Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Morero oa Molimo ka Lefatše—O Tla Tloha o Phethahala

Morero oa Molimo ka Lefatše—O Tla Tloha o Phethahala

Morero oa Molimo ka Lefatše—O Tla Tloha o Phethahala

HA ADAMA le Eva ba ntse ba le Paradeiseng, Molimo o ile a ba fa taelo ena: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”—Genese 1:28.

Ho busa lefatše ho ne ho sa bolele ho lema kapa ho hlokomela karolo e nyenyane feela ea lona. Adama le Eva le bana ba bona ba ne ba lokela ho atolosa Paradeise ho fihlela e tlala lefatše lohle. Leha ho le joalo, Adama le Eva ba ile ba etsa sebe eaba ba lelekoa serapeng sa Edene. (Genese 3:23, 24) Empa sena se ne se sa bolele hore ha ho mohla lefatše le tla busoa.

Moloko o mamelang oa batho o tla busa lefatše hobane Molimo o tla o hlohonolofatsa. Ha Molimo a ne a hlohonolofalitse sechaba sa Iseraele sa boholo-holo, masimo a sona a ne a hlahisa lijalo tse ntle, ’me lirapa tsa sona tsa lifate tsa litholoana li ne li beha litholoana tse ntle. Ho tla ba joalo ha lefatše la rōna le ntse le fetoha paradeise butle-butle. Joalokaha ho tšepisitsoe Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, e leng Bibele, “lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona; Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.” (Pesaleme ea 67:6) Ha e le hantle, makhulo le lithaba tsa lefatše, lifate le lipalesa tsa lona, linōka tsa lona le maoatle a lona, li tla nyakalla. (Pesaleme ea 96:11-13; 98:7-9) Lefatše la rōna le tla tlala limela tse tlokomang, linonyana tse mebala-bala, liphoofolo tse hlollang le batho ba pelo-nolo.

Lefatše le Lecha le Tla Tloha le Tla!

Haufinyane re tla phela lefatšeng le lecha leo re le tšepisitsoeng ke Jehova Molimo. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Ha batho ba bang ba qeta ho bala mantsoe ao a Petrose, ba ka ’na ba etsa qeto ea hore le ka mohla lefatše lena e ke ke ea e-ba paradeise. Ba ka ’na ba nahana hore ho tla bōptjoa maholimo a mang a macha a sebele le lefatše le leng le lecha la sebele. Na ebe ho tla ba joalo?

“Maholimo a macha” ke eng? Hase maholimo a sebele a ileng a bōptjoa ke Molimo. (Pesaleme ea 19:1, 2) Petrose o ne a qeta ho bua ka “maholimo” a tšoantšetso—e leng mebuso ea batho e phahametseng bafo ba eona kapa e ba okametseng. (2 Petrose 3:10-12) “Maholimo” ana a soetsitse batho ’me a tla feta. (Jeremia 10:23; Daniele 2:44) ’Muso oa Molimo oo litho tsa oona e leng Morena Jesu Kreste le majalefa-’moho le eena a 144 000 a tsoselitsoeng ho ea phela leholimong, ke bona “maholimo a macha” a tla nka sebaka sa mebuso ea batho.—Baroma 8:16, 17; Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3.

“Lefatše le lecha” leo Petrose a neng a bua ka lona hase qitikoe e ncha. Jehova o entse lefatše lena le loketse hore batho ba phele ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 104:5) Ka linako tse ling ha Bibele e bua ka batho, e ba bitsa “lefatše.” (Genese 11:1) Lefatše le tlang ho felisoa haufinyane ke batho ba ikentseng karolo ea lefatše lena le khopo. Ka tsela e tšoanang, lefatše la batho ba neng ba sa tšabe Molimo le ile la timetsoa Moroallong oa matsatsing a Noe. (2 Petrose 3:5-7) Ebe joale “lefatše le lecha” ke eng? Ke mokhatlo o mocha oa batho—e leng barapeli ba ’nete ba Molimo, “ba lipelo li lokileng.” (Pesaleme ea 125:4; 1 Johanne 2:17) Melao eohle ea “lefatše le lecha” e tla tsoa ‘maholimong a macha.’ Lefatšeng, banna ba tšepahalang ba tla etsa bonnete ba hore melao ena ea phethahatsoa.

