Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova

Re Ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova

Pale ea Bophelo

Re Ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova

JOALOKAHA HO BOLETSE RAIMO KUOKKANEN

Ka 1939, ho ile ha qhoma Ntoa ea II ea Lefatše Europe, ’me Soviet Union e ile ea hlasela naha ea heso ea Finland. Ntate o ile a ea loana lebothong la Finland. Kapele, lifofane tsa ntoa tsa Russia li ne li akhela libomo motseng oo re neng re lula ho oona, ’me ’Mè o ile a re ke e’o lula le Nkhono sebakeng se sireletsehileng.

KA 1971, ke ne ke le moromuoa Uganda, Afrika Bochabela. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke bolela ka ntlo le ntlo, batho ba bangata ba ile ba feta pel’a ka ka lebelo ba tšohile. Ke ile ka utloa lithunya li khabola eaba ke qala ho matha ke lebile lapeng. Eitse ha ke utloa molumo oa lithunya o atamela, ke ile ka tlōlela ka forong e neng e le pel’a tsela. Ha likulo li ntse li feta holim’a hlooho ea ka, ke ile ka khukhuna ho ea lapeng.

Ho ne ho se letho leo nka le etsang ho qoba liphello tsa Ntoa ea II ea Lefatše, empa ke hobane’ng ha ’na le mosali oa ka re ne re behile bophelo ba rōna kotsing ka ho ba har’a merusu Afrika Bochabela? Karabo ea potso ena e amana haufi le boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Jehova.

Ke Khothalletsoa Hore ke Ikemisetse ho Sebeletsa Molimo

Ke hlahetse Helsinki, Finland, ka 1934. Ntate e ne e le mapentane, ’me ka letsatsi le leng ho ile ha hlokahala hore a e’o penta mohaho oa ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Finland. Lipaki li ile tsa mo bolella ka liboka tsa tsona tsa phutheho. Ha a fihla lapeng, o ile a bolella ’Mè ka liboka tseo. ’Mè ha aa ka a qala ho ea libokeng ka nako eo, empa hamorao o ile a qala ho buisana le mosebetsi-’moho le eena oa Paki ka litaba tsa Bibele. Kapele ’Mè o ile a qala ho sebelisa lintho tseo a neng a ithuta tsona, ’me o ile a kolobetsoa ka 1940 hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Pelenyana ho moo, Nkhono o ile a nkisa ha hae mahaeng hore ke lule moo ho fihlela Ntoa ea II ea Lefatše e lala. Ha ’Mè a le Helsinki o ile a qala ho ngolla Nkhono le ’mangoane ka litumelo tsa Lipaki Tsa Jehova. Bobeli ba bona ba ne ba thahasella ’me ba ile ba mpolella lintho tseo ba neng ba ithuta tsona. Baemeli ba tsamaeang ba Lipaki Tsa Jehova ba ne ba etela lapeng ha Nkhono ’me ba mo khothatsa, empa ke ne ke e-s’o ikemisetse ho sebeletsa Molimo.

Ho Qaleha Thupelo ea ho Nthusa ho Sebeletsa Molimo

Ha ntoa e lala ka 1945, ke ile ka khutlela Helsinki, eaba ’Mè o qala ho ea le ’na libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ka linako tse ling ke ne ke sa ee libokeng empa ke ne ke ikela libaesekopong. Empa ’Mè o ne a mpolella ka puo eo a e utloileng sebokeng, ’me nako le nako o ne a mpolella ka tieo a re: Armagedone e haufi haholo. Ke ile ka kholiseha hore ehlile Armagedone e haufi eaba ke qala ho ba teng libokeng tsohle. Ha kutloisiso ea ka ea ’nete ea Bibele e ntse e hōla, le takatso ea ka ea ho kopanela mesebetsing eohle ea phutheho e ile ea hōla.

Ke ne ke rata haholo ho ea likopanong. Ka 1948, ke ile ka ea kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe haufi le ntlo ea Nkhono, moo ke neng ke ile phomolong ea lehlabula teng. Motsoalle e mong oa ka o ne a il’o kolobetsoa kopanong eo, ’me o ile a nkhothalletsa hore le ’na ke kolobetsoe. Ke ile ka mo bolella hore ha kea tla le liaparo tsa ho sesa, empa o ile a re nka ’na ka sebelisa liaparo tsa hae ha a qeta ho kolobetsoa. Ke ile ka lumela ’me ka la 27 June, 1948, ke ile ka kolobetsoa ke le lilemo li 13.

