“Molao oa Hao ke o Rata Hakaakang!”
“Molao oa Hao ke o Rata Hakaakang!”
“Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”—PESALEME EA 119:97.
1, 2. (a) Mongoli ea bululetsoeng oa Pesaleme ea 119 o ne a le boemong bofe? (b) O ile a etsa joang ha a le boemong boo, hona hobane’ng?
MONGOLI oa Pesaleme ea 119 o ne a le tekong e matla ka ho fetisisa. Lira tse ikakasang tse neng li hlompholla molao oa Molimo li ne li mo soma ebile li mo etseletsa. Mahosana a ne a rerisana khahlanong le eena ’me a mo hlorisa. Ba khopo ba ne ba mo lika-liketsa, ba bile ba mo tšosa ka hore ba tla mo bolaea. O ne a “hlobaela ka lebaka la mesarelo” ena kaofela. (Pesaleme ea 119:9, 23, 28, 51, 61, 69, 85, 87, 161) Leha mopesaleme a ne a le ka har’a teko ena, o ile a bina a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:97.
2 U ka ’na ua ipotsa: “Molao oa Molimo o ne o ka tšelisa mopesaleme oa ba oa mo thoba pelo joang?” O ile a matlafatsoa ke tšepo eo a neng a e-na le eona ea hore Jehova oa mo rata. Ho sa tsotellehe mathata a neng a bakoa ke bahanyetsi ba hae, mopesaleme o ile a thabisoa ke melemo ea ho sebelisa molao oo Molimo a neng a fane ka oona ka lerato. O ile a hlokomela hore Jehova o ne a mo tšoere ka mosa. Ho feta moo, mopesaleme o ile a hlalefa ho feta lira tsa hae a ba a boloka bophelo ba hae ka lebaka la ho sebelisa tataiso e tsoang molaong oa Molimo. O ile a ba le khotso le letsoalo le hloekileng ka lebaka la ho mamela molao.—Pesaleme ea 119:1, 9, 65, 93, 98, 165.
3. Ke hobane’ng ha ho le thata kajeno hore Bakreste ba phele ka melao ea Bibele?
3 Kajeno bahlanka ba bang ba Molimo le bona ba thulana le liteko tse matla ka ho fetisisa tsa tumelo. Ho ka etsahala hore ebe ha re bothateng bo sokelang bophelo joaloka mopesaleme, empa re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Batho ba bangata bao re kopanang le bona letsatsi le letsatsi ha ba tsotelle lintho tseo Molimo a reng li ntle kapa li mpe—ba batla lintho tsa boithati le tse bonahalang, baa ikakasa ebile ha ba hlomphe. (2 Timothea 3:1-5) Kamehla bacha ba Bakreste ba tlameha ho loana le liteko tsa hore ba se ke ba tšepahala boitšoarong. Lintho tsena kaofela li re thatafaletsa hore re ’ne re rate Jehova hammoho le lintho tse nepahetseng. Re ka itšireletsa joang?
4. Mopesaleme o ile a bontša joang hore o ananela molao oa Molimo, ’me na Bakreste ba lokela ho mo etsisa?
4 Ntho e ileng ea thusa mopesaleme hore a mamelle likhatello tseo a ileng a ba har’a tsona ke hore o ile a ipha nako ea ho ithuta le ho nahanisisa ka tieo ka molao oa Molimo. Ka tsela eo, o ile a o rata. Ha e le hantle, hoo e ka bang temana e ’ngoe le e ’ngoe ea Pesaleme ea 119 e bolela tšobotsi e itseng ea molao oa Jehova. * Kajeno Bakreste ha baa tlangoa ke Molao oa Moshe, oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele. (Bakolose 2:14) Leha ho le joalo, melao-motheo ea Molao oo, e sa ntse e sebetsa. Melao-motheo ena e ile ea tšelisa mopesaleme, ’me e ka tšelisa bahlanka ba Molimo ba loanang le mathata a bophelo ba kajeno.
