Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke eng se etsang hore “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” li kene ka ‘ntlong’ ea borapeli ba ’nete?—Hagai 2:7.

Ka moprofeta Hagai, Jehova o ile a bolela esale pele mantsoe a latelang: “Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena; ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya.” (Hagai 2:7) Na ho sisinngoa ha “lichaba tsohle” ho etsa hore “lintho tse lakatsehang” tsa lichaba—e leng batho ba lipelo li ntle—ba amohele borapeli ba ’nete? Che.

Nahana hore na ho sisinngoa kapa ho reketlisoa ha lichaba ho fella ka eng. Bibele e bolela hore “lichaba li bile morusu ’me lihlopha tsa lichaba li ’nile tsa honotha ka ntho ea lefeela.” (Pesaleme ea 2:1) “Ntho ea lefeela” eo li ntseng ‘li honotha’ ka eona, kapa eo li nahanisisang ka eona, ke ho ntšetsa pele bobusi ba tsona. Kahoo, ha ho letho le li sisinyang maikutlo ho feta eng kapa eng e sokelang bobusi ba tsona.

Ha ho pelaelo hore lichaba li tšosoa ke mosebetsi o etsoang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo o hlomiloeng. Ha e le hantle, ’Muso oa Molimo oa Bomesia o matsohong a Jesu Kreste “o tla silakanya o felise mebuso ena [ea batho] kaofela.” (Daniele 2:44) Molaetsa oa kahlolo oo e leng karolo ea mosebetsi oa rōna oa boboleli o sisinya lichaba. (Esaia 61:2) Ho sisinyeha hona hoa tōta ha mosebetsi oa ho bolela o ntse o hōla ebile o ipha matla. Ho sisinyeha ho boletsoeng esale pele ho Hagai 2:7 ke pontšo ea eng?

Ho Hagai 2:6, re bala sena: “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Hang hape—ka mor’a nakoana e seng kae—’me ke sisinya maholimo le lefatše le leoatle le mobu o omileng.’” Ha moapostola Pauluse a qotsa temana ena, o ile a ngola a re: “O tšepisitse, ha a re: ‘Hang hape ke sa ntse ke tla hlōkola eseng lefatše feela empa le leholimo.’ Joale polelo ‘Hang hape ke sa ntse’ e bontša ho tlosoa ha lintho tse ntseng li sisinngoa e le lintho tse entsoeng, e le hore lintho tse ntseng li sa sisinngoe [e leng ’Muso] li ka sala.” (Baheberu 12:26, 27) Ha e le hantle, tsamaiso eohle ea lintho ea hona joale e tla sisinngoa hore e felisoe e le hore e suthele lefatše le lecha la Molimo.

Batho ba tšepahalang ba tla borapeling ba ’nete, empa ha ba tlisoe ke ho sisinngoa kapa ho reketlisoa ha lichaba. Ntho e ba hulelang ho Jehova le borapeling ba hae ke ntho e le ’ngoe le e sisinyang lichaba, e leng ho boleloa ha ’Muso oa Molimo o hlomiloeng ho etsoang lefatšeng lohle. Ho boleloa ha ‘litaba tse molemo tse sa feleng le tse nyakallisang’ ho hulela batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng hore ba tle borapeling ba Molimo oa ’nete.—Tšenolo 14:6, 7.

Molaetsa oa ’Muso ke oa kahlolo le oa poloko. (Esaia 61:1, 2) Ho bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng ka bophara ho etsa lintho tse peli, e leng ho sisinya lichaba le ho kenya lintho tse lakatsehang tsa lichaba khanyeng ea Jehova.