Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U Hlokomele Sefate Sena sa Morara”!

“U Hlokomele Sefate Sena sa Morara”!

“U Hlokomele Sefate Sena sa Morara”!

LIHLOELA tse 12 li ile tsa pholletsa le Naha e Tšepisitsoeng. Moshe o ne a li boleletse hore li shebe baahi ba eona li be li khutle li nkile tse ling tsa lijo tse behoang ke naha eo. Li ile tsa khahloa haholo ke tholoana efe? Haufi le Hebrone, li ile tsa fumana serapa sa morara seo morara oa sona o neng o le motenya hoo ho ileng ha hlokahala hore lesihla le le leng feela le jaroe ke lihloela tse peli. Kaha chai ea teng e ne e le khōlō, lihloela tseo li ile tsa reha sebaka seo se nonneng “phula ea molapo o phoroselang ea Eshkole.”—Numere 13:21-24.

Lekholong la bo19 la lilemo, moeti e mong ea neng a etetse Palestina o ile a etsa tlaleho ena: “Eshkole, kapa Phula ea Merara, . . . e sa ntse e tletse lifate tsa morara, ’me morara oa teng o motle ka ho fetisisa ebile o motenya ho feta merara eohle ea Palestina.” Le hoja lifate tsa morara tsa Eshkole li ne li beha haholo, karolo e khōlō ea Palestina e ne e beha morara o motle mehleng ea Bibele. Litlaleho tsa Egepeta li bontša hore bo-Faro ba ne ba reka veine Kanana.

Buka e bitsoang The Natural History of the Bible e re: “Matsoapo [a Palestina] a na le mobu o lehlohlojane, a shebile moathameleng oa letsatsi la lehlabula ’me a liphororong tsa lipula tsa mariha, e leng lintho tse etsang hore tulo ena e be sebaka sa lifate tsa morara.” Esaia o ile a bontša hore libakeng tse ling tse khethehileng ho ne ho e-na le lifate tsa morara tse ka bang sekete.—Esaia 7:23.

‘Naha ea Lifate Tsa Morara’

Moshe o ile a bolella sechaba sa Iseraele hore se ne se tla aha naheng ea “lifate tsa morara le lifeiga le likharenate.” (Deuteronoma 8:8) Ho ea ka buka e bitsoang Baker Encyclopedia of Bible Plants, “lifate tsa morara li ne li le ngata haholo Palestina ea boholo-holo hoo litholoana tsa morara li ’nileng tsa fumanoa libakeng tse ngata, haeba e se tsohle, tseo ho ileng ha epolloa lintho tsa khale ho tsona.” Lifate tsa morara tsa Naha e Tšepisitsoeng li ne li beha hoo esita le selemong sa 607 B.C.E. ha mabotho a Nebukadnezare a ne a ripitla Juda, batho ba neng ba setse ka hare ho naha ba ileng “ba qala ho bokella veine le litholoana tsa lehlabula tse ngata haholo.”—Jeremia 40:12; 52:16.

Haeba balemi ba Baiseraele ba ne ba batla ho etsa veine e ngata, ba ne ba lokela ho hlokomela lifate tsa bona tsa morara hantle. Buka ea Esaia e hlalosa kamoo molemi ea tloaelehileng oa lifate tsa morara oa Moiseraele a neng a khatha thite letsoapong ebe o epolla majoe leha e le afe a maholo pele a lema “sefate [sa hae] se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu.” Mohlomong ka mor’a moo o ne a ka haha lebota la majoe ka majoe ao a neng a a ntšitse mobung. Lerako lena le ne le tla sireletsa serapa sa hae sa morara hore se se ke sa hatakeloa ke likhomo le hore se se ke sa kenoa ke liphokojoe, likolobe-moru le masholu. Hape o ne a ka cheka sehatelo sa veine eaba o haha tora e nyenyane e le sebaka se pholileng seo a neng a ka lula ho sona nakong ea kotulo ha lifate tsa morara li hloka ho sireletsoa haholo. Ka mor’a ho etsa mosebetsi ona oohle, o ne a ka lebella chai ea morara.—Esaia 5:1, 2. *

E le hore molemi a chae, nako le nako o ne a faola lifate tsa morara e le hore li behe haholo, ’me o ne a hlaola lehola, tšehlo le hlabahlabane pele li hōla. O ne a ka nosetsa serapa sa morara likhoeling tsa lehlabula haeba mongobo oa lipula tsa selemo o ne o sa lekana.—Esaia 5:6; 18:5; 27:2-4.