5. Re tla bua ka likarolo life tsa Molao oa Moshe?
5 A re boneng hore na ke khothatso efe eo re ka e fumanang likarolong tse tharo feela tsa Molao oa Moshe, e leng tokisetso ea Sabatha, ea ho khoahlapisa le taelo ea ho se chachehe ka mohono. Boemong ka bong, e tla ba habohlokoa hore re utloisise melao-motheo ea melao ena e le hore re loane le mathata le likhatello tsa mehla ea rōna.
Ho Khotsofatsa Tlhoko ea Rōna ea Moea
6. Batho bohle ba na le litlhoko life tsa motheo?
6 Batho ba bōpiloe ba hloka lintho tse ngata. Ka mohlala, ba hloka lijo, lino le bolulo, e le hore ba lule ba phela hantle ’meleng. Leha ho le joalo, motho o boetse o lokela ho hlokomela ‘tlhoko [ea hae] ea moea.’ A ke ke a thaba e le kannete haeba a sa itlhokomele moeeng. (Matheu 5:3) Jehova o nka hore ho khotsofatsa tlhoko ena ea motheo ke habohlokoa hoo a ileng a laela batho ba hae hore ka letsatsi le le leng beke le beke, ba emise mesebetsi ea bona ea kamehla e le hore ba ele hloko litaba tse amanang le ho rapela Molimo.
7, 8. (a) Molimo o ile a khetholla Sabatha joang matsatsing a mang? (b) Sabatha e ne e phetha morero ofe?
7 Tokisetso ea Sabatha e ne e hatisa bohlokoa ba ho ipha nako ea hore motho a ntlafatse kamano ea hae le Molimo. Lekhetlo la pele leo ka lona Bibele e sebelisang lentsoe “sabatha,” ke ha ho ne ho buuoa ka tokisetso ea manna lefeelleng. Baiseraele ba ne ba boleletsoe hore ba ka bokella bohobe bona ba mohlolo ka matsatsi a tšeletseng. Ka letsatsi la botšelela, ba ne ba lokela ho bokella “bohobe ba matsatsi a mabeli,” hobane ka letsatsi la bosupa, bo ne bo ke ke ba e-ba teng. Letsatsi la bosupa e ne e tla ba “sabatha e halalelang ea Jehova,” ’me ka letsatsi leo, e mong le e mong o ne a lokela ho lula ha hae. (Exoda 16:13-30) O mong oa Melao e Leshome o ne o laela hore ho se ke ha etsoa mosebetsi leha e le ofe ka Sabatha. Letsatsi lena le ne le halalela. Ba sa mameleng molao oo ba ne ba ahloleloa lefu.—Exoda 20:8-11; Numere 15:32-36.
8 Molao oa Sabatha o ne o bontša hore Jehova o amehile ka hore batho ba hae ba iketle nameng le moeeng. Jesu o ile a re: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho.” (Mareka 2:27) Sabatha ha ea ka ea fa Baiseraele nako ea ho phomola feela empa e ile ea ba fa le monyetla oa ho atamela ho ’Mōpi oa bona le oa ho bontša hore baa mo rata. (Deuteronoma 5:12) Ke letsatsi le neng le khethetsoe lintho tsa moea feela. Lintho tsena tsa moea li ne li akarelletsa borapeli ba lelapa, thapelo le ho nahanisisa ka Molao oa Molimo. Tokisetso ena e ne e sireletsa Baiseraele hore ba se ke ba sebelisa nako eohle ea bona le matla ba batla lintho tse bonahalang. Sabatha e ne e ba hopotsa hore kamano ea bona le Jehova e ne e le ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Jesu o ile a pheta molao-motheo oo o sa fetoheng ha a ne a re: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.’”—Matheu 4:4.
