Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

KE HOBANE’NG ha u thabela ho tsamaea serapeng sa boikhathollo kapa ho otlolla maoto serapeng se tletseng lipalesa tse nkhang hamonate? Ke hobane’ng ha u tlala thabo ha u bona letša le letle kapa melollope ea lithaba tseo litlhōrō tsa tsona li koahetsoeng ke maru? Ke hobane’ng ha u ema ebe u mamela linonyana tse binang hamonate li lutse lintlheng tsa lifate? Hona ke hobane’ng ha ho thabisa ho shebella khama e ntle e etsang menyakoe kapa mohlape oa linku o fulang lekhulong?

Lipotso tsena kaofela li arabeloa ka karabo e le ’ngoe. Re ne re bōpetsoe ho phela Paradeiseng! Ke hona moo batsoali ba rōna ba pele, e leng Adama le Eva, ba qalileng bophelo teng. Takatso ea ho phela Paradeiseng re e nkile ho bona, ’me bona ba ne ba e filoe ke ’Mōpi oa bona, e leng Jehova Molimo. O ne a tseba hore batho ba tla thaba ha ba le Paradeiseng hobane o re bōpetse hore re thabele lehae le letle joalo la lefatšeng.

Jehova o ile a bōpa lefatše ka lebaka lefe? O “le bōpetse hore le ahuoe” ke batho. (Esaia 45:18, Bibele ea Sesotho) “Moetsi oa lefatše” o ile a fa Adama le Eva lehae le letle la paradeise, kapa serapa sa Edene. (Jeremia 10:12; Genese 2:7-9, 15, 21, 22) E tlameha ebe ba ne ba thabela linōka, lipalesa le lifate tsa lona hakaakang! Sepakapakeng ho ne ho bonoa linonyana tse fofang ka bokhabane, ’me liphoofolo tsa mefuta-futa li ne li itsamaela ka bolokolohi hohle lefatšeng—ho se na tse kotsi ho batho. Litlhapi le libōpuoa tse ling li ne li sebesela metsing a hloekileng a lefatše. Ntho ea bohlokoa haholo ke hore Adama le Eva ba ne ba le hammoho. Kahoo, ba ne ba ka tsoala bana ebe bona hammoho le lelapa la bona le ntseng le eketseha, ba thabela ho atolosa lehae la bona la Paradeise.

Le hoja lefatše e se paradeise kajeno, le ka tšoantšoa le lehae le letle la lelapa le thabileng. Lehae la rōna la lefatše leo re le filoeng ke Molimo le na le seo re se hlokang—e leng khanya, mocheso, metsi le lijo. Ruri re ananela khanya ea letsatsi le mocheso oa lona, ’me bosiu re ananela haholo khanya e sa fahleng ea khoeli! (Genese 1:14-18) Mpeng ea lefatše, ho na le libeso tse kang mashala le oli, tseo re ka futhumatsang ka tsona. Re na le metsi ao re a fumanang linōkeng, matšeng le maoatleng. Hape, naha e apere joang bo botala.

Feela joalokaha lijo li ka bolokoa ka tlung, lefatše le lona le na le lijo tse ngata. Ka limela tse masimong le ka litholoana tse lirapeng tsa lifate tsa litholoana, Jehova ‘o re fa linako tse behang le ho tlatsa lipelo tsa rōna ka ho hlasimoloha ho molemo.’ (Liketso 14:16, 17) Kaha lefatše e se e ntse e le lehae le letle haholo, nahana feela hore na le tla ba joang ha Jehova, “Molimo ea thabileng,” a le etsa paradeise!—1 Timothea 1:11.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Earth: NASA photo; Stars: NASA, ESA and AURA/Caltech