Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Finyella se Hlokoang Bakeng sa Kolobetso ea Bokreste

Ho Finyella se Hlokoang Bakeng sa Kolobetso ea Bokreste

Ho Finyella se Hlokoang Bakeng sa Kolobetso ea Bokreste

“Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?”—LIKETSO 8:36.

1, 2. Filipi o ile a qalisa moqoqo joang le letona la Ethiopia, ’me ke eng e bontšang hore monna enoa o ne a rata lintho tsa moea?

SELEMO kapa tse peli ka mor’a lefu la Jesu, letona le leng la ’muso le ne le tsamaea le lebile ka boroa tseleng e tlohang Jerusalema e lebang Gaza. Le ne le lokela ho nka leeto le tepelletsang ka koloi ea lipere leo mohlomong e neng e le la bohōle ba lik’hilomithara tse 1 500. Monna enoa ea inehetseng o ne a se a tsamaile leeto le lelelele la ho tloha Ethiopia a e-tla Jerusalema bakeng sa ho rapela Jehova. Ha a ntse a le leetong leo le lelelele la ho khutlela Ethiopia, o ne a sebelisa nako ea hae hamolemo ka hore a bale Lentsoe la Molimo—e leng bopaki bo bontšang hore o ne a e-na le tumelo. Jehova o ile a ela monna enoa ea tšepahalang hloko, eaba ka lengeloi la hae, O laela morutuoa Filipi hore a mo pakele.—Liketso 8:26-28.

2 Filipi o ile a qalisa moqoqo habonolo, hobane letona lena la Moethiopia le ne le balla holimo, kaha ona e ne e le mokhoa o tloaelehileng mehleng eo. Kahoo, Filipi o ile a utloa hore monna enoa o ne a bala se ngotsoeng moqolong oa Esaia. Potso e le ’ngoe feela e bonolo e tsoang ho Filipi e ile ea tsosa thahasello ea monna enoa: “Na u tseba seo u se balang?” Sena se ile sa etsa hore ba buisane ka Esaia 53:7, 8. Qetellong, Filipi o ile a mo “bolella litaba tse molemo mabapi le Jesu.”—Liketso 8:29-35.

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Filipi a sa a ka a lieha ho kolobetsa Moethiopia? (b) Re tla tšohla lipotso life hona joale?

3 Ka mor’a nako e khutšoanyane, Moethiopia eo o ile a utloisisa karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo, le hore e lokela ho ba morutuoa oa Kreste ea kolobelitsoeng. Ha a bona metsi a mangata haufi, o ile a botsa Filipi a re: “Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?” Ho hlakile hore boemo bona e ne e le bo ikhethang. Monna enoa e ne e le motho ea nang le tumelo ea neng a se a ntse a rapela Molimo a sokolohetse Sejudeng. Mohlomong ho ne ho tla hlokahala hore a lete nako e telele pele ho ka hlaha monyetla o mong oa hore a kolobetsoe. Habohlokoa le ho feta, monna enoa o ne a utloisisa seo Molimo a neng a se hloka ho eena, ’me o ne a batla ho se etsa ka pelo eohle. Ka thabo Filipi o ile a lumellana le kōpo ea hae, ’me ha Moethiopia enoa a qeta ho kolobetsoa, o ile ‘a tsoela pele ho tsamaea a thabile.’ Ha ho pelaelo hore e ile ea e-ba ’moleli ea mafolofolo oa litaba tse molemo naheng ea habo.—Liketso 8:36-39.

4 Le hoja mohato oa boinehelo le oa kolobetso o sa lokela ho nkoa habobebe kapa ka lepotlapotla, mohlala oa letona lena la Moethiopia o bontša hore maemong a mang batho ba ’nile ba kolobetsoa hang feela ha ba qeta ho utloa ’nete ea Lentsoe la Molimo. * Kahoo, ho loketse hore re hlahlobe lipotso tse latelang: Ke litokisetso life tseo motho a lokelang ho li etsa bakeng sa kolobetso? Motho o lokela ho nahana ka kolobetso ha a le lilemo li kae? Motho o lokela ho bontša tsoelo-pele efe ea moea pele a ka kolobetsoa? Habohlokoa ka ho fetisisa, ke hobane’ng ha Jehova a batla hore bahlanka ba hae ba nke khato ee?

