Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U “Bua ka Bolokolohi”?

Na U “Bua ka Bolokolohi”?

Na U “Bua ka Bolokolohi”?

BATHO ba fetang limilione tse tšeletseng, linaheng tse 235 ba thabela seo Bibele e se bitsang “ho bua ka bolokolohi.” Poleloana ena e hlaha ka makhetlo a ka bang 16 ka Mangolong a Segerike a Bakreste a Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. (Bafilipi 1:20; 1 Timothea 3:13; Baheberu 3:6; 1 Johanne 3:21) “Ho bua ka bolokolohi” ho akarelletsa eng? Ke eng e re thusang hore re bue ka bolokolohi? Ke maemong afe moo bolokolohi bo re lumellang ho bua re sa sitisoe ke letho?

Expository Dictionary of Old and New Testament Words ea Vine e bolela hore lentsoe la Segerike le sebelisetsoang “ho bua ka bolokolohi” le bolela “ho bua u sa tšabe letho, ho se koetle mantsoe . . . ho bua ka sebete ntle ho tšabo; kahoo, ke ho kholiseha, ho cheseha u le sebete, ho beta pelo, ho hloka tšabo, empa hase kamehla lintho tsena li amanang le ho bua.” Leha ho le joalo, ho bua ka bolokolohi joalo hase ho bua ka ho hloka tlhompho kapa ka mokhoa o tala. Bibele e re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.” (Bakolose 4:6) Ho bua ka bolokolohi ho akarelletsa ho bua ka temoho empa le teng re sa lumele ho koaloa melomo ke maemo a tšoenyang kapa ho tšaba batho.

Na ka tlhaho re na le tokelo ea ho bua ka bolokolohi? Nahana ka seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Efese. O ile a re: “’Na motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaleli bohle, ke ile ka fuoa mosa ona o sa tšoanelang, e le hore ke bolelle lichaba litaba tse molemo tse mabapi le maruo a ke keng a lekanngoa a Kreste.” Pauluse o ile a phaella ka ho bolela hore ke ka Jesu Kreste “re buang ka bolokolohi bona le katamelo ka kholiseho ka tumelo ea rōna ho eena.” (Baefese 3:8-12) Ha re bue ka bolokolohi hobane e le tokelo eo re nang le eona ka tlhaho, empa re bua ka bolokolohi ka lebaka la kamano eo re nang le eona le Jehova Molimo ka tumelo ho Jesu Kreste. A re ke re boneng hore na ke eng e ka re thusang hore re be le bolokolohi bona le e ka re thusang ho bua ka bolokolohi ha re bolela litaba tse molemo, ha re ruta le ha re rapela.

Ke Eng e re Thusang ho Bolela ka Sebete?

Jesu Kreste ke eena mohlala o moholo ka ho fetisisa oa motho ea ileng a bua ka bolokolohi. Cheseho ea hae e ile ea mo susumelletsa ho sebelisa menyetla ea ho bolela litaba tse molemo. Ebang o ne a phomotse, a ja lelapeng la motho e mong, kapa a tsamaea tseleng, ho ne ho se mohla a tlohelang monyetla oa ho bua ka ’Muso oa Molimo. Ho songoa kapa ho hanyetsoa pepenene ho ne ho sa tšose Jesu hore a koale molomo. Ho e-na le hoo, ka sebete o ile a pepesa baeta-pele ba bohata ba bolumeli ba mehleng ea hae. (Matheu 23:13-36) Esita leha a se a tšoeroe a bile a le nyeoeng, Jesu o ile a bua a sa tšabe letho.—Johanne 18:6, 19, 20, 37.

Baapostola ba Jesu ba ile ba ithuta ho bua ka bolokolohi joaloka eena. Ka Pentekonta ea 33 C.E., Petrose o ile a bua ka bolokolohi ka pel’a letšoele la batho ba fetang ba 3 000. Se makatsang ke hore nakoana pele ho moo, o ne a ile a tšaba ha lekhabunyane le leng le mo tseba. (Mareka 14:66-71; Liketso 2:14, 29, 41) Ha Petrose le Johanne ba ne ba hulanyelitsoe ka pel’a baeta-pele ba bolumeli, ha baa ka ba honyela ke tšabo. Ha baa ka ba tsilatsila, empa ba ile ba paka ka sebete hore Jesu Kreste o tsositsoe. Ha e le hantle, ho bua ka bolokolohi ha Petrose le Johanne ke hona ho ileng ha etsa hore baeta-pele bao ba bolumeli ba hlokomele hore banna bana ba ne ba kile ba tsamaea le Jesu. (Liketso 4:5-13) Ke eng e ileng ea ba thusa hore ba bue ka sebete hakaalo?

Jesu o ne a ile a tšepisa baapostola ba hae a re: “Ha ba nehelana ka lōna, le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng; kaha seo le tla se bua le tla se fuoa ka hora eo; etsoe hase lōna ba buang, empa ke moea oa Ntat’a lōna o buang ka lōna.” (Matheu 10:19, 20) Moea o halalelang o ile oa thusa Petrose le ba bang hore ba tlose tšabo le lihlong tsohle tse ka beng li ile tsa ba sitisa ho bua ka bolokolohi. Tšusumetso ea moea oo o matla e ka re thusa ka tsela e tšoanang.

