Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Sebele, U ka Fumana Thabo

Ka Sebele, U ka Fumana Thabo

Ka Sebele, U ka Fumana Thabo

KA LINAKO tse ling ho thata ho fumana thabo ea sebele le e bileng e tšoarellang. Lebaka le ka sehloohong la sena ke hore batho ba bangata ba leba mehloling e fosahetseng letšolong la bona la ho batla thabo. Ekare ba ka be ba e-na le motsoalle ea tšepahalang le ea tšoanelehang ea neng a ka ba thusa hore ba fumane tsela e nepahetseng!

Bibele ke mohloli oa tataiso eo e hlokahalang. Nahana ka e ’ngoe ea libuka tsa eona—e leng buka ea Lipesaleme. Buka ena e bokeletse lipina tse halalelang tse 150 tse rorisang Jehova Molimo, ’me hoo e ka bang halofo ea tsona e qapiloe ke Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo. Empa ho bileng ho leng bohlokoa haholo ho feta ho tseba hore na li ngotsoe ke bo-mang ke ho tseba hore buka ena e ile ea ngoloa ka pululelo ea Motsoalle e moholo ka ho fetisisa oa batho, e leng Jehova. Kahoo re ka kholiseha hore tataiso ea eona e tsoang ho Jehova e molemong oa rōna ebile e re bontša kamoo re ka thabang kateng.

Bangoli ba Lipesaleme ba ne ba kholisehile hore motho o fumana thabo ka lebaka la kamano e ntle eo a nang le eona le Molimo. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ho thaba motho ea tšabang Jehova.” (Pesaleme ea 112:1) Ha ho kamano eo motho a ka bang le eona le batho, kapa matlotlo a lintho tse bonahalang, kapa lintho tseo motho a li finyeletseng tse ka etsang hore a fumane thabo e tlisoang ke ho ba karolo ea “batho bao Molimo oa bona e leng Jehova.” (Pesaleme ea 144:15) Tsela eo bahlanka ba bangata ba Molimo ba mehleng ea kajeno ba phelang ka eona e tiisa hore polelo eo ke ’nete.

Susanne, ea lilemo tse ka holimonyana ho 40, ke mohlala o mong. * O ile a re: “Kajeno, batho ba bangata ba kena mekhatlo e itseng hore ba finyelle lipakane tse tšoanang le tsa ba bang kapa hore ba buisane ka lintho tseo ba li thahasellang ka ho tšoana. Leha ho le joalo, hase hangata ba nkang hore e mong le e mong ea mokhatlong oo ke motsoalle oa bona. Empa ha ho joalo ho batho ba Jehova. Ho rata Jehova ho etsa hore re be le lerato le mofuthu har’a rōna. Ha re le har’a batho ba Molimo, rea phutholoha, ho sa tsotellehe hore na re hokae. Bonngoe bona bo matlafatsa bophelo ba rōna haholo. Ke mang ea ka bolelang hore o na le metsoalle ea maemo a sa tšoaneng bophelong, ea semelo se sa tšoaneng e bile e le ea lichaba tse ngata tse sa tšoaneng? Nka bolela ka pelo ea ka eohle hore kea thaba ha ke e-na le batho ba Jehova.”

Maree, ea hlahetseng Scotland, le eena o ile a hlokomela hore ke habohlokoa hore motho a be le kamano e haufi le Jehova haeba a batla ho thaba. O ile a re: “Pele ke ithuta ’nete ea Bibele, ke ne ke rata ho shebella libaesekopo tse nyarosang. Empa bosiu ke ne ke sitoa ho khaleha haeba ke sa tšoare sefapano ka letsohong kaha ke ne ke nahana hore se tla leleka lithotsela le litšosa-batho, tseo boholo ba lifilimi tseo bo neng bo li bontša. Leha ho le joalo, ha ke se ke ithutile ’nete ke ile ka khaotsa ho shebella lifilimi tse joalo, ’me ke ne ke khona ho ithoballa ke sa tšohe letho ka lebaka la kamano eo ke neng ke e-na le eona le Jehova, ke thabile hore ebe ke sebeletsa Molimo ea matla ho feta bademona kapa litšosa-batho tseo tse inahaneloang.”

Ho Tšepa Jehova Hoa Thabisa

Ha re na lebaka la ho belaella hore Mōpi o na le matla ’ohle ebile bohlale ba hae ha bo na moeli. Kaha Davida o ne a tseba hore a ka tšepa Jehova ka ho feletseng le hore o ne a ka tšabela ho Eena, o ile a ngola a re: “Ho thaba monna ea shahlileng ea behileng Jehova e le tšepo ea hae.”—Pesaleme ea 40:4.

Maria o ile a re: “Phihlelo eo ke bileng le eona ha ke le Spain le libakeng tse ling ke ea hore re una melemo e meholo ha re etsa lintho ka tsela ea Jehova, le hoja maikutlo a rōna a ka ’na a re susumeletsa ho etsa lintho ka tsela e ’ngoe. Sena se re tlisetsa thabo hobane kamehla tsela ea Jehova ke eona e molemo ka ho fetisisa.”