Ka mor’a kopano, metsoalle e meng ea ’Mè e ile ea mo bolella hore ke kolobelitsoe. Ha ke kopana le ’Mè, o ile a mpotsa hore na ho tlile joang hore ke nke bohato ba bohlokoa joalo ke sa mo tsebisa. Ke ile ka mo hlalosetsa hore ke ne ke utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele le hore ke ne ke tseba hore ke ikarabella ho Jehova ka boitšoaro ba ka.

Boikemisetso ba ka Boa Matlafala

Barab’abo rōna ka phuthehong ba ile ba nthusa ho matlafatsa boikemisetso ba ka ba ho sebeletsa Jehova. Ba ne ba tsamaea le ’na tšebeletsong ea ntlo le ntlo ’me hoo e ka bang beke e ’ngoe le e ’ngoe ba ne ba mpha lipuo. (Liketso 20:20) Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka fana ka puo ea ka ea pele ea phatlalatsa. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa thuto ea Bibele phuthehong ea heso. Mesebetsi ena kaofela ea moea e ile ea nthusa hore ke hōle tsebong, empa ke ne ke sa ntse ke lokela ho hlōla ho tšaba batho.

Mehleng eo, re ne re tsebahatsa puo ea phatlalatsa ea kopano ea setereke ka liplakate tse khōlō. Ho ne ho hokelloa liplakate tse peli mahetleng a motho ka lithapo ’me li ne li mo koahela ’mele ka pele le ka morao.

Ka lekhetlo le leng, ha ke ntse ke eme k’honeng ea seterata ke jere liplakate tsa ka ke ile ka bona sehlopha sa bana bao ke kenang sekolo le bona se e-tla se lebile ho ’na. Tsela eo ba ileng ba ncheba ka eona ha ba feta e ile ea ntšosa. Ke ile ka rapela Jehova hore a mphe sebete eaba ke ema tsi! ka liplakate tsa ka. Ho hlōla bothata ba ho tšaba batho ka nako eo ho ile ha nthusa hore ke khone ho thulana le liteko tse khōlō tsa ho se jele paate lipolotiking hobane ke le Mokreste.

Ka mor’a nako, ’muso o ile oa laela hore ’na le bacha ba bang ba Lipaki re itlalehe bakeng sa ho kena sesoleng. Re ile ra ea setsing sa sesole joalokaha re ne re laetsoe, empa ka tlhompho re ile ra hana ho apara junifomo. Ba boholong ba ile ba re koalla, ’me kapele ka mor’a moo, lekhotla le ile la re ahlolela ho hlola chankaneng ka likhoeli tse tšeletseng. Re ile ra boela ra koalloa chankaneng ka likhoeli tse robeli e leng nako eo re neng re tlameha ebe re e qetile re le sesoleng. Kahoo re ile ra qeta likhoeli tse 14 re le chankaneng ka lebaka la ho se jele paate ha rōna.

Ha re le chankaneng, re ne re kopana letsatsi le leng le le leng bakeng sa ho buisana ka Bibele. Likhoeling tseo, boholo ba rōna re ile ra bala Bibele kaofela ka makhetlo a mabeli. Ha nako eo re neng re e ahloletsoe e fela, boholo ba rōna re ile ra tsoa chankaneng re ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ho feta leha e le neng pele. Boholo ba bacha bao ba Lipaki ba neng ba le sehlopheng sena, bo ntse bo sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lena le holimo.

Ha ke tsoa chankaneng, ke ile ka khutlela lapeng. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka tloaelana le Veera, e leng Paki e mafolofolo e neng e sa tsoa kolobetsoa. Re ile ra nyalana ka 1957.

