Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boikitlaetso ba ho Khothalletsa Batho ho Bala Bibele

Boikitlaetso ba ho Khothalletsa Batho ho Bala Bibele

Boikitlaetso ba ho Khothalletsa Batho ho Bala Bibele

O ile a shoela lesabasabeng le batang la Siberia bochabela, a etselelitsoe a bile a tlotlolotsoe. Ke batho ba seng ba kae ba hopolang hore ke e mong oa batho ba ka sehloohong ba ileng ba etsa hore Bagerike ba habo ba tsoele pele moeeng. Lebitso la pula-maliboho enoa ea hlokomolohiloeng ke Seraphim. O ile a shoa ka lebaka la boikitlaetso ba hae ba ho khothalletsa batho ho bala Bibele.

SERAPHIM o phetse nakong ea ha Greece e ne e le karolo ea ’Muso oa Maottoman. Setsebi sa Greek Orthodox se bitsoang George Metallinos se bolela hore nakong eo “ho ne ho se na likolo tse ntle” hape “batho ba bangata ba ne ba sa ruteha,” ho akarelletsa le baruti ka bobona.

Phapang e ne e le khōlō pakeng tsa Segerike sa Sekoine (seo Bibele e ngotsoeng ka sona) le Segerike sa mehleng ea Seraphim, se neng se e-na le maleme a mangata. Phapang ena e ile ea hōla hoo Sekoine, seo Mangolo a Segerike a Bakreste a neng a ngotsoe ka sona, se neng se se se sa utloisisoe ke batho ba sa kenang sekolo. Khohlanong e ileng ea tsoela pele, kereke e ile ea khetha ho sebelisa Segerike sa Sekoine se neng se sa utloisisoe.

Boemong bona, Stephanos Ioannis Pogonatus o ile a hlahela lelapeng le tsejoang haholo sehlekehlekeng sa Lesbos, Greece, hoo e ka bang ka 1670. Bofutsana le ho se tsebe ho bala le ho ngola li ne li atile sehlekehlekeng sena. Ka lebaka la bosieo ba likolo, Stephanos o ile a tlameha ho kena sekolo sa mathomo sebakeng sa baitlami sa moo. O ile a hlomamisoa a sa le monyenyane haholo hore e be modiakone oa Kereke ea Greek Orthodox eaba o rehoa Seraphim.

Hoo e ka bang ka 1693, ho nyoreloa tsebo ho ile ha etsa hore Seraphim a ee Constantinople (eo hona joale e leng Istanbul, Turkey). Qetellong, bahlomphehi ba Bagerike ba ile ba mo hlompha ka lebaka la bokhoni ba hae. Kapele feela, mokhatlo oa sekhukhu oa Bagerike ba tletseng moea oa bochaba o ile oa mo romela e le lenģosa ho Morena Peter e Moholo oa Russia. Leetong la hae la ho ea le ho khutla Moscow, Seraphim o ile a tsamaea likarolong tse ngata tsa Europe, moo a ileng a hlokomela moea o mocha oa liphetoho tsa bolumeli le tsa thuto ea mahlale. Ka 1698, Seraphim o ile a ea Engelane eaba o kopana le batho ba bohlokoa London le Oxford. O ile a kopanngoa le hlooho ea Kereke ea Chache, e leng Mobishopo e Moholo oa Canterbury, ’me nakoana ka mor’a moo mobishopo enoa o ne a tla thusa Seraphim.

Ho Hatisa Bibele

Seraphim o ne a ntse a le Engelane ha a etsa qeto ea hore Bagerike ba hloka ka matla phetolelo e ncha le e utloisisoang habonolo ea “Testamente e Ncha” (kapa, Mangolo a Segerike a Bakreste). Seraphim o ile a sebelisa phetolelo ea 1630 C.E., ea moitlami ea bitsoang Maximus, ’me a hatisa phetolelo e ncha e se nang liphoso le e utloisisoang habonolo. O ile a qala mosebetsi ka cheseho, empa a felloa ke chelete kapele. O ile a tsoha molota ha Mobishopo e Moholo oa Canterbury a mo tšepisa hore o tla mo thusa ka chelete e hlokahalang. Thuso ena e ile ea khothatsa Seraphim, ’me o ile a reka pampiri ea ho hatisa eaba o etsa tumellano le mohatisi e mong.

Leha ho le joalo, chelete eo e ile ea lekana hore ho hatisoe feela Kosepele ea Matheu, ea Mareka le halofo ea Luka. Ka mor’a moo, maemo a lipolotiki Engelane a ile a fetoha eaba Mobishopo e Moholo oa Canterbury o hula thuso ea hae ea lichelete. Seraphim ha aa ka a nyahama, empa o ile a batla thuso ho barui ba bang, eaba o hatisa phetolelo ea hae e ntlafalitsoeng ka 1703. Litšenyehelo tse ling li ile tsa lefelloa ke Mokhatlo oa ho Jala Kosepele Linaheng Lisele.

