Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlalefa ’me U Tšabe Molimo!

Hlalefa ’me U Tšabe Molimo!

Hlalefa ’me U Tšabe Molimo!

“Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale.”—LIPROVERBIA 9:10.

1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nahana hore ho tšaba Molimo ke khopolo eo ho leng thata ho e utloisisa?

HO NA le nako eo ka eona e neng e le tlotla ho bolela hore motho o tšaba Molimo. Kajeno, batho ba bangata ba nahana hore ho tšaba Molimo ho batla ho siiloe ke linako, ebile ke khopolo eo ho leng thata ho e utloisisa. ‘Haeba Molimo o lerato,’ ba ka ’na ba botsa, ‘ke hobane’ng ha ke lokela ho mo tšaba?’ Ho bona, tšabo ke boikutlo bo sa rateheng le bo tšosang. Ho sa tsotellehe seo, ho tšaba Molimo e le kannete ho akarelletsa lintho tse ngata ’me, joalokaha re tla bona, hase feela taba ea hore na re ikutloa joang.

2, 3. Ho tšaba Molimo e le kannete ho akarelletsa eng?

2 Bibele e bua ka ho tšaba Molimo e le tšobotsi e ratehang. (Esaia 11:3) E hlalosa hore ke ho hlompha Molimo ka matla le ka botebo, e leng takatso e tiileng ea hore re se ke ra mo khopisa. (Pesaleme ea 115:11) Ho akarelletsa ho amohela le ho khomarela ka thata melao ea Molimo ea boitšoaro le takatso ea ho phela tumellanong le seo Molimo a reng se nepahetse le ho qoba seo a reng se fosahetse. Buka e ’ngoe e bolela hore tšabo e molemo joalo e bontša “boikutlo bo ka sehloohong boo motho a nang le bona ka Molimo bo etsang hore a itšoare ka tsela e bohlale ’me a qobe bobe ba mofuta o mong le o mong.” Kahoo, Lentsoe la Molimo le nepile ha le re: “Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale.”—Liproverbia 9:10.

3 Ha ho pelaelo hore ho tšaba Molimo ho akarelletsa lintho tse ngata tse amang litaba tsa batho. Ha ho amane le bohlale feela, ho boetse ho amana le thabo, khotso, nala, ho phela halelele, tšepo, ho tšepa ba bang le kholiseho. (Pesaleme ea 2:11; Liproverbia 1:7; 10:27; 14:26; 22:4; 23:17, 18; Liketso 9:31) Ho amana haholo le tumelo le lerato. Ha e le hantle, ho akarelletsa kamano eohle ea rōna le Molimo le batho ba bang. (Deuteronoma 10:12; Jobo 6:14; Baheberu 11:7) Ho tšaba Molimo ho akarelletsa ho ba le kholiseho e tebileng ea hore Ntat’a rōna oa leholimo o re tsotella ka boeena le hore o lula a loketse ho re tšoarela litlōlo tsa rōna. (Pesaleme ea 130:4) Ke batho ba khopo feela ba sa bakeng ba nang le lebaka la ho tlakasela ka pel’a Molimo. *Baheberu 10:26-31.

Ho Ithuta ho Tšaba Jehova

4. Ke eng se ka re thusang ho “ithuta ho tšaba Jehova”?

4 Kaha ho tšaba Molimo ke habohlokoa bakeng sa ho etsa liqeto tse bohlale le bakeng sa ho amohela litlhohonolofatso tsa Molimo, re ka “ithuta ho tšaba Jehova” joang ka tsela e nepahetseng? (Deuteronoma 17:19) Mehlala e mengata ea banna le basali ba ileng ba tšaba Molimo e ngotsoe ka Mangolong hore e ‘re laee.’ (Baroma 15:4) E le hore re utloisise hore na ho tšaba Molimo ho hlile ho bolela eng, a re ke re nahaneng ka bophelo ba Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, e leng e mong oa ba ileng ba beha mohlala.

