Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabo ea ho Tsamaea ka Botšepehi

Thabo ea ho Tsamaea ka Botšepehi

Thabo ea ho Tsamaea ka Botšepehi

“Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—LIPROVERBIA 10:22.

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho nahana ho tlōla ka bokamoso?

RAFILOSOFI e mong oa Leamerika o ile a re: “Ho nahana haholo ka bokamoso . . . ho re thibela ho thabela lintho tseo re nang le tsona hona joale.” Ho joalo le ka bana ba nahanang haholo ka lintho tseo ba tla li etsa ha e se e le batho ba baholo empa ba hlokomoloha melemo ea ho ba ngoana.

2 Ka linako tse ling esita le barapeli ba Jehova ba nahana ka tsela eo. Nahana ka se ka ’nang sa etsahala. Re labalabela ho bona ha tšepiso ea Molimo ea ho tlisa paradeise lefatšeng e phethahala. Re letetse ka tjantjello ho phela re sa kule, re sa tsofale, re sa utloe bohloko ebile re se mahlomoleng. Le hoja ho le hotle ho lebella lintho tse joalo, ho ne ho tla etsahala’ng haeba re ne re ka nahana haholo ka litlhohonolofatso tsa ka moso tsa nama tseo re li tšepisitsoeng ebe ha re bone litlhohonolofatso tsa moea tseo re nang le tsona hona joale? Eo e ne e tla ba ntho e soabisang hakaakang! Re ne re ka nyahama habonolo feela ’me ra ‘kula pelong kahobane lintho tseo re neng re li lebeletse li chechiselitsoe morao’ ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng. (Liproverbia 13:12) Mathata le litsietsi tsa bophelo li ka ’na tsa etsa hore re nyahame kapa re ikutloele bohloko. Ho e-na le ho sebetsana le maemo a sa thabiseng, re ka qala ho tletleba. Re ka qoba sena sohle ka ho thuisa ka kananelo ka litlhohonolofatso tseo re nang le tsona hona joale.

3. Re tla tšohla eng sehloohong see?

3 Liproverbia 10:22 e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” Na ho atleha moeeng ha bahlanka ba kajeno ba Jehova hase tlhohonolofatso e re thabisang? A re tšohleng likarolo tse itseng tsa katleho ea rōna ea moea ’me re bone hore na li bolela eng ho rōna re le batho ka bomong. Ho ipha nako ea ho nahana ka litlhohonolofatso tseo Jehova a li tšolletseng ‘ea lokileng ea tsamaeang botšepehing ba hae’ ka sebele ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho tsoela pele re sebeletsa Ntate oa rōna oa leholimo ka thabo.—Liproverbia 20:7.

‘Litlhohonolofatso Tse re Ruisang’ Hona Joale

4, 5. Ke thuto efe ea Bibele eo u e ratang haholo, hona hobane’ng?

4 Re na le tsebo e nepahetseng ea lithuto tsa Bibele. Ka kakaretso malumeli a Bokreste-’mōtoana a bolela hore a lumela Bibele. Leha ho le joalo, ha a lumellane ka seo e se rutang. Esita le litho tsa bolumeli bo le bong hangata li fapana ka maikutlo tabeng ea seo Mangolo a hlileng a se rutang. Boemo ba tsona bo fapane hakaakang le ba bahlanka ba Jehova! Ho sa tsotellehe sechaba, setso kapa morabe, re rapela Molimo eo re mo tsebang ka lebitso. Hase molimo oa mohlolo oa boraro-bo-bong. (Deuteronoma 6:4; Pesaleme ea 83:18; Mareka 12:29) Re boetse rea hlokomela hore tseko e khōlō ka ho fetisisa ea bobusi ba Molimo ba bokahohleng e tla tloha e lokisoa le hore haeba re lula re tšepahala ho eena, e mong le e mong oa rōna oa ameha tsekong eo. Re tseba ’nete ka bafu ebile ha re tšabe Molimo hoo re tlakaselang, le hoja batho ba bangata ba lumela hore o hlokofatsa batho mollong oa lihele kapa o ba isa pelekatoring.—Moeklesia 9:5, 10.