Ho phaella moo, Jesu o ile a fa balateli ba hae mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Ho ne ho loketse hore a etse joalo hobane ke Eena ea filoeng “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” Ebile ‘o na le bona.’ (Matheu 28:18-20) Ha barutuoa ba pele ba lemoha hore Jesu o ba tšehelitse, ba ile ba ba sebete ha ba ntse ba hlaha ka pel’a babusi ba neng ba ikemiselitse ho thibela boboleli ba bona. (Liketso 4:18-20; 5:28, 29) Le rōna re ka ba sebete haeba re lemoha hore ho na le ea re tšehelitseng.

Ha Pauluse a qoolla lebaka le leng la ho bua ka bolokolohi o ile a amahanya tšepo le ho “bua ka bolokolohi bo boholo.” (2 Bakorinthe 3:12; Bafilipi 1:20) Kaha molaetsa oa tšepo e ne e le oa bohlokoahali hoo motho a neng a ke ke a ipolokela oona, Bakreste ba ne ba tlameha ho o bolella ba bang. Ha ho pelaelo hore ka lebaka la tšepo eo re nang le eona, re lokela ho bua ka bolokolohi.—Baheberu 3:6.

Ho Bolela ka Sebete

Re ka bolela ka sebete joang esita leha maemo e le a tšosang? Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Ha e ntse e le motšoaruoa Roma, o ile a kōpa barapeli-’moho le eena hore ba rapelle hore a ‘fuoe bokhoni ba ho bua ka ho ahlama ha molomo oa hae e le hore a bue ka sebete kamoo a neng a tšoanela ho bua.’ (Baefese 6:19, 20) Na lithapelo tseo li ile tsa arajoa? E, li ile tsa arajoa! Ha a ntse a le chankaneng, Pauluse o ile a tsoela pele ho ‘bolela ka ’muso oa Molimo ka bolokolohi bo boholo, ntle ho tšitiso.’—Liketso 28:30, 31.

Ho sebelisa menyetla ea ho paka mosebetsing, sekolong, kapa ha re le leetong ho ka senola hore na re sebete hakae hore re bue ka bolokolohi. Re ka ’na ra khutsa ka lebaka la lihlong le tšabo ea hore na batho ba tla re’ng, kapa ka lebaka la ho se itšepe. Le hona ntlheng ena moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle. O ile a ngola a re: ‘Re ile ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.’ (1 Bathesalonika 2:2) Pauluse o entse seo a ileng a se etsa feela hobane a ne a itšetlehile ka matla a Jehova eseng a hae.

Thapelo e ile ea thusa mosali e mong ea bitsoang Sherry hore a bue ka sebete nakong eo ho neng ho hlaha monyetla oa bopaki bo sa reroang. Ka letsatsi le leng ha a ntse a letetse monna oa hae hore a khutle lebakeng leo a neng a ile ho lona, o ile a bona mosali e mong ea neng a letile joaloka eena. Sherry o re: “Kaha ke ne ke tšohile, ke ile ka rapela Jehova hore a mphe sebete.” Ha Sherry a atamela mosali eo, ho ile ha fihla moruti oa Baptiste. Sherry o ne a sa lebella hore a ka kopana le moruti. Leha ho le joalo, o ile a rapela hape eaba oa paka. O ile a fa mosali eo sengoliloeng a ba a etsa litokisetso tsa leeto la ho boela. Ha re sebelisa menyetla ea ho paka, re ka kholiseha hore ho tšepa Jehova ho tla re thusa hore re bue ka sebete.

Ho Bua ka Sebete ha re Ruta

Ho bua ka bolokolohi ho amana haufi le ho ruta. Bibele e bua tjena ka “banna ba sebeletsang ka mokhoa o motle” ka phuthehong: “Ba iphumanela boemo bo botle le ho bua ka bolokolohi bo boholo tumelong mabapi le Kreste Jesu.” (1 Timothea 3:13) Se ba etsang hore ba tsebe ho bua ka bolokolohi ke hobane ba sebelisa seo ba se rutang ba bang. Ha ba etsa joalo, ba sireletsa phutheho ebile baa e matlafatsa.

Ha re bua ka bolokolohi ka tsela ena, keletso ea rōna e atleha haholo ’me ho ka ba bonolo hore ba bang ba e latele. Ho e-na le hore bamameli ba tšoenngoe ke mohlala o seng motle oa motho ea ba eletsang, ba khothatsoa ke ho bona hore o sebelisa seo a ba rutang sona. Bolokolohi bona bo thusa ba nang le litšoaneleho tsa moea hore ba ‘khutlisetse mor’abo bona tseleng’ pele bothata bo hōla. (Bagalata 6:1) Ha ho bapisoa, motho eo mohlala oa hae o seng motle, a ka ’na a tsilatsila ho fana ka keletso, hobane a nahana hore ha a tšoanelehe. Ho lieha ho fana ka keletso e hlokahalang ho ka ’na ha baka kotsi.

