Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bohlokoa ba “Sejana se Fokolang Haholo”

Bohlokoa ba “Sejana se Fokolang Haholo”

Bohlokoa ba “Sejana se Fokolang Haholo”

MOAPOSTOLA Petrose o ile a ngola a re: “Lōna banna, le tsoele pele ho lula le [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo, le ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo, se setšehali.” (1 Petrose 3:7) Ha Lengolo lee le re mosali ke “sejana se fokolang haholo,” na le nyenyefatsa basali ka tsela leha e le efe? A re boneng hore na mongoli ea bululetsoeng o ne a rerile ho re’ng qalong.

Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “tlhompho” le bolela “ho ananela, ho nka ntho e le ea bohlokoa, . . . ho hlompha.” Kahoo, monna oa Mokreste o lokela ho tšoara mosali oa hae ka bonolo, a mo nahanele joaloka sejana se pshatlehang feela le seo e leng sa bohlokoa. Ho hang ha a mo tšoare ka tsela e nyenyefatsang. Mohlala ke ona, nahana ka lebone lena la Tiffany le setšoantšong mona le entsoeng joaloka palesa ea lotus. Ka sebele lebone lena le letle haholo motho a ka nka hore le pshatleha feela. Na hore ebe lebone lee le pshatleha habonolo ho bolela hore hase la bohlokoa? Che! Ka 1997 lebone leo le entsoeng ke Tiffany le tšoanang le palesa ea lotus le ile la rekisoa ka chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse 17,9 fantising! Tsela eo le entsoeng ka eona e hlokang hore le tšoaroe ka hloko, e ile ea nyolla theko ea lona, ho e-na le ho e theola.

Ka tsela e tšoanang, ho hlompha mosali kahobane e le sejana se fokolang haholo ha ho mo nyenyefatse. Ha monna a lula le mosali oa hae “ka tsebo,” ho bolela hore o nahanela matla a hae le bofokoli ba hae, lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng, pono ea hae litabeng le maikutlo a hae. Monna ea tsotellang o hlokomela hore botho ba hae le ba mosali oa hae ha bo tšoane ’me o nahanela boemo boo. O mo nahanela ka tsela e tšoanetseng e le hore “lithapelo tsa [hae] li se ke tsa sitisoa.” (1 Petrose 3:7) Monna ea sa hlompheng makhabane a bosali a mosali oa hae o beha kamano ea hae le Molimo kotsing. Ho hlakile hore Lentsoe la Molimo ha le nyenyefatse basali. Ho e-na le ho ba nyenyefatsa, le ba fa seriti ebile lea ba hlompha.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

© Christie’s Images Limited 1997