Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o sa Ntse a Laola Lintho?

Na Molimo o sa Ntse a Laola Lintho?

Memo . . .

Na Molimo o sa Ntse a Laola Lintho?

LIKOLUOA tsa tlhaho, maloetse a bolaeang, bobolu ba batho ba tšoereng marapo, litlhaselo tsa bokhukhuni, lintoa le tlōlo ea molao. Re utloa litaba tsa mofuta ona hoo e kang letsatsi le leng le le leng. Ebang lintho tsena li kile tsa u ama kapa che, li etsa hore motho a ipotse hore na ho tla etsahala joang ka lefatše lena le hore na ebe maemo a tla ke a loke.

Linaheng tse fetang 200 lefatšeng lohle, Lipaki Tsa Jehova li tla beha puo e nakong, e buang ka maemo ana a tšoenyang, e nang le sehlooho se reng “Na Molimo o sa Ntse a Laola Lintho?” E tla tšohla seo Molimo a se buang le seo a se tšepisang Lentsoeng la hae le sa foseng, e leng Bibele, ka lipotso tsena tse latelang tsa bohlokoa:

Na Molimo o thahasella litaba tsa lefatše?

O re’ng ka batho?

Na o amehile ka boiketlo ba hao?

Libakeng tse ngata, puo ena e tla fanoa ka Sontaha ka la 30 April, 2006, Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Lipaki tsa tikolohong ea heno li tla thabela ho u tsebisa hore na e tla tšoareloa hokae le hore na ka nako efe.

U mengoa ka thabo hore u be teng puong ena eo ho kenoang mahala ho eona e thehiloeng Bibeleng e tla u arabela ka mokhoa o khotsofatsang potsong ena e reng: Na Molimo o sa Ntse a Laola Lintho?