Tumellano e Tiileng

5, 6. (a) Nakong e fetileng batho ba Molimo ba ile ba bontša joang hore ba rata Jehova? (b) Re ka ba le kamano efe e haufi le Molimo ha re se re kolobelitsoe?

5 Ka mor’a ho lopolla Baiseraele Egepeta, Jehova o ile a ithaopela ho ba amohela e le ‘thepa ea hae e khethehileng,’ ho ba rata le ho ba sireletsa le ho ba fa maemo a ho ba “sechaba se halalelang.” Leha ho le joalo, e le hore sechaba se fumane litlhohonolofatso tsena, se ne se lokela ho bontša ka tsela e bonahalang le e tobileng hore se rata Molimo. Se ile sa etsa sena ka hore se lumele hore se tla etsa “sohle seo Jehova a se buileng” le ka ho etsa selekane le eena. (Exoda 19:4-9) Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, ’me ba ileng ba amohela thuto ea hae ba ile ba kolobetsoa. Ho ba le kamano e ntle le Molimo ho ne ho itšetlehile ka ho lumela ho Jesu Kreste ho neng ho lateloa ke kolobetso.—Matheu 28:19, 20; Liketso 2:38, 41.

6 Litlaleho tsena tsa Mangolo li bontša hore Jehova o hlohonolofatsa ba etsang tšepiso e tiileng ea ho mo sebeletsa le ho e boloka. Bakeng sa Bakreste, boinehelo le kolobetso ke mehato e hlokahalang bakeng sa ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova. Re ikemiselitse ho latela litsela tsa hae le ho batla tataiso ea hae. (Pesaleme ea 48:14) Ebe ka tsela ea tšoantšetso, Jehova le eena o re tšoara ka letsoho ’me o re tsamaisa tseleng eo re lokelang ho tsamaea ho eona.—Pesaleme ea 73:23; Esaia 30:21; 41:10, 13.

7. Ke hobane’ng ha boinehelo le kolobetso e lokela ho ba qeto eo motho a iketsetsang eona?

7 Ho rata Jehova le takatso ea ho mo sebeletsa ke hona ho lokelang ho re susumetsa hore re nke mehato ena. Ha ho motho ea lokelang ho kolobetsoa hobane feela motho e mong a mo bolella hore e se e le khale a ithuta kapa hobane metsoalle ea hae e kolobetsoa. Ka tlhaho, batsoali le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba ka ’na ba khothalletsa motho hore a nahane ka boinehelo le kolobetso. Moapostola Petrose o ile a khothalletsa batho ba neng ba mo mametse ka Pentekonta hore ba “kolobetsoe.” (Liketso 2:38) Leha ho le joalo, boinehelo ke taba ea motho ka mong, ’me ha ho motho ea ka re etsetsang bona. Ke rōna ba lokelang ho iketsetsa qeto ea ho etsa thato ea Molimo.—Pesaleme ea 40:8.

Ho Etsa Litokisetso Tse Lekaneng Bakeng sa Kolobetso

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Mangolo a sa lumellane le kolobetso ea masea? (b) Ke tsoelo-pele efe ea moea eo bacha ba lokelang ho e etsa pele ba kolobetsoa?

8 Na bana ba ka khona ho inehela ba utloisisa seo ba se etsang? Mangolo ha a bolele hore na motho o lokela ho ba lilemo li kae pele a kolobetsoa. Leha ho le joalo, ka sebele masea e ne e ke ke ea e-ba balumeli, a bontša tumelo, kapa a inehela ho Molimo. (Liketso 8:12) Rahistori ea bitsoang Augustus Neander ha a bua ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bukeng ea hae e bitsoang General History of the Christian Religion and Church o re: “Qalong ho ne ho kolobetsoa batho ba baholo feela, kaha ka tloaelo batho ba ne ba utloisisa hore kolobetso le tumelo li amana haufi-ufi.”