Phetolelo ea pejana ea Maximus ea meqolo e ’meli, e ne e akarelelitse taba eo pele e neng e ngotsoe ka Segerike. Phetolelo ena e ne e le khōlō ebile e le boima. Phetolelo e ntlafalitsoeng ea Seraphim e ne e ngotsoe ka mongolo o monyenyane, e le phetolelo ea Segerike sa morao-rao feela, ’me e le tšesaane e bile e le theko e tlaase.

O Rotetsa Khang

Setsebi se seng se bitsoang George Metallinos se re: “Ha ho pelaelo hore khatiso ena e ntlafalitsoeng e ile ea finyella seo batho ba neng ba hlile ba se hloka. Leha ho le joalo, Seraphim o ile a sebelisa monyetla ona ho nyatsa sehlopha se itseng sa baruti se neng se hanyetsa ho fetoleloa [ha Bibele].” Baruti bana ba ile ba halefa haholo ha selelekeleng sa phetolelo ea Seraphim a bolela hore o entse phetolelo ea hae ‘molemong oa baprista le baruti ba bang ba sa utloisiseng Segerike [sa Sekoine], e le hore ka thuso ea Moea o Halalelang ka ho Fetisisa ba ka bala ba ba ba utloisisa taba e neng e ngotsoe tšimolohong, ’me ba e hlalosetsa Bakreste ka kakaretso.’ (The Translation of the Bible Into Modern Greek—During the 19th Century) Kahoo, Seraphim o ile a itšohlometsa khohlanong ea ho fetoleloa ha Bibele e neng e le teng ka har’a Kereke ea Greek Orthodox.

Ka lehlakoreng le leng ho ne ho e-na le batho ba neng ba lemoha hore ho tsoela pele ha batho moeeng le boitšoarong, ho ne ho itšetlehile ka hore ba utloisise Bibele. Ba ne ba boetse ba nahana hore baruti ba lokela ho ntlafatsa tsebo ea bona ea Mangolo. Ho feta moo, ba neng ba buella hore Bibele e fetoleloe ba ne ba lumela hore linnete tsa Mangolo li ka hlalosoa ka puo leha e le efe.—Tšenolo 7:9.

Ba neng ba hanyetsa ho fetoleloa ha Bibele ba ile ba sebelisa lebaka la bohata la hore ho fetoleloa ha Bibele ho ne ho tla e senya le hore ho ne ho tla nyenyefatsa matla a kereke a ho hlalosa Bibele le lithuto tsa kereke. Empa seo ba neng ba hlile ba se tšohile e ne e le hore Baprostanta ba ne ba sebelisa liphetolelo tsena tsa Bibele hore ba kena-kenane le matla a Kereke ea Greek Orthodox. Baruti ba bangata ba ne ba nahana hore ba tlamehile ho hanyetsa phetoho e ’ngoe le e ’ngoe e ka ’nang ea emela Baprostanta, hammoho le boiteko ba hore batho bao e seng baruti ba utloisise Bibele. Ka lebaka leo, ho fetoleloa ha Bibele e ile ea e-ba sesosa sa khohlano pakeng sa Baprostanta le Maorthodox.

Le hoja Seraphim a ne a sa rera ho tlohela Kereke ea Orthodox, o ile a pepesa ho hloka tsebo le leeme la baruti ba neng ba mo hanyetsa. O ile a ngola tjena selelekeleng sa “Testamente e Ncha” ea hae: “Mokreste e mong le e mong ea tšabang Molimo o lokela ho bala Bibele e Halalelang” e le hore “e ka ba moetsisi oa Kreste ’me a mamele lithuto [tsa hae].” Seraphim o ile a bolela ka tieo hore ho thibela batho ho ithuta Mangolo ho simolotsoe ke Diabolose.

O Hanyetsoa Kahohle

Ha phetolelo ea Seraphim e fihla Greece, e ile ea halefisa Kereke ea Greek Orthodox. Phetolelo ena e ncha e ile ea thibeloa. Likopi tsa phetolelo ena li ile tsa chesoa ’me mang kapa mang ea neng a e-na le eona kapa a e bala o ne a tšosoa ka hore o tla khaoloa kerekeng. Mopatriareka Gabriel III o ile a thibela ho ajoa ha phetolelo ea Seraphim, a bolela hore ha e hlokahale ebile ha e na thuso.

Le hoja Seraphim a sa ka a felloa ke tšepo, o ile a bona hore hoa hlokahala hore a be hlokolosi. Ho sa tsotellehe hore ka molao kereke e ne e thibetse phetolelo ea Seraphim, baruti ba bangata le batho feela ba ile ba e amohela. O ile a atleha haholo ho aba phetolelo ena. Leha ho le joalo, khohlano ea hae le bahanyetsi ba matla e ne e le hona e qalang.

