fa bophelo ba rōna, ka ho inehela ho eena.—Liproverbia 3:9; 2 Bakorinthe 5:14, 15.

17. Ke eng eo re sa inehelang ho eona?

17 Re inehela ho Jehova ka boeena, eseng morerong o itseng kapa mosebetsing o itseng. Mosebetsi oo Molimo a o fileng batho ba hae o tla fetoha, empa boinehelo boo ba bo entseng ho eena bona bo ke ke ba fetoha. Ka mohlala, seo Molimo a ileng a re Abrahama a se etse se ne se fapane haholo le seo a ileng a re Jeremia a se etse. (Genese 13:17, 18; Jeremia 1:6, 7) Leha ho le joalo, Abrahama le Jeremia ba ile ba etsa mosebetsi o tobileng oo Molimo a neng a ba file oona hobane ba ne ba rata Jehova ebile ba rata ho etsa thato ea hae ka botšepehi. Nakong ena ea bofelo, balateli bohle ba kolobelitsoeng ba Kreste ba loanela ho phetha taelo ea Kreste ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Haeba re etsa mosebetsi ona ka pelo eohle re tla be re bontša hantle hore re rata Ntate oa rōna oa leholimo le hore re hlile re inehetse ho eena.—1 Johanne 5:3.

18, 19. (a) Ke polelo efe eo re e etsang phatlalatsa ha re kolobetsoa? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

18 Ha ho pelaelo hore kolobetso e re bulela monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tse ngata, empa hase mohato oo re lokelang ho o nka habobebe. (Luka 14:26-33) E bontša hore re entse qeto e lokelang ho nkoa e le ea bohlokoa ho feta mosebetsi leha e le ofe o mong. (Luka 9:62) Ha re kolobetsoa, ha e le hantle re bua phatlalatsa re re: “Enoa ke Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng. O tla re tataisa ho fihlela re shoa.”—Pesaleme ea 48:14.

19 Sehloohong se latelang re tla tšohla lipotso tse ling hape tse ka ’nang tsa hlaha mabapi le ho kolobetsoa metsing. Na ebe mohlomong ho na le mabaka a utloahalang a ka etsang hore motho a se ke a batla ho kolobetsoa? Na taba ea hore motho o lilemo li kae e ka mo thibela hore a se ke a kolobetsoa? Ke joang kaofela ha rōna re ka etsang hore kolobetso e be ketsahalo e hlomphehang?

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha Mokreste e mong le e mong a lokela ho baka pele a kolobetsoa?

• Ho inehela ho Molimo ho akarelletsa eng?

• Ke boikarabelo bofe bo tsamaisanang le tlotla ea ho bitsoa ka lebitso la Jehova?

• Ke eng e lokelang ho re susumelletsa ho etsa qeto ea ho kolobetsoa?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Lipotso Tse Peli Tse Botsoang Ba Eang Kolobetsong

Motheong oa sehlabelo sa Jesu Kreste, na u baketse libe tsa hao ’me u inehetse ho Jehova ho etsa thato ea hae?

Na ua utloisisa hore boinehelo ba hao le kolobetso li u khetholla u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova tse kopanelang le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o tataisoang ke moea?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Boinehelo ke tšepiso e tiileng eo re e etsang ho Jehova ka thapelo

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Mosebetsi oa rōna oa ho bolela o bontša hore re inehetse ho Molimo