5 Ho feta moo, ho thabisa hakaakang ho tseba hore ha rea ba teng ka kotsi ka lebaka la ho iphetola ha lintho ho se nang motheo! Ho e-na le hoo, re bōpiloe ke Molimo, re entsoe ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26; Malakia 2:10) Mopesaleme o ile a binela Molimo oa hae a re: “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.”—Pesaleme ea 139:14.

6, 7. Ke liphetoho life bophelong ba hao kapa bophelong ba batho ba bang bao u ba tsebang tse ileng tsa fella ka tlhohonolofatso?

6 Re lokolohile mekhoeng le litloaelong tse kotsi. Mecha ea phatlalatso e fana ka litemoso tse ngata ka likotsi tsa ho tsuba, ho noa ho tlōla le boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate. Ka kakaretso, batho ha ba ele litemoso tsena hloko. Leha ho le joalo, ho etsahala’ng ha motho ea tšepahalang a ithuta hore Molimo oa ’nete o nyatsa mekhoa e joalo le hore o khopisoa ke batho ba e etsang? Motho ea joalo o tla susumeletseha hore a tlohele mekhoa ena e sa lokang! (Esaia 63:10; 1 Bakorinthe 6:9, 10; 2 Bakorinthe 7:1; Baefese 4:30) Le hoja morero o ka sehloohong oa ho etsa joalo e le ho khahlisa Jehova Molimo, o boetse o fumana melemo e eketsehileng—e leng bophelo bo molemo le khotso ea kelello.

7 Batho ba bangata ba thatafalloa ho tlohela mekhoa e mebe. Leha ho le joalo, selemo le selemo ba mashome a likete baa e tlohela. Ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa metsing, kahoo ba bontša phatlalatsa hore ba tlohetse mekhoa e sa thabiseng Molimo. Eo ke khothatso e matla hakaakang ho rōna kaofela! Seo se matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re lokolohile bokhobeng ba sebe le ba boitšoaro bo kotsi.

8. Ke keletso efe e theiloeng Bibeleng e thusang lelapa hore e be le thabileng?

8 Bophelo bo thabisang ba lelapa. Linaheng tse ngata bophelo ba lelapa bo ntse bo fokola. Manyalo a mangata a fella ka tlhalo, eo hangata e sieang bana ba lemetse hampe maikutlong. Linaheng tse ling tsa Europe, malapa a motsoali a le mong a etsa hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea malapa ’ohle. Jehova o re thusitse joang hore re tsamaee tseleng ea botšepehi tabeng ee? Ka kōpo bala Baefese 5:22–6:4, ’me u hlokomele keletso e molemo eo Lentsoe la Molimo le e fang banna, basali le bana. Ka sebele ho sebelisa keletso e fanoeng moo le e fanoeng Mangolong a mang ho matlafatsa tlamo ea lenyalo, ho thusa batsoali ho hōlisa bana ba bona hantle, ’me ho thusa ho etsa hore bophelo ba lelapa e be bo thabisang. Na ee hase tlhohonolofatso e lokelang ho re thabisa?

9, 10. Tšepo ea rōna ka bokamoso e fapane le ea lefatše joang?

9 Re tiisetsoa hore haufinyane mathata a lefatše a tla rarolloa. Ho sa tsotellehe tsebo ea theknoloji le boiteko bo etsoang ka botšepehi ke babusi ba itseng, mathata a tebileng a bophelo mehleng ena a ntse a e-s’o rarolloe. Klaus Schwab, mothehi oa Lekhotla la Moruo oa Lefatše, o sa tsoa bua ka hore “mathata ao lefatše le talimaneng le ’ona a tsoela pele ho eketseha empa nako ea ho a lokisa eona e ntse e qepha.” O buile ka “likotsi tse amang lichaba tsohle tse kang bokhukhuni, ho senyeha ha tikoloho le ho hloka botsitso litabeng tsa lichelete.” Schwab o ile a phetha ka ho re: “Hona joale, ho feta leha e le neng pele, batho ba lokela ho sebelisana hammoho ’me ba etse liqeto tse khōlō ka potlako e le hore ba rarolle mathata a lefatše.” Ha lekholo la bo21 la lilemo le ntse le tsoela pele, tšepo e akaretsang ka bokamoso ba batho e ntse e e-ba lerootho.

