Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Itokiselitse ho Pholoha?

Na U Itokiselitse ho Pholoha?

Na U Itokiselitse ho Pholoha?

“E-ea, uena le bohle ba ntlo ea hao, le kene ka arekeng, hobane ke uena eo ke mo boneng a lokile ka pel’a ka har’a moloko ona.”—GENESE 7:1.

1. Jehova o ile a etsa tokisetso efe ea ho pholoha matsatsing a Noe?

JEHOVA o ile “a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo” matsatsing a Noe, empa O ile a boela a etsa tokisetso ea ho pholoha. (2 Petrose 2:5) Molimo oa ’nete o ile a fa Noe ea lokileng litaelo tse hlakileng tsa ho haha areka bakeng sa ho pholosa bophelo moroallong oa lefatše lohle. (Genese 6:14-16) Ho ea ka seo re neng re ka se lebella ho mohlanka oa Jehova ea tšepahalang, ‘Noe o ile a etsa ho ea ka sohle seo Molimo a neng a mo laetse sona.’ Ka sebele, o ile a “fela a etsa joalo.” Lebaka le leng leo re leng teng ka lona kajeno ke hobane Noe o ile a mamela.—Genese 6:22.

2, 3. (a) Batho ba mehleng ea Noe ba ile ba re’ng ha ba bona mosebetsi oa Noe? (b) Ha Noe a ne a kena ka arekeng o ne a kholisehile ka eng?

2 Mosebetsi oa ho haha areka o ne o se bonolo. Ho ka etsahala hore ebe batho ba bangata ba ne ba hloletsoe ha ba bona seo Noe le lelapa la hae ba neng ba se etsa. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa ba kholisa hore poloko e ne e itšetlehile ka hore ba kene ka arekeng eo. Qetellong, ho mamella ha Molimo lefatše leo le khopo ho ile ha fela.—Genese 6:3; 1 Petrose 3:20.

3 Ka mor’a hore Noe le lelapa la hae ba sebetse ka thata ka lilemo tse mashome, Jehova o ile a re ho Noe: “E-ea, uena le bohle ba ntlo ea hao, le kene ka arekeng, hobane ke uena eo ke mo boneng a lokile ka pel’a ka har’a moloko ona.” A e-na le tumelo a bile a tšepile lentsoe la Jehova, “Noe a kena ka arekeng, hammoho le bara ba hae le mosali oa hae le basali ba bara ba hae.” Jehova a koala monyako e le hore a sireletse barapeli ba hae. Ha Moroallo o tla holim’a lefatše, areka e ile ea e-ba tokisetso ea Molimo e tšepahalang ea ho pholosa bophelo.—Genese 7:1, 7, 10, 16.

Maemo a Mehleng ea Kajeno a Tšoanang le a Matsatsing a Noe

4, 5. (a) Jesu o ile a bapisa nako ea ho ba teng ha hae le eng? (b) Ke lintho life tse tšoanang pakeng tsa matsatsi a Noe le mehla ea rōna?

4 “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:37) Ka mantsoe ana, Jesu o ile a bontša hore nako ea ho ba teng ha hae ka mokhoa o sa bonahaleng e ne e tla tšoana le ea matsatsing a Noe, ’me ho ile ha fela ha e-ba joalo. Haholo-holo ho tloha ka 1919, batho ba lichaba tsohle ba ’nile ba bolelloa molaetsa oa temoso o tšoanang le o neng o boleloa ke Noe. Ka kakaretso, tsela eo ba ileng ba itšoara ka eona e tšoana le eo batho ba matsatsing a Noe ba ileng ba itšoara ka eona.

5 Jehova o ile a felisa ka Moroallo lefatše le neng le “tletse pefo.” (Genese 6:13) Ho ne ho totobetse ho batho ba shebelletseng hore Noe le lelapa la hae ba ne ba sa kopanele pefong eo, empa ho e-na le hoo ba ne ba sebetsa ka khotso ba haha areka. Le tabeng ena, re bona ntho e tšoanang le e etsahalang mehleng ea rōna. Hona joale batho ba tšepahalang ba khona ho ‘bona phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.’ (Malakia 3:18) Bashebelli ba seng leeme ba tsota botšepehi, mosa, khotso le mafolofolo tse bontšoang ke Lipaki Tsa Jehova, ’me litšobotsi tsena li khetholla batho ba Molimo lefatšeng ka kakaretso. Lipaki li hana mefuta eohle ea pefo ’me li lumella moea oa Jehova hore o li tataise. Ke ka lebaka leo li nang le khotso li bileng li loanelang ho etsa se lokileng.—Esaia 60:17.

