Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Thusoa ke Eng ho Utloisisa Bibele?

U ka Thusoa ke Eng ho Utloisisa Bibele?

U ka Thusoa ke Eng ho Utloisisa Bibele?

“U PATETSE ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana.” (Luka 10:21) Mantsoe ana ao Jesu a ileng a a lebisa ho Ntat’ae oa leholimo a bontša hore re lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng e le hore re utloisise Bibele. Bohlale ba Jehova bo bontšoa ka hore o file batho buka e ka utloisisoang kannete ke batho ba ikokobelitseng feela le ba lumelang ho rutoa.

Boholo ba rōna re thatafalloa ke ho ikokobetsa. Bohle re futsitse boikhohomoso. Ho phaella moo, re phela “matsatsing a ho qetela,” har’a batho bao e leng “baithati, . . . ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso.” (2 Timothea 3:1-4) Mekhoa ena e re sitisa ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Ka masoabi, ho na le moo bohle re susumetsoang teng ke boikhohomoso ba batho bao re phelang le bona. Ebe joale ke eng e hlokahalang e ka re thusang hore re utloisise Bibele?

Ho Lokisa Pelo le Kelello

Moeta-pele e mong oa boholo-holo oa batho ba Molimo, e leng Esdrase, o ile a ‘lokisa pelo ea hae hore a bale molao oa Jehova.’ (Esdrase 7:10) Na ho na le tsela eo ka eona re ka lokisang lipelo tsa rōna? E, e teng. Re ka qala ka ho ba le maikutlo a matle ka Bibele. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.” (1 Bathesalonika 2:13) Le hoja Molimo a ile a sebelisa batho hore ba ngole Bibele, seo ba ileng ba se ngola se ne se tsoa ho Jehova. Ho lemoha ntlha eo ea bohlokoa ho tla re thusa hore re amohele seo re se balang.—2 Timothea 3:16.

Ntho e ’ngoe eo re ka lokisang lipelo tsa rōna ka eona ke thapelo. Kaha Molimo o ile a sebelisa moea o halalelang ho nolofalletsa batho hore ba ngole Bibele, Molimo a ka sebelisa moea oona oo o halalelang ho re thusa hore re e utloisise. Re lokela ho rapella thuso eo. Hlokomela kamoo mopesaleme a neng a amehile ka sena ha a ne a ngola a re: “Etsa hore ke utloisise, e le hore nka boloka molao oa hao le hore nka o boloka ka pelo eohle.” (Pesaleme ea 119:34) Ha ho hlokahale hore re rapelle feela bohlale ba kelello ba hore re utloisise se ngotsoeng empa re lokela ho rapella le pelo e tla re lumella ho amohela seo Bibele e se buang. E le hore re utloisise Bibele, ho hlokahala hore re amohele ’nete feela.

Ha u ntse u nahanisisa e le hore kelello ea hao e be le kananelo, nahana ka hore na ho ithuta Bibele ho ka u thusa joang. Re na le mabaka a mangata a matle haholo a ho bala Lentsoe la Molimo, empa la bohlokoahali ke hore e re thusa ho atamela ho Molimo. (Jakobo 4:8) Ha re bala kamoo Jehova a nkang bohato kateng maemong a fapa-fapaneng, kamoo a ananelang ba mo ratang le hore na o etsa’ng ka ba mo furallang, rea lemoha hore na ke motho oa mofuta ofe. Kamehla sepheo sa rōna se ka sehloohong ha re bala Bibele e lokela ho ba ho tseba Molimo hamolemo ’me kahoo re matlafatse kamano ea rōna le eena.

Litšitiso Tsa ho ba le Maikutlo a Matle

Ke eng e ka ’nang ea re sitisa ho utloisisa Lentsoe la Molimo? Tšitiso e ’ngoe ke ho khomarela litumelo tsa batho bao re batlang ho tšepahala ho bona. Ka mohlala, u ka ’na ua nkeha ke litumelo tsa batho ba bang le maikutlo a bona. Leha ho le joalo, u tla etsa joang haeba batho baa ba hlile ba sa emele kapa ba sa tlotle ’nete ea Lentsoe la Molimo? Maemong ao, e ka ba bothata ho utloisisa seo Bibele e hlileng e se rutang. Kahoo, Bibele e re khothalletsa ho sekaseka ka hloko seo re se rutiloeng.—1 Bathesalonika 5:21.

Maria, e leng ’mè oa Jesu, o ile a tobana la bothata bo joalo. O ne a hōlisitsoe ka lineano tsa Sejuda. O ne a boloka Molao oa Moshe ka hloko ’me ha ho pelaelo hore o ne a e-ea synagogeng. Hamorao o ile a hlokomela hore Molimo ha a sa amohela tsela ea ho rapela eo batsoali ba hae ba neng ba mo rutile eona. Kahoo, Maria o ile a amohela thuto ea Jesu eaba e ba e mong oa litho tsa pele tsa phutheho ea Bokreste. (Liketso 1:13, 14) Ka ho etsa joalo, o ne a sa hlompholle batsoali ba hae kapa lineano tsa bona, empa, o ne a bontša hore o rata Molimo. E le hore re rue molemo Bibeleng, re tšoanetse ho tšoana le Maria re qale ka ho tšepahala ho Molimo pele re ka tšepahala ho mang kapa mang.