Ketsahalo ea Bosiu bo le Bong e Ileng ea Fetola Bophelo ba Rōna

Ka letsatsi le leng mantsiboea ha re ntse re e-na le bara ba bang babo rōna ba ikarabellang ba tsoang ofising ea lekala, e mong oa bona o ile a re botsa hore na ebe re ne re ke ke ra thabela ho etsa mosebetsi oa ho potoloha. Ka mor’a ho rapela bosiu kaofela, ke ile ka letsetsa lekaleng ke bolela hore ke lumela ho etsa mosebetsi ona. Ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng ho ile ha hloka hore ke tlohele mosebetsi oa ka o neng o lefa haholo, empa re ne re ikemiselitse ho etelletsa litaba tsa ’Muso pele bophelong ba rōna. Ke ne ke le lilemo li 23 ’me Veera a le lilemo li 19 ha re ne re kena mosebetsing oa ho tsamaea ka December 1957. Ka lilemo tse tharo re ile ra thabela ho etela le ho khothatsa liphutheho tsa batho ba Jehova Finland.

Ho elella bofelong ba selemo sa 1960, ke ile ka memeloa ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower Brooklyn, New York. Ba bararo ba rōna ba neng ba tsoa Finland re ne re il’o kenela thupelo e khethehileng ea likhoeli tse leshome ea ho koetlisetsoa ho tsamaisa ofisi ea lekala. Re ne re siile basali ba rōna ’me ba ne ba sebetsa ofising ea lekala ea Finland.

Nakoana pele thupelo ea Gileade e fela, ke ile ka bolelloa hore ke e’o itlaleha ofising ea Nathan H. Knorr, ea neng a okametse mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara ka nako eo. Mor’abo rōna Knorr o ile a fa ’na le mosali oa ka kabelo ea ho ba baromuoa Rephabliking ea Malagasy, eo hona joale e tsejoang e le Madagascar. Ke ile ka ngolla Veera, ke mo botsa hore na eena o re’ng ka kabelo ena, o ile a nkaraba kapele a re, “Le ’na kea e amohela.” Ha ke khutlela Finland, ha rea ka ra senya nako bakeng sa ho itokisetsa ho ea phela Madagascar.

Thabo le Masoabi

Ka January 1962 re ile ra tsamaea ka sefofane ho ea Antananarivo, e leng motse-moholo oa naha eo, re apere likatiba tsa boea le lijase tse boima, kaha re ne re e-tsoa mariheng a Finland. Mochesong oa naha ea tropike oa Madagascar, kapele feela re ile ra fetola mokhoa oa rōna oa ho apara. Lehae la rōna la pele la baromuoa e ne e le ntlo e nyenyane e nang le kamore e le ’ngoe. Banyalani ba bang ba baromuoa ba ne ba se ntse ba lula moo, kahoo ’na le Veera re ne re robala mathuleng a ntlo eo.

Re ile ra qala ho ithuta Sefora, e leng puo ea molao ea Madagascar. E ne e le thata hobane bobeli ba rōna re ne re sa bue puo e le ’ngoe le morupeli oa rōna, e leng Morali’abo rōna Carbonneau. O ne a re ruta Sefora ka Senyesemane, empa Veera o ne a sa tsebe Senyesemane. Ka lebaka leo, ke ne ke fetolela litaelo tsa Morali’abo rōna Carbonneau ka Sefinnishe molemong oa Veera. Re ile ra hlokomela hore Veera o ne a utloisisa mantsoe a thata hamolemo ka Seswedishe, kahoo ke ne ke mo hlalosetsa sebōpeho-puo sa Sefora ka Seswedishe. Kapele feela re ne re tsoela pele hantle haholo ka ho ithuta Sefora ’me re ile ra qala ho ithuta Semalagasy, e leng puo e buuoang sebakeng seo.

Ke ile ka qalisa thuto ea ka ea pele ea Bibele Madagascar le monna ea neng a bua Semalagasy feela. Ke ne ke phetla litemana tsa Bibele ka Bibeleng ea ka ea Sefinnishe, ebe re batla litemana tseo ka Bibeleng ea hae ea Semalagasy. Ke ne ke sa khone ho mo hlalosetsa lintho tse ngata ka mangolo, empa kapele monna enoa o ile a bona bohlokoa ba ’nete ea Bibele, ’me o ile a hatela pele ho fihlela a kolobetsoa.