6, 7. (a) Batho ba matsatsing a Noe ha baa ka ba lemoha eng, hona batho ba kajeno ba tšoana le bona joang? (b) Ke mehlala efe e bontšang hore ka kakaretso Lipaki Tsa Jehova li nkoa li fapane le batho ba bang?

6 Batho ba mehleng ea Noe ha baa ka ba lemoha hore Molimo o ne a tšehelitse Noe le hore Noe o ne a latela tataiso ea Molimo. Kahoo ha baa ka ba nka molaetsa oa Noe oa temoso e le oa bohlokoa ’me ka lebaka leo ha baa ka ba nka khato ka seo ba neng ba se utloa. Ho thoe’ng ka mehla ea kajeno? Le hoja batho ba bangata ba tsota mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova le boitšoaro ba tsona, boholo ba bona ha ba nke litaba tse molemo le litemoso tsa Bibele e le tsa bohlokoa. Baahelani, bahiri kapa beng ka motho ba ka ’na ba babatsa litšobotsi tse ntle tseo Bakreste ba ’nete ba nang le tsona, ebe ba tletleba ka ho re, “Ke nyatsa feela taba ea hore ebe ke Lipaki Tsa Jehova!” Seo bashebelli bana ba sa se hlokomeleng ke hore Lipaki li bonahatsa litšobotsi tse kang, lerato, khotso, mosa, molemo, bonolo le boitšoaro hobane li tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo. (Bagalata 5:22-25) Sena se lokela ho etsa hore batho ba lumele molaetsa oa tsona.

7 Ka mohlala, Russia, Lipaki Tsa Jehova li ne li haha Holo ea ’Muso. Monna e mong ea ileng a tla ’me a bua le e mong oa basebetsi o ile a re: “See ke sebaka se sa tloaelehang hakaakang sa kaho—ha ho motho ea tsubang, ea sebelisang mahlapa ’me e mong le e mong o hlaphohetsoe! Na ebe mohlomong u e mong oa Lipaki Tsa Jehova?” Mosebetsi eo o ile a mo botsa a re, “Haeba nka re ha ke Paki, na u ne u ka nkholoa?” Monna eo o ile a araba kapele a re, “Che.” Motseng o mong oa Russia, ramotse o ile a hlolloa haholo ha a bona Lipaki li ikahela Holo ea tsona e ncha ea ’Muso. O ile a re le hoja a ne a kile a nahana hore lihlopha tsohle tsa bolumeli lia tšoana, ka mor’a hore a bone kamoo Lipaki Tsa Jehova li hlokang boithati e le kannete kateng, ha aa ka a hlola a nahana joalo. Ena ke mehlala e ’meli feela e bontšang hore batho ba Jehova ba fapane le batho ba sa pheleng ka melao ea Bibele.

8. Hore re pholohe bofelo ba lefatše le khopo ho itšetlehile ka eng?

8 Mehleng ea ho qetela ea “lefatše la boholo-holo” le ileng la felisoa ka Moroallo, Noe e ne e le “’moleli oa ho loka” ea tšepahalang. (2 Petrose 2:5) Matsatsing ana a ho qetela a tsamaiso ea hona joale ea lintho, batho ba Jehova ba tsebahatsa litekanyetso tsa Molimo tse lokileng ’me ba phatlalatsa litaba tse molemo tsa hore ho na le monyetla oa ho pholohela lefatšeng le lecha. (2 Petrose 3:9-13) Feela joalokaha Noe le lelapa la hae le tšabang Molimo ba ile ba bolokoa ka arekeng, kajeno ho pholoha ha batho ho itšetlehile ka tumelo ea bona le ho kopanela ka botšepehi le karolo e lefatšeng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa bokahohleng oa Jehova.

Ho Hlokahala Tumelo Hore re Pholohe

9, 10. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be le tumelo haeba re batla ho pholoha bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Satane?

9 Motho o lokela ho etsa’ng e le hore a pholohe ho timetsoa ho atamelang ha lefatše lee le rapaletseng matleng a Satane? (1 Johanne 5:19) Pele, o lokela ho utloisisa hore hoa hlokahala hore a sireletsoe. ’Me ka mor’a moo o lokela ho sebelisa tokisetso eo ea hore a sireletsoe. Batho ba matsatsing a Noe ba ile ba tsoela pele ka bophelo ba bona bo tloaelehileng ba letsatsi le letsatsi ’me ha baa ka ba bona ho hlokahala hore ba sireletsoe tlokotsing e atamelang. Ba ne ba haelloa ke ntho e ’ngoe hape—e leng tumelo ho Molimo.

