Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le Uena U ka Thabela ho Utloisisa Bibele

Le Uena U ka Thabela ho Utloisisa Bibele

Le Uena U ka Thabela ho Utloisisa Bibele

BIBELE e na le linnete tsa bohlokoa tse tsoang ho Molimo. E re bolella ka morero oa bophelo, ka sesosa sa mahlomola a batho le ka bokamoso ba batho. E re ruta kamoo re ka thabang, kamoo re ka etsang metsoalle le kamoo re ka rarollang mathata kateng. Ho feta moo, e re ruta ka ’Mōpi oa rōna le Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. Tsebo ena ea re thabisa ebile e etsa hore re be le morero bophelong.

Bibele e tšoantša ho rua tsebo ka Molimo le ho ja. Jesu o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4; Baheberu 5:12-14) Feela joalokaha ho hlokahala hore re je lijo letsatsi le leng le le leng e le hore re phele, ho boetse hoa hlokahala hore re bale Lentsoe la Molimo kamehla e le hore re tle re rue molemo tšepisong ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.

Re thabela ho ja hobane Jehova o re bōpetse hore re ho thabele le hobane ha re ja, re khotsofatsa tlhoko ea bohlokoa. Leha ho le joalo, ho na le tlhoko e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho e khotsofatsa haeba re batla ho thaba. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ho ka khoneha hore re thabe kahobane tlhoko ea rōna ea moea e ka khotsofatsoa ka ho utloisisa Lentsoe la Molimo.

Ke ’nete hore ba bang ba thatafalloa ho utloisisa Bibele. Ka mohlala, u ka ’na ua hloka ho thusoa hore u utloisise litemana tse buang ka mekhoa e sa tloaelehang kapa tse sebelisang puo ea tšoantšetso. Joale, ho na le boprofeta bo ngotsoeng ka puo ea tšoantšetso bo ka utloisisoang feela ka ho bala litemana tse ling tsa Bibele tse buang ka taba eo. (Daniele 7:1-7; Tšenolo 13:1, 2) Ka ho etsa joalo, ka sebele u ka utloisisa Bibele. Ebe u ka tiisa joang hore ho ka etsahala hore motho a utloisise Bibele?

Bohle ba ka Thabela ho e Utloisisa

Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ka eona, Molimo o re bolella thato ea hae. Na Molimo o ne a ka fana ka buka eo ho leng thata ho e utloisisa kapa e utloisisoang feela ke batho ba rutehileng haholo? Che, Jehova a ke ke a etsa ntho e sa bontšeng mosa joalo. Kreste Jesu o ile a re: “Ke ntate ofe har’a lōna eo, haeba mora oa hae a kōpa tlhapi, mohlomong a ka mo nehang noha ho e-na le tlhapi? Kapa haeba a boetse a kōpa lehe, a tla mo neha phepheng? Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:11-13) Kahoo, u ka kholiseha hore u ka utloisisa Bibele le hore ha u kōpa Molimo ka tieo, o tla u fa thuso eo u e kōpang ea hore u utloisise Lentsoe la hae. Ha e le hantle, esita le bana ba ka utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele!—2 Timothea 3:15.

Le hoja ho hlokahala boiteko hore motho a utloisise Bibele, ho e utloisisa ho ka re matlafatsa le ho re khothatsa. Ka mor’a hore Jesu a tsohe, o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ba babeli, ’me a bua le bona ka boprofeta ba Bibele. Tlaleho ea Luka e re: “Ha a qala ka Moshe le Baprofeta kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Mantsiboeeng ao, ha barutuoa bana ba ntse ba nahana ka seo ba ithutileng sona, ba ile ba re e mong ho e mong: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo.” (Luka 24:13-32) Ho utloisisa Lentsoe la Molimo ho ile ha ba thabisa hobane ho ile ha matlafatsa tumelo ea bona litšepisong tsa Molimo ’me ha ba fa tšepo ka bokamoso.

Ho utloisisa Lentsoe la Molimo hase moroalo, ho e-na le hoo, ke ntho e thabisang le e molemo, e nyakallisang joaloka ho ja lijo tse matlafatsang. U ka etsa’ng hore u be le kutloisiso eo? Sehlooho se latelang se bontša kamoo u ka thabelang “tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Joaloka ntate ea lerato, Jehova o re fa moea o halalelang ho re thusa hore re utloisise Bibele