Ka 1963, Milton Henschel ea neng a tsoa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn o ile a etela Madagascar. Kapele ka mor’a moo, ho ile ha thehoa ofisi e ncha ea lekala Madagascar, ’me ke ile ka khetheloa ho ba molebeli oa lekala, ho phaella mosebetsing oa ka oa ho ba molebeli oa potoloho le oa setereke. Nakong ena eohle, Jehova o ne a ntse a re hlohonolofatsa haholo. Ho tloha ka 1962 ho isa ho 1970, palo ea bahoeletsi ba ’Muso Madagascar e ile ea hōla ho tloha ho ba 85 ho isa ho ba 469.

Ka letsatsi le leng ka 1970, ha re khutla re e-tsoa tšimong, re ile ra fumana pampitšana monyako e neng e laela hore baromuoa kaofela ba Lipaki Tsa Jehova ba e’o itlaleha ofising ea letona la litaba tsa ka har’a naha. Ha re fihla moo, mohlanka e mong oa ’muso o ile a re bolella hore ’muso o laetse hore re tsoe ka har’a naha hang-hang. Ha ke botsa hore na molato ke eng ha re lelekoa naheng ena, mohlanka enoa oa ’muso o ile a re: “Monghali Kuokkanen, ha ho letho le phoso leo le le entseng.”

Ke ile ka re: “E se e le lilemo tse robeli re le mona. Lena ke lehae la rōna. Re ke ke ra tsamaea feela tjena ntle ho lebaka.” Ho sa tsotellehe matsapa ao re ileng ra a etsa, baromuoa kaofela ba ile ba tlameha ho tsamaea pele beke e fela. Ofisi ea lekala e ile ea koaloa, ’me mor’abo rōna e mong oa sebakeng seo o ile a qala ho hlokomela mosebetsi oa boboleli sebakeng seo. Pele re siea barab’abo rōna ba ratehang ba Madagascar, re ile ra amohela kabelo e ncha, ea ho ea Uganda.

Ho Qala Bocha

Matsatsi a se makae ka mor’a hore re tlohe Madagascar, re ile ra fihla Kampala, e leng motse-moholo oa Uganda. Kapele-pele re ile ra qala ho ithuta Seluganda, e leng puo e mathe-maloli le hoja ho le thata ho ithuta eona. Baromuoa ba bang ba ile ba thusa Veera ho ithuta Senyesemane pele, ’me re ile ra khona ho paka ka Senyesemane ntle ho bothata.

Mocheso le mongobo oa Kampala li ne li le kotsi ho Veera. Kahoo re ile ra fuoa kabelo ea ho ea Mbarara, e leng motse oa Uganda o sa cheseng haholo. E ne e le rōna Lipaki tsa pele moo, ’me letsatsing la pele leo re ileng tšimong ka lona, re ile ra ba le phihlelo e khothatsang. Ke ne ke ntse ke buisana le monna e mong ntlong ea hae ’me mosali oa hae o ile a tla a tsoa ka kichineng. Lebitso la mosali enoa e ne e le Margaret, ’me o ne a ntse a mametse ha ke bua. Veera o ile a qalisa thuto ea Bibele le Margaret, ’me o ile a tsoela pele hantle moeeng. O ile a kolobetsoa ’me ea e-ba mohoeletsi ea mafolofolo oa ’Muso.

Lintoa Literateng

Ka 1971 ntoa ea baahi e ile ea felisa khotso Uganda. Ka letsatsi le leng ntoa e ile ea kupa haufi le lehae la rōna la baromuoa le Mbarara. Ke ka nako eo moo ho ileng ha etsahala lintho tse boletsoeng qalong ea tlaleho ena.

Veera o ne a se a ntse a le lehaeng la baromuoa ha ke fihla ka mor’a ho khukhuna ka nako e telele ka har’a foro, moo ke neng ke ipatetse masole teng. Re ne re iketselitse “setšabelo” k’honeng ea ntlo ka materase le ka thepa ea ka tlung. Re ile ra qeta beke re sa tsoe ka tlung, re ntse re mametse litaba seea-le-moeeng. Ka linako tse ling likulo li ne li otla mabota ha re ntse re khumame setšabelong seo sa rōna. Re ne re sa khantše mabone bosiu, e le ho etsa eke ha ho na motho ka tlung. Ka lekhetlo le leng, masole a ile a ema lemating le ka pele eaba a hoeletsa. Ha rea ka ra sisinyeha le hanyenyane feela ha re ntse re rapela Jehova ka pelong. Ha ntoa e lala, baahelani ba rōna ba ile ba tla eaba ba re leboha ka hore ebe ba sireletsehile. Ba ne ba nahana hore Jehova o re sirelelitse kaofela, ’me re ile ra lumellana le bona.

