Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tataiso e Tšepahalang ea ho Fumana Thabo

Tataiso e Tšepahalang ea ho Fumana Thabo

Tataiso e Tšepahalang ea ho Fumana Thabo

BATHO bohle ba na le tokelo ea “ho phehella ho fumana Thabo.” Ana ke maikutlo a baqapi ba Phatlalatso ea Boipuso ba United States of America. Empa ho phehella pakane e itseng ha ho tšoane le ho e finyella. Le hoja bacha ba bangata ba phehella lipakane tsa boithabiso le lipapali, ke ba bakae bao u ba tsebang ba hlileng ba finyelletseng katleho eo ba neng ba labalabela ho e fumana? Sebini se seng se tummeng se tsebang mathata a ho ba sebini se atlehileng se re: “Ho ka etsahala hore u se ke ua atleha.”

Haeba le uena u kile ua nahana hore u ke ke ua atleha ho fumana thabo, u se ke ua nyahama. Haeba u phehella ho fumana thabo ka tsela e nepahetseng, u tla e fumana. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Sehlooho se fetileng se buile ka “Molimo ea thabileng,” e leng Jehova. (1 Timothea 1:11) Molimo o fane ka tataiso ka Bibeleng e le hore u se ke ua soetseha ha u ntse u phehella ho fumana thabo. Jehova a ka u thusa hore u qobe lintho tse atisang ho amoha batho thabo. Ka mohlala, nahana ka matšeliso ao a fanang ka ’ona ha eo u mo ratang a e-shoa.

Ha Eo U mo Ratang a E-shoa

Na ho na le ntho leha e le efe e molemo eo re ka e buang ka lefu? Lefu le arohanya batsoali le bana ’me le arohanya bana le batsoali. Le arohanya metsoalle e haufi ’me le etsa hore batho ba momahaneng ba ikutloe ba sa sireletseha. Ha lefu le hlasela, le ka etsa hore lelapa le thabileng le apareloe ke masoabi.

Ha ho hlokahale hore motho e mong a u bolelle hore lefu ke ketsahalo e sehlōhō. Leha ho le joalo, batho ba bang ba latola ’nete ena ’me ba etsa hore lefu le bonahale eka le molemo. Nahana ka se ileng sa etsahala ka mor’a hore Leholiotsoana le bitsoang Katrina le hlasele Kou ea Leoatle ea Mexico ka August 2005. Lepatong la e mong oa batho ba ileng ba hlokahala, moruti o ile a re: “[Motho enoa] ha aa bolaoa ke Katrina. Molimo o mo nketse leholimong.” Ka nako e ’ngoe, tlelereke e ’ngoe ea sepetlele e neng e e-na le sepheo se setle, e ile ea bolella ngoanana e mong hore a se ke a khathatseha, hobane Molimo o nketse ’mè oa hae leholimong. Ngoanana enoa o ile a lla a re: “Hantle-ntle, o mo nketse’ng?”

Ho hlakile hore, ho ba le maikutlo a joalo a fosahetseng ka bafu, hangata ha ho tšelise ba shoetsoeng. Hobane’ng? Hobane ana ke maikutlo a fosahetseng ka lefu. Ho hobe le ho feta, a hlahisa Molimo e le ea tlosang baratuoa malapeng a bona le ho metsoalle ea bona ka tsela e tšosang le e utloisang bohloko. Ho e-na le hore Molimo e be motšelisi, o hlahisoa e le motho ea khopo ea tlisang koluoa ea lefu. Empa Lentsoe la Molimo le bua ’nete ka lefu.

Bibele e re lefu ke sera. E tšoantša lefu le morena ea ’nileng a busa batho. (Baroma 5:17; 1 Bakorinthe 15:26) Lefu ke sera se matla hoo ho seng motho ea ka le loantšang, ’me moratuoa e mong le e mong ea shoang, e ba e mong oa mahlatsipa a mangata a lefu. ’Nete ena ea Bibele e lumellana hantle le mesarelo le boikutlo ba ho hloka thuso boo re bang le bona ha eo re mo ratang a e-shoa. E tiisa hore ho tloaelehile hore batho ba ikutloe joalo. Leha ho le joalo, na Molimo o sebelisa sera sena se bitsoang lefu ho nkela baratuoa ba rōna leholimong? E-re Bibele e arabe potso eo.