5. Ho lisa ho ile ha thusa Davida joang hore a ithute ho tšaba Jehova?

5 Jehova o ile a lahla morena oa pele oa Iseraele, e leng Saule, hobane a ne a tšaba batho empa a sa tšabe Molimo. (1 Samuele 15:24-26) Ka lehlakoreng le leng, tsela eo Davida a neng a phela ka eona le kamano ea hae e haufi le Jehova li bontša hore e ne e le motho ea tšabang Molimo e le kannete. Ha Davida a sa ntse a le monyenyane, hangata o ne a e-ea naheng a lisa linku tsa ntat’ae. (1 Samuele 16:11) E tlameha ebe masiu a mangata ao Davida a neng a a qeta a lisitse ka ntle moo a bonang linaleli, a ile a mo thusa ho utloisisa ho tšaba Jehova. Le hoja Davida a ne a bona karolo e nyenyane feela ea bokahohle bo boholohali, o ile a etsa qeto e nepahetseng ea hore re lokela ho hlompha Molimo le ho mo rapela. O ile a ngola a re: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng,” eaba o re “motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole, le mora oa motho oa lefatše ke’ng hore u mo hlokomele?”—Pesaleme ea 8:3, 4.

6. Ha Davida a lemoha boholo ba Jehova, o ile a ikutloa joang?

6 Ho nepahetse hore ebe Davida o ile a hlolloa ha a bapisa bonyenyane ba hae le maholimo a tletseng linaleli. Ho e-na le hore a tšohe ha a bona bonyenyane ba hae, o ile a susumelletseha ho rorisa Jehova le ho re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.” (Pesaleme ea 19:1) Tlhompho eo Davida a neng a hlompha Molimo ka eona, e ile ea mo atametsa ho Jehova le ho etsa hore a batle ho ithuta ka Eena le ho latela litsela tsa Hae tse phethahetseng. Nahana hore na Davida o ile a ikutloa joang ha a ne a binela Jehova a re: “U moholo ’me u etsa lintho tse makatsang; u Molimo, uena u le mong. Jehova, nthupele ka tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao. Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”—Pesaleme ea 86:10, 11.

7. Ho tšaba Molimo ho ile ha thusa Davida joang hore a loantše Goliathe?

7 Ha Bafilista ba ne ba hlasela naha ea Iseraele, Goliathe, e leng seqhobane sa bona se bolelele ba limithara tse ka bang tse tharo, o ile a soma Baiseraele, ha e le hantle o ne a re ho bona: ‘Behang monna ea tla loana le ’na re le babeli feela! Haeba a hlōla, re tla le sebeletsa.’ (1 Samuele 17:4-10) Saule le lebotho lohle la hae ba ne ba tšohile—empa Davida eena o ne a sa tšoha. O ne a tseba hore Jehova ke eena ea lokelang ho tšajoa, eseng batho, ho sa tsotellehe hore na ba matla hakae. Davida o ile a re ho Goliathe: “’Na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho . . . [’me] phutheho ena eohle e tla tseba hore Jehova ha a pholose ka sabole kapa ka lerumo, hobane ntoa ke ea Jehova.” Davida o ile a bolaea seqhobane sena ka letjeketjane le lejoe le le leng—le ka thuso ea Jehova.—1 Samuele 17:45-47.

8. Mehlala e ka Bibeleng ea batho ba neng ba tšaba Molimo e re ruta eng?

8 Ho ka etsahala hore ebe re tobane le litšitiso kapa lira tse matla joaloka tseo Davida a ileng a tobana le tsona. Re lokela ho etsa joang ha ho le joalo? Re lokela ho sebetsana le tsona ka tsela eo Davida le batho ba bang ba tšepahalang ba ileng ba sebetsana le tsona ka eona—ka tšabo ea bomolimo. Ho tšaba Molimo ho ka etsa hore re se ke ra tšaba batho. Mohlanka ea tšepahalang oa Molimo Nehemia o ile a phehella Baiseraele ba habo, ba neng ba hateletsoe ke bahanyetsi, a re: “Le se ke la tšosoa ke bona. Le lule le hopotse Jehova e moholo le Ea tšabehang.” (Nehemia 4:14) Davida, Nehemia le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo ba ile ba atleha ka thuso ea Jehova hore ba phethe mesebetsi eo ba neng ba e filoe ke Molimo. Le rōna re ka atleha ha re tšaba Molimo.

Ho Tobana le Mathata ka ho Tšaba Molimo

9. Ke maemong afe moo Davida a ileng a bontša hore o tšaba Molimo?

9 Ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Jehova o ile a mo thusa ho hlōla lintoa tse ngata. Leha ho le joalo, Saule ea mona, o ile a leka ho bolaea Davida, a qala ka ho mo khorohela, ka mor’a moo a sebelisa mano, ’me qetellong a mo hlasela ka lebotho la ntoa. Le hoja Jehova a ne a tiiselitse Davida hore e tla ba morena, Davida o ile a qeta lilemo a baleha, a loana le ho letela nako ea Jehova ea hore a mo etse morena. Ha sena sohle se ntse se etsahala, Davida o ile a bontša hore o tšaba Molimo oa ’nete.—1 Samuele 18:9, 11, 17; 24:2.