10 Ho khotsofatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o entse tokisetso e ka rarollang mathata ’ohle a batho—e leng ’Muso oa Molimo oa Bomesia! Ka ’Muso ona, Molimo oa ’nete o tla “felisa lintoa” ’me a tlise ‘khotso e ngata.’ (Pesaleme ea 46:9; 72:7) Morena ea tlotsitsoeng, e leng Jesu Kreste, ‘o tla lopolla ea futsanehileng, ea hlorileng le ea tlaase khatellong le pefong.’ (Pesaleme ea 72:12-14) Tlas’a puso ea ’Muso, ho ke ke ha e-ba le khaello ea lijo. (Pesaleme ea 72:16) Jehova “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [rōna], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) ’Muso ona o se o hlomiloe leholimong ’me haufinyane o tla nka khato ea bohlokoa hore o rarolle mathata ’ohle a lefatše.—Daniele 2:44; Tšenolo 11:15.

11, 12. (a) Na ho phelela menyaka ho tlisa thabo e tšoarellang nako e telele? Hlalosa. (b) Ke eng e tlisang thabo ea sebele?

11 Rea tseba hore na ke eng e tlisang thabo ea sebele. Hantle-ntle ke eng e tlisang thabo ea sebele? Setsebi se seng sa kelello se itse thabo e bōptjoa ke lintho tse tharo—e leng monyaka, mosebetsi (ho kopanela linthong tse kang mosebetsi le lelapa) le ho ba le morero (ho hahamalla sepheo se seholoanyane kapa ho etsa lintho molemong oa ba bang). Har’a lintho tsena tse tharo, o ile a re thabo ke eona eo e seng ea bohlokoa haholo eaba o re: “Sena sea thahasellisa hobane batho ba bangata ba phelela menyaka.” Bibele eona e re’ng ka taba ee?

12 Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ile a re: “Ke ile ka re, ka pelong ea ka: ‘Tloo joale, e-re ke u leke ka thabo. Hape, bona se molemo.’ Bonang! Seo le sona e ne e le lefeela. Ke ile ka re ho litšeho: ‘Bohlanya!’ le ho thabo: ‘E etsa’ng?’” (Moeklesia 2:1, 2) Ho ea ka Mangolo, thabo leha e le efe e tlisoang ke monyaka ke ntho ea nakoana feela. Ho thoe’ng ka mosebetsi? Re na le mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re lokelang ho o etsa—e leng mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Haeba re bolella ba bang molaetsa oa poloko o boletsoeng ka Bibeleng, re kopanela mosebetsing o ka fellang ka hore rōna le batho ba re mamelang re bolokehe. (1 Timothea 4:16) Joaloka “basebetsi-’moho le Molimo,” rea tseba hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (1 Bakorinthe 3:9; Liketso 20:35) Mosebetsi ona o etsa hore re be le morero bophelong ’me o etsa hore ’Mōpi a arabe Satane Diabolose, ea mo nyelisang. (Liproverbia 27:11) Ka sebele, Jehova o re bontšitse hore boinehelo ba bomolimo bo tlisa thabo ea sebele le e tšoarellang nako e telele.—1 Timothea 4:8.

13. (a) Ke joang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e leng tlhohonolofatso e re thabisang? (b) U ruile molemo joang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?