Maemo a ne a khutsitse ho fihlela ha ka letsatsi le leng hoseng re utloa seea-le-moeeng ho thoe ’muso oa Uganda o thibetse mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Seboholi se ile sa re Lipaki Tsa Jehova kaofela li lokela ho khutlela malumeling a tsona a pele. Ke ile ka leka ho behelana mabaka le bahlanka ba ’muso empa ke ile ka hlōleha. Joale ke ile ka ea ofising ea Mopresidente Idi Amin ke kōpa ho mo bona. Motho ea amohelang baeti ofising eo o ile a mpolella hore mopresidente o phathahane. Ke ile ka khutlela ka makhetlo a mangata, empa ha kea ka ka khona ho bona mopresidente. Qetellong ka July 1973, re ile ra tlameha ho tloha Uganda.

Selemo se le Seng se Fetoha Lilemo Tse Leshome

Bohloko boo re ileng ra bo utloa ha re ne re lelekoa Madagascar bo ile ba tšoana le ba ha re ne re siea barab’abo rōna ba ratehang ba Uganda. Pele re e-ea kabelong ea rōna e ncha Senegal, re ile ra ea Finland. Ha re le moo, kabelo ea rōna ea ho ea Senegal e ile ea fetoloa, eaba re bolelloa hore re lule Finland. Ho ile ha bonahala eka ho felile ka mosebetsi oa rōna oa ho ba baromuoa. Ha re le Finland, re ile ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng eaba hamorao re khutlela mosebetsing oa ho potoloha.

Ka 1990 khanyetso ea mosebetsi e ne e se e se matla Madagascar, ’me re ile ra makala ha ntlo-khōlō e Brooklyn e re kōpa hore na ebe re ke ke ra ea qeta selemo kabelong eo. Re ne re batla ho ea empa re ne re tobane le mathata a mabeli a maholo. Ntate oa ka ea seng a hōlile o ne a hloka tlhokomelo, ’me mathata a Veera a bophelo a ne a ntse a tsoela pele. Ke ile ka utloa bohloko haholo ha Ntate a hlokahala ka November 1990, empa ho ntlafala ha bophelo ba Veera ho ile ha re fa tšepo ea hore re tla khutlela mosebetsing oa boromuoa. Re ile ra khutlela Madagascar ka September 1991.

Kabelo ea rōna ea Madagascar e ne e le ea selemo se le seng, empa e ile ea nka lilemo tse leshome. Ka nako eo, palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ho tloha ho 4 000 ho ea ho 11 600. Ke ne ke rata mosebetsi oa boromuoa ka pelo ea ka eohle. Empa, ka linako tse ling ke ne ke nyahama, ke ipotsa hore na ebe ha ke hlokomolohe litlhoko tsa nama le tsa maikutlo tsa mosali oa ka ea ratehang. Jehova o ile a re fa matla a ho mamella. Qetellong, ka 2001 re ile ra khutlela Finland, ’me re ntse re sebetsa ofising ea lekala. Re ntse re le mafolofolo mosebetsing oa ho tšehetsa ’Muso oa Molimo, ’me re ntse re thaba ha re nahana ka Afrika. Re ikemiselitse ho etsa thato ea Jehova kae kapa kae moo a re abelang teng.—Esaia 6:8.

[’Mapa o leqepheng la 12]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

FINLAND

EUROPE

[’Mapa o leqepheng la 14]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

AFRIKA

MADAGASCAR

[’Mapa o leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

AFRIKA

UGANDA

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Letsatsing la lechato la rōna

[Litšoantšo tse leqepheng la 14, 15]

Ho tloha mosebetsing oa potoloho Finland, ka 1960 . . . 

. . . ho ea mosebetsing oa boromuoa Madagascar, ka 1962

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

’Na le Veera kajeno