10. Davida o ile a bontša joang hore o tšaba Molimo ha a ne a tobane le boemo bo kotsi?

10 Ketsahalong e ’ngoe, Davida o ile a balehela ho Akishe, morena oa motse oa Bafilista oa Gathe, moo e neng e le ha habo Goliathe. (1 Samuele 21:10-15) Bahlanka ba morena ba ile ba qosa Davida ka hore ke sera sa sechaba sa bona. Davida o ile a etsa joang boemong boo bo kotsi? O ile a rapela Jehova ka tieo. (Pesaleme ea 56:1-4, 11-13) Le hoja Davida a ile a tlameha ho itlhantša e le hore a pholohe, o ne a tseba hore ke Jehova ka boeena ea neng a mo pholositse ka ho hlohonolofatsa boiteko ba hae. ’Nete ea hore Davida o ne a tšepile Jehova ka ho feletseng a bile a kholisehile ka eena, e ile ea bontša hore Davida o ne a hlile a tšaba Molimo.—Pesaleme ea 34:4-6, 9-11.

11. Joaloka Davida, re ka bontša joang hore re tšaba Molimo ha re lekoa?

11 Re ka bontša hore re tšaba Molimo joaloka Davida ka ho tšepa tšepiso ea Molimo ea hore o tla re thusa ho loantša mathata a rōna. Davida o ile a re: “Rōlela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.” (Pesaleme ea 37:5) Sena ha se bolele hore re mpa feela re isa mathata a rōna ho Jehova ebe re phutha matsoho re lebella hore a re rarollele ’ona. Davida ha aa ka a rapella thuso ho Molimo eaba ka mor’a moo ha a etse letho. O ile a sebelisa kelello eo Jehova a mo fileng eona eaba o nka bohato ba hore a rarolle bothata boo a tobaneng le bona. Leha ho le joalo, Davida o ne a tseba hore boiteko ba motho hase bona feela bo ka mo atlehisang. Le rōna re lokela ho nahana joaloka eena. Ha re entse sohle se matleng a rōna, re lokela ho tlohela sohle ho Jehova. Ha e le hantle, hangata ha ho letho leo re ka le etsang haese feela ho tšepa Jehova. Ke maemong a mofuta ona moo re bontšang hore re tšaba Molimo. Re ka tšelisoa ke polelo ena e tlohang botebong ba pelo ea Davida: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.”—Pesaleme ea 25:14.

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka lithapelo tsa rōna ka botebo, ’me ha rea tšoanela ho ba le boikutlo bofe le ka mohla?

12 Kahoo, re lokela ho nka ka botebo lithapelo ra rōna le kamano ea rōna le Molimo. Ha re atamela Jehova, re lokela “ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6; Jakobo 1:5-8) ’Me ha a re thusa, re lokela ho ‘iponahatsa re le ba lebohang,’ joalokaha moapostola Pauluse a ile a re eletsa. (Bakolose 3:15, 17) Ha rea lokela ho tšoana le ba hlalosoang ke Mokreste e mong ea tlotsitsoeng eo e leng khale a li bona ea ileng a re: “Ba nahana eka Molimo o sebetsa joaloka mohlanka leholimong. Ha ba batla ho itseng, ba mo chaele monoana hore a ba sebeletse kapele. Ha ba fumane seo ba se batlang, ba re a tsamaee.” Boikutlo bo joalo bo bontša ho se tšabe Molimo.

