Na U Thabile e le Kannete?
Na U Thabile e le Kannete?
U KA ’na ua ipotsa, ‘Na ke thabile e le kannete?’ Litsebi tsa kahisano li leka ka matla ho tseba hore na uena hammoho le batho ba bang le tla arabela potso ena joang, empa mosebetsi oa tsona ha o bonolo. Ho lekanya thabo ea batho ho ka ’na ha bapisoa le ho leka ho lekanya lerato leo monna a ratang mosali oa hae ka lona kapa ho sareloa ho bakoang ke ho shoa ha setho se seng sa lelapa. Ha ho bonolo ho lekanya tsela eo batho ba ikutloang ka eona. Leha ho le joalo, litsebi li tseba ’nete ena ea motheo: Motho e mong le e mong a ka khona ho thaba.
Leha re e-na le bokhoni ba hore re thabe, mathata a maholo a tlisitse masoabi a maholo. Nahana ka mohlala ona: Metseng e meng e meholo, ha ho sa na sebaka mabitleng ka lebaka la batho ba bolailoeng ke AIDS. Ba boholong ba fa batho ba epang mabitla tumello ea hore ba epe mabitla a khale e le hore ba pate batho ba sa tsoa hlokahala. Libakeng tse ling tsa Afrika, mosebetsi oa ho etsa makese ke oona o mongata haholo. ’Me ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, u bone masoabi a aparetseng batho ba tšoeroeng ke mafu a kotsi le ba shoetsoeng ke beng ka bona le metsoalle.
Ho thoe’ng ka linaha tse hafang ka nkatana? Ho fetoha ha maemo ka tšohanyetso ho ka amoha batho tšireletso ea lichelete ba sa lebella. United States, batho ba bangata ba leng pencheneng ba ile ba tlameha ho sebetsa hape hobane ba sa ka ba fuoa chelete ea penchene ha ba ne ba tlohela mosebetsi. Hangata litefiso tsa bongaka li nka chelete eohle ea lelapa. Ramolao e mong o itse: “Ho utloisa bohloko haholo ho bona batho bana ba tlil’o batla keletso ho ’na ba imetsoe ke likoloto ebile ba sa phela hantle ’meleng. Hangata ke tlameha ho ba bolella hore, ‘Ntlo ea hao e tlil’o jeoa.’” Empa ho thoe’ng ka batho ba sa tšoenyeheng ka chelete? Na ebe le bona ba ka apareloa ke masoabi?
Batho ba bang ba tšoana le moqapi e mong oa ’mino ea tsebahalang ea bitsoang Richard Rodgers. Ho ile ha thoe ka eena: “Ke batho ba ’maloa ba kileng ba thabisa batho ba bangata haholo joaloka eena.” Empa leha lipina tsa hae li ne li thabisa batho ba bang, eena o ne a tšoeroe ke lefu la ho tepella maikutlo ho sa khaotseng. O ile a khona ho finyella lintho tse peli tseo batho ba bangata ba batlang ho li finyella—e leng chelete le botumo—empa na thabo eona o ile a ba le eona? Mongoli e mong oa lipale tsa bophelo o ile a re: “[Rodgers] o ile a atleha haholo mosebetsing oa hae, a phela bophelo ba barui ’me eena le oa mphato oa hae ba ile ba kopanela Likhau tse peli tsa Pulitzer. Boholo ba nako o ne a boetse a sa thaba a bile a tepelletse maikutlo.”
Leha ho le joalo, joalokaha e ka ’na eaba u bone, ho tšepa hore leruo le u fe thabo hangata hoa thetsa. Motlalehi oa matsete oa The Globe and Mail ea Toronto, Canada, o ile a hlalosa kamoo batho ba bangata ba ruileng ba lokelang ho mamella “bolutu le ho hloka thabo” kateng. Ho ea ka moeletsi e mong litabeng tsa lichelete, ha batsoali ba ruileng ba fa bana ba bona chelete e ngata haholo le limpho, “hangata sena se baka mathata ka moso.”
Na ho na le Lebaka Leha e le Lefe le Utloahalang la Hore re Thabe?
Hore semela se thunyang lipalesa se hōle, se hloka mobu o motle, metsi le boemo bo botle ba leholimo. Ka ho tšoanang, bafuputsi baa tseba hore maemo a itseng a etsa hore motho a thabe. Maemo ana a akarelletsa ho phela hantle ’meleng; mosebetsi o nang le morero; lijo tse lekaneng, bolulo le liaparo; ho khotsofatsa takatso ea ho qapa lintho; le metsoalle ea sebele.
Mohlomong u tla lumela hore maemo ana a etsa hore motho a thabe. Empa ho na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ke ho tseba “Molimo ea thabileng,” eo lebitso la hae e leng Jehova. (1 Timothea 1:11) Tsebo ee e re thusa joang? Jehova ke ’Mōpi oa rōna, ’me o re file bokhoni ba hore re thabe. Ho hlakile hore o tseba se ka etsang hore re thabe e le kannete. Sehlooho se latelang se hlalosa tsela eo ka eona a tataisang batho ba sebakeng leha e le sefe kapa boemong leha e le bofe e le hore ba lule ba thabile ka nako e telele.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Joaloka semela se thunyang lipalesa, thabo le eona e hloka maemo a matle hore e hōle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
© Gideon Mendel/CORBIS