Mabaka a Ileng a Tsoala Lefu la Seraphim

Seraphim ha aa ka a ameha feela ka ho ntšetsa pele kabo ea Bibele, empa o ile a boela a ameha mekhatlong ea liphetoho le ea batho ba tletseng moea oa bochaba. E le hore a etse sena, o ile a khutlela Moscow lehlabuleng la 1704. O ile a fetoha motsoalle oa hlooho ea khomo oa Peter e Moholo ’me ka nakoana e ile ea e-ba moprofesa Sekolong se Tšehetsoang ke Marena sa Thuto e Phahameng sa Russia. Leha ho le joalo, kaha Seraphim o ne a amehile ka hore na ho tla etsahala joang ka phetolelo ea hae, o ile a khutlela Constantinople ka 1705.

Selemong sona seo, phetolelo ea Seraphim e ile ea hatisoa hape, ’me a fetola selelekela se thata seo a neng a se hatisitse pele. O ile a ngola selelekela se bonolo se neng se khothalletsa ho bala Bibele. Phetolelo ena e ile ea ajoa haholo, ’me ha ho na tlaleho ea hore babishopo ba ile ba e hanyetsa.

Leha ho le joalo, ka 1714 tšenyo e khōlō e ile ea bakoa ke Alexander Helladius, e leng Mogerike eo e neng e le motsamai ebile a hanyetsa ho fetoleloa ha Bibele. Bukeng ea hae e bitsoang Status Præsens Ecclesiæ Græcæ (Boemo ba Hona Joale ba Kereke ea Bagerike), o ile a hlasela bafetoleli ka matla le tsela eo Bibele e fetoleloang ka eona. Helladius o ile a ngola khaolo kaofela e buang ka Seraphim, a mo qosa ka hore ke lesholu, moqhekelli, motho ea sa rutehang le molotsana ea se nang boitšoaro. Na liqoso tsee e ne e le tsa ’nete? Sengoli se bitsoang Stylianos Bairaktaris se fana ka maikutlo a nang le kelello a litsebi tse ngata ha se re Seraphim ‘e ne e le sekhothali ebile e le pula-maliboho’ ea ileng a hlaseloa hobane a ne a phahametse batho ba mehleng ea hae ka tsebo. Ho sa tsotellehe seo, buka ea Helladius e ile ea khothalletsa hore Seraphim a oele likhathatsong tse ileng tsa mo tsoalla lefu.

O Belaelloa Kahohle

Ha Seraphim a khutlela Russia ka 1731, Peter e Moholo o ne a se a hlokahetse. Ka lebaka leo, Seraphim ha aa ka a hlola a sireletsoa ka molao. Moemphera oa mosali ea neng a busa ka nako eo, e leng Anna Ivanovna, o ne a le hlokolosi haholo hore ho se ke ha e-ba le letho le ka bakang moferefere ’musong oa hae. Ka January 1732, St. Petersburg ho ile ha tlala mashano a hore ho na le sehloela sa Mogerike se neng se tsoa ’muso tlaase. Ho ne ho belaelloa Seraphim. O ile a tšoaroa eaba o isoa sebakeng sa baitlami sa Nevsky hore a e’o hlongoa lipotso teng. Sebakeng seo sa baitlami ho ne ho e-na le buka ea Helladius, e neng e qosa Seraphim ka litlōlo tsa molao tsa mefuta-futa. Seraphim o ile a ngola litokomane tse tharo tseo a ileng a leka ho itšireletsa ka tsona. O ile a hlongoa lipotso ka likhoeli tse ka bang tse hlano, ’me ho ile ha e-ba thata hore Seraphim a tlose lipelaelo tseo.

Kaha ho ne ho se na bopaki bo hlakileng boo Seraphim a neng a ka qosoa ka bona, ha aa ka a ahloleloa lefu. Leha ho le joalo, ka lebaka la liketselletso tsa Helladius, ba boholong ba ile ba ba leqe ho lokolla Seraphim. Kahoo Seraphim o ile a ahloleloa ho hlola bophelo bohle Siberia. Qetong ea lekhotla ho ile ha boleloa hore o qositsoe motheong oa liqoso “tse ngotsoeng moqoqong o phatlalalitsoeng ke sengoli sa Mogerike se bitsoang Helladius.” Ka July 1732, Seraphim o ile a fihla Siberia bochabela a fasitsoe ka mahlaahlela a tšepe eaba o koalloa chankaneng e tummeng hampe ea Okhotsk.

Hoo e ka bang lilemo tse tharo hamorao, Seraphim o ile a shoa, a lahliloe kherehloa a bile a lebetsoe. Ka linako tse ling, mekhoa ea hae le liqeto tsa hae li ne li sa nepahala ebile li se bohlale, empa phetolelo ea hae ke e ’ngoe ea liphetolelo tse ngata tsa Bibele tse leng teng hona joale ka Segerike sa morao-rao. * E ’ngoe ea liphetolelo tsena ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e fumanehang hape ka lipuo tse ling tse ’maloa. Re leboha haholo hore ebe Jehova Molimo o bolokile Lentsoe la hae e le hore batho ba libakeng tsohle ba fumane monyetla oa hore ba “fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 26 Bona sehlooho se reng, “Boikitlaetso ba ho Ngola Bibele ka Segerike Sa Morao-rao,” Molula-Qhooeng oa November 15, 2002, leqepheng la 26-9.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Peter e Moholo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Photos: Courtesy American Bible Society