Se Etsahalang Nakong ea ha Motho a se a Hlōleha ho Tšaba Molimo

13. Davida o ile a hlōleha ho hlompha Molao oa Molimo neng?

13 Ha Davida a bona hore Jehova oa mo thusa matšoenyehong, o ile a mo tšaba haholo ’me tšepo ea hae ho Jehova e ile ea tiea. (Pesaleme ea 31:22-24) Leha ho le joalo, liketsahalong tse tharo tse hlahelletseng, Davida o ile a hlōleha ho tšaba Molimo, eaba o hlaheloa ke mathata a maholo. Ketsahalong ea pele o ile a lokisetsa hore areka ea selekane ea Jehova e isoe Jerusalema e nkiloe ka koloi e sa jaroa mahetleng ke Balevi, kamoo Molao oa Molimo o neng o laela kateng. Eitse ha Uza, ea neng a qhōba koloi eo, a tšoara Areka hore a e tsitsise, o ile a shoa hang-hang ka lebaka la “ketso [ea hae] e hlokang tlhompho.” Ke ’nete hore Uza o ile a etsa sebe se seholo, empa ha e le hantle, Davida ke eena ea ileng a baka bothata bona bo boholo ka ho se hlomphe molao oa Molimo ka tsela e tšoanetseng. Ho tšaba Molimo ho bolela ho etsa lintho ka tsela ea hae.—2 Samuele 6:2-9; Numere 4:15; 7:9.

14. Ho ile ha hlaha liphello life ka hore Davida a bale Baiseraele?

14 Hamorao, Satane o ile a susumelletsa Davida hore a bale bahlabani ba Iseraele. (1 Likronike 21:1) Ka ketso ena Davida o ile a bontša hore o hlōlehile ho tšaba Jehova, ’me Baiseraele ba 70 000 ba ile ba e-shoa ka lebaka la ketso eo. Le hoja Davida a ile a bontša Jehova hore o bakile, eena le ba mo potileng ba ile ba hlokofatsoa haholo.—2 Samuele 24:1-16.

15. Ke eng e ileng ea etsa hore Davida a oele sebeng sa ho kopanela liphate?

15 Nakong e ’ngoe ha Davida a ne a hlōlehile ho hlompha Molimo ka nakoana, o ile a kopanela boitšoarong bo bobe le Bathe-sheba, mosali oa Uria. Davida o ne a tseba hore bofebe kapa esita le ho lakatsa molekane oa motho e mong ke phoso. (Exoda 20:14, 17) Bothata bo ile ba qala ha Davida a bona Bathe-sheba a ntse a itlhatsoa. Ho tšaba Molimo ka tsela e nepahetseng ho ka be ho ile ha susumelletsa Davida hang-hang hore a shebe hosele le hore a nahane ka ntho e ’ngoe. Ho e-na le hoo, Davida o ile “a tsoela pele ho [mo] sheba” ho fihlela takatso e phahama ho feta tsela eo a tšabang Molimo ka eona. (Matheu 5:28; 2 Samuele 11:1-4) Davida o ile a lebala hore Jehova o ne a amehile ka sohle se etsahalang bophelong ba hae.—Pesaleme ea 139:1-7.

16. Davida o ile a hlaheloa ke eng ka lebaka la phoso ea hae?

16 Davida le Bathe-sheba ba ile ba ba le mora ka boitšoaro ba bona bo bobe. Nakoana ka mor’a moo, Jehova o ile a roma moprofeta Nathane hore a pepese sebe sa Davida. Ha Davida a hlaphoheloa, o ile a boela a tšaba Molimo eaba oa baka. O ile a kōpa Jehova hore a se ke a mo lahla kapa a tlosa moea o halalelang oa Hae ho eena. (Pesaleme ea 51:7, 11) Jehova o ile a tšoarela Davida eaba o mo bebofaletsa kahlolo, empa ha aa ka a sireletsa Davida liphellong tsohle tse mpe tsa liketso tsa hae. Mora oa Davida o ile a shoa, ’me ho tloha ka nako eo lelapa la hae le ile la oeloa ke masisa-pelo le litlokotsi. Ke phello e bohloko hakaakang eo motho a ka tobanang le eona ka lebaka la ho hlōleha ho tšaba Molimo!—2 Samuele 12:10-14; 13:10-14; 15:14.

17. Etsa mohlala oa bohloko bo bakoang ke liketso tsa boetsalibe.

17 Ka tsela e tšoanang, le kajeno ho se tšabe Molimo litabeng tsa boitšoaro ho ka ba le liphello tse khōlō le tsa nako e telele. Nahana feela kamoo mosali e mong e mocha a ileng a utloa bohloko kateng ha a tseba hore monna oa hae oa Mokreste ha aa ka a tšepahala ha a ne a ile sebakeng se hōle ka mosebetsi. O ile a finahana ke ho tšoha le ho utloa bohloko, a ipata sefahleho ka matsoho, eaba oa bokolla. Ho tla nka nako e kae hore mosali oa hae a boele a mo tšepe a be a mo hlomphe? Liphello tse bohloko joalo li ka qojoa ka ho tšaba Molimo e le kannete.—1 Bakorinthe 6:18.