Andreas, ke moholo oa Mokreste ea sebelelitseng linaheng tse ’maloa tsa Europe, ’me ho latela lintho tseo a ileng a thulana le tsona, le eena oa tseba hore re ka tšepa Jehova. O ile a re: “Moholoane oa ka, eo re seng bolumeling bo le bong le eena, o ile a ntšusumetsa haholo bocheng ba ka, a nkhothaletsa hore ke batle mosebetsi o tla mpha chelete e ngata. O ile a soaba haholo ha ke kenela tšebeletso ea nako e tletseng ’me ke sa tšepe seo ho thoeng ke tšireletso e tlisoang ke mesebetsi e fanang ka penshene. Ha ke ntse ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ha ho mohla nkileng ka hloka, ’me ke fumane litlhohonolofatso tseo ba bang ba lakatsang eka ba ka be ba li fumane.”

Ka 1993, Felix o ile a memeloa ho ea mosebetsing oa kaho ha ho ne ho atolosoa ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Selters, Jeremane. Eitse ha mosebetsi oo o qetiloe, o ile a memeloa hore e be setho sa kamehla sa lelapa la Bethele hona moo. O ile a etsa joang? “Ke ile ka amohela memo eo ka lekhonono. Empa hona joale ke se ke lutse mona ka lilemo tse ka bang leshome, ’me ke kholisehile hore Jehova o arabetse lithapelo tsa ka. O tseba se molemo ka ho fetisisa bakeng sa ka. Ka ho mo tšepa ka botlalo le ka ho mo lumella hore a ntataise, ke mo fa monyetla oa ho mpontša seo a batlang hore ke se etse.”

Susanne, ea boletsoeng pejana, o ne a batla ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng, e leng pula-maliboho, empa ho ne ho le thata hore a fumane mosebetsi oa nakoana. Ka mor’a ho ema selemo kaofela a tšepile hore mosebetsi o joalo o tla hlaha, o ile a nka bohato a tšepile Jehova. O ile a re: “Ke ile ka etsa kōpo ea ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ke ne ke bolokile chelete e lekaneng hore ke lefelle litšenyehelo tsa ka tse tloaelehileng tsa nako e ka etsang khoeli. Khoeli eo e ile ea e-ba nako e thabisang haholo! Tšebeletso ea ka e ne e nthabisa haholo, empa ha kea ka ka atleha mesebetsing e mengata eo ke ileng ka e hlahlobeloa. Leha ho le joalo, joalokaha Jehova a ne a tšepisitse, ha aa ka a ntahla. Letsatsing la ho qetela la khoeli, ke ile ka fumana mosebetsi. Joale ke ne ke tseba hore ka sebele nka tšepa Jehova! Ntho ena e ileng ea nketsahalla ha ke ne ke qala ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng e ile ea etsa hore ke be le bophelo bo khotsofatsang le bo thabisang.”

Ho Amohela Keletso ea Molimo ho Eketsa Thabo

Morena Davida o ile a etsa liphoso tse tebileng. Ka linako tse ling o ne a hloka keletso e bohlale. Na le rōna re ikemiselitse ho amohela keletso le taeo joaloka Davida?

Aida, oa Fora, o ile a hlokomela hore o ne a entse phoso e tebileng. O ile a re: “Ntho e khōlō eo ke neng ke amehile ka eona e ne e le ho tsosolosa kamano ea ka le Jehova. Ho ne ho se letho le leng leo ke neng ke amehile ka lona.” O ile a kōpa thuso ho baholo ba Bakreste. Ka mor’a ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 14, hona joale o re: “Ho khotsofatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o ntšoaretse!”

Ho amohela keletso ea Molimo ho ka re thusa hore re qobe ho etsa phoso. Judith o ile a hlalosa tjena: “Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka khahloa ke mohoebi e mong oa Lejeremane eo ke neng ke sebetsa le eena, ea neng a leka kahohle hore a ipiletse ho ’na. O ne a hlompheha, a atlehile haholo mosebetsing, empa o ne a se a nyetse! Ke ile ka lemoha hore ke lokela ho khetha pakeng tsa ho mamela melao ea Jehova le ho furalla Jehova ka ho feletseng. Ke ile ka phetela batsoali ba ka taba ena. Ntate ha aa ka a hlatha koana le koana ha a nkhopotsa seo Jehova a neng a se lebeletse ho ’na. O ile a ntoba a sa qea-qee—e leng sona seo ke neng ke se hloka! Leha ho le joalo, ke ile ka ’na ka batla lebaka la ho lokafatsa seo pelo ea ka e neng e se batla. Ka libeke tse ngata ’Mè o ile a qeta nako ea mantsiboea a mpolella kamoo melao ea Molimo e leng bohlokoa kateng le kamoo e pholosang bophelo kateng. Ke leboha haholo hore ebe butle-butle pelo ea ka e ile ea huleloa ho Jehova. Ho khalemeloa ke Jehova le ho rutoa ke eena ho nthabisitse haholo—ho entse hore ke khotsofalle ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata le ho ba le molekane ea molemo oa Mokreste, ea nthatang le ea bileng a ratang Jehova ka pelo ea hae eohle.”