Ka masoabi, batho ba bangata ba eisa ’nete ea Bibele. Ba bang ba khotsofaletse ho latela lineano tsa bolumeli tse thehiloeng mashanong. Ba bang ba hlompholla ’nete ka lipuo tsa bona le ka tsela eo ba phelang ka eona. Kahoo, ho amohela ’nete ea Bibele ho hloka boitelo: Ho ka ’na ha u qabanya le metsoalle, baahelani, basebetsi-’moho le uena esita le beng ka uena. (Johanne 17:14) Leha ho le joalo, monna ea bohlale o ile a ngola a re: “Reka ’nete ’me u se ke ua e rekisa.” (Liproverbia 23:23) Haeba u nka ’nete e le ntho ea bohlokoa, Jehova o tla u thusa ho utloisisa Bibele.

Tšitiso e ’ngoe hape ea ho utloisisa molaetsa oa Bibele ke ho se rate ho sebelisa seo e se buang. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le nehiloe ho utloisisa liphiri tse halalelang tsa ’muso oa maholimo, empa batho bao ha baa ho nehoa. Etsoe lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho, ’me ka litsebe ba utloile ha se ke ha e-ba le karabelo.” (Matheu 13:11, 15) Boholo ba bao Jesu a ileng a ba bolella litaba tse molemo ba ne ba sa nke khato ebile ba sa ikemisetsa ho fetoha. Ba ne ba fapane hakaakang le mohoebi ea tsamaeang eo Jesu a ileng a bua ka eena papisong! Ha mohoebi enoa a fumana perela e theko e phahameng, hang-hang o ile a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona hore a e reke. Ho utloisisa ’nete ea Bibele e lokela ho ba habohlokoa ka tsela e tšoanang ho rōna.—Matheu 13:45, 46.

Bothata ba ho se Lumele ho Rutoa

Bothata bo boholo ba ho utloisisa Bibele ke ba ho se lumele ho rutoa. Motho a ka thatafalloa ho amohela likhopolo tse ncha ho motho ea bonahalang e le oa maemo a tlaase. Empa, baapostola ba Jesu Kreste e ne e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Liketso 4:13) Pauluse o ile a hlalosa lebaka la sena ha a ne a ngola a re: “Le bona ho le bitsa ha hae, barab’eso, hore hase ba bangata ba bohlale ka tsela ea nama ba ileng ba bitsoa, hase ba bangata ba matla, hase ba bangata ba tsoalo ea borena; empa Molimo o ile a khetha lintho tse booatla tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa banna ba bohlale lihlong.” (1 Bakorinthe 1:26, 27) Haeba u nahana hore ho rutoa ke motho oa maemo a tlaase hoa u theola, u hopole hore motho eo o mpa a sebelisoa ke Molimo hore a u rute. Na ho na le tlotla e ka fetang ea ho rutoa ke Jehova, “Morupeli oa [rōna] e Moholo”?—Esaia 30:20; 54:13.

Molaoli oa sesole oa Mosyria ea bitsoang Naamane ke e mong ea ileng a thatafalloa ho amohela taelo e tsoang ho motho oa maemo a tlaase. Ha a ntse a batla se ka mo phekolang lepera, o ile a ea ho moprofeta oa Jehova ea bitsoang Elisha. Empa litaelo tse tsoang ho Molimo tsa hore na o tla folisoa joang, o ile a li bolelloa ke mohlanka feela tjee. Naamane o ile a thatafalloa ke ho ikokobelletsa litaelo ka lebaka la molaetsa le tsela eo o ileng oa fanoa ka eona, hoo qalong a ileng a hana ho mamela lentsoe la moprofeta oa Molimo. Hamorao, Naamane o ile a fetola maikutlo eaba oa folisoa. (2 Marena 5:9-14) Re ka ba le bothata bo tšoanang ha re ithuta Bibele. Re ka ’na ra ithuta hore e le hore re phekoloe moeeng le boitšoarong, re lokela ho phela ka tsela e ncha. Na re tla ba le boikokobetso bo tla re lumella hore motho e mong a re rute seo re lokelang ho se etsa? Ba lumelang ho rutoa ke bona feela ba ka utloisisang Bibele.

Boikutlo bo botle bo ile ba bontšoa ke monna e mong ea neng a le pusong ha Kandase, mofumahali oa Baethiopia. O ne a khutlela Afrika ka koloi ea hae ha morutuoa Filipi a fihla a matha pel’a eona ’me a bua le eena. Filipi o ile a botsa monna eo hore na o utloisisa seo a neng a se bala. Monna enoa o ne a ikokobelitse hoo a ileng a araba ka ho re: “Nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Eitse ha monna eo a utloisisa Lentsoe la Molimo, o ile a kolobetsoa. Ka mor’a moo, ‘o ile a tsoela pele ho tsamaea a thabile.’—Liketso 8:27-39.

Lipaki Tsa Jehova tse ngata ke batho feela bao ho seng letho le ikhethang ka bona. Beke le beke ba khanna lithuto tsa Bibele malapeng a batho ba fetang limilione tse tšeletseng. Kaha Bibele e ruta tsela e molemohali ea ho phela, e hlalosa tšepo feela ea sebele eo batho ba ka bang le eona, ebile e bontša hore na re ka tseba Molimo joang, batho ba limilione ba thaba ka ho fetisisa ha ba ithuta Bibele le ho utloisisa seo e se buang. Le uena u ka ho thabela.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Naamane o ile a thatafalloa ho amohela litaelo tse tsoang ho mohlanka oa maemo a tlaase

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Re thabela ho utloisisa Bibele