9. Tokisetso ea Sabatha e ruta Bakreste eng?
9 Ha ho sa hlokahala hore batho ba Molimo ba boloke Sabatha ea lihora tsa sebele tse 24, empa tokisetso ena ea sabatha e ntse e se taba feela e thahasellisang ea histori. (Bakolose 2:16) Na ebe ha e re hopotse hore le rōna re lokela ho etelletsa pele mesebetsi e ka ntlafatsang kamano ea rōna le Molimo? Mesebetsi ea borapeli ha ea lokela ho etelloa pele ke ho batla lintho tse bonahalang kapa ho ikhatholla. (Baheberu 4:9, 10) Kahoo, re ka ipotsa: “Ntho ea pele ke eng bophelong ba ka? Na ke etelletsa pele ho ithuta, thapelo, ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso? Kapa na mesebetsi e meng e nka nako ea lintho tsee?” Haeba re etelletsa lintho tsa moea pele bophelong ba rōna, Jehova o re tšepisa hore re ke ke ra haelloa ke lintho tse hlokahalang bophelong.—Matheu 6:24-33.
10. Re ka rua molemo joang ha re ipha nako ea lintho tsa moea?
10 Nako eo re e nkang re ithuta Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, hammoho le ho nahana ka botebo ka molaetsa oa tsona, e ka re thusa ho atamela haholoanyane ho Jehova. (Jakobo 4:8) Lilemong tse fetileng tse 40, Susan o ile a behella ka thōko nako ea ho ithuta Bibele kamehla, ’me o bolela hore qalong o ne a sa ho thabele. E ne e le mosebetsi o boima. Empa ha a ntse a eketsa ho bala, o ile a ho rata haholo. Hona joale oa sareloa haeba ho ka ba le ntho e mo sitisang ho ithuta. O re: “Ho ithuta ho nthusitse hore ke nke Jehova e le Ntate. Nka mo tšepa, ka itšetleha ka eena ka ba ka mo rapela ka bolokolohi. Hoa hlolla ho bona kamoo Jehova a ratang bahlanka ba hae kateng, kamoo a ntlhokomelang kateng le kamoo a ’nileng a nthusa kateng.” Le rōna re ka thaba hakaakang ha re hlokomela tlhoko ea rōna ea moea!
Molao oa Molimo Mabapi le ho Khoahlapisa
11. Tokisetso ea ho khoahlapisa e ne e sebetsa joang?
11 Karolo ea bobeli ea Molao oa Moshe e neng e bontša hore Molimo o amehile ka boiketlo ba batho ba hae, ke tokelo ea ho khoahlapisa. Jehova o ne a laetse hore ha molemi oa Moiseraele a kotula lijalo tsa tšimo ea hae, o lokela ho lumella bahloki hore ba khoahlapise seo bakotuli ba se siileng. Balemi ba ne ba sa lokela ho kotulisisa mathōko a masimo a bona, ebile ba ne ba sa lokela ho bokella merara e setseng kapa mehloaare e setseng. Mangata a lijo-thollo a neng a lebetsoe masimong a ne a sa lokela ho latoa. Tokisetso ena e ne e bontša lerato bakeng sa mafutsana, bajaki, likhutsana le basali ba bahlolohali. Ho ke ke ha latoloa hore ba ne ba lokela ho sebetsa ka thata ha ba khoahlapisa, empa ha ba ne ba khoahlapisa, ba ne ba ka qoba ho kōpa.—Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 24:19-22; Pesaleme ea 37:25.