9 Bacha ba bang ba khona ho utloisisa lintho tsa moea ba sa le banyenyane haholo, ha ba bang bona ba nka nako e telele pele ba li utloisisa. Leha ho le joalo, pele mocha a kolobetsoa, o lokela ho ba le kamano ea botho le Jehova, a utloisise hantle lithuto tsa motheo tsa Mangolo, a be a utloisise ka ho hlaka hore na boinehelo bo akarelletsa eng, feela joalokaha le batho ba baholo ba lokela ho finyella lintho tsena.

10. Ke mehato efe eo motho a lokelang ho e nka pele a inehela le ho kolobetsoa?

10 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba rute barutuoa ba bacha lintho tsohle tseo a neng a ba laetse tsona. (Matheu 28:20) Kahoo pele ho tsohle, barutuoa ba bacha ba lokela ho ba le tsebo e nepahetseng ea ’nete, e tla ba thusa hore ba be le tumelo ho Jehova le Lentsoeng la hae. (Baroma 10:17; 1 Timothea 2:4; Baheberu 11:6) Joale, ha ’nete ea Mangolo e ama pelo ea motho, e mo susumelletsa ho baka le ho tlohela tsela eo a neng a phela ka eona pele. (Liketso 3:19) Qetellong, motho o fihla boemong boo ho bona a lakatsang ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa, joalokaha Jesu a laetse.

11. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re kopanele kamehla mosebetsing oa boboleli pele re kolobetsoa?

11 Mohato o mong oa bohlokoa oa ho hahamallela kolobetso ke oa hore motho a kopanele ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso. Ona ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Jehova a o fileng batho ba hae matsatsing ana a ho qetela. (Matheu 24:14) Kahoo bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka thabela ho bua le ba bang ka tumelo ea bona. Ho kopanela mosebetsing ona ho boetse ho ba hlomella hore ha ba se ba kolobelitsoe, ba kopanele kamehla le ka mafolofolo tšebeletsong ea tšimo.—Baroma 10:9, 10, 14, 15.

Na ho na le Ntho e U Thibelang Hore U Kolobetsoe?

12. Ke eng e ka ’nang ea thibela ba bang ho kolobetsoa?

12 Ba bang ba ka ’na ba qoba ho kolobetsoa hobane ba tsilatsila ho amohela boikarabelo bo tsamaisanang le ho kolobetsoa. Baa hlokomela hore e le hore ba boloke melao ea Jehova, ba tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona. Kapa mohlomong ba ka ’na ba tšaba hore ba tla thatafalloa ke ho boloka melao ea Molimo ha ba se ba kolobelitsoe. Ebile ba bang ba ka ’na ba re, “Mohlomong ka letsatsi le leng ke tla etsa ntho e sa lokang ebe ke khaoloa ka phuthehong.”

13. Mehleng ea Jesu, ke eng e neng e etsa hore ba bang ba se ke ba latela Jesu?

13 Mehleng ea Jesu, ba bang ba ile ba lumella litaba tsa botho le likamano tsa lelapa hore li ba sitise ho ba barutuoa ba hae. Mongoli e mong o ile a bolela hore o ne a tla latela Jesu hohle moo A neng a e-ea teng. Empa Jesu o ile a bolela hore hangata o ne a se na le sebaka seo a robalang ho sona. Ha Jesu a ne a mema motho e mong ea neng a mo mametse hore e be morutuoa oa hae, monna enoa o ile a araba ka hore o lokela ho ea “pata” ntat’ae pele. Ho ka etsahala hore ebe o ne a batla ho ea lula lapeng ho fihlela ha ntat’ae a e-shoa, ho e-na le ho latela Jesu ebe o phetha boikarabelo ba ho pata ntat’ae ha nako ea teng e fihla. Qetellong, oa boraro o ile a re pele a latela Jesu, o lokela ‘hore a salise ba ntlo ea hae hantle.’ Jesu o ile a hlalosa ho lieha ho joalo e le ho “talima lintho tse ka morao.” Kahoo, ho bonahala eka batho ba batlang ho lieha joalo ba tla ’ne ba fumane mabaka a ho qoba boikarabelo ba bona ba Bokreste.—Luka 9:57-62.