Ka ho hlakileng, liphihlelo tse joalo li totobatsa bonnete le bohlokoa ba mantsoe ana a Davida: “Ho thaba eo bofetoheli ba hae bo tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng. Ho thaba motho eo Jehova a sa kenyeng phoso tlalehong ea hae.”—Pesaleme ea 32:1, 2.

Thabo e Tlisoang ke ho Nahanela ba Bang

Davida o ile a ngola a re: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase.” O ile a tsoela pele: “Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. Jehova o tla mo lebela ’me a mo boloke a phela. Ho tla phatlalatsoa hore o thabile.” (Pesaleme ea 41:1, 2) Ho nahanela ka lerato hoo Davida a ileng a ho bontša Mefiboshethe, e leng mora ea holofetseng oa motsoalle ea ratehang oa Davida, Jonathane, ke mohlala o motle oa boikutlo bo nepahetseng bo lokelang ho bontšoa motho ea tlaase.—2 Samuele 9:1-13.

Marlies, eo e bileng moromuoa ka lilemo tse 47, o na le monyetla o khethehileng oa ho bolela litaba tse molemo har’a batho ba ileng ba tlameha ho baleha libakeng tse kotsi Afrika, Asia le Europe Bochabela. O re: “Ba na le mathata a sa tšoaneng ’me ka kakaretso ba nahana hore ha ba amohelehe ka botlalo, ha e le hantle ba nahana hore baa khetholloa. Ho thusa batho ba joalo kamehla hoa thabisa.”

Marina, ea lilemo li ka holimonyana ho 40, o ile a ngola a re: “Kaha ke lesoha, kea tseba hore na ho khothatsa hakaakang ho ba le batho ba u thusang bao e leng metsoalle ea hao. Sena se ntšusumetsa hore ke khothatse batho ba bang ka ho ba letsetsa mohala kapa ka ho ba ngolla mangolo. Ba bangata ba boletse kamoo ba ananelang seo kateng. Ho thusa batho ba bang hoa nthabisa.”

Dimitar, ea ka bang lilemo li 25, o ile a re: “Ke hōlisitsoe ke ’Mè a le mong. Ha ke sa le mocha, ke ne ke thabela ho tsamaea le molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho beke le beke ea neng a nkoetlisa tšimong. Ke ntse ke leboha hore ebe o ile a phehella. Kea tseba hore hase kamehla ho neng ho e-ba bonolo hore a ntšusumetse.” Dimitar o leboha thuso eo a ileng a e fumana qalong ka hore hona joale a thuse ba bang, ’me o re: “Bonyane hang ka khoeli ke leka ho tsamaea le mocha le mohoeletsi e mong e moholoanyane tšebeletsong ea tšimo.”

Buka ea Lipesaleme e boetse e bua ka lintho tse ling tse tlisang thabo. E ’ngoe ea lintho tseo ke bohlokoa ba ho tšepa matla a Jehova ho fapana le ho itšepa: “Ho thaba batho bao matla a bona a leng ho [Jehova].”—Pesaleme ea 84:5.

Corinna o tseba seo hantle. O ile a fallela naheng eo ho neng ho hlokahala bahoeletsi haholo ho eona. O re: “Ke ile ka lokela ho ithuta puo e ncha, mokhoa o mocha oa bophelo esita le mokhoa o mocha oa ho nahana. Ke ne ke utloa eka ha ke lefatšeng lena. Ke ne ke tšoha ha ke nahana ka ho bolela litaba tse molemo tikolohong eo ke sa e tloaelang. Ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse, ’me ka thuso ea hae ke ile ka khona ho bolela litaba tse molemo letsatsi lohle tšimong e ka thōko. Ka mor’a nako e itseng, ho etsa mosebetsi oo ho ile ha bonahala e le ntho e bonolo ka ho fetisisa. Ke ile ka qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele, ’me ke ntse ke fumana melemo ka lebaka la phihlelo ena. Ke ile ka ithuta hore ka matla a Jehova, re ka hlōla esita le litšitiso tse bonahalang eka li ke ke tsa hlōloa.”

Ka sebele ho na le lintho tse ngata tse tlisang thabo, tse kang ho ba le botsoalle le Molimo hammoho le batho ba hae, ho tšepa Jehova ka ho feletseng, ho amohela keletso ea hae le ho nahanela ba bang. Re ka thabela ho amoheloa ke Jehova haeba re tsamaea litseleng tsa hae ’me re mamela melao ea hae.—Pesaleme ea 89:15; 106:3; 112:1; 128:1, 2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Mabitso a mang a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Maria

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Maree

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Susanne le Andreas

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Corinna

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Dimitar