13 Re na le lenaneo la bohlokoa le le atlehang la koetliso. Gerhard o sebeletsa e le moholo ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova. Ha a hopola nako ea ha a sa le mocha, o re: “Joaloka mocha, ke ne ke e-na le bothata bo boholo ba ho bua. Ha ke ne ke le tlas’a khatello, ke ne ke sitoa ho bua hantle ebile ke qala ho hoeleketsa. Ke ne ke ikhalala ’me seo se ile sa ntepeletsa maikutlo. Batsoali ba ka ba ile ba lokisetsa hore ke fumane thupelo ea ho bua, empa boiteko ba bona ha boa ka ba nthusa. Bothata ba ka e ne e le ba kelello eseng ba ’mele. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le tokisetso e babatsehang e tsoang ho Jehova—e leng Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho ngolisa sekolong sena ho ile ha mpha sebete. Ke ile ka leka ka hohle hore ke sebelise seo ke ithutileng sona. ’Me ke ile ka atleha! Ke ile ka qala ho bua ka mokhoa o phollatsi, ho tepella ha ka ho ile ha fela ’me ka ba sebete haholoanyane tšebeletsong. Hona joale ke bile ke fana ka lipuo tsa phatlalatsa. Ka sebele ke leboha Jehova, ea sebelisitseng sekolo sena ho ntlafatsa bophelo ba ka.” Na tsela eo ka eona Jehova a re koetlisetsang ho etsa mosebetsi oa hae ha e re thabise?

14, 15. Ha re le mahlomoleng, ke hokae moo re ka fumanang thuso kapele? Bontša.

14 Re na le kamano le Jehova ebile re tšehetsoa ke mokhatlo oa machaba oa bara ba motho. Katrin, ea lulang Jeremane, o ile a tšoenyeha haholo ha a utloa litlaleho tsa tšisinyeho e matla ea lefatše le ka liphello tsa tsunami ka boroa-bochabela Asia. Morali oa hae o ne a etetse Thailand ha koluoa eo e etsahala. Ka lihora tse 32 ’mè enoa o ne a sa tsebe hore na ebe morali oa hae o ntse a phela kapa che kapa hore na ebe o ne a le har’a palo ea bafu e neng e ntse e eketseha hora e ’ngoe le e ’ngoe. Katrin o ile a imoloha hakaakang ha qetellong a fumana mohala o neng o mo tiisetsa hore morali oa hae o sireletsehile!

15 Ke eng e ileng ea thusa Katrin linakong tseo tsa ho tšoenyeha? Oa ngola: “Ke ile ka qeta boholo ba nako eo kaofela ke ntse ke rapela Jehova. Khafetsa ke ile ka hlokomela kamoo thapelo e neng e ’matlafatsa le ho mpha khotso ea kelello kateng. Ho feta moo, barab’eso ba moea ba lerato ba ile ba nketela le ho nkhothatsa.” (Bafilipi 4:6, 7) Ka sebele boemo ba hae bo ka be bo mpefetse le ho feta haeba a ne a tlameha ho qeta lihora tseo tsa mahlomola a sa rapele Jehova ebile a sa fumane khothatso e lerato ea moea ea mokhatlo oa bara ba motho! Kamano ea rōna e haufi le Jehova le Mora oa hae hammoho le botsoalle ba rōna bo haufi le mokhatlo oa barab’abo rōna ba Bakreste ke tlhohonolofatso e ikhethang, ke ntho ea bohlokoahali ’me ha rea lokela ho e nka hasesaane!