14. (a) Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne ba ile ba etsa’ng ha Jesu a ne a ba mema hore e be batšoasi ba batho? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tsilatsila ho jara joko ea Jesu?

14 Seo Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne ba ileng ba se etsa se ne se fapane haholo. Ha Jesu a ne a ba mema hore ba mo latele le ho ba batšoasi ba batho, Bibele e re: “Hang-hang ha ba tlohela matlooa, ba mo latela.” (Matheu 4:19-22) Ka ho etsa qeto ea ho latela Jesu ba sa tsilatsile, ba ile ba ikutloela ka bobona seo Jesu a ileng a ba bolella sona hamorao ha a ne a re: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:29, 30) Le hoja kolobetso e jarisa motho joko ea boikarabelo, Jesu o re tiisetsa hore joko eo e mosa ebile e bobebe ’me e tla re khatholla haholo.

15. Mohlala oa Moshe le oa Jeremia o bontša joang hore re ka tšepa Molimo hore a re tšehetse ha re hloka thuso?

15 Hase mohlolo hore motho a ikutloe a sa tšoanelehe hore a ka jara boikarabelo bo tsamaisanang le kolobetso. Qalong Moshe le Jeremia ba ile ba ikutloa ba sa tšoanelehe ho etsa mesebetsi eo Jehova a neng a ba file eona. (Exoda 3:11; Jeremia 1:6) Molimo o ile a ba khothatsa joang? O ile a re ho Moshe: “Ke tla ba le uena.” Eaba o tšepisa Jeremia tjena: “Ke na le uena ho u lopolla.” (Exoda 3:12; Jeremia 1:8) Le rōna re ka kholiseha hore Molimo o tla re tšehetsa. Ho rata Molimo le ho mo tšepa ho ka re thusa ho felisa lipelaelo leha e le life tse phehellang tse mabapi le hore na ebe re tla khona ho phelela boinehelo ba rōna kapa che. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ha ho tšabo leratong, empa lerato le phethahetseng le lahlela tšabo ka ntle.” (1 Johanne 4:18) Moshanyana a ka ’na a tlala tšabo ha a tlameha ho tsamaea a le mong, empa o ba sebete ha a tsamaea a tšoere letsoho la ntat’ae. Ka tsela e tšoanang, haeba re tšepa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna, o tšepisa hore ‘o tla otlolla litsela tsa rōna,’ ha re ntse re tsamaea le eena.—Liproverbia 3:5, 6.

Ketsahalo e Hlomphehang

16. Ke hobane’ng ha kolobetso e akarelletsa ho qoelisoa ka ho feletseng ka metsing?

16 Hangata kolobetso ka boeona e tla ka mor’a puo ea Mangolo e hlalosang bohlokoa ba kolobetso ea Bokreste. Bofelong ba puo ena, ba eang kolobetsong ba kōptjoa hore ba bolele tumelo ea bona phatlalatsa ka ho araba lipotso tse peli tse botsoang ba eang kolobetsong. (Baroma 10:10; bona lebokose le leqepheng la 22.) Joale ba eang kolobetsong ba qoelisoa ka ho feletseng ka metsing, ho latela mohlala o behiloeng ke Jesu ka boeena. Bibele e bontša hore ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile “a tsoa ka metsing.” (Matheu 3:16; Mareka 1:10) Ho hlakile hore, Johanne Mokolobetsi o ile a qoelisa Jesu ka ho feletseng ka metsing. * Ho qoelisa ka ho feletseng ho tšoantšetsa hantle phetoho e khōlō eo re e entseng bophelong ba rōna—ho joalokaha eka re shoela tsela ea rōna ea pele ea bophelo ’me re qala bophelo bo bocha tšebeletsong ea Molimo.

