Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo re ka Ithutang Sona ka Boikhohomoso le Boikokobetso

Seo re ka Ithutang Sona ka Boikhohomoso le Boikokobetso

Seo re ka Ithutang Sona ka Boikhohomoso le Boikokobetso

KETSAHALO e ileng ea etsahala bophelong ba Morena Davida e totobatsa phapang e teng pakeng tsa boikokobetso ba ’nete le boikhohomoso bo khopo. E etsahetse ka mor’a hore Davida a hape Jerusalema ’me a e etse motse-moholo oa hae. Davida o ne a nka Jehova e le eena eo e neng e hlile e le Morena oa Iseraele, ka lebaka leo o ile a lokisetsa hore Areka, e neng e tšoantšetsa boteng ba Molimo, e tlisoe moo motse-moholo. Ketsahalo ena e ne e le ea bohlokoa haholo ho Davida hoo a ileng a bontša bohle kamoo a neng a thabile kateng, ha a ne a setse baprista ba neng ba jere Areka morao. Baahi ba Jerusalema ba ile ba bona morena oa bona “a tlōla-tlōla” a bile “a tjeka . . . ka matla a hae ’ohle.”—1 Likronike 15:15, 16, 29; 2 Samuele 6:11-16.

Leha ho le joalo, Mikale mosali oa Davida ha aa ka a kenella mokhoping oo o neng o thabile. O ile a shebella ka fensetere ’me ho e-na le hore a ananele tsela eo Davida a neng a rorisa Jehova ka eona, o ile “a qala ho mo nyelisa ka pelong ea hae.” (2 Samuele 6:16) Ke hobane’ng ha Mikale a ile a ikutloa ka tsela ee? Ho totobetse hore o ne a inkela holimo ka lebaka la hore e ne e le morali oa morena oa pele oa Iseraele, e leng Saule, le ka lebaka la hore joale e ne e le mosali oa morena oa bobeli oa Iseraele. Ho ka etsahala hore ebe o ne a lumela hore monna oa hae eo e neng e le morena, o ne a sa lokela ho itheolela boemong ba batho feela tjee ka ho keteka le bona ka tsela e mo tlosang seriti. Maikutlo a joalo a boikhohomoso a ile a bonahatsoa ke tsela eo a ileng a lumelisa Davida ka eona ha a khutlela hae. Ka ho phoqa o ile a re: “Morena oa Iseraele o ikentse ea khanyang hakaakang kajeno ha a ne a hlobola kajeno mahlong a makhabunyane a bahlanka ba hae, feela joalokaha e mong oa banna ba lithoto a hlobola ka ho feletseng!”—2 Samuele 6:20.

Davida o ile a etsa joang ha a nyatsuoa ka tsela ee? O ile a khalemela Mikale a mo bolella hore Jehova o ne a lahlile ntat’ae Saule, a khetha eena. Davida o ile a eketsa ka ho re: “Ke tla iketsa ea khelloang fatše le ho feta mona, ’me ke tla ba tlaase mahlong a ka; hammoho le makhabunyane ao u a boletseng, ke ikemiselitse ho itlotlisa hammoho le ’ona.”—2 Samuele 6:21, 22.

E, Davida o ne a ikemiselitse ho tsoela pele a sebeletsa Jehova ka boikokobetso. Boikutlo bona bo re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a bitsa Davida “monna ea ratoang ke pelo ea ka.” (Liketso 13:22; 1 Samuele 13:14) Ha e le hantle, Davida o ne a latela mohlala o tsoileng matsoho oa boikokobetso o behiloeng ke Jehova Molimo ka boeena. Se thahasellisang ke hore mantsoe ao Davida a a sebelisitseng ha a ne a re ho Mikale, “ke tla ba tlaase,” a tsoa motsong oa leetsi la Seheberu leo hape le sebelisoang ho hlalosa tsela eo Molimo a talimang moloko oa batho ka eona. Le hoja Jehova e le Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng, Pesaleme ea 113:6, 7 e hlalosa hore “o itheola boemong [ho theoha ha motho maemong a hae a holimo e le hore a sebetsane le batho ba maemong a tlaase] hore a talime leholimong le lefatšeng, o phahamisa ea tlaase lerōleng; o phahamisa ea futsanehileng sekoting sa molora.”

Kaha Jehova o ikokobelitse, ha ho makatse hore ebe o hloile “mahlo a iphahamisang” a batho ba ikhohomosang. (Liproverbia 6:16, 17) Ka lebaka la ho bontša mokhoa ona o mobe le ho hlompholla eo Molimo a neng a mo khethetse borena, Mikale o ile a tingoa tokelo ea ho tsoalla Davida mora. O shoele a se na ngoana. Ke thuto ea bohlokoa hakaakang ho rōna! Bohle ba batlang ho amoheloa ke Molimo ba tlameha ho mamela mantsoe a reng: “Itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Petrose 5:5.