16. Bolela phihlelo e bontšang bohlokoa ba tšepo ea tsoho.

16 Re na le tšepo ea ho boela re bona baratuoa ba rōna ba shoeleng. (Johanne 5:28, 29) Mohlankana e mong ea bitsoang Matthias o ile a hōlisetsoa lelapeng la Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, kaha o ne a sa ananele litlhohonolofatso tseo a neng a e-na le tsona, ha a sa le ka tlaase ho lilemo tse 20, o ile a kheloha phuthehong ea Bokreste. Hona joale oa ngola o re: “Bonneteng ’na le Ntate re ne re sa buisane ka botebo ka lintho tse itseng. Ka lilemo-lemo, re ne re lulela ho phehisana. Leha ho le joalo, kamehla Ntate o ne a batla hore ke thabele bophelo. O ne a nthata haholo, empa ka nako eo, ke ne ke sa bone seo. Ka 1996, ha ke ntse ke lutse pel’a bethe ea hae, ke mo tšoere ka letsoho ’me ke ntse ke lla habohloko, ke ile ka mo bolella kamoo ke neng ke soabile kateng ka lintho tsohle tseo ke li entseng le kamoo ke neng ke mo rata haholo kateng. Empa o ne a se a sa nkutloe. Ka mor’a ho kula ka nako e khutšoanyane, o ile a hlokahala. Haeba nka phela hore ke bone Ntate ha a tsoha, re tla koala sekheo se ileng sa buleha nakong e fetileng. ’Me ka sebele o tla thabela ho tseba hore hona joale ke sebeletsa ke le moholo le hore ’na le mosali oa ka re thabela tokelo ea ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho.” Ka sebele tšepo ea tsoho ke tlhohonolofatso ho rōna!

“Ha a e Phaelle ka Bohloko”

17. Ho thuisa ka litlhohonolofatso tsa Jehova ho re thusa joang?

17 Jesu Kreste o ile a re ka Ntat’ae oa leholimo: “O chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) Haeba Jehova Molimo a hlohonolofatsa batho ba lokileng esita le ba sa lokang, ka sebele o tla hlohonolofatsa ba tsamaeang ka botšepehi! Pesaleme ea 84:11 e re: “Jehova a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.” Ha re thuisa ka tlhokomelo le kameho e khethehileng eo a e bontšitseng ba mo ratang, lipelo tsa rōna li tlala liteboho le thabo!

18. (a) Ke ka tsela efe Jehova a sa phaelleng tlhohonolofatso ea hae ka bohloko? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba Molimo ba tšepahalang ba utloa bohloko?

18 “Tlhohonolofatso ea Jehova”—ke eona e entseng hore batho ba hae ba atlehe moeeng. ’Me re tiisetsoa hore “ha a e phaelle ka bohloko.” (Liproverbia 10:22) Joale, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba Molimo ba tšepahalang ba hlaheloa ke liteko, tse ba bakelang bohloko bo boholo le mahlomola? Ho na le mabaka a mararo a sehlooho a etsang hore re hlaheloe ke mathata le litsietsi. (1) Tšekamelo ea rōna ea boetsalibe. (Genese 6:5; 8:21; Jakobo 1:14, 15) (2) Satane le bademona ba hae. (Baefese 6:11, 12) (3) Lefatše le khopo. (Johanne 15:19) Le hoja Jehova a lumella hore re hlaheloe ke lintho tse mpe, hase eena ea li bakang. Ha e le hantle, “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” (Jakobo 1:17) Litlhohonolofatso tsa Jehova ha li bake bohloko.

19. Ba tsoelang pele ba tsamaea ka botšepehi ba letetsoe ke eng?

19 Kamehla ho atleha moeeng ho akarelletsa ho atamela haufi le Molimo. Ha re e-ba le kamano e haufi le eena, re ‘ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore re ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele’—e leng bophelo bo sa feleng. (1 Timothea 6:12, 17-19) Lefatšeng le lecha la Molimo le tlang, re tla rua moeeng le nameng. Bohle ba ‘ntseng ba mamela lentsoe la Jehova,’ ba tla thabela bophelo ba sebele. (Deuteronoma 28:2) Ka boikemisetso bo matla, a re tsoeleng pele ho tsamaea ka botšepehi.

U Ithutile Eng?

• Ke hobane’ng ha e se bohlale ho nahana ho tlōla ka bokamoso?

• Ke litlhohonolofatso life tseo re nang le tsona hona joale?

• Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba utloa bohloko?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]