Ho Tšaba Molimo ho re Thibela ho Etsa Sebe

18. Sepheo sa Satane ke sefe le mokhoa oo a sebetsang ka oona?

18 Satane o ntse a senya melao ea lefatše ea boitšoaro ka potlako e khōlō, ’me haholo-holo o batla ho silafatsa Bakreste. E le hore a etse joalo, o sebelisa mokhoa o tobileng o ipiletsang lipelong le likelellong tsa rōna—haholo-holo ka lintho tseo re li bonang le tseo re li utloang. (Baefese 4:17-19) U tla etsa’ng ha u ka oelana le litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe, mantsoe a boitšoaro bo bobe, kapa batho ba boitšoaro bo bobe?

19. Ho tšaba Molimo ho ile ha thusa Mokreste e mong joang hore a hlōle teko?

19 Nahana ka taba ea André *, ke moholo oa Mokreste, ebile ke ntate oa lelapa le ngaka Europe. Ha e ne e le nako ea hore André a sebetse bosiu sepetlele, nako le nako basebetsi-’moho le eena ba basali ba ne ba qhoaela mosamong oa hae melaetsa e khabisitsoeng ka litšoantšo tsa pelo tse bontšang lerato, ba mo kōpa hore a robale le bona. André o ile a hana litlhahiso tsa bona ka tieo. Ho feta moo, e le hore a tlohe sebakeng seo se sebe, o ile a fumana mosebetsi sebakeng se seng. Ho tšaba Molimo ho ile ha bonahala e le ntho e bohlale haholo ’me ho ile ha mo tlisetsa mahlohonolo, kaha kajeno André o sebelisa nako e ’ngoe ea hae ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea naha ea habo.

20, 21. (a) Ho tšaba Molimo ho ka re thusa joang hore re qobe ho etsa sebe? (b) Ho tla buisanoa ka eng sehloohong se latelang?

20 Ho nahanela ruri ka lintho tse fosahetseng ho ka etsa hore motho a ikemisetse ho senya kamano ea hae ea bohlokoa le Jehova e le hore feela a etse ntho eo a se nang tokelo ea ho e etsa. (Jakobo 1:14, 15) Ka lehlakoreng le leng, haeba re tšaba Jehova, re tla qoba—esita le ho tloha—ho batho, libaka, liketso le boithabiso tse ka etsang hore re hlokomolohe boitšoaro ba rōna. (Liproverbia 22:3) Ho sa tsotellehe hore na ho etsa joalo ho ka re hlabisa lihlong hakae kapa ha hloka hore re itele hakae, hase letho ha ho bapisoa le ho lahleheloa ke mohau oa Molimo. (Matheu 5:29, 30) Ha ho pelaelo hore ho tšaba Molimo ho akarelletsa hore le ka mohla re se ke ra ipepesetsa letho la boitšoaro bo bobe, ho akarelletsa litšoantšo tsa mofuta ofe kapa ofe tse hlephisang boitšoaro, empa ho e-na le hoo re etse hore mahlo a rōna “a se ke a bona se se nang thuso.” Haeba re etsa joalo, re ka tšepa hore Jehova ‘o tla re boloka re phela’ le hore a re fe sohle seo re se hlokang e le kannete.—Pesaleme ea 84:11; 119:37.

21 Ha ho pelaelo hore ho tšaba Molimo e le kannete ke bohlale kamehla. Ebile ho thabisa e le kannete. (Pesaleme ea 34:9) Taba ena e tla hlakisoa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bona sehlooho se reng, “Pono Ea Bibele: Ke Joang U ka Tšabang Molimo ea Lerato?” Tsoheng ea January 8, 1998, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 19 Lebitso le fetotsoe.

Na U ka Hlalosa?

• Ho tšaba Molimo ho akarelletsa litšobotsi life tsa Bokreste?

• Ho tšaba Molimo ho thibela ho tšaba motho joang?

• Re ka bontša joang hore re na le maikutlo a matle ka thapelo?

• Ho tšaba Molimo ho ka re thibela ho etsa libe joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Davida o ile a ithuta ho tšaba Molimo ha a ne a shebelletse mosebetsi o tsoileng matsoho oa Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

U tla etsa joang ha u oelana le boemo bo lekang?