Qetellong ea lehlabula ha ho kotuloa morara, e ne e e-ba nako ea thabo e khōlō. (Esaia 16:10) Lipesaleme tse tharo li na le sehlooho se akarelletsang poleloana e reng, “oa Gitithe.” (Pesaleme ea 8, ea 81, le ea 84) Poleloana ena ea ’mino eo ho sa tsejoeng hantle hore na e bolela eng e fetoleloa e le “sehatelo sa veine” phetolelong ea Septuagint, ’me mohlomong e bontša hore Baiseraele ba ne ba bina lipesaleme tsena nakong ea ha ho ne ho kotuloa morara. Le hoja morara o ne o sebelisetsoa haholo-holo ho etsa veine, Baiseraele ba ne ba boetse ba o ja o le joalo kapa ba o omisitse, ’me ba ne ba ka ’na ba etsa bohobe ka morara oo o omisitsoeng.—2 Samuele 6:19; 1 Likronike 16:3.

Sefate sa Morara sa Iseraele

Ka makhetlo a mangata Bibele e tšoantša batho ba Molimo le sefate sa morara—e leng tšoantšetso e loketseng hobane sefate sa morara e ne e le sa bohlokoa ho Baiseraele. Ho Pesaleme ea 80, Asafe o ile a tšoantša sechaba sa Iseraele le sefate sa morara seo Jehova a neng a se lemile Kanana. Naha eo e ne e ile ea khōthoa e le hore sefate sa morara sa Iseraele se ka mela ka metso eaba sea hōla. Empa ka mor’a nako, marako a se sirelelitseng a ile a oa. Sechaba sena ha sea ka sa hlola se tšepa Jehova, ’me ha aa ka a hlola a se sireletsa. Lichaba tsa lira li ile tsa ’na tsa ja matlotlo a Iseraele joaloka likolobe-moru tse senyang serapa sa morara. Asafe o ile a rapela hore Jehova a thuse sechaba e le hore khanya eo se neng se e-na le eona e ka khutla. O ile a kōpa: “U hlokomele sefate sena sa morara.”—Pesaleme ea 80:8-15.

Esaia o ile a tšoantša “ntlo ea Iseraele” le serapa sa morara seo qetellong se ileng sa beha “morara oa naha.” (Esaia 5:2, 7) Morara oa naha o monyenyane haholo ho morara o lengoang ’me karolo e jeoang ea oona e nyenyane haholo, boholo ke litholoana. Morara oa naha ha o na thuso haeba motho a batla ho etsa veine ka oona kapa a batla ho o ja—e leng tšoantšetso e ntle ea sechaba se koenehileng seo tholoana ea sona e neng e le tlōlo ea molao eseng ho loka. Molemi oa sefate sena sa morara e ne e se eena ea phoso ha se beha litholoana tse se nang thuso. Jehova o ne a entse sohle se khonehang hore sechaba sena se behe haholo. O ile a botsa: “Ho sa ntse ho e-na le eng e ka etsoang serapeng sa ka sa morara eo ke sa e etsang ho sona?”—Esaia 5:4.

Kaha sefate sena sa morara sa Iseraele se ne se sa behe, Jehova o ile a ba lemosa hore o ne a tla heletsa lerako la tšireletso leo a neng a le hahile hore le likaliketse batho ba hae. O ne a ke ke a hlola a faola sefate sa hae sa tšoantšetso sa morara kapa ho se tsosetsa mobu. Lipula tsa selemo tse neng li tlisa chai li ne li sa tl’o na, ’me meutloa le litlamatlama li ne li tla tlala serapeng seo sa morara.—Esaia 5:5, 6.

Moshe o ile a profeta hore bokoenehi ba Iseraele bo ne bo tla omeletsa le tsona lirapa tsa sebele tsa morara. “U tla lema lirapa tsa morara ’me ka sebele u hlaole, empa u ke ke ua noa veine ’me u ke ke ua bokella letho, hobane sebōkō se tla o ja.” (Deuteronoma 28:39) Sefate sa morara se ka omella ka mor’a matsatsi a se makae haeba sebōkō se ka kena kutung ea sona eaba se se ja ka hare.—Esaia 24:7.

“Sefate sa Morara sa ’Nete”

Feela joalokaha Jehova a ile a tšoantša sechaba sa sebele sa Iseraele le sefate sa morara, Jesu le eena o ile a sebelisa tšoantšetso ea sefate sa morara. Nakong ea seo ba bangata ba se bitsang Selallo sa Morena, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke ’na sefate sa morara sa ’nete, ’me Ntate ke molemi.” (Johanne 15:1) Jesu o ile a tšoantša barutuoa ba hae le makala a sefate sa morara. Feela joalokaha makala a sefate sa sebele sa morara a matlafatsoa ke kutu, barutuoa ba Kreste le bona ba lokela ho lula bonngoeng le eena. Jesu o ile a re: “Kantle le ’na ho hang le ke ke la etsa letho.” (Johanne 15:5) Balemi ba lema sefate sa morara hore se behe litholoana, ’me Jehova o lebeletse hore batho ba hae ba behe tholoana ea moea. Ho beha tholoana ea moea ke hona ho tlotlisang le ho khotsofatsang Molimo, e leng eena Molemi oa sefate sena sa morara.—Johanne 15:8.