Ho bua ka sebete ha ho hloke hore re nyatsa-nyatse, re tsitlelle maikutlong a rōna, kapa re se ke ra batla ho fetoha. Pauluse o ile a eletsa Filemone “motheong oa lerato.” (Filemone 8, 9) Kahoo, ho hlakile hore mantsoe a moapostola enoa a ile a amoheleha. Ka sebele, keletso e ’ngoe le e ’ngoe eo moholo a fanang ka eona e lokela ho susumetsoa ke lerato!

Ho bua ka bolokolohi ho hlokahala haholo ha ho lokela hore ho fanoe ka keletso. Ho bohlokoa hape le ka linako tse ling. Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Korinthe a re: “Ke bua ka bolokolohi bo boholo mabapi le lōna. Ke na le boithoriso bo boholo mabapi le lōna.” (2 Bakorinthe 7:4) Pauluse o ne a sa tsilatsile ho babatsa bara le baralib’abo ha ho ne ho tšoaneleha. Lerato le ne le mo susumelletsa ho bona litšoaneleho tse ntle tsa balumeli-’moho le eena, le hoja a ne a ntse a bona mefokolo ea bona. Kajeno phutheho ea Bokreste e ahoa ka tsela e tšoanang ha baholo ba babatsa ebile ba khothatsa bara le baralib’abo bona ka bolokolohi.

E le hore Bakreste bohle ba atlehe ha ba ruta, ba lokela ho bua ka bolokolohi. Sherry, eo ho buuoeng ka eena pejana, o ne a batla ho khothatsa bana ba hae hore ba pake sekolong. O re: “Le hoja ke hōletse ’neteng, ke ne ke paka ka seoelo sekolong. ’Me ha kea tloaela bopaki bo sa reroang. Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe ke behela bana ba ka mohlala oa mofuta ofe?’” Sena se ile sa susumelletsa Sherry hore a ikitlaelletse ho paka ka mokhoa o sa reroang.

Ha ho pelaelo hore ba bang ba shebile liketso tsa rōna ’me baa bona ha re sa etse seo re se rutang. Kahoo, a re ithuteng ho bua ka bolokolohi ka hore liketso tsa rōna li lumellane le lipolelo tsa rōna.

Ho Rapela Ntle ho Tšitiso

Ho bua ka bolokolohi ho bohlokoa haholo ha re rapela Jehova. Ha ho se letho le re sitisang, re ka itlhalosa ka botlalo ho Jehova re kholisehile hore o utloa lithapelo tsa rōna le hore o tla li araba. Ka tsela eo, re thabela kamano e mofuthu le e haufi le Ntate oa rōna oa leholimo. Le ka mohla re se ke ra tsilatsila ho rapela Jehova, re nahana hore ha re letho. Re lokela ho etsa joang haeba ho ikutloa re le molato ka lebaka la phoso e itseng kapa sebe se itseng ho re sitisa ho bua mantsoe a tlohang botebong ba pelo? Na re sa ntse re ka rapela ’Musi oa bokahohle ntle ho tšitiso?

Boemo bo phahameng ba Jesu ba ho ba Moprista ea Phahameng bo re fa lebaka le eketsehileng la ho tšepa thapelo. Ho Baheberu 4:15, 16, rea bala: “Moprista ea phahameng eo re nang le eena, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe. Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.” Lefu la Jesu le boemo ba hae e le Moprista ea Phahameng ke tsa bohlokoa hakaalo.

Haeba re batla ka tieo ho mamela Jehova, re ka kholiseha kahohle-hohle hore o tla re utloa ka mokhoa o amohelehang. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Baratuoa, haeba lipelo tsa rōna li sa re tsoe, re bua ka bolokolohi ho Molimo; eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho eena, hobane re boloka litaelo tsa hae ’me re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.”—1 Johanne 3:21, 22.

Ha ho se letho le re sitisang ha re rapela Jehova, hoo ho bolela hore re ka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Lintho leha e le life tseo re li tšabang, tseo re amehileng ka tsona, tse re tšoenyang, kapa tseo re li tšohang, re ka li bolella Jehova, re kholisehile hore o tla mamela lithapelo tsa rōna tseo re li etsang ka botšepehi. Esita le haeba re entse sebe se seholo, letsoalo le molato ha lea lokela ho re sitisa ho rapela haeba re bakile e le kannete.

Mpho e sa re tšoanelang ea ho bua ka bolokolohi ke ea bohlokoa e le kannete. Ka eona re ka tlotlisa Molimo boboleling ba rōna le mosebetsing oa rōna oa ho ruta ra ba ra atamela ho eena haholo ka thapelo. A re se keng ra ‘lahla ho bua ha rōna ka bolokolohi, ho nang le moputso o moholo oo ho tla o lefshoa’—e leng moputso oa bophelo bo sa feleng.—Baheberu 10:35.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Moapostola Pauluse o ne a bua ka sebete

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ho hlokahala hore motho a bue ka bolokolohi e le hore a atlehe ha a ruta

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ho hlokahala hore motho a bue ka bolokolohi ha a rapela