Moeklesia 9:5, 10 e re: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho . . . Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng sebaka seo u eang ho sona.” Sheole ke eng? Ke lebitla le tloaelehileng la batho leo batho ba eang ho lona ha ba e-shoa. Ha bafu ba le ka lebitleng, ha ho letho leo ba le etsang, ha ba sisinyehe, ha ba na boikutlo, kapa ha ba nahane letho. Ba ka tšoantšoa le motho ea ileng le sephume sa boroko. * Kahoo Bibele e hlakisa hore Molimo ha a nkele baratuoa ba rōna ho eena leholimong. Lefu le entse hore ba se ke ba phela ha ba le ka lebitleng.

Jesu o ile a tiisa ’nete ena ka mor’a hore motsoalle oa hae Lazaro a hlokahale. Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko. Haeba Lazaro a ne a ile leholimong hore a e’o ba le Molimo Ea Matla ’Ohle, e ne e tla ba ho hloka mosa hore Jesu a mo khutlisetse hape lefatšeng ebe qetellong o shoa hape. Tlaleho e bululetsoeng e bolela hore ha Jesu a le lebitleng moo, o ile a bua ka lentsoe le phahameng a re: “Lazaro, tsoa!” Bibele e tsoela pele ka ho re: “Monna ea neng a shoele a tsoa.” Lazaro o ile a boela a phela. Jesu o ne a tseba hore Lazaro o ne a sa ka a tloha lefatšeng ho hang. O ne a robetse ka lebitleng a sa phele.—Johanne 11:11-14, 34, 38-44.

Ketsahalo ena e tlalehiloeng ka Bibeleng e re thusa ho utloisisa hore Molimo ha a sebelise lefu ho tlosa batho lefatšeng ho ba isa leholimong. Ka lebaka leo re ka atamela ho Molimo, re tseba hore hase eena ea re baketseng mesarelo. Hape re ka ba le tšepo ea hore o utloisisa ka botlalo kamoo sera sena se bitsoang lefu se re bakelang masoabi le ho re senyetsa kateng. ’Me ’nete eo Bibele e e buang ka boemo ba bafu e paka hore ho hang bafu ha ba utloe bohloko mollong oa lihele kapa pelekatoring empa ba ka lebitleng ’me ha ba phele. Kahoo, ha re hopola baratuoa ba rōna ha rea lokela ho tenehela Molimo kapa ho tšoha hore na ba hokae. Ho feta moo, Jehova o re fa matšeliso a eketsehileng ka Bibeleng.

Tšepo e Tlisa Thabo

Mangolo ao re a tšohlileng a bontša hore tšepo ke karolo ea bohlokoa ea ho fumana thabo ea sebele. Lentsoe lena “tšepo” joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng le bolela ho lebella ka kholiseho ntho e itseng e molemo. Ho bona kamoo tšepo e ka tlisang thabo hona joale, a re khutleleng tlalehong ea ha Jesu a ne a tsosa Lazaro.

Ho na le mabaka a ka bang mabeli a ileng a etsa hore Jesu a etse mohlolo oo. Lebaka le leng e ne e le ho tšelisa Maretha, Maria le metsoalle e neng e saretsoe. Joale ba ne ba ka boela ba thabela ho ba le moratuoa oa bona hape. Empa Jesu o ile a bolella Maretha lebaka la bobeli, leo e leng la bohlokoa haholo: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?” (Johanne 11:40) The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips, e fetolela poleloana eo ea ho qetela e le “mohlolo oa seo Molimo a ka se etsang.” Ha Jesu a ne a tsosa Lazaro, o ne a bontša esale pele seo Jehova Molimo a ka se etsang le seo a tla se etsa nakong e tlang. Lintlha tse eketsehileng mabapi le “mohlolo [ona] oa seo Molimo a ka se etsang” ke tsena.

Ho Johanne 5:28, 29, Jesu o itse: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” Sena se bolela hore bafu bohle ba leng Sheole, ho akarelletsa le baratuoa ba rōna, ba tla tsosoa. Liketso 24:15 e fana ka lintlha tse eketsehileng mabapi le ketsahalo ena e hlollang, e re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” Kahoo esita “le ba sa lokang,” e leng batho ba bangata ba sa kang ba tseba Jehova le ho mo sebeletsa, nakong e tlang ba tla fuoa monyetla oa hore Molimo a ba hauhele.

Tsoho ee e tla etsahala hokae? Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” Nahana feela ka seo mantsoe ana a se bolelang! Malapa le metsoalle e arohantsoeng ke lefu e tla kopana hape mona lefatšeng. Ha u ntse u nahana ka ho ithabisa hammoho le batho bao u kileng ua thabela botsoalle le bona, ho hlakile hore pelo ea hao e tlala thabo.