12. Tokisetso ea ho khoahlapisa e ne e fa balemi monyetla oa eng?
12 Molao oa ho khoahlapisa o ne o sa qaqise hore na balemi ba lokela ho siela bahloki ho hokae. Balemi ba ne ba ikhethela hore na masimo a bona a lijo-thollo a tla ba le mathōko a sa kotuloeng a sephara kapa a masesaane hakae. Tokisetso ea hore balemi ba ikhethele, e ne e ba ruta ho fana ka seatla se bulehileng. E ne e fa balemi monyetla oa ho leboha Ea Fanang ka chai, etsoe ‘ea bontšang mohau ho ea futsanehileng o tlotlisa [’Mōpi oa hae].’ (Liproverbia 14:31) Motho e mong ea ileng a fana ka seatla se bulehileng ke Boaze. Ka mosa o ile a tiisa hore mohlolohali e mong ea bitsoang Ruthe, ea neng a khoahlapisa tšimong ea hae, o khoahlapisa lijo-thollo tse ngata. Jehova o ile a putsa Boaze haholo ka lebaka la mosa oa hae.—Ruthe 2:15, 16; 4:21, 22; Liproverbia 19:17.
13. Molao oa boholo-holo oa ho khoahlapisa o re ruta eng?
13 Molao-motheo oo molao oa ho khoahlapisa o thehiloeng ho oona, ha oa fetoha. Jehova o lebeletse hore bahlanka ba hae ba fane ka seatla se bulehileng, haholo-holo ha ba fa bahloki. Luka 6:38.
Re tla hlohonolofatsoa haholo ha re le seatla se bulehileng. Jesu o ile a re: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”—14, 15. Re ka bontša joang hore re fana ka seatla se bulehileng, ’me see se ka ’na sa e-ba le melemo efe ho rōna le ho bao re ba thusang?
14 Moapostola Pauluse o ile a buella hore “re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Kahoo, ho hlokahala hore ka sebele re amehe ka ho thusa Bakreste-’moho le rōna neng le neng ha tumelo ea bona e lekoa. Empa na hape ba ka hloka thuso ka litsela tse ling tse tobileng, tse kang ho isoa Holong ea ’Muso kapa ho ea rekeloa korosari? Na phuthehong ea heno ho na le ba hōlileng, ba kulang, kapa ba sa tsoeng ka tlung ba ka thabelang ho eteloa e le hore ba khothatsoe kapa ba thusoe ka litsela tse ling? Haeba re ikitlaelletsa ho ela hloko litlhoko tsa mofuta ona, Jehova a ka ’na a re sebelisa ha a arabela lithapelo tsa mohloki e mong. Le hoja ho hlokomelana e le tlamo ho Bakreste, mohlokomeli le eena o rua molemo. Ha re bontša barapeli-’moho le rōna lerato la ’nete, sena se re thabisa haholo le ho re khotsofatsa, ’me se etsa hore re amohelehe ho Jehova.—Liproverbia 15:29.
15 Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo Bakreste ba bontšang ka eona hore hase baithati ke ka hore ba sebelise nako ea bona le matla a bona ba bua ka merero ea Molimo. (Matheu 28:19, 20) Motho leha e le ofe ea ileng a thusa motho e mong ho fihlela a nehela bophelo ba hae ho Jehova, o tseba bonnete ba mantsoe ana a Jesu: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.
Ho Itebela Hore U se ke Ua Chacheha ka Mohono
16, 17. Molao oa leshome o ne o hanela eng, hona hobane’ng?
16 Karolo ea boraro eo re tla buisana ka eona ea Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele ke molao oa leshome, o neng o hanela ho chacheha ka mohono. Molao ona o ne o re: “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno. U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno, leha e le lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae kapa poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa Exoda 20:17) Ha ho motho ea neng a ka tiisa hore molao oo oa phethoa, kaha ha ho motho ea ka bonang se ka lipelong tsa ba bang. Leha ho le joalo, molao oo, o ne o etsa hore Molao oa Molimo o phahamele melao ea batho ea toka. O ne o etsa hore Moiseraele e mong le e mong a hlokomele hore o ikarabella ka ho toba ho Jehova, eena ea tsebang moo pelo ea motho e sekametseng teng. (1 Samuele 16:7) Ho feta moo, taelo ena e ne e loantša sesosa sa liketso tse ngata tseo e seng tsa molao.—Jakobo 1:14.