10 Ka lehlakoreng le leng, Noe le lelapa la hae ba ile ba bona bohlokoa ba ho sireletsoa le ho lopolloa. Ba ile ba boela ba bontša tumelo ho ’Musi oa Bokahohle, e leng Jehova Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho . . . khahlisa [Jehova], kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae; ka tumelo ena o ile a ahlola lefatše, ’me a fetoha mojalefa oa ho loka ho eang ka tumelo.”—Baheberu 11:6, 7.

11. Re ka ithuta eng tseleng eo Jehova a ileng a sireletsa batho ka eona mehleng e fetileng?

11 Haeba re batla ho pholoha, ha rea lokela ho lumela feela hore tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho e tla timetsoa. Re lokela ho bontša tumelo, re sebelise ka botlalo litokisetso tseo Molimo a li entseng bakeng sa ho pholoha. Ho hlakile hore re lokela ho bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Mor’a Molimo, e leng Jesu Kreste. (Johanne 3:16, 36) Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ke batho ba neng ba le ka har’a areka ea Noe feela ba ileng ba pholoha Moroallo. Ka ho tšoanang, metse ea setšabelo ea Iseraele ea boholo-holo e ne e sireletsa motho ea bolaeang e se ka morero hafeela a ne a ka balehela motseng oo pele ’me a lule ho ’ona ho fihlela lefung la moprista ea phahameng. (Numere 35:11-32) Kotlong ea leshome e ileng ea tlisoa Egepeta mehleng ea Moshe, ho ile ha bolaoa matsibolo a Baegepeta, empa a Baiseraele ’ona a ile a bolokoa. Hobane’ng? Jehova o ne a ile a laela Moshe a re: “[Baiseraele] ba nke mali a mang [a konyana ea Paseka] ’me ba a qaphaletse likoseneng tse peli tsa monyako le karolong e ka holimo ea monyako matlong ao ba tla e jela ho ’ona. . . . Ho se ke ha e-ba le ea mong ho lōna ea tsoelang ka ntle ho monyako oa ntlo ea hae ho fihlela hoseng.” (Exoda 12:7, 22) Na ho na le letsibolo leha e le lefe har’a Baiseraele le neng le ka ba le sebete sa ho hlokomoloha litaelo tseo tse fanoeng ke Molimo ka hore le tsoele ka ntle ho ntlo e neng e tšoailoe ka mali a qaphalelitsoeng likoseneng tse peli tsa monyako le karolong e ka holimo ea monyako?

12. Ke potso efe eo e mong le e mong oa rōna a lokelang ho ipotsa eona, hona hobane’ng?

12 Ka hona re na le lebaka la ho nahana ka hloko ka boemo ba rōna re le batho ka bomong. Na re hlile re ka har’a tokisetso ea Jehova ea ho re sireletsa moeeng? Ha matšoenyeho a maholo a qhoma, meokho ea thabo le ea liteboho e tla keleketla lifahlehong tsa ba ileng ba batla tšireletso e joalo. Bakeng sa ba bang, e tla ba feela meokho ea ho sareloa le ea masoabi.

Liphetoho Tse Tsoelang Pele Lia re Hlomella

13. (a) Ho finyeletsoe morero ofe ka liphetoho tse ileng tsa etsoa mokhatlong o hlophisitsoeng? (b) Hlalosa tse ling tsa liphetoho tse tsoelang pele tse ileng tsa etsoa.

13 Jehova o entse liphetoho mohato ka mohato karolong e lefatšeng ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Liphetoho tsena li ile tsa ntlafatsa, tsa tiisa le ho matlafatsa tokisetso ea hae ea ho re sireletsa moeeng. Ho tloha lilemong tsa bo-1870 ho fihlela ka 1932, litho tsa phutheho li ne li khetha baholo le badiakone ka ho ba voutela. Ka 1932 baholo ba neng ba khethiloe ka ho vouteloa ba ile ba nkeloa sebaka ke komiti ea tšebeletso e khethiloeng ke phutheho hore e thuse motsamaisi oa tšebeletso ea khethiloeng. Ka 1938, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore bahlanka bohle ka phuthehong ba khethoe ka tsela ea puso ea Molimo. Ho tloha ka 1972, tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, ho etsoa lipuello ’me haeba li chaelloa monoana, liphutheho li amohela mangolo a behang balebeli le bahlanka ba sebeletsang ka tsela ea puso ea Molimo. Ha lilemo li ntse li feta, mosebetsi oa Sehlopha se Busang o ile oa eketseha ’me ha etsoa liphetoho tse itseng bakeng sa ho nolofatsa mosebetsi oa sona.