Jehova o Batla Hore U Thabe

Re tšohlile litsela tse peli tseo Jehova a ka eketsang thabo ea hao ka tsona leha u e-na le mathata. Tsela ea pele, o sebelisa Bibele ho u fa tsebo le tataiso hore u loantše mathata. Keletso ea Bibele e ke ke ea re thusa feela ho sebetsana le masoabi a tlisoang ke lefu, empa e ka boela ea re thusa ho sebetsana le mathata a moruo le a ho kula. E ka u fa matla a ho mamella maemo a sechaba a se nang toka le meferefere ea lipolotiki. ’Me haeba u sebelisa keletso ea eona bophelong ba hao, e ka u thusa hore u khone ho sebetsana le mathata a mang a hao.

Tsela ea bobeli, ka ho ithuta Bibele, u tla ba le tšepo e fetang hōle ntho leha e le efe eo batho ba ka u fang eona. Ho tsosoa ha metsoalle le ba lelapa ke karolo ea tšepo eo Bibele e buang ka eona. Tšenolo 21:3, 4 e fana ka lintlha tse eketsehileng: “Molimo o tla ba le [moloko oa batho]. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Sena se bolela hore haufinyane ntho leha e le efe e u utloisang bohloko bophelong e tla fella ruri. Seo Bibele e se tšepisang se tla etsahala, ’me u ka thabela ho se bona ha se phethahala. Ho tseba feela hore maemo a tla ntlafala nakong e tlang hoa khatholla. Hoa thabisa ho tseba hore u ke ke ua utloa bohloko ka ho sa feleng ka mor’a hore u shoe.

Ho etsa mohlala: Lilemong tse ’maloa tse fetileng Maria o ile a bona ha monna oa hae a e-shoa habohloko ka lebaka la kankere. Nakoana ka mor’a lefu la monna oa hae, mathata a lichelete a ile a etsa hore eena le barali ba hae ba bararo ba tsoe ka ntlong ea bona. Lilemo tse peli hamorao, Maria o ile a tseba hore o tšoeroe ke kankere. O entsoe liopereishene tse peli tse khōlō ’me letsatsi le leng le le leng o opeloa haholo. Leha a e-na le mathata ana, o na le boikutlo bo botle bo mo susumelletsang hore a khothatse batho ba bang. O etsa joang hore a lule a thabile?

Maria o re: “Ha ke e-na le bothata, ke leka hore ke se ke ka nahana haholo ka bona. Ke qoba ho botsa lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha ntho ee e etsahala ho ’na? Ke hobane’ng ha ke sotleha tjee? Ke hobane’ng ha ke kula?’ Ho nahana lintho tse fosahetseng ho qeta motho matla. Ka lebaka leo, ke sebelisa matla a ka bakeng sa ho sebeletsa Jehova le ho thusa batho ba bang. Sena ke sona se nthabisang.”

Tšepo e thusa Maria joang? O behile tšepo ea hae nakong e tlang ea ha Jehova a tla tlosa boloetse le mathata a mang a batho. Ha a e-ea sepetlele bakeng sa ho ea phekoloa, o bua ka tšepo ena ho bakuli ba bang ba tšoeroeng ke kankere bao e ka ’nang eaba ba nyahame. Tšepo ke ea bohlokoa hakae ho Maria? O re: “Hangata ke nahana ka seo Bibele e se bolelang ho Baheberu 6:19, moo Pauluse a hlalosang hore tšepo ke ankora ea moea. Kantle ho ankora ena, u tla hoholeha joaloka seketsoana se sa tlangoang se ka har’a sefefo. Empa haeba u tlamelletsoe ankoreng eo, u tla sireletseha ho sa tsotellehe mathata a maholo ao u fetang ho ’ona.” ‘Tšepo eo ea bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa,’ e thusa Maria ho lula a thabile. Le uena e ka u thusa.—Tite 1:2.

Ka ho ithuta Bibele, u ka fumana thabo ea sebele leha u e-na le mathata. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ba le lipotso mabapi le hore na ho ithuta Bibele ho ka u thusa joang. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u bontša likarabo tsa Mangolo tseo u lokelang ho li tseba e le hore u tle u thabe e le kannete. Ha u ntse u letetse ho phethahala ha tšepo eo Jehova a fanang ka eona, u ka ba har’a ba hlalosoang tjena: “Ba tla fihlela thabo e khaphatsehang le nyakallo, mesarelo le ho feheloa li tla baleha.”—Esaia 35:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Encyclopædia Britannica (2003) e re Sheole “hase sebaka seo [batho ba] utloang bohloko kapa ba fumanang monyaka ho sona, hase sebaka seo [batho ba] fumanang kotlo kapa moputso ho sona.”

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ke ’nete ea Bibele feela e ka fokotsang masoabi

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tšepo ea Bibele ea tsoho e ka u tlisetsa thabo