heno.” (17 Molao o hanelang ho chacheha ka mohono o ne o khothaletsa batho ba Molimo ho qoba lerato la lintho tse bonahalang, meharo le ho ingamangama ka maemo a bona. O ne o boetse o ba sireletsa molekong oa bosholu kapa oa boitšoaro bo bobe. Kamehla ho tla ba le batho ba nang le lintho tse bonahalang tseo re li ratang kapa bao ka litsela tse itseng ho bonahalang ba atleha ho re feta. Haeba re hlōloa ho laola monahano oa rōna maemong a joalo, re ka felloa ke thabo eaba re honohela ba bang. Bibele e re ho chacheha ka mohono ke letšoao la “boemo ba kelello bo sa amoheleheng.” Ho molemo haholo hore re se ke ra chacheha ka mohono.—Baroma 1:28-30.
18. Ke moea ofe o atileng lefatšeng kajeno, ’me o ka ba le liphello life tse kotsi?
18 Moea o atileng lefatšeng kajeno o khothaletsa lerato la lintho tse bonahalang le tlhōlisano. Khoebo e sebelisa papatso ho tsosa lerato la lihlahisoa tse ncha ’me hangata e re fa maikutlo a hore re ke ke ra thaba haeba re se na tsona. Moea ona ke oona o neng o nyatsoa ke Molao oa Jehova. Moea o mong oo Jehova a o nyatsang ke oa ho lakatsa ho atleha joang kapa joang linthong tsa lefatše le ho bokella leruo. Moapostola Pauluse o ile a lemosa a re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.
19, 20. (a) Ho motho ea ratang molao oa Jehova, lintho tsa bohlokoa e le kannete ke life? (b) Sehloohong se latelang re tla bua ka eng?
19 Ba ratang molao oa Molimo ba tseba kotsi ea lerato la lintho tse bonahalang ’me ba sireletsoa hore ba se ke ba e-ba le lerato leo. Ka mohlala, mopesaleme o ile a rapela Jehova a re: “Etsa hore pelo ea ka e sekamele likhopotsong tsa hao, eseng liphaellong. Molao oa molomo oa hao o molemo ho ’na, o molemo haholo ho feta likotoana tse likete tsa khauta le silevera.” (Pesaleme ea 119:36, 72) Ha re kholisehile hore mantsoe ana ke ’nete re tla khona ho etsa lintho ka teka-tekano e le hore re qobe maraba a kang lintho tse bonahalang, meharo le ho se khotsofalle seo re nang le sona. “Boinehelo . . . ba bomolimo,” eseng ho bokella matlotlo, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo ka ho fetisisa.—1 Timothea 6:6.
20 Feela joalokaha melao-motheo ea Molao oo Jehova a ileng a o fa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele e ne e le ea bohlokoa ha Jehova a ne a fa Moshe Molao oo, e ntse e le ea bohlokoa le mehleng ea rōna e thata. Ha re sebelisa melao-motheo ena haholo bophelong, re tla e utloisisa haholo, re e rate haholo, ’me re tla thaba haholo. Molao o na le lithuto tse ngata tsa bohlokoa bakeng sa rōna, ’me bohlokoa ba lithuto tsena bo bonoa bophelong le liphihlelong tsa batho bao Bibele e buang ka bona. Re tla bua ka ba bang ba bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 4 Litemana tsohle tse 176, ntle ho tse 4, tsa pesaleme ena li bua ka litaelo, liqeto tsa boahloli, molao, melao ea tsamaiso, likhopotso, lipolelo, litsela, kapa lentsoe.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha mongoli oa Pesaleme ea 119 a ne a rata molao oa Jehova?
• Bakreste ba ka ithuta eng tokisetsong ea Sabatha?
• Molao oa Molimo oa ho khoahlapisa o na le bohlokoa bofe ba kamehla?
• Molao oa ho se chachehe ka mohono o re sireletsa joang?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Molao oa Sabatha o ne o hatisa eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Molao oa ho khoahlapisa o re ruta eng?