Sefate sa sebele sa morara sona, se beha haholo ha se faoloa le ha se hloekisoa, ’me Jesu o bua ka lintho tsena tse peli. Molemi oa lifate tsa morara a ka faola lifate tsa morara habeli selemo le selemo e le hore a fumane morara o mongata ka ho fetisisa. Likhoeling tsa mariha, sefate sa morara se ka ’na sa faoloa haholo. Molemi o tlosa boholo ba letlobo la selemo se fetileng. Mohlomong o tla siea kutu e e-na le makala a maholo a mararo kapa a mane, ’me lekaleng le leng le le leng a ka ’na a siea lehlomela le le leng kapa a mabeli. Mahlomela ana ao e neng e le letlobo la selemo se fetileng, e tla ba ’ona makala a behang selemong se latelang. Qetellong, ha molemi oa lifate tsa morara a qeta ho li faola, o chesa makala a faotsoeng.

Jesu o hlalosa ho faoloa hona ho feteletseng ha sefate ha a re: “Haeba leha e le mang a sa lule bonngoeng le ’na, o lahleloa ntle joaloka lekala ’me oa omella; ’me batho ba bokella makala ao ba a lahlela mollong ebe aa chesoa.” (Johanne 15:6) Le hoja nakong ena ho ka ’na ha bonahala eka sefate sa morara ha se na makala, nakong ea selemo se faoloa hape.

Jesu o ile a re: “Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana oa le tlosa.” (Johanne 15:2) E ka ’na eaba mona o ne a bua ka ho faoloa ho etsoang nakong eo sefate sa morara se seng se hlahisitse letlobo le lengata le lecha, ebile masihla a manyenyane a morara a se a ka bonoa hantle. Molemi oa lifate tsa morara o hlahloba ka hloko lekala le leng le le leng ho bona makala a behang le a sa beheng. Haeba a sa beheng a tloheloa, kutu e tla ’ne e a fumantše lijo le metsi. Kahoo, molemi o faola makala ana a se nang litholoana e le hore likōtla tsa sefate sa morara li ka fepa makala a behang feela.

Qetellong, Jesu o bua ka mosebetsi oa ho hloekisa. Oa hlalosa o re: “Le leng le le leng le behang litholoana oa le hloekisa, e le hore le ka beha litholoana tse eketsehileng.” (Johanne 15:2) Ha makala a sa beheng a se a tlositsoe, molemi oa lifate tsa morara o hlahloba ka hloko lekala le leng le le leng le behang. Moo lekala le leng le le leng le behang le qalang teng, kamehla o fumana mahlomela a macha a lokelang ho tlosoa. Ha a tloheloa hore a hōle, a tla noa lero la sefate sa morara leo e leng mohloli oa mongobo o hlokoang ke litholoana tsa morara. Makala a mang a maholo le ’ona a ka ’na a tlosoa e le hore litholoana tse nyenyane tsa morara li ka fumana khanya e ntle ea letsatsi. Mehato ena kaofela e thusa hore makala a behang a behe haholo.

“Le ’Ne le Behe Litholoana Tse Ngata”

Makala a tšoantšetso a “sefate sa morara sa ’nete,” a emela Bakreste ba tlotsitsoeng. Empa “linku tse ling” le tsona li lokela ho bontša hore ke barutuoa ba behang ba Kreste. (Johanne 10:16) Le tsona li ka beha “litholoana tse ngata” tsa ba tsa tlotlisa Ntate oa tsona oa leholimo. (Johanne 15:5, 8) Papiso ea Jesu ea sefate sa ’nete sa morara e re hopotsa hore re tla bolokoa feela ha re lutse bonngoeng le Kreste le ha re beha tholoana e ntle ea moea. Jesu o ile a re: “Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.”—Johanne 15:10.

Mehleng ea Zakaria Molimo o ile a tšepisa masala a tšepahalang a Baiseraele hore naha e ne e tla boetse e e-ba le ‘litholoana tsa khotso, sefate sa morara se ne se tla fana ka litholoana tsa sona, ’me lefatše le ne le tla fana ka lihlahisoa tsa lona.’ (Zakaria 8:12) Sefate sa morara se boetse se sebelisetsoa ho hlalosa khotso eo batho ba Molimo ba tla ba le eona nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Mikea o ile a profeta tjena: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”—Mikea 4:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Ho ea ka Encyclopaedia Judaica balemi ba Baiseraele ba ne ba rata lifate tsa morara tse behang morara o mofubelu o tsejoang e le sorek, e leng sefate sa morara seo ho bonahalang ho buuoa ka sona ho Esaia 5:2. Morara ona o ne o etsa veine e monate e khubelu.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Sefate sa morara se sa tsoa omella

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Sefate se faoloang nakong ea mariha

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho chesoa makala a faotsoeng