Lintho Tse Ncha le Tse Hlollang!

Ka sebele Jehova o ile a re fa lehae le letle haholo ha a ne a lokisa lefatše hore batho ba tle ba phele ho lona. Eena ka boeena o ile a re mesebetsi eohle ea hae eo a e entseng lefatšeng e “molemo haholo.” (Genese 1:31) Satane Diabolose ke eena ea ileng a hulela Adama le Eva borabeleng. (Genese 3:1-5; Tšenolo 12:9) Empa Molimo o tla tloha a etsa hore ba lokileng ba be le “bophelo ba sebele.” Ke hore, “bophelo bo sa feleng” maemong a phethahetseng a Paradeise. (1 Timothea 6:12, 19) A re ke re hlahlobeng a mang a mahlohonolo ao batho ba tla a thabela ka nako eo.

Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, Satane o tla tlangoa ’me a ke ke a ba le monyetla oa ho tlisetsa moloko oa batho bomalimabe. Moapostola Johanne o re: “Ka bona lengeloi [e leng Mikaele, kapa Jesu Kreste, lengeloi le ka sehloohong,] le theoha leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. La e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile.” (Tšenolo 20:1-3; 12:12) Ha Satane a ntse a le ka mohohlong nakong ea puso ea ’Muso, batho ba tla lokoloha tšusumetsong ea hae, ba be ba thabele mahlohonolo a mang a mangata.

Bokhopo, pefo le lintoa li tla fela. Tšepiso ea Bibele e re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata. Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Jehova Molimo “o [tla] felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) Ke tšepiso e hlollang hakaakang ea tšireletseho le khotso!

Litafoleng tsa rōna ho tla tekoa lijo tse ngata tse nang le phepo le tse hlabosang. Mopesaleme o ile a bina a re: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.” (Pesaleme ea 72:16) Nakong eo, ha ho motho ea tla uba lephako ke tlala.

Ha ho motho ea tla hlokofatsoa ke ho kula kapa ke maloetse. Ruri “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24; 35:5, 6) Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a folisa batho ba tšoeroeng ke lepera, ba hlotsang le ba foufetseng. (Matheu 9:35; Mareka 1:40-42; Johanne 5:5-9) Nahana feela hore na o tla etsa’ng lefatšeng le lecha! Ak’u nahane ka thabo e tla ba teng ha ho folisoa batho ba foufetseng, ba thibaneng litsebe, ba hlotsang le ba sa tsebeng ho bua!

Ha batho ba mamelang ba ntse ba phethahala, tšenyo e bakoang ke botsofali e tla felisoa. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le likhalase tsa mahlo, mare, liikokotlelo, litulo tsa likooa, lipetlele le meriana. Ho tla ba le liphetoho tse khōlō hakaakang ha mahlahahlaha a bocha ba rōna a tsosolosoa! (Jobo 33:25) Hoseng ho hong le ho hong, re tla tsoha borokong bo monate, re khatholohile ’me re loketse ho qalisa letsatsi la mesebetsi e re thabisang.

Lipelo tsa rōna li tla thaba ha baratuoa ba rōna le batho ba bang ba tsosoa bafung. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) E tla ba thabo e kaakang ho amohela Abele, Noe, Abrahama, Sara, Jobo, Moshe, Ruthe, Davida, Elia, Esthere le ba bang ba bangata! Ho tla tsosoa ba bang hape ba limilione. Boholo ba bona ha ho mohla bo ileng ba ithuta ka Jehova, empa ba tla amoheloa ke batho ba chesehelang ho ba ruta ka Molimo le ka merero ea hae, le ka Mora oa hae, e leng Jesu Kreste. Ha ba tsositsoeng ba ntse ba ithuta ka ’Mōpi oa bona, ha ho pelaelo hore lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.