17. Batho ba eang kolobetsong le bashebelli ba ka tlatsetsa joang hore kolobetso ebe ketsahalo e hlomphehang?

17 Kolobetso ke ketsahalo ea bohlokoa le e thabisang. Bibele e bontša hore Jesu o ne a ntse a rapela ha Johanne a ne a mo kolobetsa Nōkeng ea Jordane. (Luka 3:21, 22) Tumellanong le mohlala ona, batho ba kolobetsoang kajeno ba lokela ho itšoara ka mokhoa o hlomphehang. Kaha Bibele e re khothalletsa hore kamehla re apare ka boitlhompho, ka sebele re lokela ho apara ka mokhoa o hlomphehang ka letsatsi la rōna la kolobetso! (1 Timothea 2:9) Bashebelli le bona ba ka bontša tlhompho e loketseng ka ho mamela puo ea kolobetso ka hloko ’me ba itšoare hantle ha ba shebeletse ketsahalo ena.—1 Bakorinthe 14:40.

Litlhohonolofatso Tse Fumanoang ke Barutuoa ba Kolobelitsoeng

18, 19. Kolobetso e tlisa litokelo le litlhohonolofatso life?

18 Ha re se re inehetse ho Molimo re bile re kolobelitsoe, re fetoha karolo ea lelapa le khethehileng. Pele ho tsohle, Jehova e ba Ntate oa rōna le Motsoalle oa rōna. Pele re kolobetsoa, re ne re le hōle le Molimo; joale re boelantsoe le eena. (2 Bakorinthe 5:19; Bakolose 1:20) Ka sehlabelo sa Kreste, re atametse ho Molimo ’me le eena o atametse ho rōna. (Jakobo 4:8) Moprofeta Malakia o hlalosa kamoo Jehova a elang hloko le ho mamela ba bitsoang ka lebitso la hae le ba le sebelisang, o bile o ngola mabitso a bona bukeng ea hae ea khopotso. Molimo o re: “Ka sebele e tla ba ba ka, ke tla ba bontša qenehelo, feela joalokaha motho a bontša qenehelo ho mora oa hae ea mo sebeletsang.”—Malakia 3:16-18.

19 Kolobetso e boetse e re nolofalletsa ho ba karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara. Ha moapostola Petrose a ne a botsa hore na barutuoa ba Kreste ba tla fumana litlhohonolofatso life ka boitelo boo ba neng ba bo entse, Jesu o ile a tšepisa a re: “E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.” (Matheu 19:29) Lilemo hamorao, Petrose o ile a ngola ka “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” o neng o le teng “lefatšeng.” Petrose ka boeena o ne a kile a thusoa le ho fumantšoa litlhohonolofatso tsa lerato la bara ba motho, ’me le rōna re ka fumana thuso e joalo.—1 Petrose 2:17; 5:9.

20. Kolobetso e fana ka tšepo efe e babatsehang?

20 Ho feta moo, Jesu o bontšitse hore ba mo latelang ba “tla rua bophelo bo sa feleng.” Ka sebele, boinehelo le kolobetso li re fa tšepo ea ho “tšoara ka tieo bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Timothea 6:19) Na ebe ho na le motheo oa bokamoso o molemo ho feta oo, oo re ka o ralang bakeng sa rōna le malapa a rōna? Tšepo ena e babatsehang e tla re thusa ho “tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”—Mikea 4:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Bajuda ba likete tse tharo le basokolohi ba neng ba mametse puo ea Petrose ka Pentekonta le bona ba ile ba kolobetsoa ntle ho tieho. Ke ’nete hore, joaloka leqhalaha la Moethiopia, ba ne ba se ba ntse ba tseba lithuto tsa motheo le melao-motheo ea Lentsoe la Molimo.—Liketso 2:37-41.

^ ser. 16 Ho ea ka Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine, lentsoe la Segerike baʹpti·sma (kolobetso) le bolela “ho qoelisoa, ho koaheloa ka ho feletseng ka metsi le ho ntšoa.”

Na U ka Hlalosa?

• Ke joang hona ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa tumellanong le lerato la Jehova?

• Ke tsoelo-pele efe ea moea eo motho a lokelang ho e etsa pele a kolobetsoa?

• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella tšabo ea hore re tla hlōleha kapa ho tsilatsila hore li re thibele ho kolobetsoa?

• Ke litlhohonolofatso life tse khethehileng tseo barutuoa ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste ba ka li fumanang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?”

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Kolobetso ke ketsahalo ea bohlokoa le e thabisang