14. Ke lenaneo lefe la koetliso le ileng la qaloa ka 1959?

14 Morao koana ka 1950, ho hlahlojoa ha Pesaleme ea 45:16 ka hloko ho ile ha hlahisa lenaneo le tsoelang pele la koetliso. Temana eo e re: “Bara ba hao ba tla ba sebakeng sa baholo-holo ba hao, bao u tlang ho ba beha e le likhosana lefatšeng lohle.” Baholo ba etellang pele hona joale ka phuthehong ba ntse ba koetlisoa bakeng sa mesebetsi ea hona joale ea puso ea Molimo le e tla etsoa ka mor’a Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se ile sa qala ka 1959. Ka nako eo, ho ile ha lokisetsoa thupelo e nkang khoeli eohle haholo-holo bakeng sa bahlanka ba liphutheho, e leng kamoo balebeli ba okamelang ba neng ba bitsoa kateng ka nako eo. Hona joale sekolo sena se atolositsoe hore se koetlise balebeli bohle hammoho le bahlanka ba sebeletsang. Ka mor’a moo, bara bana babo rōna ba etella pele ho koetlisa Lipaki Tsa Jehova ka bomong liphuthehong tse sa tšoaneng tsa habo bona. Kahoo, bohle ba thusoa moeeng ’me ba thusoa hore ba atlehe tšebeletsong ea bona joaloka baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mareka 13:10.

15. Phutheho ea Bokreste e sireletsoa ka litsela life tse peli hore e lule e hloekile?

15 Batho ba batlang ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste ba lokela ho finyella litšoaneleho tse itseng. Ho hlakile hore banyefoli ba mehleng ea kajeno ha ba lumelloe ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste, feela joalokaha ba sa ka ba lumelloa ho kena ka arekeng ea Noe. (2 Petrose 3:3-7) Haholo-holo ho tloha ka 1952, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tšehetsa ka matla tokisetso e thusang ho sireletsa phutheho, e leng ea ho khaola baetsalibe ba sa bakeng. Ho hlakile hore, bafosi ba bakileng e le kannete ba thusoa ka lerato hore ba ‘otlolle litsela tsa maoto a bona.’—Baheberu 12:12, 13; Liproverbia 28:13; Bagalata 6:1.

16. Boemo ba moea ba batho ba Jehova ke bofe?

16 Ho atleha moeeng ha batho ba Jehova hase ntho e etsahalang ka mohlolo kapa e sa lebelloa. Jehova o ile a re ka moprofeta Esaia: “Bonang! Bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna le tla lapa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla hlajoa ke lihlong. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo, empa lōna le tla etsa mehoo ka lebaka la bohloko ba pelo ’me le tla bokolla ka lebaka la ho sithabela ho hoholo ha moea.” (Esaia 65:13, 14) Jehova o tsoela pele ho re fa nala ea lijo tsa moea tse nakong le tse nang le phepo tse re bolokang re le matla moeeng.—Matheu 24:45.

Itokisetse ho Pholoha

17. Ke eng e tla re thusa hore re itokisetse ho pholoha?

17 Ho feta leha e le neng pele, ena ke nako ea hore re “nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo.” (Baheberu 10:23-25) Ho lula haufi le e ’ngoe ea liphutheho tse ka holimo ho 98 000 tsa Lipaki Tsa Jehova le ho lula re le mafolofolo ho tla re thusa hore re itokisetse ho pholoha. Balumeli-’moho le rōna ba tla re tšehetsa ha re ntse re loanela ho bontša “botho bo bocha” le ho ikakhela ka setotsoana ha re thusa ba bang ho ithuta ka tokisetso ea Jehova ea poloko.—Baefese 4:22-24; Bakolose 3:9, 10; 1 Timothea 4:16.

18. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho lula haufi le phutheho ea Bokreste?

18 Satane le lefatše la hae le khopo ba labalabela ho re eka le ho re tlosa phuthehong ea Bokreste. Leha ho le joalo, re ka lula re le karolo ea eona ’me re ka pholoha ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e timetsoa. E se eka ho rata Jehova le kananelo bakeng sa litokisetso tsa hae tse lerato ho ka etsa hore re ikemisetse ho feta leha e le neng pele ho nyopisa boiteko ba Satane. Ho thuisa ka litlhohonolofatso tseo re nang le tsona hona joale ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna. Tse ling tsa litlhohonolofatso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

U ka Araba Joang?

• Mehla ea rōna e tšoana le matsatsi a Noe joang?

• Ke tšobotsi efe eo re lokelang ho ba le eona haeba re batla ho pholoha?

• Ke liphetoho life tse tsoelang pele tse matlafalitseng tokisetso ea Jehova ea ho re sireletsa?

• Re ka itokisetsa joang ho pholoha re le batho ka bomong?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Batho ba mehleng ea Noe ha baa ka ba nkela Noe hloohong

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke habohlokoa hore re nke melaetsa ea Molimo ea temoso ka botebo

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso ke ofe?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ena ke nako ea ho lula haufi le phutheho ea Bokreste