Se molemo ka ho fetisisa ke hore re tla khona ho rapela Molimo a le mong feela oa ’nete ka ho sa feleng. Re tla fuoa monyetla oa ho ‘sebeletsa Jehova ka thabo,’ ’me re tla sebetsa hammoho ka kutloano ha re ntse re haha matlo a matle, re lema mobu, ebe qetellong re busa lefatše lohle. (Pesaleme ea 100:1-3; Esaia 65:21-24) E tla ba thabo e kaakang ho phela ka ho sa feleng paradeiseng ea nala, ea khotso le e ntle e tlotlisang lebitso le halalelang la Jehova!—Pesaleme ea 145:21; Johanne 17:3.

Batho ba Lekoa la ho Qetela

Pusong ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete, o tla sebelisa melemo ea sehlabelo sa hae ho motho e mong le e mong ea mamelang. Qetellong, ho tla tlosoa sebe se seng le se seng, ’me moloko oa batho o tla phethahala. (1 Johanne 2:2; Tšenolo 21:1-4) Kaha liphello tsa sebe sa Adama li tla be li tlositsoe ka ho feletseng, batho ba phethahetseng ba tla finyella litekanyetso tsa Molimo ’meleng, kelellong, boitšoarong le moeeng. Kahoo, ‘ba tla phela’ ka ho feletseng ha ba se ba se na sebe ’me ba phethahetse. (Tšenolo 20:5) Jehova o tla tlotlisoa hakaakang ka see le ka lefatše la Paradeise!

Nakoana ka mor’a Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, Satane Diabolose le bademona ba hae, kapa mangeloi a khopo, ba tla lokolloa mohohlong oo ba neng ba lihetsoe ka ho oona lilemo tse sekete pele ho moo. (Tšenolo 20:1-3) Ba tla fuoa monyetla oa ho qetela oa ho khelosa batho ho Molimo. Le hoja batho ba bang ba tla inehela litakatsong tse mpe, borabele ba bona bo ke ke ba atleha. Jehova o tla felisa bafetoheli bao hammoho le Satane le bademona bohle ba hae. Bokhopo bo tla fella ruri. Bafosi bohle ba tla felisetsoa ruri, ’me ba lokileng ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Tšenolo 20:7-10.

Na U tla ba Teng?

Batho ba ratang Jehova Molimo ba lebeletse thabo ea ka ho sa feleng. Bophelo bo sa feleng Paradeiseng bo ke ke ba e-ba bosula. Ha e le hantle, bophelo bo tla ba monate haholo ha nako e ntse e tsoela pele kaha tsebo ea Jehova Molimo ha e fele. (Baroma 11:33) Kamehla ho tla ba le se secha seo u ithutang sona, ’me u tla ba le nako e ngata ea ho ithuta. Hobane’ng? Hobane ha u na ho phela ka lilemo tse 70 kapa tse 80 feela, empa u tla phela ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 22:26; 90:10; Moeklesia 3:11.

Haeba u rata Molimo, kamehla u tla thaba haholo ha u etsa thato ea hae. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Kahoo, u se ke ua lumella letho ho u sitisa ho khahlisa Jehova Molimo ka ho etsa se lokileng. Hopola tšepo e babatsehang eo Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le u fang eona. Ikemisetse ho etsa thato ea Jehova, ’me u se ke ua e furalla. Kahoo, u tla ba teng ha morero oa Molimo ka lefatše o phethahatsoa le ha qitikoe ena eo e leng lehae la rōna e fetoha paradeise ea ka ho sa feleng.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Masimo a Baiseraele a ne a beha haholo ha Molimo a ne a ba hlohonolofatsa

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

U lebeletse ho thabela mahlohonolo afe Paradeiseng?