Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ntoa ke ea Jehova”

“Ntoa ke ea Jehova”

“Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho”

“Ntoa ke ea Jehova”

MABOTHO a mabeli a lireng a ne a tjamelane ka mahlakoreng a mabeli a phula. Ka matsatsi a 40 banna ba Iseraele ba ne ba tlakasela ’me mohale oa Bafilista, e leng Goliathe, o ne a ba hlasetse ka mahlapa.—1 Samuele 17:1-4, 16.

Goliathe o ile a qholotsa Baiseraele ka lentsoe le phahameng a re: “Ikhetheleng monna, ’me le re a theohele ho ’na. Haeba a khona ho loana le ’na ’me a mpolaea, joale re tla ba bahlanka ba lōna. Empa haeba ke lekana le eena ’me ke mo bolaea, le lōna le tla ba bahlanka ba rōna, ’me le tla re sebeletsa. . . . Ke nyelisa makhotla a Iseraele letsatsing lena. Mpheng monna, ’me re loane le eena!”—1 Samuele 17:8-10.

Mehleng ea boholo-holo, ho ne ho tloaelehile hore mohale a loane le mohale e mong lebitsong la mabotho a habo bona. Mohlabani ea hlōlang e ne e e-ba eena eo lebotho la habo le hlōlang. Empa mohlabani enoa ea neng a qholotsa Baiseraele e ne e se lesole feela tjee. E ne e le seqhenqha—sera se tšabehang le se tšosang. Empa, ha Goliathe a ne a soma lebotho la batho ba Jehova, o ne a hlile a imemela khathatso.

Ntoa ena e ne e se feela ho hlōlisana ha sesole. E ne e le ntoa pakeng tsa Jehova le melimo ea Bafilista. Ho e-na le hore Morena Saule oa Iseraele a etelle mabotho a hae pele ka sebete khahlanong le lira tsa Molimo, o ile a tšoha hoo a ileng a fela matla.—1 Samuele 17:11.

Mohlankana e Mong o Ile a Tšepa Jehova

Ha mabotho a ntse a tjamelane joalo, mohlankana e mong ea neng a se a tlotsitsoe hore e tle e be morena oa Iseraele, o ile a etela barab’abo ba lebothong la Saule. Lebitso la hae ke Davida. Ha a utloa mantsoe a Goliathe, o ile a botsa: “Mofilista eo ea sa bollang ke mang hore a nyelise makhotla a Molimo ea phelang?” (1 Samuele 17:26) Mahlong a Davida, Goliathe e ne e le moemeli oa Bafilista le melimo ea bona. Davida o ne a e-na le lebaka la ho halefa, ’me a rata ho emela Jehova le Iseraele le ho loantša seqhenqha sena sa mohetene. Empa Morena Saule o ile a re: “Ha u khone ho futuhela Mofilista enoa ho loana le eena, etsoe u sa le moshanyana.”—1 Samuele 17:33.

Saule le Davida ba ne ba sa tšoane hakaakang ka maikutlo! Saule o ile a bona moshemane oa molisana ea batlang ho loana le seqhenqha se sehlōhō. Leha ho le joalo, Davida eena o ile a bona monna ea nyelisang Morena ’Musi Jehova. Davida o ne a le sebete hobane a ne a kholisehile hore Molimo a ke ke a tlohela hore lebitso la Hae le la batho ba Hae le songoe. Ha Goliathe a ne a ithorisa ka matla a hae, Davida eena o ne a tšepile Jehova, a sekaseka taba tumellanong le pono ea Molimo.

“Ke Tla ho Uena ka Lebitso la Jehova”

Tumelo ea Davida e ne e e-na le motheo o tiileng. O ne a hopola hore Molimo o ile a mo thusa ho lopolla linku tsa hae ha li ne li hlasetsoe ke bere le ke tau. Molisana enoa e monyenyane o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo thusa ho loana le sera sena se tšosang sa Mofilista. (1 Samuele 17:34-37) Ha Davida a il’o loana le Goliathe, o ile a ea a nkile feela letjeketjane le majoe a boreleli a mahlano.

Davida e monyenyane o ne a tšepile matla a Jehova ntoeng ena eo ho neng ho bonahala eka a ke ke a e hlōla. Ka sebete o ile a re ho Mofilista enoa: “U tla ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betsoang, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng. Letsatsing lena Jehova o tla nehelana ka uena letsohong la ka . . . Batho ba lefatše lohle ba tla tseba hore ho na le Molimo oa Iseraele. Phutheho ena eohle e tla tseba hore Jehova ha a pholose ka sabole kapa ka lerumo, hobane ntoa ke ea Jehova.”—1 Samuele 17:45-47.

Ho ile ha qetella ho etsahetse joang? Tlaleho e bululetsoeng e re: “Davida, ka letjeketjane le lejoe, o ne a le matla ho feta Mofilista ’me a liha Mofilista eaba oa mo bolaea; Davida o ne a sa tšoara sabole letsohong.” (1 Samuele 17:50) O ne a sa tšoara sabole letsohong, empa o ne a tšehelitsoe ka matla ke Jehova Molimo. *

Ho ne ho nepahetse hakaakang hore ebe Davida o ile a tšepa Jehova ntoeng eo! Ha re lokela ho khetha pakeng tsa ho tšaba batho le ho tšepa matla a pholosang a Jehova, ho hlakile hore na re tla etsa’ng: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ho feta moo, ha re sheba maemo a sa tšoaneng kamoo Jehova Molimo a a shebang kateng, re khona ho ba le pono e nepahetseng ka mathata a tšosang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006, May/June.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

GOLIATHE O NE A LE MOHOLO HAKAE?

Tlaleho e ho 1 Samuele 17:4-7 e re bolella hore ka bolelele Goliathe o ne a feta litsoe tse tšeletseng—e leng limithara tse ka bang tharo. Seaparo sa koporo sa ntoa sa Mofilista enoa ke sona se bontšang hore na o ne a le moholo hakae le hore na o ne a le matla hakae. Boima ba sona e ne e le lik’hilograma tse 57! Thekō ea lerumo la hae e ne e tšoana le leballo la lehong, ’me lehare la lona la tšepe le ne le le boima ba lik’hilograma tse 7. Ka sebele, ho ka etsahala hore ebe lihlomo tsa Goliathe li ne li le boima ho feta Davida ka boeena!